Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Lula u le Moroetsana Kapa Mohlankana?
MONGOLI Lesley Jane Nonkin o itse: “Boroetsana kapa bohlankana bo fetohile bo tšoanang le meno a bana ‘ntho e lokelang ho lahlehela motho pele a hōla.’” Lipolelo tse kang tsena li bontša maikutlo a ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe, le ho hloka boikarabelo ao bacha ba bangata ba nang le ’ona ka likamano tsa botona le botšehali. Kajeno, mocha eo e ntseng e le moroetsana kapa mohlankana u talingoa e le ea nang le botho bo sa tloaelehang, le eo boitšoaro ba hae bo sa amoheleheng. Phuputsong e ’ngoe e neng e etsoa ka bacha, bashemane ba ile ba lumela hore ba ne ba na le “takatso e matla” ea ho lahleheloa ke bohlankana ba bona. Baroetsana ba ile ba lumela hore ba na le boikutlo ba hore “ha baa fella.”
Leha ho le joalo, joalokaha sehlooho se leng makasineng o etellang ona pele se ile sa bontša, boroetsana kapa bohlankana ke ntho e loketseng mahlong a Molimo.a O bo talima e le ba bohlokoa ’me o nyatsa likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo e le tse sa lokang le tse kotsi. (1 Ba-Thessalonika 4:3-8) Leha ho le joalo, ho lula u le moroetsana kapa mohlankana ho hloka ho tobana le likhatello tse ngata. Ke hobane’ng ha mocha a lokela ho etsa seo? Na ho na le melemo ea ho ba moroetsana kapa mohlankana?
Na ke Tsela ea ho Fumana Lerato?
Bacha ba bangata ba nahana hore likamano tsa botona le botšehali ke tsela ea ho bontša lerato—kapa ea ho ratoa ke motho e mong. Ka tlhaho motho o batla ho ratoa. ’Me hangata bacha ba na le litlhoko tse khethehileng tabeng ena. Buka Coping With Teenage Depression ea hlalosa: “Tekanyo e ntseng e fokotseha ea katamelano e haufi le khōliso ea bana malapeng a mangata e etsa hore bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba lebelle matšeliso le katamelo e haufi joalo mehloling e meng. Kajeno bophelo ba malapa a mangata ke bo phathahaneng bo sieang nako e fokolang bakeng sa ho ba ’moho le ho etsa lintho hammoho le ho tšepana. . . . Haeba mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20 a ke ke a fumana lerato le tlhokomelo lapeng, o . . . tla talima likamano tsa botona le botšehali joaloka bohato ba ho qetela ba ho ba le motho eo a atamelaneng le eena haufi le bopaki ba ho ba ea ratoang le ea nkoang e le oa bohlokoa.”
Sena se ile sa ipaka e le ’nete ho ngoanana ea bitsoang Ann. Oa hlalosa: “Ho na le bacha ba bangata ba ikutloang joalokaha eka ha ba ratoe, mohlomong hobane batsoali ba bona ba sa ba fe tlhokomelo e ngata. Kapele ba hloka le ho lakatsa ho ratoa kapa ho ba haufi le motho e mong. Sena se ile sa etsahala ho ’na. Ke ile ka retelehela ho moshemane e mong bakeng sa lerato.”
Leha ho le joalo, lerato la ’nete “ha le etse ho soabisang, ha le ipatlele tsa lona.” (1 Ba-Korinthe 13:4, 5) Tikolohong ea lenyalo le hlomphehang, likamano tsa botona le botšehali li sebeletsa morero o hlomphehang le o motle. (Genese 1:28; Liproverbia 5:15-19) Empa ka ntle ho lenyalo, hangata ha li thobe maqeba a boikutlo, ebile hase mokhoa oa ho tsoa likhatellong le tsela ea ho phahamisa boitlhompho bo ntseng bo theoha, hase karabelo khatellong ea lithaka, kapa monyetla oa ho thabela katamelano e haufi ea lenyalo ka ntle le ho amohela boikarabelo ba lona. Dr. Louis Fine o ile a etsa qeto ena: “Hangata, likamano tsa botona le botšehali tse etsoang ke bacha li hlaha, li bontša ho halefa, le ho intša kotsi; hase pontšo ea ho tsotella, ho arolelana, kapa boikutlo.”—“After All We’ve Done for Them”—Understanding Adolescent Behavior.
Ann o ile a fumana hore sena ebile ’nete ho eena. Oa hopola: “Ke ile ka ima, ’me ha seo se etsahala, ke ile ka hlokomela hore batsoali ba ka ba ne ba tsotella, hore ba ne ba nthata. Ke batsoali ba ka ba ileng ba ntlhokomela nakong eohle ea ho ima—e seng moshemane eo ke ileng ka retelehela ho eena bakeng sa lerato. O ile a ntšiea lepala-paleng.”
Esita leha ho se na liphello tse bohloko, tse joaloka ho ima, ho ba le likamano tsa botona le botšehali tse sa lokang hangata ho siea motho a utloile bohloko a bile a se na thuso. Buka The Private Life of the American Teenager e re: “Ba bang ba ikutloa ba tlatlapiloe ke bahlankana ba ba tšosang ka hore ba tla ba siea ha ba sa lumele ho kopanela likamano tsa botona le botšehali le bona. ’Me haeba ba lumela, hangata ba qetella ba ikutloa ba tlatlapiloe, haholo-holo haeba kamano ea bona e fela kapa haeba e tsoela pele feela motheong oa hore ba kopanele likamano tsa botona le botšehali.”
Ha u le Monyenyane Haholo Hore u ka Kena Lenyalong
Ba bang ba ikutloa hore likamano tsa botona le botšehali li ka thusa banyalani hore ba atamelane haufi. Empa haeba balekane ba le banyenyane haholo hore ba ka nyalana, ba atamelana haufi ka morero ofe? Phello feela e ka ba ho utloa bohloko maikutlong ha kamano ena e fihla qetellong ea eona e ke keng ea qojoa. Mongoli Clayton Barbeau bukeng ea hae How to Raise Parents, o re hopotsa hore “nako ea bocha ke eo u hahang botho ba hao ka eona, u tsebang seo u leng sona.” Oa botsa: “Haeba u sa itsebe, u ka ba le lerato joang, oa ba oa tseba motho e mong osele?”
Ho feta moo, likamano tsa botona le botšehali tse kopaneloang nakong ea lefereho li felisa puisano e nang le morero, ha li e hōlise. Ka nako e tšoanang, boikutlo ba ho ba molato bo ka arola balekane. (Ba-Roma 2:15) Ngoanana e mong o ile a bolela hore: “Letsoalo la ka le molato le ile la bula lekhalo le leholoanyane kamanong ea rōna. Ke ile ka hlonamela [mohlankana oa ka] ha a entse hore ke ikutloe hampe hakana. Ke ne ke se ke sitoa le ho sheba batsoali ba ka mahlong hobane ke ne ke ikutloa ke soabile haholo.” Mocha e mong o ile a ikoahlaea ka ho re: “Ke ile ka lahla lintho tsohle tseo ke neng ke li lumela, litekanyetso tsa ka le boitlhompho ba botho, le letsoalo la ka le hloekileng—kaofela ha tsona e le hore ke ikutloe ke le ea ratoang.”
Kahoo mongoli Clayton Barbeau o ile a akaretsa taba ena hantle ha a re: “Ke nahana hore bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba bapalang ka likamano tsa botona le botšehali ba tšoana le masea a tšoarang nitroglycerin.”
Na ke Senotlolo sa Lenyalo le Thabileng?
Bacha ba bang ba na le boikutlo ba hore ho ba le phihlelo ea ho kopanela likamano tsa botona le botšehali ho tla ba lokisetsa hamolemo bakeng sa lenyalo. Linnete ha li bontše joalo. Taba ea pele, hangata mathata a ho atamelana haufi ka likamano tsa botona le botšehali lenyalong a amana le boikutlo—eseng ho hloka phihlelo tabeng ea ho kopanela likamano tsa botona le botšehali. Likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo li senya lenyalo. Li felisa ho hlomphana ’me li ruta banyalani hore ba be le kamano ea ’mele haholo; katamelano ea maikutlo ea hlokomolohuoa. Joalokaha buka Building a Successful Marriage ea hlokomela: “Ho ke ke ha qojoa hore likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo e be haholo-holo kamano ea ’mele, li bontše boithati ho e-na le tumellano.” Qetellong, pono ea boithati ea likamano tsa botona le botšehali e fella ka lenyalo le sa thabang. Khotsofalo lenyalong e ba teng ha banyalani ba sebelisa melao-motheo ea Bibele ba bile ba amehile haholo ka ho neha ho feta hore ka boithati ba lebelle ho amohela.—1 Ba-Korinthe 7:3; bapisa le Liketso 20:35.
Buka Why Wait Till Marriage? e totobatsa bothata bo bong: “Banna le basali ba neng ba ba le likamano tsa botona le botšehali le motho ofe le ofe pele ho lenyalo ba ke ke ba lebelloa hore ba fetohe ka mohlolo ha ba kena lenyalong. Ka ntle ho mekhelo e seng mekae, ba tsoela pele ho laola litakatso tsa bona tsa botona le botšehali ka tsela eo ba neng ba ntse ba li laola ka eona pele ba kena lenyalong.” Buka ena e phetha ka ho re: “Haeba botšepehi lenyalong ke ntho ea bohlokoa ho uena, joale hlokomela hore e amana le botšepehi pele ho lenyalo.” Ho lula u le moroetsana kapa mohlankana ho fihlela u kena lenyalong ho ka u thusa hore u ntlafatse matla a hao a boitšoaro a hlokahalang hore u utloe taelo ea Bibele e reng: “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila; hobane Molimo o tla ahlola babōki le bafebi.”—Ba-Heberu 13:4.
Sehlooho se seng sa koranta ea bongaka e hlomphuoang se ile sa qetella ka ho re: “Ho hlakile hore baroetsana le bahlankana ba na le monyetla o molemo haholoanyane o seng o bonetsoe pele oa ho atleha lenyalong hobane hangata ba na le litšoaneleho tse ling, tse kang matla a maholoanyane a boitšoaro, a ho liehisa takatso ea ho ikhotsofatsa kapa ea menyaka, kameho e eketsehileng bakeng sa ho utloa melao, le litšoaneleho tse ling tse kang tseo.” Batho bao ka booatla ba senyang boroetsana kapa bohlankana ba bona ba tla ikoahlaea haholo.b Ngoanana e mong o itse: “Ke lilemo li 14 ’me ha ke sa le moroetsana. Ke ikoahlaea ka pelo le sephefumolohi sa ka sohle. Pelo ea ka e utloa bohloko hobane ke ne ke batla ho ba moroetsana eo monna oa ka oa kamoso a tla lakatsa ho ba le eena.”
Qoba ho Itšiteloa
Ho na le molemo o mong oa ho qetela oa boroetsana kapa bohlankana oo u lokelang ho nahana ka oona. Bibele e bontša hore ba hlokomolohang melao ea Molimo ba “itšiteloa e le moputso oa bokhopo.” (2 Petrose 2:13, NW) Ke joang ho kopanela likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo e ka bang ho itšiteloa? Ka mohlala, nahana ka sehlooho se makasineng oa Seventeen: “Bafuputsi ba AIDS ba bolela hore ba ntse ba tšosoa ka ho eketsehileng ke seo ba se bonang e le ho ata ho ntseng ho ja setsi ha kokoana-hloko ea AIDS har’a bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20.” Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe phatlalatso e ba pota-potileng ea lefu lena le bolaeang, phuputso e ’ngoe e senola hore “ke karolo ea boraro feela [ea bacha bao ho buisanoeng le bona] ba fetotseng boitšoaro ba bona ba botona le botšehali ka baka la ho tšaba boloetse bona.”
Hape, bacha ba joalo ha ba hlokomele hore boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali bo ka ’na ba fella ka ho ima, maloetse a mangata a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali ho phaella ho AIDS, boikutlo bo bohloko, letsoalo le silafetseng, ’me—ho hobe ka ho fetisisa—bo senya kamano e ntle le Molimo. U se ke ua itšiteloa. Liproverbia 14:16 e re: “Ea bohlale o na le tšabo, o sesefa bobe.” U se ke ua thetsoa eaba u lumela tšomo ea “likamano tsa botona le botšehali tse sireletsehileng.” Ho latela Molimo, likamano tsa botona le botšehali tse sireletsehileng le tse amohelehang ke tse kopaneloang tlamahanong ea lenyalo. Ho fihlela nakong eo, nka boroetsana kapa bohlankana ba hao e le ba bohlokoa. U se ke ua lumella ba bang hore ba u etse hore u hlajoe ke lihlong ka bona kapa ba u phehelle hore u bo senye.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona tokollo ea Tsoha! ea April 8, 1992.
b Ba lahlehetsoeng ke boroetsana kapa bohlankana ba bona ka baka la ho betoa kapa ho hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali ba ka tšelisoa ke ho tseba hore Molimo o ntse o ba talima e le ba ‘hlokang sekoli le letheba.’ (Ba-Filippi 2:15) Ka ho tšoanang bacha leha e le bafe ba entseng bohlola pele ba fumana tsebo ea melao-motheo ea Bibele ba ka tšelisoa ke ho tseba hore ka lebaka la ho ba le tumelo thekollong ea Jesu, ba se ba “hlatsoitsoe” mahlong a Molimo. (1 Ba-Korinthe 6:11) Mokreste ea ileng a oela boitšoarong bo bobe empa joale a bakile kannete a bile a hlaphohetsoe le eena a ka fumana boemo bo hloekileng ka pel’a Molimo. Hangata balekane ba lenyalo ba ratanang le ba utloisisang ba ’nile ba ikemisetsa ho tšoarela ka tlas’a maemo ana.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ba bangata ba lahleheloang ke boroetsana kapa bohlankana ba bona pele ho lenyalo ba ikutloa ba tlatlapiloe