Ho Atamela Haufi le Molimo ho Nthusitse ho Mamella
KE NE ke sa thahaselle bolumeli. Ke ne ke bona bolumeli bohle bo hlophisitsoeng bo tletse boikaketsi. Ke ne ke sa bone bo tsoela batho molemo oa letho, haese feela ho etsa hore ba se mamellane. E ne e le mafelong a bo-1960. Mopresidente oa U.S. o ne a sa tsoa fenethoa, ’me batho ba likete ba ne ba e-shoa ntoeng Vietnam. Lefatše le ne le le moluba-lube. Bophelo ba ka bo ne bo senyeha. Ho ne ho ka ba le Molimo ea ntsotellang kapa ea tsotellang moloko oa batho joang?
Ke ne ke le lilemo li 27, ke nyetsoe ’me ke na le bana ba babeli ba banyenyane, ke sebetsa ka nako e tletseng sebakeng sa batho ba nang le mathata a kelello ha moahelani e mong a qala ho bua le ’na ka Bibele. Ka ho makatsang, ke ile ka iphumana ke mo mamela. O ile a bua le ’na ka seo a neng a re ke mehla ea qetello. O ne a utloahala a fapane, ’me ke ne ke batla likarabo. O ile a ntšiela buka e nang le sehlooho ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ke ile ka e bala ka bosiu bo le bong, ka sheba mangolo ’ohle, ’me ka iphumana ke ipotsa, ‘Na ke hlile ke fumane ’nete?’
Haeba ho ne ho le joalo, ho ne ho tl’o ba le bothata. Ke ne ke tsoaletsoe lelapeng la Bajode, ke ne ke na le monna oa Mojode le bana ba babeli ba banyenyane, le beng ka ’na ba Bajode. Ke ne ke tseba hore ba tla utloa bohloko ha ke e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ke ne ke sa batle ho utloisa lelapa la ka bohloko ho sa hlokahale; ke ne ke lokela ho kholiseha pele. Ke ile ka qala ho bala lingoliloeng tsa Bibele haholo. Ka mor’a beke ke ne ke kholisehile hore sena e ne e le ’nete. Ke ne ke lokela ho ithuta ’nete. Kahoo ke ile ka qala ho ithuta le Lipaki tsa Jehova. Nakong ea libeke ke ne ke se ke bolella e mong le e mong. Ke ne ke hloletsoe ke ho ithuta hore lebitso la Molimo ke Jehova, hore oa ntsotella ’me o tsotella le moloko ’ohle oa batho, le hore bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise bo ne bo tla ba teng. Ke ile ka kolobetsoa ka June 12, 1970.
Joalokaha ke ne ke lebeletse, lelapa la ka haesita le bo-matsale ba ka ba ile ba utloa bohloko haholo, ’me ba bang ba ile ba nqhela. Monna oa ka o ile a ithuta a ntse a khaotsa ka lilemo empa ho hang ha ea ka ea e-ba molumeli. Leha ho le joalo, bana ba ka e ile ea e-ba Lipaki tsa Jehova. Ho tloha qalong, ke ne ke batla ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng, ke ruta litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka ntlo le ntlo. Empa ke ne ke e-na le lelapa le ntseng le eketseha le monna ea sa lumelang. Le hoja ke ne ke sebetsa ka nako e tletseng, re ile ra lahleheloa ke mahae a mabeli ka lebaka la ho hlōleha ho lefa, ’me ka makhetlo a ’maloa re ile ra hloka moo re lulang teng. Bophelo bo ne bo le boima haholo.
Ka lekhetlo le leng re ile ra amohuoa ntlo ea rōna. Re ne re lokela hore re be re tsoile ntlong eo motšehare o moholo ka Sontaha, ’me ho ne ho se moo re tla ea teng. Ke ile ka etsa sohle se matleng a ka, ’me qetellong ka Moqebelo hoseng, letsatsi pele ho leo re neng re lokela ho tsoa ka lona, ke ile ka etsa qeto ea ho etsa kamoo Jesu a boletseng ka teng ho Mattheu 6:33—ho batla ’Muso pele ’me ke emele Jehova ho lokisetsa lintho tseo ke li hlokang. Ke ile ka ea tšebeletsong ea phatlalatsa. Ke hopola ke llisoa ke khatello eo boemo boo bo neng bo e bakile, empa ka mor’a metsotso e mehlano ka ikutloa ke le hantle. Ka linako tsohle ke ’nile ka fumana ho fana ka boboleli ho na le phello e molemo ho ’na; ho ntokolla mathateng a ka, ’me moea oa Jehova o mpoloka ke thabile ke beha litholoana ’me o mpha morero oa bophelo. Leha ho le joalo, ha ke fihla hae mohlang oo, re ne re ntse re se na sebaka seo re tla ea ho sona, empa khatello e ne e theohile.
Bosiung boo re ile ra amohela molaetsa oa thelefono o tsoang boemeling ba thekiso ea matlo bo sebetsanang le litlhoko tsa rōna. Nako e ne e le 11:30 bosiu, ’me moemeli oa thekiso ea matlo o ne a amehile ka hore re ne re se na sebaka seo re tla ea ho sona hoo a ileng a re fumanela sebaka sa ho lula ka nakoana ho fihlela ntlo eo re lokelang ho e fumana e loka. Kahoo Lipaki-’moho le ’na li ile tsa re thusa ho fallela ntlong eo ka Sontaha. Re ile ra lula teng libeke tse tharo, lintho tsa rōna li ntse li le ka mabokoseng, ’me qetellong ha ntlo ea rōna e se e lokile ra fallela teng. Ho ne ho se bonolo, empa Jehova o ile a khotsofatsa litlhoko tsa rōna. Sena se ile sa ’matlafatsa haholo ’me sa tiisa tumelo ea ka. Ho ne ho le joalokaha Morena Davida a ne a boletse ho Pesaleme ea 37:25: “Nkile ka ba mocha, ’me joale ke tsofetse; empa ha ke e-so ho bone ea lokileng a tloheloa, leha e le litloholo tsa hae li sikila bohobe.”
Ho ne ho e-na le mathata tabeng ea ho hlokomela tšebeliso ea chelete. Ka linako tse ling, ke ne ke lokela ho hlokomela tšebeliso ea lichelete le ho lokisa lintho. Ke ile ka leka ka matla ho boloka lenyalo la rōna lilemong tseo haholo-holo ka lebaka la lerato la ka ho Jehova le kamoo a talimang tokisetso ea lenyalo ka teng, ’me ka hare-hare ho ’na ke ne ke tšepa hore monna oa ka o tla fetoha ’me a kene ’neteng.
Khafetsa ke ne ke rapella ho nka bopula-maliboho ba ka mehla, ’me ke ne ke ngolisetsa bopula-maliboho bo thusang nako le nako ha ke fumana monyetla.a Ke ne ke tseba hore ho fana ka boboleli ke ntho e molemohali le tsela ea bohlokoahali eo nka sebelisang bophelo ba ka ka eona. Ke ne ke rata Jehova ’me ke batla ho mo sebeletsa ka pelo eohle. Ke ne ke boetse ke rata batho ’me ke batla ho ba thusa. Ka lebaka la bophelo ba ka bo boima ke ile ka ananela hore melao-motheo ea Bibele e na le molemo ’me ke ne ke tseba hore batho ba hloka tšepo eo ’Muso o fanang ka eona. Empa ke ne ke tšaba hore lelapa la ka le ke ke la tsoella ha ke sa sebetse. Re ne re phela ka thata.
Ke Ile ka Hoeletsa, Motho ea Betang a Baleha
Ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe bophelong ba ka e ileng ea mpha tumelo ea hore Jehova o tla mpha seo ke se hlokang le ho ntlhokomela ka linako tsohle. Motho e mong o ile a thuha ntlo ea rōna ’me a leka ho mpeta. O ile a ntlhasela ke robetse, ’me ha ke tsoha o ile a ntšokela ka ho mpolaea haeba nka etsa lerata kapa ka sisinyeha. Le hoja ke ne ke tšohile, Jehova o ile a nthusa hore ke se ferekane, ’me ke hlaphoheloe kelellong hore ke khone ho mo rapela le ho sheba hore na ho ka ba molemohali hore ke nke bohato bofe. Ke ne ke tseba seo Bibele e se bolelang ka ho hoeletsa, empa ke ile ka ba le boikutlo ba hore a ka ’na a mpolaea haeba ke hoeletsa, ’me bana ba ka ba ne ba tla tsoha, ’me o ne a tla ba bolaea. Ke ile ka bona ha lebitso la ka le se le hlaha lipehing ’me ka rapela hore Jehova a sireletse bana ba ka haeba ke shoa. Ho ntse ho le joalo, ke ile ka etsa seo Bibele e se bolelang—ke ile ka hoeletsa. (Deuteronoma 22:26, 27) Motho eo ea betang o ile a baleha. Ke ne ke lumela hantle hore ke tl’o shoa bosiung boo. Ke ile ka atamela Jehova haholoanyane.
Ke ile ka tlohela mosebetsi ’me ka qala ho sebeletsa ke le pula-maliboho ea ka mehla ka 1975. Ke ile ka bula maliboho lilemo tse tšeletseng, ’me monna oa ka o ne a lefa melato ea rōna ea chelete. Ka bomalimabe, ke ile ka tšoaroa ke lefu la tsoekere ke sa le mocha ’me ka nako e ’ngoe ke ne ke kula haholo. Hore ke mamelle, ke ile ka tsoela pele ho itšetleha ka Jehova haholoanyane. Ho sa tsotellehe maemo a ka, lilemo tseo e ile ea ba tseo ke neng ke thabile ka ho fetisisa le tseo ke ileng ka beha litholoana ka ho fetisisa tseo nkileng ka ba le tsona. Jehova o ile a ntlhohonolofatsa ka liithuti tse ngata tsa Bibele tse ileng tsa tsoela pele ho isa kolobetsong. Tse ling li ile tsa nka bopula-maliboho.
Eaba ka 1980, bophelo ba rōna boa senyeha. Kamano e ile ea senyeha mahareng a ka le monna oa ka. Bana ba ka ba ne ba tšoenyehile haholo, kahoo molemong oa bona ke ile ka leka ho pholosa lenyalo empa monna oa ka ha ka arabela boitekong ba ka. Ntlheng ena, ke ne ke tseba hore ke nako ea ho hlala motheong oa Mangolo. Ho tsamaea ha hae ho ile ha ama bana habohloko.
Ke ne ke leka ka matla ho tsoela pele ke bula maliboho nakong eo ’me ke ile ka khona ho tšoarella nako e ka etsang selemo. Leha ho le joalo, morali oa ka, ka baka la ho se khone ho mamella boemo boo, o ile a qala ho fetohela lintho tsohle, ho akareletsa ’na le ’nete. Ke ile ka khaotsa ho bula maliboho nakong eo ka baka la boitšoaro ba hae. Sena se ile sa nkutloisa bohloko haholo; setšehetso sa ka se ne se oele. Ke ile ka utloa ke tšoaroa ke bolutu, joalokaha eka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e nyametse ntle le Jehova.
E ne e batla e le nakong ena ha Jehova a lokisetsa baena ba babeli ba ratehang ba ileng ba nthusa ho feta kamoo ba ka tsebang ka teng. E mong e ne e le molebeli oa potoloho, ’me e mong e ne e le moholo oa phutheho e ’ngoe ea neng a tseba maemo a rōna, kaha o ne a ile a ithuta le monna oa ka. Nke ke ka khona ho leboha Jehova ka ho lekaneng ka limpho tsena tse tlileng ka sebōpeho sa batho. Ba tla lula ba rateha ho ’na ka linako tsohle.
Nakoana ka mor’a moo, morali oa ka a sa ntse a le mocha, o ile a nyaloa ke motho ea sa lumelang. Sena se ile sa ferekanya lelapa haholo ’me sa re nyahamisa ka ho feletseng. Nakoana ka mor’a moo mora oa ka le eena o ile a tlohela ’nete. Ke ne ke rapela Jehova khafetsa hore a thuse lelapa la ka ho phela ’neteng. E ne e le ba bohlokoa bo boholo ho ’na, ’me ntho e le ’ngoe feela eo ke neng ke e batla haholo ke hore ba khomarele Jehova. Hona e ne e ’nile ea e-ba thapelo ea ka ho tloha ha ke e-ba ’neteng. Nako eo e ne e le e bohloko ka ho fetisisa ho ’na ho feta lilemo tsohle tse 20 ke nyetsoe—’me lilemo tseo tse 20 li ne li hlile li le mpe. Leha ho le joalo, ke ne ke tseba hore ka tsela e ’ngoe e itseng Jehova o tla re thusa hore re atlehe, ’me ho sa tsotellehe hore na ho thata hakae, ke ne ke lokela ho etsa thato ea hae.
Ho na le ketsahalo e ’ngoe eo ke e hopolang ka ho hlakileng. Ke ne ke ntse ke bula maliboho, ’me re ne re se na chelete empa re ne re hloka ho ka etsang R200 hore re tle re tsoelle bekeng eo le ho ba le chelete ea ho lefella lipalangoang bakeng sa ho ea mosebetsing bekeng e latelang. Ke ne ke sebelitse matsatsi a mabeli joaloka mohiruoa oa nakoana. Ka tloaelo, ke ne ke lokela ho ema beke hore ke fumane moputso—o etsang R114. Ke ne ke se na chelete ea lijo, ke sa bue letho ka ea sepalangoang. Bosiu bo latelang ke ile ka khanna thuto ea Bibele le mosali e mong ea ileng a nthusa ka chelete ea ho palama terene e tsamaeang ka tlas’a lefatše.
Hoseng ho latelang e ne e le Labohlano. Ke ile ka ea lata mangolo, ’me ho ne ho na le mangolo a mabeli. Le leng e ne e le cheke eo ke neng ke e lebeletse beke e latelang. E ile ea fihla bankeng Motseng oa New York ’me banka e ile ea e kenya ho account ea ka ka nako e ka tlaase ho matsatsi a mararo. Ke ne ke hloletsoe. Ke ne ke ntse ke hloka R86 kapa R87 hore ke tle ke tsoelle. Ka emfolopong ea bobeli ho ne ho na le cheke ea R86, e leng eona chelete eo ke neng ke e hloka. Ho hlileng ho makatsang ka taba ena ke hore ka February ea selemo seo, ’muso o ne o ’neile mpho ea chelete bakeng sa ho reka oli ea ho futhumatsa ntlo ea ka. E ne e le August, ’me ofisi ea ’muso e ile ea etsa qeto ea hore e nkolota R86—ka August, bakeng sa ho futhumatsa ntlo? Ke hobane’ng ha ba ne ba ka nahana hore baa nkolota, le hona oli ka August? Sena se ile sa ba le phello e matlafatsang tumelo ea ka haholo!
Lintho tse Bonahalang Hase Karabo
Ke ile ka qala ho sebetsa ka nako e tletseng le ho ithuta ho sebelisa li-computer mesebetsing eo ke ileng ka e qala. Lilemo tseo ke neng ke sa bule maliboho ka tsona li ne li le boima. Le hoja ke ne ke na le mosebetsi o motle le tšireletso ea chelete le lintho tse bonahalang, ke ne ke sa thaba. Bana ba ka ba ne ba phela ba le bang ’me ba e-na le mathata a boima haholo. Morali oa ka o ne a se a qalile ho khutlela ’neteng empa a sa ntse a na le mathata. Le mora oa ka o ne a na le mathata ka ho tšoanang. Ka mor’a nako, ke ile ka ba le boikutlo ba hore ke ne ke lahleheloa ke kamano eane e haufi le Jehova eo ke neng ke e baballa haholo. Ke ile ka ba le boikutlo ba hore ke suthela thōko le Jehova le hoja ho ne ho se motho e mong ea bonang seo. Ke ne ke ba teng libokeng tsohle, ke ithuta, ke ea tšimong, empa hoo ho ne ho sa lekana. Ke ile ka leka ho kopana le metsoalle haholoanyane, empa hoo ha hoa ka ha thusa.
Ke ile ka qala ho iqenehela. Ke ile ka qala ho hlahloba maikutlo a ka le ho inahanela. Na ke ne ke sa lokeloa ke ho eketsehileng? Ka ho hlakileng, monahano ona ke eona ntho eo Satane a neng a e batla. Ka lekhetlo la pele, ke ile ka utloa ke thahasella batho bao ke sebetsang le bona. Ke ile ka nahana, ‘Koana, nka ’na ka ba nehela boboleli.’ ’Me ke ile ka etsa joalo. Empa tlaase-tlaase ke ile ka utloa hore pelo ea ka e ne e qala ho hlokomoloha lintho tseo e neng e sa lokela ho li hlokomoloha. E ne e se mathata a ka ntle. E ne e le ’na. Ke ne ke sitoa ho baleha letsoalo la ka le koetlisitsoeng ka Bibele. Ke ile ka rapela Jehova.
Ke ne ke sebetsa ka nako e tletseng. Ke ne ke hloka ho lesa tšireletso ea lintho tse bonahalang eo ke neng ke se ke e bokeletse. Ke ne ke qeta lihora tse tharo ka letsatsi ho tloha Long Island ho ea Wall Street le ho khutla. Ke nako e ngata! Hape, ho sebetsana le batho ba bangata ba lefatše litereneng ho ne ho sa ntlafatse boemo ba ka. Ke ile ka qala ho bua le baholo le ho ea likopanong ka linako tsa mafelo-beke bakeng sa ho nthusa ho tsepamisa mohopolo linthong tsa bohlokoa. Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ho ne ho sa hlokahale hore ke amehe ka lintho tse bonahalang, kahoo ke hobane’ng ha ke ne ke batla ho sokola hape? Ka mor’a selemo ke rapela, ke nahanisisa ka hloko hore na ke lokela ho fetola boemo ba ka, ke ile ka etsa joalo.
Ke ile ka fallela sebakeng sa Brooklyn Heights. Ke ne ke ile ka etela phutheho eo ’me ke ne ke tseba hore bomoea ba eona ke eona ntho eo ke neng ke e hloka. Ho ne ho na le Lipaki tse ngata tse tšepahalang, tse ’nileng tsa sebeletsa ka nako e tletseng ka lilemo tse ngata—ho ile ha etsa hore ke phutholohe. Nakong ea likhoeli tse tšeletseng ke ne ke loketse ho tlohela mosebetsi oa ka bakeng sa ho nka bopula-maliboho. Ke ile ka nka mosebetsi oa nakoana, ’me ka 1984, ke ile ka boela ka khethoa ke le pula-maliboho oa ka mehla.
Ka lilemo, Jehova o ’nile a fana ka litlhohonolofatso tse babatsehang, haesita le lithuto tse ngata tsa bohlokoa. Ke ’nile ka leka ho lula ke tletse tšepo ’me ke matlafetse le ho fumana thuto phihlelong e ’ngoe le e ’ngoe e boima. Ha ho lihlong ho ba le mathata; phoso ke ho se sebelise melao-motheo ea Bibele bakeng sa ho a rarolla. Mona Brooklyn ha ke na mathata a tšoanang le a lilemong tsa pele ke le ’neteng. Ha ke sa na bothata ba chelete. Ha ke sa na bothata ba monna ea sa lumelang. Pelo ea ka e lokisitsoe. Ke hlohonolofalitsoe ka bana ba bangata ba moea.
Empa ka linako tsohle ho ba le mathata a macha le liphephetso. Ka 1987 mora oa ka Marc, o ile a ba le tlhaselo ea methapo ea kelello ’me a ba tlas’a khatello e matla, empa Jehova o ile a re thusa ho mamella. Hona joale Marc o hahamalla litokelo ’me o tsoela pele hantle haholo ka phuthehong. Morali oa ka Andrea, o ile a khutlela ’neteng ’me a kolobetsoa ’me o hōlisetsa bana ba hae ’neteng. Kaha re ntse re atamela mahlomola a maholo ka potlako, ke lebeletse hore mathata a tsoele pele ho ba teng ’me mohlomong a be boimanyana, empa ka linako tsohle Jehova o tla ba teng bakeng sa ho re thusa ho feta ka katleho bothateng kapa phephetsong efe kapa efe e ka hlahang.
Kannete, Jehova o ’nile a nthusa hore ke thabe le ho beha litholoana bophelong. Ke lebeletse ho qeta karolo e saletseng ea bona ke ntse ke le haufi le eena ’me ke etsa thato ea hae.—Joalokaha ho boletse Marlene Pavlow.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Ho bula maliboho” ke polelo e sebelisoang bakeng sa mosebetsi oa ho bolela ka nako e tletseng.
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Marlene Pavlow, ’moleli oa nako e tletseng oa litaba tse molemo tsa ’Muso