Bacha Baa Botsa . . .
Ke Eng se Phoso ka ho Buisana?
‘HA RE laetsane, re mpa re buisana feela.’ Ke kamoo Denny ea lilemo li 17 a hlalosang setsoalle sa hae le Tina.a Ba kopane kopanong ea Lipaki tsa Jehova, ’me ho tloha moo ba bile le lipuisano tse telele tsa ka mehla mohaleng. Denny oa lumela hore ba sa le banyenyane haholo ho kenela lefereho le tebileng. Empa ha a bone letho le phoso ha ba mpa ba buisana feela.
Bacha ba bangata ba sa lumelloeng ke batsoali ba bona ho intša le bahlankana kapa baroetsana ba lumelloa ho ntšetsa pele setsoalle le ba batona kapa ba batšehali ho fapana le bona ka lipuisano tsa ka mehla le ho letsetsana mehala. Na ke boithabiso bo se nang kotsi? Mohlomong. Empa batsoali ba bang ba tšoha kotsi e ka hlahang. Motsoali e mong ea amehileng oa ngola: “Ho bonahala ho e-na le bothata bo boholo mona ka bacha ba banyenyane ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ‘ba bang le setsoalle’ le bacha ba bang ba lilemo tse ka tlaase ho 20. Ha ba laetsane, empa ba nkana e le bahlankana le likharebe.”
Bacha ba bang ba ntšetsa pele setsoalle sa moshemane le ngoanana ka ho ngola. Mangolo ana e ka ’na ea e-ba pontšo e se nang kotsi ea setsoalle. Leha ho le joalo, hangata a fetoha a lerato ka ho eketsehileng. Hape kamano ea lerato e ka ba teng ha bacha ba ameha ho ngolleng batho bao ho tsejoang hore ba beha mehlala e seng metle joaloka Bakreste. Ho ka ’na ha boleloa hore ho ngollana ho qalile e le boiteko bo tiileng ba ho khothatsa ba joalo.
Ho Buisana kapa ho Laetsana?
Bibele ha e re hanele ho bua kapa ho ngolla ba batona kapa ba batšehali ho fapana le rōna. Bakreste ba tšoanetse ho ba ba ‘ratang banab’abo bona bohle,’ ’me hoo ho akarelletsa lithaka tsa ba batona le ba batšehali. (1 Petrose 2:17) Ho phaella moo, Bibele e bolella bahlankana ho tšoara “basali ba bacha joaloka bo-khaitseli ka tlhoeko eohle.” (1 Timothea 5:2, NW) Ha molao-motheo ona o sebelisoa, banna le basali ba bacha ba ka thabela likamano tsa setsoalle tse hloekileng le tse hahang—e, setsoalle le batho ba bangata!
Leha ho le joalo, hangata bacha ba Bakreste ba thabela setsoalle se joalo e le sehlopha. Kahoo ha bacha ba babeli ba ikhetholla har’a batho ba bang bakeng sa tlhokomelo e khethehileng, kamano ea setsoalle e fetoha ea lerato, lefereho. Na hona ke ntho e le ’ngoe le ho laetsana? Mohlomong bacha ba bangata ba ka re che. Leha ho le joalo, bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ha se ka mehla ba kholisehileng hore ha e le hantle batho ba baholo ba bolela eng ka ho laetsana.
Ha sehlopha se seng sa bacha se kōpjoa ho hlalosa ho laetsana, ba ka holimo ho halofo ba ile ba re ho bolela ‘ho intša le motho e motona kapa e motšehali ho fapana le bona.’ Ba bang ba ile ba ho hlalosa hore ho bolela ‘ho tseba motho e mong hamolemonyana.’ Patlisiso e lokolohileng e ileng ea etsoa har’a sehlopha sa bacha ba Bakreste e ile ea ntša liphello tse tšoanang. Moshanyana e mong ea lilemo li 13 o ile a re: “Ho laetsana ke ha u intša le ngoanana u ea le eena baesekopong ’me le intša ho fihlela bosiu haholo ebe u mo isa lapeng.”
Buka e hlalosang mantsoe e hlalosa lentsoe la Senyesemane “ho laetsana” joaloka “kamano ea setsoalle ea batho ba babeli ba fapaneng ka botona le botšehali.” Na hona ho ke ke ha kenyelletsa ho ba le lipuisano tsa ka mehla le motho e mong? ’Me ho thoe’ng ka lipuisano tse joalo, kapa likamano tsa setsoalle, mohaleng? Mohlankana ea bitsoang Ivan o re: “Ke mokhoa oa ho laetsana, haholo-holo haeba le behile letsatsi le nako ea ho letsetsana le motho enoa esale pele ’me puisano e likoloha litabeng tsa botho.”
Buka The Family Handbook of Adolescence ea hlokomela: “Kamano ea moshemane le ngoanana . . . hangata e etsoa ka lintlha tse ngotsoeng, mangolo, le ka mohala. O mong le o mong oa mekhoa ena ea puisano ke oa bohlokoa [har’a bacha] hobane o lumella kamano e haufi ba le hōle le e mong.” Esita leha ho le joalo, joaloka mokhoa o mong le o mong oa ho laetsana, kamano e tebileng e ka qaleha. Nahana ka mohlankana ea bitsoang Jack. Ha a ne a qala ho ba le thahasello ho moroetsana ea itseng joaloka molekane oa lenyalo, o ile a qeta nako e ngata a bua le eena mohaleng. Jack o re: “Hoa etsahala hore u tsebe motho ka lipuisano tsa mohala. U ka fetisa menahano haesita le maikutlo ka mohala.” Jack le kharebe ea hae ba ile ba nyalana. Banyalani ba bangata ba ntšelitse pele ho laetsana ha bona ka mohala le ka mangolo ka baka la ho ba hōle ho e mong!
Joale, taba ha se hore na batho ba babeli ba mpa ba buisana, ba bonana, kapa ba laetsana, empa hore na ke mofuta ofe oa kamano ea setsoalle seo ba se hlaolelang. ’Me ha moshemane le ngoanana ba ikarola, bonyane sena se ka ba le ponahalo ea lerato le qalehang. ’Me hangata hase ponahalo feela tjee. Joalokaha mongoli eo e leng mocha ea ka tlaase ho lilemo li 20 Jane Rinzler a hlalosa bukeng ea hae Teens Speak Out: “Haeba batho ba ratana . . . ba tla qala ho kopana. Mohlomong ba tla qala ka ho bua mohaleng hanngoe, mohlomong ka makhetlo a ’maloa.”
Likotsi tsa ho Laetsana Lilemong tse Tlaase
Joale e ka ba ho lokileng hore batho ba babeli ba qale setsoalle sa lerato hafeela ba le boemong ba ho kenela lenyalo. Empa ke bacha ba ’maloa ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba laetsanang ka morero oa ho nyala. Ho latela buka Adolescent Development, ea Barbara le Philip Newman, hangata ho laetsana ha bacha ke feela “mokhoa oa boikhathollo,” tsela ea ho ‘fumana boemo’ har’a bacha ba bang, le tsela ea “ho ithuta ka ba batona kapa ba batšehali ho fapana le bona.”
Empa ho Bakreste, lenyalo lea halalela, lea hlompheha. (Ba-Heberu 13:4) Kahoo lefereho ka mokhoa o mong le o mong ke taba e tebileng—eseng mokhoa oa ho bapala. ’Me ha motho a le mocha haholo hore a ka nyala, setsoalle se haufi haholo le motho e motona kapa e motšehali ho fapana le eena se ka fella ka bohloko le masoabi. Bibele e re bolella ka tsela ena: “Ana motho a ka ikokhella mollo sefubeng, liaparo tsa hae li sa che na?”—Liproverbia 6:27.
Ha Maria a le lilemo li 13, o ile a qala ho kenela ho laetsana ka mohala. Ho ne ho thabisa ka nako e khutšoanyane. Empa kaha a ne a e-s’o hōle ka ho lekaneng hore a ka kenela lenyalo, ho laetsana ho joalo ho ile ha mo siea a utloile bohloko ebile a ferekane. Liproverbia 13:12 e re: “Tšepo ha e lieha ho phetheha, e babisa pelo.” O ne a boetse a tšoanetse ho sebetsana le khatello ea ho patela batsoali ba hae sephiri sa hae sa ho laetsana. “Nako le nako ha mohala o lla, ke ne ke tšoha hore motho e mong o tla o araba—haholo-holo ’mè oa ka. Ho ne ho hlabisa lihlong ha a botsa, ‘Ke mang ea buang?’ ebe o beha mohala fatše hobane ho se motho ea arabelang.”
Esita le ho ngola mangolo ho na le likotsi tsa hona. Ka mohlala, Charlene o ile a ba le maikutlo a matla ho motho ea sa lumelang. Oa ipolela: “Ke ile ka qala ho mo ngolla, ’me ha re sa le metsoalle feela. Ke lekhoba la tahi, empa ke leka ka hohle ho mo thusa. Na u nahana hore ho na le tšepo ea ho etsa hore a fokotse ho noa ha hae?” Leha ho le joalo, boiteko ba Charlene ba ho iketsa moeletsi oa lekhoba la tahi e ne e le tataiso e mpe ’me bo ke ke ba atleha. O ne a ka qetella a kenetse lenyalo le sa thabiseng.b—2 Ba-Korinthe 6:14.
Itebele ka ho ba Masene
Keletso e molemo e fanoa ho Liproverbia 2:10, 11: “Hobane bohlale bo tla kena pelong ea hao, tsebo e khahlise moea oa hao; masene a u lebele, kutloisiso e u boloke.” Hangata batho ba bacha ba lumella maikutlo a bona ho laola liqeto tsa bona. Empa ka ho sebelisa masene le kutloisiso, u ka etsa ho hongata ho “suthisa masoabi pel’a pelo ea hao, u bee bolotsana hole le ’mele oa hao.”—Moeklesia 11:10.
Kutloisiso e u thusa ho ananela hore u ‘paleseng ea bocha,’ nako eo maikutlo a likamano tsa botona le botšehali le maikutlo a lerato a leng matla. (1 Ba-Korinthe 7:36) Kamano e haufi le motho e motona kapa e motšehali ho fapana le uena—ebang ke ka seqo, ka mohala, kapa esita le ka lengolo—e ka tsosa takatso. Ke hobane’ng joale ha u qolla motho ea itseng bakeng sa tlhokomelo e khethehileng? Ke ’nete u ka rata ho ithuta ho sebelisana le ba batona kapa ba batšehali ho fapana le uena. Empa hangata u ka etsa hoo ka ho thabela setsoalle sa ba batona kapa ba batšehali ho fapana le uena le le sehlopha. Esita leha ho le joalo, qoba ho likoloha sehlopheng se senyenyane sa metsoalle. “Atolosang” setsoalle sa lōna. (2 Ba-Korinthe 6:13, NW) Ho etsa joalo ho tla etsa hore ho qalisa kamano ea lerato ho se be bonolo.
Na sena se bolela hore le ka mohla u ke ke ua bua mohaleng kapa ho ngolla motho e motona kapa e motšehali ho fapana le uena? Che. Kotsi e ho beng le kamano ea maikutlo le motho a le mong. Empa hlokomela hore u se utloise motho e mong bohloko kapa ho ikutloisa bohloko. Esita leha u ne u sa rera hore ho etsahale, haeba maikutlo a lerato a ka ba teng, ho ka hlokahala hore u ikhule setsoalleng se joalo.
Ho ka thusa hape ho buisana ka litaba le motho e moholo eo u mo tšepang, joaloka e mong oa batsoali ba hao. (Liproverbia 23:26) Pele u ka ’na ua ikutloa u qea-qea kapa u hlajoa ke lihlong ho bolela maikutlo a hao. Empa batsoali ba hao ba ka utloisisa maikutlo a hao hamolemonyana ho feta kamoo u neng u nahana ka teng.
Ho ka nka lilemo pele u lokela ho hlaolela thahasello ea lerato ho motho e motona kapa e motšehali ho fapana le uena. Hona joale, ka ho bontša masene le thahasello e se nang boithati ho ba bang, u ka thabela likamano tsa setsoalle tse leka-lekaneng le ba batona kapa ba batšehali ho fapana le uena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Bona khaolo 30 ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Litšoantšo tse leqepheng la 19]
Na puisano ea mohala e ka nkoa e le ho laetsana?