Ntho e ’Ngoe e Molemonyana ho Feta Ntho ea Mahala
HOO e batlang e le libapali tsohle tsa papali ea chelete li qetella li futsanehile ho feta ha li ne li qala ho bapala papali ea chelete. Hangata, esita le ba ’maloa ba hapang meputso e meholo ea chelete ba hlokometse hore khapo ea bona hase sonotlolo sa thabo.
Mohlankana e mong oa lesoha oa Japane ea lilemo li 36 o ile a hapa liranta tse 124 000 ho lottery. O ile a rera ho reka ntlo ka chelete eo a e hapileng, empa e bile mohlaseluoa oa mōna le litšebo tse kotsi hoo a ileng a etsa qeto ea hore sena ha se ea lokela. Ho ileng ha makatsa basebetsi-’moho le eena ke hore o ile a chesa litekete tsa hae tsa moputso ba ntse ba mo shebile.
Florida mapolesa a ile a tšoara mosali eo ho sa tsotellehe ho hapa liranta tse limillione tse 14 ho lottery, a ileng a etsa leano la ho bolaea ngoetsi ea hae. Mor’a hae o boletse hore mosali enoa o ne a fapane hlooho ka baka la matsete a fokolang le ho sebelisa chelete haholo tse ileng tsa senya lehlohonolo la hae.
Motho ea Hlōtsoeng ea Fetohileng Mohlōli
Domingo e ne e le lekhoba la papali ea chelete e bile e le ntate oa bana ba bahlano. Oa hlalosa: “Haeba ke hapa moputso, ho ne ho e-ba hobe le ho feta. Ke ne ke nahana hore ke bohlale bo sa tloaelehang, ’me ke ne ke sa lete ho fihlela ke khutlela litafoleng tsa ho becha ho bontša hore seo ha se ea itlela ka kotsi feela.
“Ha takatso ena e ne e ba matla, ho ne tšoana le hoja ke noele lithethefatsi. Ke ne ke ikemiselitse ho khaohana le mosali oa ka le bana hore feela ke ’ne ke tsoele pele ho bapala papali ea chelete. Le hoja ke ile ka ikana ka makhetlo ho mosali oa ka hore nke ke ka hlola ke bapala papali ea chelete, pelong ea ka ke ne ke tseba hore litšepiso tsena ha li na thuso. Ke hopola ka nako e ’ngoe ke tiisetsa mosali oa ka hore ke khaolitse ho bapala papali ea chelete empa ka nako eo ke ntse ke loha maqiti a ho fumana chelete ea ho becha.
“Ke ile ka lahleheloa ke chelete ea ka kaofela, chelete ea mosali oa ka le khoebo ea ka ’me ke ile ka kena ka ho felletseng likolotong. Ho ne ho sa fete letsatsi ke sa beche ho fihlela ha ke hlaheloa ke ntho e ’ngoe e ileng ea ntšusumetsa hore ke itlhahlobe. Ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ke ile ka khahloa ke seo ke ithutang sona, empa ha ke ea ka ka khaotsa ho bapala papali ea chelete hona hoo. Ke leboha hore ebe Paki e neng e ithuta le ’na e ne e na le mamello.
“Empa kapele molaetsa oa Bibele o ile oa qala ho nkama. O ile oa nthusa ho tlohela lefatše la ka la litoro le ho ipona kamoo Molimo o mponang ka teng. E bile ntho e tšosang. Ke ile ka ikutloa ke soabile haholo joaloka batho bao moapostola Pauluse a ngotseng ka bona lekholong la pele la lilemo: ‘Joale ke life tseo le ileng la li kotula nakong eo, ka ho etsa tseo, tse le hlabisang lihlong kajeno? Qetello ea tsona ke lefu.’—Ba-Roma 6:21, NW.
“Ho tseba Molimo, lebitso la oona, botho ba oona ’me haholo-holo mosa oa oona, li ile tsa ntšusumelletsa hore ke batle ho fetola litsela tsa ka, ho nahanela batho ba bang ho e-na le ho inahanela. Qetellong ke ile ka itšoasolla mokhoeng oa ho bapala papali ea chelete ka ho felletseng ’me ’na le mosali oa ka re ile ra kolobetsoa.
“Jesu o boletse hore ’nete e tla re lokolla. (Johanne 8:32) Ruri ho bile joalo le tabeng ea ka. Ke ’nete ea Lentsoe la Molimo e mphileng ntho ea bohlokoa eo nka e phelelang, le ile la nkhutlisetsa boikutlo ba ka ba ho itšepa le khotsofalo e khōlō. Ke bile ka tseba ho thusa e mong oa metsoalle ea ka eo e neng e le sebapali sa papali ea chelete ho fetola bophelo ba hae joalokaha ke entse. Ha eena le mosali oa hae ba ne ba kolobetsoa, sena se ile sa ntlisetsa thabo e khōlō ho feta eo ho hapa moputso leha e le ofe ho kileng ha e tlisa.
“Lilemong tse 20 tse fetileng, ha kea ka ka bechela letho esita le ka chelete e nyenyane feela. Nke ke ka bolela hore ho ne ho le bonolo, empa le teng ho ne ho se thata hakaalo. ’Me seo Molimo o mphileng sona se finyelletse litlhoko tseo ke neng ke batla ho li khotsofatsa ka ho bapala papali ea chelete.”a
Pono ea Mangolo ke eona ea bohlokoa haholo ho ba ratang ho etsa thato ea Molimo. Ba latelang keletso ea Molimo ha ba qobe feela masoabi ao ho bapala papali ea chelete ho ka a tlisang empa ba fumana ntho e ’ngoe e molemo haholo ho feta seo ho hapa moputso ho ka se tlisang.
Leruo la Bohlokoa bo Boholo
Ha Pauluse a ne a ngolla Timothea lekholong la pele la lilemo o ile a re: “[Ba] laele hore ba se ke ba beha tšepo ea bona linthong tse sa tsitsang tse kang chelete, empa ba e behe ho Molimo, o re sitsang ka ho enneng ka lintho tsohle tse molemo hore re li thabele. Ba bolelle hore ba etse lintho tse molemo . . . , ba itokisetse ho fana le ho abelana, e le hore ba ka iphumanela letlotlo le tla theha motheo o molemo bakeng sa bokamoso. Kahoo ba tla fumana bophelo ba sebele.”—1 Timothea 6:17-19, The New English Bible.
Letlotlo le leng le ka fumanoang ke lebitso le letle le Molimo. Sena se lebisa ‘bophelong ba sebele’—bophelo bo sa feleng, e leng moputso o moholo ka ho fetisisa o kileng oa fanoa. Thapelong Jesu o ile a re ho Molimo: “’Me bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Johanne 17:3.
Ho fapana le meputso ea chelete e sa tsitsang, moputso oo Molimo o fanang ka oona o ka fumanoa ke mang kapa mang le bohle ba etsang thato ea Molimo. Ho feta moo, ho etsa thato ea Molimo ho tla fana ka thabo eo batho bohle ba e lakatsang, ’me ho neha motho boikutlo ba ho itšepa le bophelo bo nang le morero. Ho sa le joalo, ka baka la liphello tse bohloko tsa ho bapala papali ea chelete, hopola keletso ea maele a boholo-holo a Senyesemane: “Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho betsa mataese ke ho a lahla ka ho felletseng.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lipaki tsa Jehova li thusitse makhoba a papali ea chelete a mangata ho hlōla bokhoba ba ’ona. Ba bang ba thusitsoe ke lihlopha tsa mekhatlo e kang Gamblers Anonymous.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise bo feta moputso leha e le ofe o fumanoang ka ho bapala papali ea chelete