Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 5/8 maq. 18-23
  • Na ke Lokela ho Fallela Naheng e Ruileng Haholoanyane?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lokela ho Fallela Naheng e Ruileng Haholoanyane?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Potlakele ho Etsa Qeto
  • Se Lumele Lintho Tsohle Tseo U li Utloang
  • Nahana ka Melemo le Mathata
  • Ho Ithuta Liphosong tsa Esau
  • Sebelisa Qeto ea Hao ka Tsela e Molemohali
  • Hopola Litlhoko tsa Hao tsa Sebele
  • Sireletsa Lefa la Hao ka ho Etsa Liqeto Tse Bohlale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Leeto le Thabisang Tšebeletsong ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Ke Hobane’ng ha Re Lokela ho Falla?
    Tsoha!—1994
  • Young People Ask—How Can I Make Real Friends?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 5/8 maq. 18-23

Bacha Baa Botsa . . .

Na ke Lokela ho Fallela Naheng e Ruileng Haholoanyane?

TARA o ile a tloha ha habo Trinidad, Sheila o ile a tloha Jamaica, ’me Erick a tloha Suriname. Bacha bana ba bararo kaofela ba ile ba fallela naheng e ruileng haholoanyane. Hobane’ng?

Tara oa hlalosa: “Rōna bacha Trinidad, re susumetsoa haholo ke seo re se bonang likamasineng le ho TV. Ka bomalimabe, sena se fana ka pono eo e seng ea sebele ka United States le linaha tse ling tse ruileng.”

Pale ea Sheila ea tšoana: “Ke hopola ke bolelloa ka menyetla e mengata ea mesebetsi le thuto e sa lefelloeng.” Leha ho le joalo, oa eketsa: “Ha ke tsebe lebaka, empa ba kileng ba ba linaheng tsena ha ho mohla ba kileng ba bua ka maemo a mabe. Mohlomong ba lihlong ho lumela hore maemo ha a molemo joalokaha ba ne ba nahana.”

Ho ntse ho le joalo, batho ba ntse ba falla. Tlaleho ea Los Angeles Times e bontšitse hore ho tloha ka 1980 ho ea ho 1990, palo ea batho ba fallelang linaheng tse ling e ile ea imena ka makhetlo a mabeli ’me ho lebeletsoe hore e tla boela e imena ka makhetlo a mabeli ka selemo sa 2000. Batho ba fetang 700 000 ba fallela United States selemo le selemo. Australia, Canada, Côte d’Ivoire le Saudi Arabia naheng ka ’ngoe ho amoheloa bafalli ba fetang 50 000 selemo se seng le se seng, ’me bongata ba bona e le ba batlang bophelo bo hlamatsehang haholoanyane.

Haeba u phela naheng e fokolang moruong, mohlomong le uena oa ipotsa hore na ebe bokamoso ba hao e ke ke ea e-ba bo molemonyana naheng e ruileng. Ena ke qeto e tebileng. U ka khetha ka bohlale joang?

Se Potlakele ho Etsa Qeto

Erick, ea tsoang Suriname o lumela hore le ka mohla ha oa tlameha ho nka bohato ka lepotla-potla empa pele u tlameha ho fumana boitsebiso bo bongata kamoo u ka khonang ka teng. O re: “Esita le Suriname, malapa a mangata a na le beng ka ’ona ba lulang linaheng tse ruileng ’me u ka khona ho fumana boitsebiso bo leng nakong ho bona ’me oa ithuta ka maemo a sebele a moruo oa lefatše.”

Pele u etsa qeto, hopola: “Moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana, empa e tiea ke ho rerisana ha ba bangata.” (Liproverbia 15:22) Ka hona bua ka khetho ea hao ka bolokohi le batsoali ba hao, baholo ba Bakreste, le ba bang ba nang le phihlelo le ba u tsotellang.

Se Lumele Lintho Tsohle Tseo U li Utloang

Ha u utloela ka litlaleho tse thabisang ka linaha tse ruileng tse hōle, u ka ’na oa ba le pelaelo e itseng. Maele a bohlale a re: “Sethoto se lumela litaba tsohle, empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.”—Liproverbia 14:15.

Sheila, ea neng a lula Jamaica, o itse: “Tichere ea ka ea Senyesemane e ne e phehella hore ntho e molemohali eo nka e etsang ke ho fallela United States. Batho ba bang ba baholo ba ile ba mpolella hore haeba ke fallela Canada, United States kapa Engelane, ke ne ke tla ithuisa molemo ho sa tsotellehe lefapha leo ke le khethang. Ka bokhutšoanyane, ke ne ke tla be ke le sethoto ha nka hana monyetla o joalo.”

Na ka sebele ho fallela ha hae United States ho ile ha mo thusa? “Bophelo ba ka bo ile ba ntlafala ka litsela tse ngata, empa bophelo ba metsoalle ea ka e ileng ea sala Jamaica ka ho tšoanang bo ile ba ntlafala. Ka tloaelo u rarolla bothata bo bong ka ho baka bo bong. Hore na u lula kae ha ho etse phapang e kaalo.”

Tara, ea ileng a fallela United States a tsoa Trinidad, oa lumela: “Batho ba buile ka linaha tse ruileng e le linaha tse nang le menyetla—ho ithuta, mosebetsi, ho etsa chelete e ngata le ho phela tlas’a maemo a molemo haholoanyane. Empa batho ba bangata ba ileng ba falla joale baa hlokomela hore hohle maemo a ntse a mpefala. Ba bang ba khutletse hae.”

Nahana ka Melemo le Mathata

Hore u etse qeto e leka-lekaneng, nahana ka ho fetang feela litlaleho tse ngata tsa ho rua linaheng tse ling. Nahana ka melemo le mathata a amehang tabeng ea ho falla—moruong, sechabeng, boitšoarong le moeeng.

Ka mohlala, mohlomong moruo o ka ba mobe haholo moo u lulang teng. Empa na ha ho menyetla ea ho fumana mosebetsi haufi le hae? Tara o re: “Naheng ea heso koana ho hloka mosebetsi ho ne ho phahame haholo, haholo-holo har’a ba se nang thuto e phahameng.” Kahoo o ile a falla; banab’abo ba ile ba sala. “Banab’eso ba babeli ba ile ba ithuta ho etsa thepa le ho e etsetsa mesamo le ho e koahela. Hona joale ba sebetsa lifekthering ’me ba fumana batho ba bangata ba kōpang ho etsetsoa thepa ba khahliloeng ke mosebetsi oa bona. Mohlomong ba tsoela pele hamolemonyana hae koana ho feta ’na mona ‘naheng eo ho nahanoang hore e na le menyetla.’”

Haeba u falla, u ka ’na oa tobana le ho ferekana maikutlong ka baka la ho ba molata, mohlomong esita le ho hlaseloa ha melao-motheo ea boitšoaro eo u e nkang e le ea bohlokoahali. Na ho falla ho loketsoe ke kotsi e joalo? Ka ho tšoanang ho rata lintho tse bonahalang lichabeng tse ruileng ho jele setsi. Seo se ka u ama joang moeeng?

Ho Ithuta Liphosong tsa Esau

Tabeng ea ho nahana ka melemo le mathata a ho etsa liqeto, Esau oa mehleng ea Bibele o bile le bothata bo tebileng haholo. Ka makhetlo a mangata o ile a hlōleha ho nahanisisa ka lintho tsa bohlokoa—bomoea ba hae le lelapa labo. Ka baka leo, tse ling tsa liqeto tsa hae tse tebileng li ile tsa qetella e le litlokotsi.

Bibele e lemosa hore ho se be “leha e le motho ofe kapa ofe ea sa ananeleng lintho tse halalelang, joaloka Esau, eo bakeng sa sejo se le seng a ileng a fana ka litokelo tsa hae joaloka letsibolo.” (Ba-Heberu 12:16, NW) Tokelo ena ea tsoalo e ne e halalela. Molimo o ne a nehile lelapa la Esau monyetla oa ho ba lesikeng la moloko oa Messia, e leng lona le ka sehloohong bakeng sa poloko ea moloko ’ohle oa motho. (Genese 22:18) Leha ho le joalo, “Esau o ile a nyelisa tokelo ea hae ea tsoalo.” O ne a itokiselitse ho e rekisa ka sejonyana sa sopho ea lensisi! (Genese 25:30-34, NW) Ntho e halalelang ka ho fetisisa eo u nang le eona ke kamano ea hao le ’Mōpi oa hao. U se ke oa rekisa ka eona ho fumana ho hong ho itseng, u se ke oa e hlokomoloha kapa oa e beha kotsing bakeng sa molemo leha e le ofe oa lintho tse bonahalang.—Mareka 12:30.

Hamorao, ha Esau a tloha moo a holetseng teng ’me a ea naheng e ’ngoe, o ile a nyala basali ba babeli ba Bahethe. Manyalo ana ka mabaka a itseng ho ne ho bonahala eka aa atleha, empa a ile a tlisa mathata feela moeeng hobane basali bao ba ne ba sa rapele Molimo oa batsoali ba Esau, Isaaka le Rebeka. Basali “bana ba sulafaletsa Rebeka le Isaka bophelo.”—Genese 26:34, 35, BPN.

Ho tloaelehile hore bacha ba kene lenyalong feela hore ba fumane monyetla oa ho kena linaheng tse ruileng haholoanyane. Ho tlalehoa hore ke banyalani ba 4 000 ba tsoang India ba fallelang United States selemo le selemo, ’me ho lekanyetsoa hore ba 10 000 ba se ba letetse ho etsa joalo. Leha ho le joalo, lenyalo ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho Molimo. Ha lea lokela ho khelloa fatše le ho sebelisoa e le tsela ea ho falla. Nahana hape kamoo ho neng ho tla utloisa Jehova le litho tsa lelapa leno tse tšepahalang bohloko ka teng ho ‘sikara joko e le ’ngoe le ea sa lumelang.’—2 Ba-Korinthe 6:14.

Sebelisa Qeto ea Hao ka Tsela e Molemohali

Ho sebetsa tumellanong le qeto ea hao ho ka ba bohlokoa haholo ho feta qeto ka boeona. Ebang u etsa qeto ea ho sala kapa ho falla, ntho ea bohlokoa ke ho sebelisa qeto ea hao ka tsela e molemohali.

Haeba u sala: Se ke ua nyatsa ba fallang. Qeto ea bona ke boikarabelo ba bona. (Ba-Roma 14:4; Ba-Galata 6:4, 5) Ithute ho ananela botle le melemo e ikhethang naheng ea heno. Hlaolela lerato le eketsehileng le kutloelo-bohloko ho batho ’me u ipehe maemong a bona ka mathata le liphephetso tsa bona.

Haeba u falla: Khetha ka bohlale lintho tsa bohlokoa tse tlang pele bophelong ha u ntse u ithuta litloaelo tse ncha ’me mohlomong le puo e ncha. Se ke ua tšoasoa ke leraba la ho sebetsa lihora tse ngata hore feela u iphumanele lintho tse bonahalang tseo u neng u sa li hloke pele. Ho seng joalo kapele u ka ’na oa iphumana u tšoarehile haholo hoo u hlokang nako ea lintho tsa moea.

Sheila oa hlokomela: “Ke habohlokoa haholo lefatšeng la kajeno ho ba le mosebetsi. Leha ho le joalo, lelapa, metsoalle, le lintho tsa moea ke tsa bohlokoa ho feta. Ha lintho li sa atlehe, ke bona ba re thusang ho tsoela pele re phela.” Ka bohlale Bibele e re eletsa khahlanong le “ho sebelisa [lefatše] ka botlalo; hobane pono ea lefatše lena ea fetoha.” (1 Ba-Korinthe 7:31, NW) Ba atlehang ka sebele ke ba eteletsang kameho ea bona lithahasellong tsa litlhoko tsa lelapa le tsa moea ka pele ho tsa mosebetsi le chelete.

Khetha metsoalle e mecha ka hloko. Erick o re: “E-ba le kamano le metsoalle e buellang mokhoa oa bophelo o hahang.”

Hopola Litlhoko tsa Hao tsa Sebele

Lintho tseo re li hlokang bakeng sa thabo ha li fetohe. Sheila oa hlokomela: “Ho sa tsotellehe moo re phelang teng, seo Jehova a se hlokang ho rōna se ntse se tšoana.” Lintho tseo ke life? Jesu o li lokolisitse ka bokhutšoanyane le ka ho hlakileng: “Ho thabile ba elang tlhoko ea bona ea moea hloko.” “Le se ke la belaela” ka ho se be le lijo kapa liaparo tse lekaneng. Eteletsa “’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele, ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.”—Mattheu 5:3, NW; 6:31, 33.

Ho phela ka melao-motheo ena ho ka u thusa ho fumana bophelo bo molemo haholoanyane naheng efe kapa efe.

[Litšoantšo tse leqepheng la 24]

Linaha tse ruileng li ka bonahala li ipiletsa ho feta kamoo li hlileng li leng ka teng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela