Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 9/8 maq. 28-30
  • Ho Batla Lefatše le Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla Lefatše le Molemo
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pakane ea ka—Sethunya Bakeng sa ho Bolaea
  • Bophelo ba Bolumeli—Litebello ha li Bapisoa le Linnete
  • Mosebetsi oa ka oa Lipolotiki
  • Bophelo ba ka ba Lekunutung—Tokoloho e Felletseng Tumelong ea Bohata
  • Phetoho e Khōlō
  • Botho bo Bocha ba Bokreste bo Nkela Pefo Sebaka
  • Kamoo ke Ileng ka Nyorolloa Kateng Moeeng
    Tsoha!—2003
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • ’Nete ea Bibele e Lokolla Moitlami oa Bolivia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 9/8 maq. 28-30

Ho Batla Lefatše le Molemo

Joalokaha ho boletse eo e kileng ea ba moitlami oa K’hatholike

LEFATŠE le molemo—na le ka ba teng? Ruri Molimo o ne a sa rera hore lefatše le tlale lehloeo, pefo, boithati, bolotsana, ho hloka toka le bohloko ha a le bōpa. Lefatše le molemo le tlameha ho tla. Haeba e ne e le ntho e ka etsahalang, ke ne ke ikemiselitse ho thusa ho le tlisa.

Ke hlahetse profensing ea Corrientes, Argentina, ka ba ka hōlela teng, ke sebaka se tummeng ka borapeli ba Moroetsana oa Itatí. Batho ba teng ke Mak’hatholike, a chesehelang bolumeli ka mokhoa o fetelletseng, ’me ba nka maeto a mangata a eang libakeng tse halalelang selemo le selemo ka morero oa ho ea rapela moroetsana eo. Ke ne ke le e mong oa bona. Ho tloha bongoaneng ke ne ke lakatsa ho tseba Molimo enoa eo ho neng ho buuoa litaba tse ngata hakana ka eena, empa ntate o ile a nkhanela ho ea liklaseng tsa katekisima. Hamorao, ka baka la litloaelano tse mpe, ntate o ile a fetoha letahoa nakong eo ke neng ke le mocha. Kaofela ha rōna re ile ra utloa bohloko, haholo-holo ’mè, ea ileng a utloa bohloko haholo ka baka la ho hleka-hlekoa ka lipuo le ’meleng. Phello e bile hore ke ile ka hloea batho ba batona, ka baka la ho nahana hore banna bohle ba khopo ebile ba ha baa loka.

Pakane ea ka—Sethunya Bakeng sa ho Bolaea

Leha ho le joalo, sekolo se ile sa etsa hore ke be le litšoaneleho tse molemonyana. Ke ile ka ithuta ka cheseho le ka mafolo-folo, ka fumana mangolo a diploma tsa moroko le tsa lithuto tsa khoebo ’me hamorao ka fumana lengolo la botichere la lintlha tse phahameng haholo. Ka nako eo lintho tseo ke neng ke li lakatsa ka ho fetisisa li ile tsa qala ho phethahala: e leng ho fumana litlotla le mangolo a diploma a neng a tla ntokolla khatellong ea ntate. Ka nako e tšoanang, ke ile ka lokisetsa ho sebetsa ka thata e le hore nka ntlafatsa boemo ba ’mè ebe—ke reka sethunya e le hore nka bolaea ntate!

Ho hlakile hore sena ha sea ka sa ntlisetsa nyakallo, khotso le thabo. Ho e-na le hoo, ke ile ka ikutloa eka ke phoofolo e koalletsoeng. Ke ne ke le lilemo li 20 ’me ka iphumana ke le litlamong tseo ke sitoang ho tsoa ho tsona.

Bophelo ba Bolumeli—Litebello ha li Bapisoa le Linnete

Ka nako ena ke ile ka tloaelana le baitlami esita le Makomonisi. Lihlopha tsena tse peli li ne li leka ho nqobella ho amohela likhopolo tsa tsona. Empa monahano oa ho thusa batho ba futsanehileng linaheng tse hōle tse joaloka Afrika le Asia li ile tsa etsa hore ke etse qeto ea ho ea setsing sa baitlami.

Ke ile ka lula setsing sa baitlami ka lilemo tse 14. Ha ke le moo ke ne ke phela bophelo ba boiketlo, bo khutsitseng, le bo nang le khotso. Ha ea ka ea e-ba ho fihlela ke qala ho sebetsa le baprista ke na le filosofi e lebisitseng tlhokomelo linaheng tse tsoelang pele moruong moo ke ileng ka hlokomela phapang pakeng tsa bophelo boo rōna baitlami re bo phelang le bo pheloang lefatšeng la batho bao e seng baitlami—lefatše leo le tletseng bohloko le ho hloka toka moo batho ba utloang bohloko tlas’a khatello ea batho ba ikhohomosang.

Karolong ea rōna ea bolumeli, e leng ea Baromuoa ba Theresian Carmelite, ho ne ho buuoa ho hongata ka toka, empa baokameli ba ka ba ne ba bonahala ba e hlokomoloha ka ho felletseng ha ba sebelisana le ba bang. Matichere a ne a amohela moputso o ka tlaase haholo ho oo ka molao a lokelang ho o amohela, bona le malapa a bona ba sa fumane melemo leha e le efe ea khiro, ’me ba ne ba ka lelekoa ba sa hlokomelisoa esale pele ba bile ba sa neoe moputso oa nako ea tlhokomeliso ea ho lelekoa mosebetsing. Boemo ba ho thusa ka mesebetsi ea lelapa bo ne bo le bobe le ho feta; ka mor’a ho sebetsa ka lihora tse 10 ho isa ho tse 12 sekolong, ba ne ba lokela ho fumana mesebetsi e meng e le hore ba ka iphelisa le ho fepa malapa a bona. Ke ne ke batla ho felisa leeme lena.

Ha ke bolella ’mè ea okametseng bo-’mè ba merapelo ka taba ena, o ile a mpolella hore haeba ke ne ke jarile sethunya sa morathatha ke ne ke tla tšoaneleha ho ba motho ea etsang lintho tse sa tloaelehang. Ka nako eo ke ile ka nahana hore nka mpa ka etsa lintho tse sa tloaelehang ho e-na le hore ke hloke botho joaloka bona. Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea ho kōpa ho lokolloa likanong tse etsoang ka mehla tsa bohloeki, bofutsana, le ho ikokobeletsa melao ea lehae la baitlami tseo ke ileng ka li etsa. Ke ne ke batla ho thusa kereke ka tekanyo e khōloanyane. Ke ile ka lokolloa hang-hang.

Mosebetsi oa ka oa Lipolotiki

Joale ke ile ka qala ho hlokomela hore na ho phela ka ntle ho lintho tse bonahalang ho joang. Ka makhetlo a mangata ke ne nka hloka le leqetsoana la bohobe hoja e se be ka batho ba pelo li ntle ba neng ba mpotile. Ka lekhetlo la pele, ke ile ka hlokomela hore na batho feela ba tloaelehileng ba phela joang. Ke ile ka sebetsa ka thata le kereke ea sebakeng seo likarolong tsohle—tsa bolumeli, sechaba le tsa lipolotiki. Joaloka tichere ea batho ba baholo, ke ne ke na le menyetla e mengata ea ho buisana le bona ka maemo a boholo-holo ao sechaba se ba qobellang ho ’ona, se a bakang, le litharollo tse ka bang teng. Litharollo tsee e ne e le life? Taba ea pele, ho sebetsa ka tsela ea khotso le ea ho hanyetsa; ebe, haeba ho hlokahala, ho sebelisoa pefo ka morero oa ho finyella pakane e lebelletsoeng, e leng toka.

Sehlopha sena sa bolumeli le lipolotiki seo ke neng ke sebetsa le sona, se hlophisitsoeng ke baprista ba K’hatholike se tšehetsoang ke litho tsa phutheho, se lebisitse tlhokomelo ea sona linaheng tse tsoelang pele moruong tsa Afrika, Asia, le Latin America. Se buella phetoho ea hang-hang e tlisoang ka ho phethola ’muso, ka ho hana mefuta eohle ea puso e laolang tsamaiso ea moruo, lipolotiki, le meetlo linaheng tse ling ka mokhoa o sa tobang. Morero oa eona ke ho theha tsamaiso ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho ea Latin America e ntšetsang ho etsoa ha hombre nuevo (motho e mocha) pele, ea lokolohileng litlamong tse tlisoang ke litsamaiso tsa bopolotiki tsa linaha tse ling.

Re ile ra itlama hore re tla kenella hare-hare litabeng tsa batho ba futsanehileng, re itsebahatse re le boemong ba bophelo bo tšoanang le ba bona. ka baka la ho ba le likhopolo tsena kelellong, ke ile ka etsa boiteko bo matla ba ho thusa motho e mong le e mong—e monyenyane le ea hōlileng, e mocha le e moholo.

Bophelo ba ka ba Lekunutung—Tokoloho e Felletseng Tumelong ea Bohata

Ha ke ne ke loanela maemo a molemonyana bakeng sa mafutsana, ke ile ka lebala hore pelo e ka ba mano. Ke ile ka ratana le mookameli oa ka oa moprista, eo ke ileng ka phela le eena ka lilemo tse peli. Kapele ke ile ka ima. Ha moprista enoa a utloa, o ne a batla hore ke ntše mpa ena, e leng seo ke ileng ka se hana, kaha seo e ne e tla ba polao. E le hore nka beleha ngoana enoa, ke ile ka lokela ho tlohela mosebetsi oo ho oona ke neng ke sebetsa le moprista le ho tloha motseng oo ka baka la tšabo ea hore ho ne ho tla tsebahala hore ke ratana le eena.

Ke ile ka tloha motseng ona ke utloile bohloko haholo ka ba ka nahana ho ipolaea ka ho itahlela ka tlas’a terene, empa ntho e ’ngoe e ile ea ntšitisa. Ke ile ka mamella. Metsoalle ea ka, litho tsa lelapa, le batho ba mosa toropong ea heso ba ile ba nthata, ba nkhauhela, le ho nkutloisisa—e leng seo monna ea mong eo nkileng ka mo rata a sa kang a se etsa le ka mohla. Ha mora oa ka a hlaha, bana ke bona ba ileng ba re hlokomela. Ke ne ke batla hore mora oa ka a hōle ho fihlela e e-ba senatla, monna ea matla, ea tšepahallang seo a se lumelang le ea ikemiselitseng ho shoela likhopolo tsa hae. E le hore takatso ena e ka phethahala, ke ile ka mo rea lebitso la bobeli e leng Ernesto ke nahanne Ernesto Che Guevara (Leargentina le tsebahalang ka ho loana lintoa tse mabifi), leo ke neng ke le hlompha haholo.

Nakong eo ka eona ’muso oa Argentina o neng o phetholoa ke sesole, lihlopha tseo sepheo sa tsona e leng ho tlisa liphetoho tse fetelletseng li ile tsa qala ho hlorisoa. Metsoalle ea ka e mengata e ile ea tšoaroa. Lehae la ka le ile la hlaseloa ka makhetlo a mangata ke li-encapuchado (ba roalang likatiba), tse ileng tsa nyakurela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me tsa utsoa hoo e ka bang lintho tsohle tsa ka. Ke ile ka bitsoa ka taelo ea lekhotla ka makhetlo a mangata hore ke hlahe ka pel’a balaoli ka morero oa hore ke bolele hore na metsoalle ea ka e kae, empa ke ile ka tšepahala ho metsoalle ea ka, ka khetha lefu ho e-na le ho ba lehlabaphieo.

Phetoho e Khōlō

Ka baka la ho phela tlas’a khatello e kaalo, ke ne ke batla ho buisana le motho e mong, motho eo ke neng nka mo tšepa le ho itšetleha ka eena joaloka motsoalle oa ’nete. Ke ka eona nako eo Lipaki tsa Jehova tse peli li ileng tsa nketela. Ke ile ka li amohela ka thabo, ke hlokomela hore li na le khutso le botsoalle tse ileng tsa nkhohela. Ke ne ke batla hore li tle hape li tl’o ithuta Bibele le ’na. Ha li tla, ke ile ka li hlalosetsa boemo bo thata boo ke iphumaneng ke le ho bona ’me ke ile ka li bolella ka ho toba hore ke ne ke sa rate hore li nkoe joaloka ba kopanelang liphosong tsa ka. Li ile tsa ntiisetsa hore ha li na tšabo, kaha balaoli baa tseba hore ke bo-mang.

Thuto ea rōna ea Bibele e ile ea sitisoa hangata ho tloha qalong. Kaha ke ne ke se ke sa lumele ho Molimo ke bile ke sa mo tšepe, ho ne ho le thata haholo bakeng sa ka hore ke lumele lintlha tsa thuto tse leng ka bukeng eo ke ithutang Bibele ka eona e leng ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ke ile ka batla ke tlohela thuto, ke nahana hore Bibele ke tšomo le hore Marx o nepile ha a re bolumeli ke “matekoane ho batho.” Ha ke bolella Lipaki tsena maikutlo a ka ke bile ke li bolella hore li khaotse ho senya nako e eketsehileng ka ’na, li ile tsa arabela ka ho bolela hore ha li nahane hore ho thusa batho ba hlokang thuso ke ho senya nako.

Ke ile ka ba le maikutlo a fapaneng nakong eo ke neng ke memetsoe Holong ea ’Muso. Ke ne ke khathetse ke liboka tseo ho neng ho totobetse hore batho ba kopanelang ho tsona ha ba fapanyetsane maikutlo, ha ba hlomphane ebile ha ba na botsoalle. Leha ho le joalo, liboka tsa Lipaki tsa Jehova li ne li fapane le tseo. Li theiloe Bibeleng ’me li matlafatsa tumelo, ’me li re susumetsa hore re ratane le ho rata esita le lira tsa rōna.

Botho bo Bocha ba Bokreste bo Nkela Pefo Sebaka

Qetellong ke ile ka fumana tsela e isang lefatšeng le molemo. Ka June 8, 1982, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova Molimo ka kolobetso ea metsing, ’me ke ile ka lakatsa ho hlobola botho ba khale ka matla ho feta leha e le neng pele, hombre nuevo oa pefo ea nang le tšekamelo ea lipolotiki, le ho apara botho bo bocha, bo nang le litholoana tse molemo, bo hlalositsoeng ho Ba-Galata 5:22, 23, (NW). Hona joale ke kopanela ntoeng ea mofuta o mong, ntoa ea Bokreste, e leng ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho sebelisa nako ea ka le matla a ka bakeng sa ho ruta ba bang ’nete ea ’Muso ea lefatše le molemo le tlang.

Ke tlhohonolofatso e kaakang ha ke khona ho ruta mora oa ka e monyenyane hore ho e-na le hore a hōle a e-na le morero oa ho etsisa Ernesto Che Guevara, a ka tsamaea mohlaleng oa Kreste Jesu, Moeta-pele oa rōna le Mohlala! Ke rapela hore e se eka ’na le mora oa ka, hammoho le barati bohle ba ho loka, ho akarelletsa le metsoalle ea ka ea nako e fetileng le beng ka ’na re ka kena lefatšeng leo le molemo le sa feleng, lefatše la paradeise le tletseng nyakallo, khotso, thabo, le toka. Pefo ha e tsoele motho leha a le mong molemo; e hlohlelletsa lehloeo, likarohano, tsieleho, le likhathatso tse sa feleng. Ke bua ho tsoa phihlelong, hobane ke phetse bophelo ba mofuta oo.—Ka Eugenia María Monzón.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Ho bolela ka ntlo le ntlo Argentina

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela