Bacha Baa Botsa . . .
Motsoali oa Ka ke Lekhoba la Tahi—Nka Tobana le Boemo ka Katleho Joang?
“Ke ne ke hloile ho tla hae. Ke ne ke sa tsebe haeba ’Mè o teng, ’me haeba a le teng, ke sa tsebe haeba o tahiloe le ho qala ho baka lerata a bolela kamoo ke leng mora ea se nang molemo ka teng.”—Robert.
“Ke ne ke hlajoa ke lihlong ha ke lokela ho tlisa batho hae . . . Lelapa leso le ne le ntšoabisa haholo.”—Patricia.
BACHA ba limillione ba mamella mofere-fere oa letsatsi le leng le le leng oa ho phela le motsoali eo e leng lekhoba la tahi. Buka Teen Troubles e re: “Ho phela le motsoali eo e leng lekhoba la tahi ho bolela ho phela tlas’a khatello—khatello e bakoang ke mabaka a sa tšoaneng.”
Batsoali ba bangata haholo bao e leng makhoba a tahi ba hleka-hleka bana ba bona ’meleng kapa likamanong tsa botona le botšehali.a Leha boemo bo sa fetella hakaalo, buka Options ea hlokomela, “haeba ho noa ho etsa hore [motsoali eo e leng lekhoba la tahi] e be ea sa tsitsang, ea hlokang boikarabello, ea sa tsotelleng, kapa ea feto-fetohang maikutlong, boitšoaro bona bo bobe bakeng sa bana.”
Ka hona, ha ho makatse hore ka linako tse ling u ka ikutloa u halefile, u hlajoa ke lihlong, kapa u ferekane. Leha ho le joalo, leha ho phela le motsoali eo e leng lekhoba la tahi ho le thata, u ka ithuta ho tobana le boemo ka katleho.
Ho Utloisisa Bothata
Pele ho tsohle, hoa thusa ho ba le kutloisiso ea hore na ha e le hantle ke hobane’ng ha batsoali ba hao ba noa.b Liproverbia 1:5 e re: “Ea hlalefileng le eena o tla ithuela masene.”
Lekhoba la tahi hase feela motho ea tahoang ka linako tse ling, leha e le hore ke letahoa. Litsebi li hlalosa bokhoba ba tahi e le boloetse ba ka mehla ba ho noa bo bakang mathata a tebileng a amang bophelo, mosebetsi le bophelo bo botle. Lekhoba la tahi le nahana ka tahi—le e nahana ka ho tlōlisa—’me le sitoa ho laola ho e noa. Litsebi tse ngata lia lumela hore bokhoba ba tahi bo ka laoloa feela ka ho qoba tahi ka ho felletseng.c
Le hoja bokhoba ba tahi bo ka ’na ba kenyelletsa temallo e itseng ea kelello e ka ’nang ea etsa hore batho ba bang ba lemalle tahi, hape maikutlo a bonahala a ameha. Ka mohlala, hangata ho inyonya ha ka mehla ho likoloha ponahalong ea ka ntle ea lekhoba la tahi. (Bapisa le Liproverbia 14:13.) Dr. Abraham Twerski o re: “Phihlelong ea ka, le ka mohla ha ke e-s’o kopane le lekhoba la tahi leo pele le kenella tahing, e neng e le motho ea nang le boikutlo bo kholisehileng ba ho inka e le oa bohlokoa, a e-na le maikutlo a khotsofalo le ho itšepa.” Ke ’nete hore makhoba a mangata a tahi a hōletse malapeng a makhoba a tahi. Mohlomong ho noa ho kokobetsa bohloko ba maqeba a maikutlo a bileng teng bongoaneng ba lona.
Leha ho le joalo, ho noa ho mpa ho eketsa mathata a lekhoba la tahi. Ho latela buka Under the Influence, “liketso, menahano, le maikutlo [a lona] a sothiloe ke tahi.” Ka hona, lekhoba la tahi le na le bothata bo fetang ho noa haholo; hape tsela ea lona ea ho nahana e fosahetse. Le ka ’na la hloka thuso e tebileng, mohlomong ea setsebi se hloahloa, hore le tlohele ho noa. Leha ho le joalo, u e-na le kutloisiso e itseng ea bokhoba ba tahi, bonyane u ka qala ho talima motsoali oa hao ka kutloelo-bohloko e eketsehileng.—Liproverbia 19:11, BPN.
Kamoo U Amehang ka Teng
Ha motsoali e le lekhoba la tahi, setho se seng le se seng sa lelapa sea ameha. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 12:26.) Bophelo ba hao bo ka tlala ka ho se tiisehe. Na motsoali oa hao o tla tla hae a hlaphohetsoe kapa a tahiloe? Na u tla kopjoa ka matsoho kapa ho otloa? E, hangata batsoali bao e leng makhoba a tahi ba feto-fetoha haholo. Dr. James P. Comer oa hlokomela: “Ba ka ba le lerato le boikarabelo ha ba hlaphohetsoe, ba befe ka ho sa utloahaleng le ho hlekefetsa ha ba tahiloe.” Ho se tiisehe ho joalo ho ka etsa hore bophelo ba hao e be bo sa tsitsang. Ka nako e ’ngoe u rata motsoali oa hao oa lekhoba la tahi, nakong e latelang u se u mo tenehetse. Moroetsana e mong o ile a ipolela: “Ka matsatsi a mang ke ee ke lakatse eka a ka be a shoele.”
Linakong tse ling liphello tsa ho hōlela lelapeng la lekhoba la tahi ha li bonahale ho fihlela ka lilemo tse ngata. Hangata bana ba makhoba a tahi e ba makhoba a tahi—kapa ba nyala makhoba a tahi. Ka hona moroetsana oa Mokreste o ile a utloana haholo le monna eo a neng a mo hlalosa e le “ea mocheng oa ho ba lekhoba la tahi.” Le hoja a ne a tseba banna ba batle, ba tsitsitseng ba Bakreste, o ne a sa ba thahaselle. Ke hobane’ng ha a ile a ba le thahasello ena ho lekhoba la tahi? A buella ba bang ba tšoanang le eena, o re: “Bao ke banna feela bao re tsebang ho sebelisana le bona le ho ba utloisisa.”
Moholo oa Mokreste o ile a tseba ho mo thusa ho lokisa monahano oa hae tabeng ena, ka hona a felisa potoloho e kotsi ea bokhoba ba tahi. Joale, ho hlakile hore u ke ke ua lula u sa thaba hobane feela u phela lelapeng la lekhoba la tahi. Ho ka etsahala hore u fokotse kotsi e ka hlahang le hore mohlomong u thuse motsoali oa hao eo e leng lekhoba la tahi.
Kamoo U ka Tobanang le Boemo ka Katleho
Dr. Stanton E. Samenow oa hlokomela: “Tikoloho eo motho a tsoang ho eona ha e bohlokoa ho feta khetho eo motho a e etsang ha a arabela tikolohong eo.” E, esita leha lintho lapeng li bonahala li sa laolehe, u ka laola bophelo ba hao. Joang?
U se jare boikarabelo ba ho noa ha motsoali oa hao. Beth ea lilemo li 13 o itse: “Batsoali ba ka ba mpolelletse hore ke phoso ea ka.” Ba ne ba ’meha molato oa ho noa ha bona ka baka la boitšoaro ba hae bo sa laoleheng. O ile a lumela: “Sena sohle se ne se ntjesetsa khoebeleng.” Leha ho le joalo, ke motsoali oa hao—motsoali oa hao feela—ea ikarabellang bakeng sa bokhoba ba hae tahing. Ba-Galata 6:5 e re: “E mong le e mong o tla jara phahlo ee e leng ea hae.”
Kahoo u ke ke ua phekola motsoali oa hao oa lekhoba la tahi. Ho omana, ho tleroha, ho lla, le ho tsekisana le eena ha ho thuse letho. Ka lehlakoreng le leng, hase tlamo ho mo sireletsa liphellong tsa ho noa ha hae ka ho bua leshano lebitsong la hae kapa ho mo hulela ka tlung ha a oetse mathuleng a ntlo hobane a tahiloe.
Mo khothalletse ho fumana thuso. Hangata hona ho hloka tšebelisano-’moho ea motsoali oa hao eo e seng lekhoba la tahi le banab’eno.d Tsoha! ea June 8, 1983, e fane ka litlhahiso tsa kamoo litho tsa lelapa li ka (1) thusang lekhoba la tahi ho tobana le liphello tsa ho noa ha lona le (2) ho mo atamela ka ho toba mabapi le ho noa ha hae. Ho sebetsa litaba ka tsela ena ho ka ’na ha mo thusa ho bona tlhoko ea ho batla thuso.
Tloha sebakeng sa bothata. Liproverbia 17:14 e re: “Khang ha e e-so ho hotele, u e tlohele.” U se ipehe kotsing ka ho kenella qabang ea batsoali. (Liproverbia 26:17) Haeba ho etsahala, e ea kamoreng ea hao, kapa u ee lapeng la motsoalle oa hao. Ha tšokelo ea pefo e le teng, thuso ea ka ntle e ka hlokahala.
Amohela maikutlo a hao. Bacha ba bang ba ikutloa ba le molato hobane ka linako tse ling ba tenehela bo-ntate ba bona. Empa ke ha tlhaho ho ikutloa ka tsela ena, haholo-holo haeba ho noa ho mo thibela ho fana ka tlhokomelo le tšehetso eo u e hlokang. Ke ’nete hore Bibele e u tlama ho hlompha motsoali oa hao. (Ba-Efese 6:2, 3) Empa “ho hlonepha” ho bolela ho hlompha bolaoli ba motsoali ka tsela eo u hlomphang lepolesa kapa moahloli. Ha ho bolele hore u amohela ho noa ha hae. (Ba-Roma 12:9) Leha e le hore u motho e mobe hobane u sa rate ho noa ha hae; botahoa ha bo ratehe. (Bona Liproverbia 23:29-35.) Leha ho le joalo, mohlomong u ka ithuta ho hloea bokhoba ba hae ba tahi ho e-na le ho hloea eena.—Bapisa le Juda 23.
Fumana setsoalle se hahang. U ka lahleheloa ke pono ea ho tloaelehileng ha bophelo bo ferekane ka lapeng. Ka hona, ke habohlokoa hore u thabele setsoalle sa batho ba phelang hantle moeeng le maikutlong. Phutheho ea Bokreste ke mohloli oa ‘banab’eno, le likhaitseli, le bo-’mè’ ba ka fanang ka tlhokomelo le tšehetso e khōlō. (Mareka 10:30) Hape ba ka fana ka phomolo khatellong ea lelapa ka linako tse ling. Ho phaella moo, setsoalle le malapa a Bakreste se ka u neha mohlala o motle oa bophelo bo molemo ba lelapa, o ka lokisang mohlala o sothehileng oo u o bonang lapeng.
Batla thuso. Ho ba le motho e moholo ea hōlileng moeeng, ea tšepahalang eo u ka arolelanang maikutlo a hao le eena ka ’nete hoa thusa. Hangata baholo ba phutheho baa thusa tabeng ena. Dr. Timmen Cermak oa re hopotsa: “Ho sa tsotellehe hore u ikutloa hampe hakaakang, hopola hore ha ho hlokahale hore u utloe bohloko u le mong.”
Che, mohlomong u ka se tsebe ho fetola boemo ba hae. Empa joalokaha Dr. Claudia Black a ngotse: “Litho tsa lelapa li ka fetola tsela eo bophelo ba tsona bo amehang ka teng.” Ho fapana le ho leka ho laola lekhoba la tahi, beha tlhokomelo ho motho eo u ka mo laolang—uena. Hlokomela litlhoko tsa hao tsa moea. (Mattheu 5:3; 24:14; Ba-Heberu 10:24, 25) Bibele ho Ba-Filippi 2:12 (BPN) ea re bolella: “Sebeletsang pholoho ea lōna.” Ho etsa joalo ho tla u thusa ho ba le pono e molemo, ’me ho ka ’na ha susumelletsa motsoali oa hao ho batla thuso bakeng sa bothata ba hae.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Haeba u hlekefetsoa ke motsoali eo e leng lekhoba la tahi, u hloka thuso. Bolella motho e moholo eo u mo tšepang. Ka mohlala, har’a Lipaki tsa Jehova bacha ba ka ikutloa ba lokolohile ho atamela baholo ba phutheho kapa Bakreste ba bang ba hōlileng. Tataiso ea bohlokoa ho thuseng batho ba hleka-hlekoang e fumanoa ho Tsoha! October 8, 1991.
b Ho nolofatsa litaba, re tla bua ka motho eo e leng lekhoba la tahi joaloka monna. Empa melao-motheo e sebetsa le ho basali bao e leng makhoba a tahi.
c Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka bokhoba ba tahi, bona litokollo tsa Tsoha! ea June 8, 1992, le January 8, 1983. Bona le tokollo ea Molula-Qhooa oa October 15, 1983.
d Haeba motsoali eo e leng lekhoba la tahi a ipolela hore ke Mokreste, lelapa leno le ka ’na la batla ho akarelletsa thuso ea baholo ba phutheho.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Buisana ka bolokolohi le motho e moholo eo u mo tšepang ka maikutlo a hao