Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 9/8 leq. 31
  • Bacha ba Bang ha ba Batle ho Phela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha ba Bang ha ba Batle ho Phela
  • Tsoha!—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ipolaea—tlokotsi ea Bacha
    Tsoha!—1998
  • Lebaka Leo ka Lona Batho ba Telang Bophelo
    Tsoha!—2001
  • Bothata ba Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—2001
  • Ho Ipolaea—Seoa se Ipatileng
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 9/8 leq. 31

Bacha ba Bang ha ba Batle ho Phela

HO IPOLAEA ha bacha ke ntho e nyarosang e ntseng e e-ja setsi India. Batho ba batlisisang naheng eo ba hakanya hore metsotsong e meng le e meng e ’meli motho e mong o leka ho ipolaea, ’me metsotsong e meng le e meng e leshome motho e mong oa atleha.

Ka 1990 batho ba ka bang 60 000 ba ile ba ipolaea India, ’me makasine oa India Today o hlokometse hore “hoo e ka bang halofo ea bona ba ne ba e-na le lilemo tse pakeng tsa 18 le 35.” Ba bang ba ipolaeang ba ka ba lilemo li leshome feela. Palo ea sebele ea batho ba ipolaeang India ha e tsejoe hobane malapa a mangata a khetha ho tlaleha ho ipolaea joaloka kotsi hore a qobe lihlong.

India Today ea hlokomela hore “bacha ba seng ba tiile ba ka holimo ho 2 500 ba ile ba ipolaea ka baka la likamano tse sa thabiseng tsa lerato” ka 1990. Ho latela lingaka tsa mafu a kelello, lebaka le leng la palo e eketsehang ea ho ipolaea har’a bacha ke likhatello tsa tlhōlisano le ho ithuta sekolong, tse qalang ba sa le banyenyane.

Makasine o phaella hore “lingaka tsa mafu a kelello li lumela hore ho senyeha ha lelapa le lulang ntlong e le ’ngoe ho tlatsetsa haholo khatellong le bolutung bo ka bakang maikutlo a ho ipolaea” ho bana. Ngaka e ’ngoe ea mafu a kelello, Dr. S. G. Dastoor e itse: “Hafeela batsoali ba ne ba qeta nako le bana ba bona ho fumana se ba tšoentseng, bophelo ba bona bo ne bo tla bolokoa. Hangata ke nahana hore ke batsoali ba hlokang keletso.”

Bibele e khothalletsa batsoali ba Bakreste ho qeta nako le bana ba bona le ho kenya melao-motheo ea Bibele ka ho bona. (Deuteronoma 6:4-9) Hape Mangolo a khothalletsa batsoali ho se halefise bana ba bona empa ho ba hōlisa “ka ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng.”—Ba-Efese 6:4.

Ho phaella moo, bacha ba Bakreste ba ka sebetsana le likhatello tsa kajeno ka ho sebelisa keletso e bohlale e fumanoang Bibeleng ho Ba-Filippi 4:6, 7, e reng: “Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho. ’Me khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna ho Jesu Kreste.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela