Sebaka Seo Lipapali li Nang le Sona
KA BIBELENG ’Mōpi e Moholo o hlalosoa e le “Molimo o thabileng,” ’me o boetse o batla hore libōpuoa tsa hae li thabe. (1 Timothea 1:11, NW) Kahoo ha hoa lokela ho re makatsa hore o bōpile batho ba e-na le matla a ho thabela lipapali. Kahoo The New Encyclopædia Britannica e tlaleha hore: “Histori ea lipapali ke karolo ea histori ea motho.”
Ho boleloa hore ho hlaha ha bolo e bile ntlha ea bohlokoa haholo historing ea lipapali. Buka ea boitsebiso e qotsitsoeng ka holimo e re: “Ho hlokomela hore liphoofolo li thabela ho bapala ka lintho tsa ho bapala li ntse li tlōla-tlōla ho fana ka maikutlo a hore mohlomong ha ho mohla ho kileng ha e-ba le nako eo ka eona . . . ho neng ho se papali ea ho lelekisa ntho kapa ho e akhellana.”
Ka ho thahasellisang, ho na le kofuto e ’nileng ea sebelisoa ho otla bolo. Britannica ea hlokomela: “Ka sebele ho ne ho e-na le papali ea ho otla bolo ka lithupa e neng e bapaloa ke Mapersia, Magerike le Maindia a Amerika. Ka ho hlakileng lentsoe polo le simolohileng Tibet le ne le tsebahala hantle ka mokhoa o itseng ho Mapersia nakong ea Darius I (ea busitseng ka 522-486 BC). Le hoja Scotland e bolela hore ke eona e qapileng golf ea mehleng ea joale, ho bile le mehlala e hlomphehang ea lipapali tse tšoanang le eona linakong tsa Roma le linaheng tse ngata tsa Europe.”
Khatello ea Mehleng ea Pele Mabapi le Lipapali
Lilemo tse makholo-kholo pele ho ngoloa ha Mangolo a Seheberu (“Testamente ea Khale”) ho phethoa, lipapali tse hlophisitsoeng esale pele li ne li tloaelehile. Ka mohlala, ho ne ho tšoaroa lipapali lilemo tse ling le tse ling tse ’nè Olympia ea boholo-holo, Greece. Britannica ea tlaleha: “Ho na le litlaleho tsa bo-’mampoli tsa Olympia ho tloha ka 776 BC ho isa ho AD 217,” kapa hoo e ka bang ka lilemo tse sekete! Lipapali tsa Liolimpiki e ne e le tsa bohlokoa haholo bophelong ba Magerike hoo ka linako tse ling nako e neng e lekanngoa ka tsona, nako e ’ngoe le e ’ngoe ea lilemo tse ’nè mahareng a lipapali tseo e ne e bitsoa Olympiad. Kahoo, ho latela mokhoa oo oa boholo-holo oa ho bala nako, Jesu Kreste o ile a hlaha nakong ea Olympiad ea bo194.
Mangolo a Seheberu ha a bolele letho ka lipapali tse hlophisitsoeng esale pele, le hoja e mong oa baprofeta a bua ka ‘mapatlelo a [Jerusalema] a tletseng bashanyana le banana ba bapalang.’ (Zakaria 8:5) Nako e fetang lilemo tse 100 pele ho tsoalo ea Jesu, litlhōlisano tsa lipapali tsa mabelo tsa Magerike li ile tsa simolloa Iseraele. Ho ile ha etsoa lebala la lipapali Jerusalema, ’me esita le baprista ba bang ba ne ba hlokomoloha mesebetsi ea bona bakeng sa ho bapala.—2 Maccabees 4:12-15.
Cesare Augusto, eo e neng e le moemphera oa Roma ha Jesu a tsoaloa, o ne a rata lipapali tsa mabelo, ’me lipapali li ile tsa tuma haholo Roma. Leha ho le joalo, liketsahalo tseo baahi ba Roma ba neng ba hlile ba li thahasella e ne e le tse amanang le ntoa tse kang papali ea litebele le papali ea ho betana (wrestling). Hangata “lipapali” tsena li ne li fetoha tse mabifi, e e-ba litlhōlisano tse bakang tšollo ea mali tseo ho tsona banna ba neng ba loana le ba bang kapa ba loana le liphoofolo ho fihlela ba e-shoa.
Lipapali “Testamenteng e Ncha”
Leha ho le joalo, tšebeliso ena e mpe e sisimosang ea lipapali ha e bolele hore ho li bapala ho ne ho le hobe. Ha ho moo re balang teng ka Mangolong hore Jesu kapa balateli ba hae ba kile ba nyatsa lipapali kapa hona ho li bapala. Ho e-na le hoo, hangata baapostola ba ne ba li sebelisa ho tšoantšetsa lintlha tseo ba rutang ka tsona.
Ka mohlala, ka ho hlakileng moapostola Pauluse o ne a hopotse lipapali tsa mabelo tse neng li bapaloa Lipapaling tsa Liolimpiki ha a ne a khothatsa Bakreste: “Ha ke re lea tseba hore ba kenang lipapaling tsa lebelo ba matha kaofela, empa moputso o fumanoa ke a le mong feela? Le lōna mathang, le tle le iphumanele moputso.” O ile a phaella ka hore: “Bohle ba kenang tlhōlisanong ba thapisa ’mele ea bona. Empa bona ba etsa joalo hore ba tle ba fumane mofapahlooho o senyehang, athe rōna re etsa joalo hore re tle re fumane o sa senyeheng.”—1 Ba-Korinthe 9:24, 25, BPN.
Ka lehlakoreng le leng, Pauluse o boletse hore Bakreste ba lokela ho titima ka boikemisetso ba ho hapa moputso oa bophelo. O ngotse: “Ke mathela pakaneng ho hapa moputso oa pitso ea Molimo.” (Ba-Filippi 3:14, BPN) Ho feta moo, ha a bontša bohlokoa ba ho khomarela melao ea boitšoaro bo botle, Pauluse o ile a hopotsa Timothea: “Ea kenelang phehisano ea lipapali le eena a ke ke a fumana moqhaka oa tlhōlo, haeba a sa bapale ho ea ka melao ea teng.” (2 Timothea 2:5, BPN) ’Me moapostola Petrose o ile a ngola hore balisa ba Bakreste ba phethahatsang boikarabelo ba bona ba “tla amohela moqhaka oa khanya, o sa boleng.”—1 Petrose 5:4.
Ha ho pelaelo hore Timothea e mocha o ne a kenelletse mosebetsing oa ho alosa Bakreste ba bacha ba neng ba thabela lipapali. Kahoo, Pauluse o ile a mo ngolla hore “tlhakiso ea ’mele [joaloka motho ea ikoetlisang ’meleng] e na le molemo o monyenyane,” kahoo a lumela hore boikoetliso ba ’mele bo fetelletseng bo neng bo etsoa ke Magerike bo ne bo e-na le molemo o itseng. Kapele-pele Pauluse o ile a lumela: “Empa boinehelo ba bomolimo bo molemo linthong tsohle, kaha bo na le tšepiso ea bophelo ba joale le bo tlang ho tla.”—1 Timothea 4:8; bona The Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scriptures.
Sebaka se Loketseng sa Boikoetliso
Kahoo Mangolo a bontša hore boikoetliso ba ’mele bo na le molemo bophelong ba motho. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore ho be le teka-tekano. Pauluse o ngotse: “Ho leka-lekana ha lōna ho ke ho tsebahale ho batho bohle.” (Ba-Filippi 4:5, NW) Ho thata hakakang ho fumana ho leka-lekana hona!
Magerike a boholo-holo a ne a hatella lipapali ka ho fetelletseng ’me Maroma a ne a bapala mefuta ea lipapali e neng e lematsa libapali hammoho le ba neng ba thabela ho shebella lipapali tsa tšollo ea mali. Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba ’nile ba sitisa kapa ba ba thibela lipapali lebitsong la bolumeli. The New Encyclopædia Britannica e hlokometse: “Boikutlo bo fetelletseng ba lekholong la bo17 la lilemo bo fokolitse monyaka lipapaling Europe le Amerika.”
Haufinyane lipapali li sa tsoa latsoa tsosoloso eo mohlomong ho seng e kileng ea lekana le eona historing. The World Book Encyclopedia e re: “Ka ntle ho maemo a leholimo, mohlomong batho ba bua haholo ka lipapali ho feta taba leha e le efe e ’ngoe.” Lipapali li boetse li bitsoa “sethethefatsi sa matšoele a batho.”
A mang a mathata a bakiloeng ke lerato le matla hakalo bakeng sa papali ke afe? Na uena kapa lelapa la hao le hlokofatsoa ke liphello leha e le life tse bohloko tsa lerato le fetelletseng la lipapali? U ka boloka lipapali sebakeng sa tsona se loketseng joang?