Na Bakreste ba Lokela ho Bapala Papali ea Chelete?
NA MOKRESTE o lokela ho bapala papali ea chelete a leka ho fumana ntho mahala? Che hobane Lentsoe la Molimo le mo khothalletsa ho sebetsa bakeng sa ho hlokomela eena le lelapa la hae: “Haeba e mong a sa rate ho sebetsa, le ho ja a se ke a ja. . . . ba joalo . . . ba sebetse ka khotso, ba sebeletse tseo ba ka li jang.”—2 Ba-Thessalonika 3:10, 12, BPN.
Seithuti sa kahisano se ile sa bitsa lottery ‘mokhoa oo mafutsana a mangata a ruisang batho ba ’maloa,’ ’me sena ke ’nete tabeng ea ho bapala papali ea chelete ka kakaretso. Na Mokreste o ne a ka batla ho ithuisa ka batho ba bang ba ntseng ba hloka? Bakreste ba lokela ho ‘rata baahelani ba bona joalokaha ba ithata.’ (Mareka 12:31) Empa ho bapala papali ea chelete ho susumetsa boithati ho e-na le lerato, ho iphapanya ho e-na le kutloelo-bohloko.
Hangata ho bapala papali ea chelete ho susumetsoa ke meharo—moea o ikarotseng ho Bokreste. Ho Ba-Roma 7:7, Pauluse o itse: “U se ke ua lakatsa.” Lentsoe “lakatsa” le bolela “ho laba-labela ntho.” Na seo ha se hlalose takatso e matla ea motho ea bapalang papali ea chelete ea ho hapa moputso oa chelete ea moahisani oa hae? Takatso e joalo ha e lumellane le khopolo ea Bokreste ea ho arolelana lintho le ho fana.
Bibele e re: “Hobane lerato la chelete ke motso oa lintho tsa mefuta eohle tse kotsi, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba . . . itlhabile hohle ka mahlaba a mangata.” (1 Timothea 6:10, NW) Sena se hlalosa tlokotsi ea motho ea lemalletseng ho bapala papali ea chelete, ea tšoasitsoeng ke tloaelo e mo hlabang ka mahlaba nako le nako.
Jesu o boletse hore batho ba ka tsejoa ka ‘litholoana tsa bona.’ (Mattheu 7:20) Ntle le masisa-pelo ao makhoba a papali ea chelete le malapa a ’ona a a latsoang, papali ea chelete e ’nile ea amana le ho se tšepahale le tlōlo ea molao ka nako e telele. The New Encyclopædia Britannica ea hlokomela: “Boholo ba sekhobo se amanang le tloaelo ena ea ho bapala papali ea chelete se bakiloe ke ho se tšepahale ha batho ba e tšehetsang ka chelete.” Tlōlo ea molao e hlophisitsoeng e ’nile ea amahanngoa le mesebetsi e lumelletsoeng le e sa lumelloang ke molao ea ho bapala papali ea chelete. Na Mokreste a ka rata ho tšehetsa mosebetsi oo, mohlomong esita le ka mokhoa o sa tobang?
Joalokaha ho hlalositsoe sehloohong sa bobeli sa letoto lena, hangata ho bapala papali ea chelete ho kopanyelletsa takatso ea tumela-khoela ea linomoro tsa lehlohonolo, matsatsi a lehlohonolo kapa mela ea lehlohonolo. Ka makholo a lilemo Mothofatso oa Lehlohonolo o ’nile a oka-okeloa ke libapali tsa papali ea chelete hore li mo rate. Maroma a ne a mo bitsa Fortuna, ’me ha e le hantle, motse oa Roma qetellong o ne o e-na le litempele tse 26 tse hahetsoeng ho mo tlotlisa.
Moprofeta Esaia o ile a bua ka molimo o tšoanang o bitsoang gadh o neng o rapeloa ke Baiseraele ba bakoenehi. O ngotse: “Ke lōna batho ba lahlang Jehova, . . . ba tekang tafole bakeng sa molimo oa Lehlohonolo [Seheberu, gadh].” (Esaia 65:11, NW) Letsatsing la ho qetela la selemo, e ne e le tloaelo ho tekela molimo oa Lehlohonolo tafole e tletseng lijo tsa mefuta-futa. Ka tsela ena batho ba boholo-holo ba ne ba na le tšepo ea hore ba tla ba lehlohonolo selemong se secha.
Molimo ha oa ka oa amohela ba neng ba tšepile gadh, kapa molimo oa Lehlohonolo bakeng sa ho rarolla mathata a bona. Ho tšepa lehlohonolo ho ne ho tšoana le ho lahla Molimo oa ’nete, Jehova. Ho e-na le ho beha tšepo ho Fortune joaloka molimo, Bakreste ba lokela ho tšepa Molimo oa ’nete, Jehova, ke eena Ea re tšepisang matlotlo a bohlokoa bo boholo, Ea ke keng a re soabisa.