Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 4/8 leq. 19
  • “Hlonepha Ntat’ao le ’M’ao”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Hlonepha Ntat’ao le ’M’ao”
  • Tsoha!—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hlompha Batho ba Mefuta Eohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Bontša ba Bang Tlhompho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Hlompha Jehova—Hobane’ng Hona Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Fana ka Tlhompho ho Bao e ba Tšoanelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 4/8 leq. 19

“Hlonepha Ntat’ao le ’M’ao”

MANTSOE ao a tlile ho rōna mehleng ea boholo-holo, makholo a lilemo pele ho mehla ea Kreste. A ne a e-tsoa tlhōrōng ea thaba, a ngotsoe lejoeng ka monoana oa Molimo. Moshe o ne a ile a sebelisoa ho etella Baiseraele pele ho tsoa botlamuoeng ba Egepeta ho feta Leoatleng le Lefubelu ho ea hloma litente mosikong oa Thaba ea Sinai e matsaranka. Ka mor’a ho hlola matsatsi a 40 le masiu a teng a e-na le Jehova Thabeng ea Sinai, Moshe o ile a theoha a nkile matlapa a mabeli a lejoe moo ho neng ho ngotsoe Melao e Leshome.—Exoda 34:1, 27, 28.

Ho le leng la matlapa ana ho ne ho ngotsoe molao oa bohlano oo hona joale o ngotsoeng ka Bibeleng ho Exoda khaolo ea 20, temana ea 12. O baleha tjena: “Hlonepha ntat’ao le ’m’ao, matsatsi a hao a tle a eketsehe lefatšeng leo u le neoang ke Jehova, Molimo oa hao.” Ho latela moapostola Pauluse, ke “molao oa pele o nang le pallo,” e leng pallo ea hore: “U phele halelele lefatšeng.”—Ba-Efese 6:1-3.

Ponahalo e tšosang ea mollo le mosi le ho sisinyeha ho tšosang ha Thaba ea Sinai nakong eo ho fanoang ka Melao e Leshome e ne e hlile e hatisa bohlokoa ba melao ena ho akarelletsa le molao oa bohlano oa ho hlonepha ntate le ’mè. Ho bontša tlhompho ee ho akarelletsa eng? Hase feela tlhompho le kutlo empa hape le ho fana ka tlhokomelo ka tsela ea lintho tse bonahalang ha li hlokahala.

Sena se ile sa hlakisoa makholo a lilemo hamorao ha Jesu a ne a phehisana khang le bangoli le Bafarisi mabapi le lineano tsa bona tsa molomo. Jesu o ile a bontša hore ha ba sa thuse batsoali ba bona ba hlokang, ba ne ba hlōleha ho hlompha ntat’a bona kapa ’m’a bona. Joalokaha ho tlalehiloe ho Mattheu 15:3-6, o ile a re ho bona: “Hobane Molimo o laetse, oa re: Hlonepha ntat’ao le ’m’ao. Hape o itse: Ea rohakang ntat’ae leha e le ’m’ae, a bolaoe. Kanthe lōna le re: Ea reng ho ntat’ae, leha e le ho ’m’ae: Sa tsa ka seo nkabeng ke u thusa ka tsona, ke se ke se abetse Molimo, ha a na molato, leha a sa hlonephe ntat’ae le ’m’ae. Le fetotse molao oa Molimo lefeela ka mokhoa oo le o neanang.”

Jesu ka boeena o ile a hlompha batsoali ba hae le ho ikokobelletsa bona. (Luka 2:51) Lilemo hamorao, ha a ne a le makhatheng a ho shoa thupeng ea tlhokofatso, o ile a bontša tlhompho ho ’m’ae ka ho etsa tokisetso e lerato ea ho mo hlokomela le ho mo phelisa.—Johanne 19:25-27.

Moapostola Pauluse o ne a tseba hantle hore e ne e le seo Molimo o se batlang ho bana esita le ho litloholo, hore ba hlokomele batsoali ba hlokang. Ka ho thahasellisang, o ile a amahanya thuso ea lintho tse bonahalang le ho bontša tlhompho: “Hlonepha bahlolohali bao e hlileng e leng bahlolohali ka sebele. Empa haeba mohlolohali leha e le ofe a e-na le bana kapa litloholo, bana ha ba ke ba ithute pele ho sebelisa boinehelo ba bomolimo malapeng a bona le ho tsoela pele ho buseletsa batsoali ba bona le batsoali ba batsoali ba bona ka ho tšoanelehang, hobane sena ke se amohelehang mahlong a Molimo.” (1 Timothea 5:3, 4, NW) Batsoali ba hao ba ile ba u hlokomela ha u ne u le lesea le lenyenyane le sitoang ho iketsetsa letho; joale, ha ba se ba tsofetse, ke nako ea hore le uena u kenye letsoho litlhokong tsa bona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela