Ke Bahlōli Leha Ba Talimane Le Lefu
“Leha ho le joalo ka ho makatsang, ho Manazi, [Lipaki] li ne li ke ke tsa felisoa. Ha li ntse li hatelloa haholoanyane, li ile tsa mamella haholoanyane, tsa thathafala joaloka taemane. Hitler o ile a li lahlela ntoeng ea ho qetela ea lefu, ’me li ile tsa boloka tumelo. . . . Phihlelo ea tsona ke boitsebiso ba bohlokoa ho bohle ba ithutang ho pholoha tlas’a maemo a thata. Hobane li ile tsa pholoha.”—E ngotsoe ke Dr. Christine King, setsebi sa histori, makasineng Together.
LIPAKI TSA JEHOVA li lokeloa ho nkoa e le sehlopha sa bolumeli se ileng sa nyefoloa le ho hlorisoa hampe ka ho fetisisa lefatšeng lohle historing ea lekholo lena la bo20 la lilemo. Ha lia ka tsa utloisisoa ’me hangata li ’nile tsa tšoaroa hampe ka lebaka la boemo ba tsona ba Bokreste ba ho se nke lehlakore le ho hana ho ithuta ntoa kapa ho kenella ho eona. Ho ikarola ha tsona litlamong tsohle tsa bopolotiki ho ’nile ha li tlisetsa khalefo ea babusi ba bohatelli linaheng tse ngata. Leha ho le joalo, ntho e ’ngoe eo li tlatselitseng ka eona historing ea mehleng ena e ’nile ea ba tlaleho ea ho se nke lehlakore ho tiileng le botšepehi bo sa thekeseleng.a
Ka 1966 rahistori oa Brithani Arnold Toynbee o ile a ngola: “Mehleng ea rōna Jeremane ho ’nile ha e-ba le bashoela-tumelo ba Bakreste ba ileng ba nehela bophelo ba bona ho e-na le ho hlompha Bochaba bo neng bo jele setsi bo neng bo emetsoe ke molimo oa batho Adolf Hitler.” Linnete li bontša hore Lipaki tsa Jehova e ne e le tsona tse hlaheletseng har’a bashoela-tumelo bao. Liphihlelo tse ling li lokela ho bontša kamoo li ileng tsa talimana le mahloriso haesita le lefu ka baka la botšepehi ba tsona—’me eseng feela nakong ea Bonazi. Likarolong tse ngata tsa lefatše, tlaleho ea tsona ea ho ba bahlōli leha li talimane le lefu ea tšoana ’me ke e ke keng ea bapisoa le letho.
Pale ea Ananii Grogul oa Ukraine
“Batsoali ba ka e bile Lipaki tsa Jehova nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ka 1942, ha ke ne ke le lilemo li 13. Nakoana ka mor’a moo, ntate o ile a tšoaroa, a kenngoa teronkong, ’me hamorao a isoa likampong tsa Soviet tse Ural Mountains. Ha ke le lilemo li 15, ka 1944, ba boholong sesoleng ba ile ba mpitsetsa tšebeletsong ea ho itokisetsa ho sebeletsa sesoleng. Kaha ke ne ke se ke e-na le tumelo e tiileng ho Jehova, ke ile ka hana ho ithuta ntoa. Ka lebaka leo, ke sa le lilemong tse tlaase joalo, ke ile ka ahloleloa lilemo tse hlano teronkong.
“Eaba ho tla selemo se boima haholo sa 1950. Ke ile ka boela ka tšoaroa ’me ka ahloleloa lilemo tse 25 ke le teronkong ka lebaka la mesebetsi ea ka ke le Paki. Ke ne ke le lilemo li 21. Ke ile ka pholoha lilemo tse supileng le likhoeli tse ’nè likampong tsa mosebetsi o boima. Ke ile ka bona batho ba bangata ba e-shoa, ba ruruha ke tlala ’me ba qetoa ke mosebetsi o boima.
“Ka mor’a lefu la Stalin ka 1953, maemo a ile a qala ho fetoha, ’me ka 1957 ba boholong ba ile ba ntokolla teronkong. Ke ile ka boela ka latsoa ‘tokoloho.’ Empa khetlong lena ba ile ba ntelekela Siberia lilemo tse leshome.”
Ho Hlorisoa ho se Nang Botho ha Khaitseli ea ka
“Siberia, ke ile ka boela ka kopana le khaitseli ea ka, e neng e se e holofetse. E ne e ile ea tšoaroa ho ka etsang libeke tse peli ka mor’a hore ke tšoaroe ka 1950. Patlisiso boemong ba hae e ne e ile ea etsoa ka tsela eo ho hang eseng ea molao. Ba ile ba mo koalla teronkong moo a leng mong ’me ba bulela litoeba ka seleng. Li ne li hlahlatha maoto a hae le ho matha ’meleng oa hae. Qetellong, balebeli ba teronko ba ile ba mo emisa ka metsing a batang a fihlang sefubeng ’me ba mo talima ha a utloa bohloko. O ne a ahloletsoe lilemo tse 25 teronkong ka baka la mosebetsi oa hae oa ho ruta. Maoto a hae ka bobeli a ile a qhoala, empa o ne a ntse a ka sebelisa matsoho a hae le liphaka. Ba ile ba ’moloka sepetlele sa kampo lilemo tse hlano ’me qetellong ba ile ba etsa qeto ea ho mo lokolla hobane a se a se na thuso joalokaha eka o ne a se a shoele. Ba ile ba mo khutlisetsa ho batsoali ba rōna ba neng ba leleketsoe Siberia bophelo bohle ka 1951.”
Ho Khutlela Ukraine le Mahloriso a Eketsehileng
“Siberia ke ile ka kopana le Nadia, eo e ileng ea ba mosali oa ka ’me ea ba ’mè oa bana ba rōna. Esita le Siberia re ile ra tsoela pele ka mosebetsi oa rōna oa boboleli. Ke ile ka abeloa tlhahiso le khatiso ea lingoliloeng tsa Bibele. Bosiu bo bong le bo bong ’na le moena oa ka Jacob re ne re tšoareha sebakeng se chekiloeng se ka tlaase sa moaho, re ntse re hatisa Molula-Qhooa. Re ne re e-na le mechine e ’meli e thaepang le mochine o iketselitsoeng oa ho hatisa. Nako le nako mapolesa a ne a phenya-phenya lehae la rōna. Lekhetlo le leng le le leng a ne a tsamaea a sa fumana letho.
“Nako ea ho lelekoa ha ka e ile ea fela. Ke ile ka fallela Ukraine, ke e-na le lelapa la ka lohle, empa mahloriso a ile a re latela. Ke ile ka abeloa ho sebeletsa ke le molebeli ea tsamaeang. Ke ile ka lokela ho sebetsa hore ke phelise lelapa la ka. Ka makhetlo a mangata khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, litho tsa Lebotho la Sepolesa la Sekhukhu li ile tsa tla moo ke sebetsang teng ho leka ho ntšusumetsa hore ke sekisetse tumelo ea ka. Ka lekhetlo le leng ke ile ka utloa thuso ea Jehova ka tsela e khethehileng haholo. Ba ile ba ntšoara ’me ba nkisa liofising tsa Lebotho la Sepolesa la Sekhukhu tse Kiev, moo ba ileng ba mpoloka matsatsi a tšeletseng. Ka nako eo eohle ba ile ba leka ho mpherekanya ka lithuto tsa ho latola boteng ba Molimo. Ka mokhoa oa bona o se nang bomolimo, ba ile ba bua ka Molula-Qhooa le litokollo tse ling tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Khatello eo e ne e batla e le boima haholo. Ha ke le ka phaposing ea ho hlapa, ke ne ke khumama ’me ke itšele ka likhapha, ke lla ka pel’a Jehova. Che, ke ne ke sa kōpe tokoloho empa matla a ho mamella le ho se be lehlaba-phio ho baena ba ka.
“Molaoli oa sepolesa o ile a tla mpona, ’me o ile a lula ka pel’a ka, eaba o mpotsa hore na ke hlile ke kholisehile ka seo ke se buellang. Ke ile ka mo pakela hakhutšoanyane ’me ka bolela kamoo ke ikemiselitseng ho shoela ’nete ka teng. Karabo ea hae e bile hore: ‘U motho ea thabileng. Haeba feela ke ne ke kholisehile hore sena ke ’nete, ke ne nke ke ka ikemisetsa feela ho lula teronkong lilemo tse tharo kapa tse hlano empa ho ema ka leoto le le leng ka teronkong lilemo tse 60.’ O ile a lula a nahana ka nakoana ’me eaba o tsoela pele: ‘Ke taba ea bophelo bo sa feleng. Na u hlile u tseba se boleloang ke bophelo bo sa feleng?’ Ka mor’a ho khutsa ka nakoana, o ile a re: ‘Tsamaea!’ Mantsoe ao a ile a mpha matla ao ke neng ke sa a lebella. Ke ne ke se ke sa lapa. Ke ne ke batla feela ho tsamaea. Ke ile ka kholiseha hore ka sebele ke Jehova ea neng a ’matlafalitse.
“Lilemong tsa morao tjena lintho li fetohile moo pele e neng e le Soviet Union. Hona joale ho na le lingoliloeng tse ngata tsa Bibele. Re tseba ho ea likopanong tsa potoloho le tsa setereke, ’me re kopanela mesebetsing eohle ea ho bolela, ho akareletsa le ho bolela ka ntlo le ntlo. Kannete, Jehova o ’nile a re fa tlhōlō ha re talimane le liteko tse ngata!”
Ho Lekoa ha Botšepehi Afrika
Mafelong a lilemo tsa bo-1960, Nigeria e ne e ferekantsoe ke ntoa ea baahi e mahlo-mafubelu. Kaha sesole sa sebaka se seng se ipusang, se neng se bitsoa Biafra ka nako eo, se ne se talimane le tahlehelo e ntseng e hōla, se ne se qobella banna ba bacha ho kena lebothong la sona. Kaha Lipaki tsa Jehova ha li nke lehlakore lipolotiking li bile li hana ho nka karolo ntoeng, Lipaki tse ngata tsa Biafra li ile tsa tsongoa, tsa hlokofatsoa, le ho bolaoa. E mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a re: “Re ne re tšoana le litoeba. Ka linako tsohle re ne re lokela ho ipata ha re ne re utloa masole a e-tla.” Hangata ho ne ho se nako ea ho ipata.
Hoseng ha Labohlano le leng ka 1968, Philip, mosebeletsi oa nako e tletseng ea lilemo li 32, o ne a le motseng oa Umuimo a ntse a ruta monna e mong ea tsofetseng ha masole a Biafra a kena ntlong eo a le letšolong.
Moeta-pele oa sehlopha o ile a botsa: “U ntse u etsa’ng?” Philip o ile a re o ntse a bua ka ’Muso o tlang oa Jehova.
Lesole le leng le ile la hoeletsa: “Hase nako ea ho ruta ena! Ke nako ea ntoa, ’me ha re batle ho bona banna ba phetseng hantle ba ntse ba tsamaea ba sa etse letho.” Masole ao a ile a hlobolisa Philip, a mo tlama matsoho, ’me a tsamaea le eena. Israel, moholo oa Mokreste ea lilemo li 43, le eena o ile a hloka nako ea ho ipata. O ile a tšoaroa ha a ntse a lokisetsa bana ba hae lijo. Ka 2:00 thapama masole a ne a se a tšoere banna ba fetang lekholo. Ba ile ba qobella batšoaruoa ho matha lik’hilomithara tse 25 ho ea kampong ea sesole e Umuacha Mgbedeala. Ba neng ba salla morao ba ne ba shapuoa.
Israel o ile a bolelloa hore o tla jara sethunya sa morathatha se boima; Philip o ne a tla koetlisetsoa ho sebelisa sethunya sa morathatha se bobebe. Ha ba hlalosa hore ba ke ke ba kena sesoleng hobane Jehova oa ho hanela, molaoli o ile a fana ka taelo ea hore ba koalloe. Ka 4:00 thapama, batšoaruoa kaofela, ho akareletsa le ba neng ba le ka ntlong ea bolebeli, ba ile ba laeloa hore ba etse mokoloko. Masole a ile a kōpa monna e mong le e mong ho saena pampiri e bontšang hore o ne a lumela ho kena lebothong. Ha Philip a lokela ho saena, o ile a bua ka mantsoe a ho 2 Timothea 2:3, 4 ’me a re ho molaoli: “Ke se ke ntse ke le ‘lesole le molemo la Kreste.’ Nke ke ka loanela Kreste ’me ka boela ka loanela motho e mong hape. Haeba ke etsa joalo, Kreste o tla nkuka ke le lehlaba-phio.” Molebeli o ile a mo otla hloohong, a re: “Tšebeletso ea hao ea ho ba lesole la Kreste e felile! Joale o se o le lesole la Biafra.”
Philip o ile a arabela: “Jesu ha a e-s’o ntsebise hore tšebeletso ea ka ea ho ba lesole la hae e felile, kahoo tšebeletso ea ka e tsoela pele ho fihlela ke fumana tsebiso e joalo.” Kahoo, masole a ile a akhela Philip le Israel moeeng ’me a ba ratlanya fatše. Ba sa ntsane ba tšoeroe ke molikoa-likoane ebile ba tsoa mali ka mahlong, ka linkong, le ka molomong, ba ile ba hulanngoa ba tlosoa moo.
Ka Pel’a Sehlopha se Thunyang
Hamorao letsatsing leo, Israel le Philip ba ile ba iphumana ba talimane le sehlopha se thunyang. Empa masole ao ha aa ka a ba thunya. Ho e-na le hoo, a ile a ba otla ka litebele le likutu tsa lithunya. Eaba molaoli oa kampo o etsa qeto ea ho ba shapa ho fihlela ba e-shoa. O ile a abela masole a 24 ho etsa sena. A tšeletseng a ne a lokela ho shapa Philip, ’me a mang a tšeletseng a lokela ho shapa Israel. Masole a mang a 12 a ne a fana ka lithupa tse ling ’me a emetse ho nka sebaka sa a mang a khathalang.
Philip le Israel ba ile ba tlangoa matsoho le maoto. Israel oa bolela: “Nke ke ka bolela hore na re ile ra shapuoa lithupa tse kae bosiung boo. Ha lesole le leng le khathala le leng le ne le le phomotsa. Ba ile ba re shapa leha re se re ilibane.” Philip o re: “Ha re ntse re hlokofatsoa ke ile ka hopola Mattheu 24:13, e buang ka ho mamella ho fihlela qetellong, ’me seo se ile sa ’matlafatsa. Ke ile ka utloa bohloko ba ho shapuoa ka metsotsoana e seng mekae feela. Ho ile ha bonahala eka Jehova o rometse le leng la mangeloi a hae ho re thusa, joalokaha a ile a etsa mehleng ea Daniele. Ntle le moo re ka be re sa ka ra pholoha bosiu boo bo tšabehang.”
Ha masole a qeta, Israel le Philip ba ile ba tlohelloa ka khopolo ea hore ba shoele. Pula e ne e na. Bakreste bao ba babeli ba ile ba hlaphoheloa hoseng ho latelang. Ha masole a bona hore ba ntse ba phela, a ile a ba hulanyetsa kamoreng ea bolebeli.
“Le se le Ntse le Nkha Joaloka Litopo”
Ba ile ba shapuoa hore ba retele ebile ba le maqeba hohle ’meleng. Israel oa hopola: “Re ne re sa lumelloa ho hlatsoa maqeba a rōna. Ka mor’a matsatsi a seng makae lintsintsi li ne li hoheloa ke maqeba a rōna a hlehlang. Ka baka la tlhekefetso eo, re ne re sa khone ho ja. Re ile ra khona ho kenya ho hong ho fapana le metsi hanong ka mor’a beke.”
Hoseng ho hong le ho hong masole a ne a ba shapa ka sephali—ba ne ba shapuoa lithupa tse 24 e mong le e mong. Ka mokhoa o phoqang masole a ne a bitsa ho shapuoa hoo “lijo tsa hoseng” kapa “tee ea hoseng e chesang.” Letsatsi le leng le le leng har’a mpa ea motšehare, masole a ne a ba isa lebaleng ho ea ba beha letsatsing le chesang ho fihlela ka 1:00 thapama. Ka mor’a matsatsi a seng makae a ho tšoaroa joalo, molaoli o ile a ba bitsa ’me a ba botsa hore na ba latotse boemo ba bona. Ba ile ba re che.
Molaoli o ile a re: “Le tla shoella seleng ea lōna. Ha e le hantle, le se le ntse le nkha joaloka litopo.”
Philip o ile a arabela: “Le haeba re e-shoa, rea tseba hore Kreste, eo re mo loanelang, o tla re tsosa.”
Ba ile ba pholoha nako ee e mahlonoko joang? Israel o re: “’Na le Philip re ne re khothatsana nakong eohle ea teko ea rōna. Qalong ea liteko tsa rōna, ke ile ka re ho eena, ‘U se ke oa tšoha. Ho sa tsotelehe hore na re boemong bofe, Jehova o tla re thusa. Ha e le ’na, ha ho letho le tla etsa hore ke kenele bosole. Le haeba nka ka tlameha ho shoa, nke ke ka tšoara sethunya ka matsoho ana a ka.’” Philip o ile a bolela hore o entse qeto e tšoanang. Ka bobeli ba ile ba hopola mangolo a fapaneng le ho buisana ka oona.
Molaoli e mocha o ile a etsa qeto ea ho isa batšoaruoa ba ka bang lekholo Ibema, e leng kampo ea thupelo ea sesole e sebakeng sa Mbano seo moo hona joale ho bitsoang Imo State. Israel o bolela se ileng sa etsahala: “Teraka e khōlō e ne e se e le malala-a-laotsoe, ’me batšoaruoa bohle ba ne ba le ka hare. Mosali oa ka, June, o ile a mathela ho masole ’me ka sebete a kōpa hore re se isoe moo. Ha a hana ho mo mamela, o ile a khumama pel’a teraka, a rapela, ’me a qetela thapelo ea hae ka amen e utloahalang. Eaba teraka ea tsamaea.”
Ho Kopana le Lesole la Molata le Nang le Kutloelo-bohloko
Teraka ea lebotho e ile ea fihla kampong e Ibema motšehare oa mantsiboea oa letsatsi le latelang. Monna ea neng a bonahala a ikarabella moo e ne e le lesole la molata la Iseraele. Ha a bona kamoo Philip le Israel ba shapuoeng ’me ba fokolang ka teng, o ile a ea ho bona ’me a ba botsa hore na ke hobane’ng ha ba le boemong bo tšabehang joalo. Ba ile ba hlalosa hore e ne e le Lipaki tsa Jehova ’me ba ne ba hanne thupelo ea sesole. A halefile, o ile a retelehela ho liofisiri tse ling tsa sesole tse teng moo. O ile a re: “Biafra ka sebele e tla hlōloa ntoeng ena. Naha leha e le efe e hlekefetsang Lipaki tsa Jehova ka sebele e tla hlōloa. Ha lea lokela ho tšoara Lipaki tsa Jehova. Haeba Paki e lumela ho ea ntoeng, ho lokile. Empa ha e hana, le se ke la e qobella.”
Ngaka ea kampong moo e ile ea botsa hore na Lipaki tseo tse peli li ne li entetsoe mafu le hore na li fumane mangolo a bontšang hore li loketse ntoa. Kaha li ne li sa fumana letho, lesole leo la molata le ile la hana batšoaruoa bohle ’me la laela hore ba khutlisetsoe Umuacha.
“Tsamaeang, le e’o Sebeletsa Molimo oa Lōna”
Hamorao, mosali oa Israel le ’mè oa Philip ba ile ba etsa qeto ea ho etela kampo e Umuacha ka tšepo ea ho utloa litaba. Ha ba atamela moo, ba ile ba utloa mofere-fere kampong. Hekeng, molebeli o ile a re: “Paki ea Jehova! Thapelo ea hao e arabetsoe. Sehlopha se tsamaisitsoeng matsatsi a mararo a fetileng se khutlisitsoe.”
Letsatsing lona leo, Philip le Israel ba ile ba lokolloa kampong. Molaoli o ile a re ho June: “Na ua tseba hore ke thapelo ea hao e entseng hore mosebetsi oa rōna o se atlehe?” Eaba o re ho Israel le Philip: “Tsamaeang, le e’o sebeletsa Molimo oa lōna, ’me le tsoele pele ho boloka botšepehi ba lōna ho Jehova oa lōna.”
Ha e le Israel le Philip, ba ile ba fola ’me ba tsoela pele tšebeletsong ea Bokreste. Ka mor’a ntoa, Israel o ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng ea boboleli lilemo tse peli ’me o ’nile a tsoela pele ho sebeletsa e le moholo oa Mokreste. Philip o ile a sebeletsa e le molebeli ea tsamaeang ka lilemo tse leshome ’me le joale o sa ntsane a le boboleling ba nako e tletseng. Le eena ke moholo oa phutheho.
Ho Hana ho Kolekela Lihlomo
Zebulan Nxumalo le Polite Mogane ke basebeletsi ba babeli ba bacha ba nako e tletseng ba Afrika Boroa. Zebulan oa hlalosa: “Hoseng ho hong ha Sontaha, sehlopha sa banna ba fetang leshome se ile sa tla ntlong ea rōna ’me sa batla R20 bakeng sa ho ea reka lihlomo. Ka tlhompho re ile ra ba kōpa hore ba khutle mantsiboea ao kaha kemiso ea rōna ea Sontaha e ne e batla e le maphatha-phathe bakeng sa ho tšohla taba eo ka nako eo. Ka ho makatsang, ba ile ba lumela. Bosiung boo, banna ba 15 ba ile ba fihla. Lifahleho tsa bona li ne li bontša ka ho hlakileng hore ba ne ba nkile taba eo ka ho teba. Ka mor’a ho ipolela mabitso ka boikokobetso, re ile ra ba botsa hore ba batla’ng. Ba ile ba hlalosa hore ba hloka chelete ea ho reka lihlomo tse khōloanyane tse molemonyana tseo ba neng ba tla loantša mokha oa bohanyetsi oa lipolotiki ka tsona.
“Ke ile ka ba botsa: ‘Na ho bonolo ho tima mollo ka peterole?’
“Ba ile ba arabela: ‘Che, hoo ho ke ke ha etsahala.’
“Re ile ra hlalosa hore ka tsela e tšoanang, pefo e ka khothaletsa pefo le liketso tsa boiphetetso.
“Ho bonahala polelo ena e ile ea khopisa banna ba ’maloa ho ba neng ba le teng. Kōpo ea bona joale e ile ea fetoha tšokelo e phephetsang. Ba ile ba ipelaetsa: ‘Puisano ena ke tšenyo ea nako. Monehelo o tlamang ha o fetohe. Ua lefa kapa u amohela liphello tse bosula!’”
Zebulan oa hopola: “Ka eona nako eo, ha lintho li qala ho mpefala, moeta-pele oa bona o ile a kena. O ne a batla ho tseba hore na bothata ke bofe. Re ile ra hlalosa boemo ba rōna, ’me o ile a mamela ka hloko. Re ile ra sebelisa boinehelo ba bona litumelong tsa bona tsa bopolotiki e le papiso. Re ile ra ba botsa hore na ba ka lebella hore lesole le koetlisitsoeng la mokhatlo oa bona le itšoare joang haeba le ka hlaseloa ’me la qobelloa ho sekisetsa boemo ba lona. Ba ile ba re motho ea joalo o lokela hore a be a itokiselitse ho shoela litumelo tsa hae. Ba ile ba bososela ha re ba babatsa ka karabelo ea bona; ba ne ba sa hlokomele hore ba re file monyetla o motle oa ho tšoantšetsa boemo ba rōna. Re ile ra hlalosa hore re fapane le likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Joaloka batšehetsi ba ’Muso oa Molimo, ‘molao-motheo’ oa rōna, o thibelang mefuta eohle ea ho bolaea, o thehiloe Bibeleng. Ka lebaka lena, re ne re sa ikemisetsa ho fana ka monehelo esita le sente feela bakeng sa ho rekoa ha lihlomo.
“Ka nako ena, ha puisano ea rōna e fihlela tlhōrōng, batho ba eketsehileng ba ne ba le teng ka tlung ea rōna, hoo qetellong re ne re bua le bamameli ba bangata. Ba ne ba sa tsebe kamoo re neng re ntse re rapella phello e molemo bakeng sa puisano eo ka teng.
“Ka mor’a hore re hlakise boemo ba rōna, ho ile ha latela khutso e telele. Qetellong, moeta-pele oa bona o ile a bua le sehlopha sa hae: ‘Banna, ke utloisisa boemo ba banna bana. Haeba re ne re batla chelete bakeng sa ho haha lehae la maqheku, kapa haeba e mong oa baahelani ba rōna a ne a hloka chelete ea ho ea sepetlele, banna bana ba ne ba tla fana ka monehelo ka lipelo tse felletseng. Empa ha baa ikemisetsa ho re fa chelete ea ho bolaea. Ha e le ’na, ha ke khahlanong le tumelo ea bona.’
“Ka mor’a moo, bohle ba ile ba ema. Re ile ra tšoarana ka matsoho ’me ra ba leboha ka mamello ea bona. Boemo bo neng bo qalile e le bo tšosang bo neng bo ka etsa hore re lahleheloe ke bophelo ba rōna bo ne bo felletse ka tlhōlo.”
Lihlopha tse Etelloang Pele ke Baprista
Joalokaha ho boletse Paki ea Poland Jerzy Kulesza:
“Tabeng ea ho cheseha le ho beha lithahasello tsa ’Muso pele, ntate, Aleksander Kulesza, e ne e le mohlala o motle. Ho eena, tšebeletso ea tšimo, liboka tsa Bokreste, le thuto ea botho le ea lelapa e ne e le lintho tse halalelang e le kannete. Esita le sefefo sa lehloa kapa tšeole kapa moea o matla kapa mocheso li ne li ke ke tsa mo sitisa. Mariha o ne a kenya li-ski tsa hae, a nka mokotla o jaroang mahetleng o tšetseng lingoliloeng tsa Bibele, ebe o ea ho tse ling tsa libaka tse hōle tsa Poland ka matsatsi a ’maloa. O ne a tloaetse ho feta maemong a fapaneng a kotsi, ho akareletsa lihlopha tsa lingangele tse mabifi.
“Ka linako tse ling baprista ba ne ba tsosa khanyetso khahlanong le Lipaki, ba hlohlelletsa lihlopha. Ba ne ba tloaetse ho li tšoara hampe, ho li betsa ka majoe, kapa ho li otla. Empa ha li khutlela hae, li ne li thaba hore ebe li ile tsa mamella mahlapa ka baka la Kreste.
“Lilemong tseo tsa pele ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ba boholong ba ne ba sa khone ho boloka molao la khutso ka har’a naha. Ho ne ho e-na le pherekano le tšenyo. Mapolesa le mabotho a tšireletso a ne a laola motšehare, ha litho tsa lihlopha tsa lingangele le likenke tse ling tse ngata li ne li sebetsa bosiu. Bosholu le ho nkela batho thepa li ile tsa ja setsi, ’me ho ne ho e-na le lipolao tse ngata. Lipaki tsa Jehova tse sa khoneng ho itšireletsa li ne li hlaseloa habonolo, haholo-holo kaha lihlopha tse ling tse neng li etelloa pele ke baprista li ne li lebisitse tlhokomelo ea tsona ho Lipaki. Ba ne ba lokafatsa ho kena mahaeng a rōna ka polelo ea hore ba sireletsa tumelo ea K’hatholike ea bo-ntat’a bona moholo. Maemong a joalo ba ne ba thuha lifensetere, ba utsoa liphoofolo, ba senya liaparo, lijo, le libuka. Ba ne ba akhela Libibele selibeng.”
Ho Shoela-tumelo ho sa Lebelloang
“Ka letsatsi le leng ka June 1946, pele re tla kopana bakeng sa ho ea tšimong e ’ngoe e ka thōko ka libaesekele, moena e mocha, Kazimierz Kądziela, o ile a re etela ’me a bua le ntate ka lentsoe le tlaase. Ntate o ile a re romela tšimong, empa ha aa ka a tsamaea le rōna, e leng ho ileng ha re makatsa. Re ile ra utloa lebaka hamorao. Hoba re fihle hae, re ile ra utloa hore bosiung bo fetileng lelapa la ha Kądziela le ne le ile la shapuoa hampe, kahoo ntate o ne a il’o hlokomela baena le likhaitseli ba tsoileng maqeba a mabe.
“Hamorao ha ke kena ka kamoreng eo ba neng ba robetse ka ho eona, pono eo e ile ea etsa hore ke lle. Mabota le siling li ne li tletse mali. Batho ba neng ba tlanngoe ka masela a tlamellang maqeba ba ne ba robetse libetheng, ba shapuoe hore ba retele, ba ruruhile, ba robehile likhopo le maoto. Ho ne ho le thata ho ba tseba. Khaitseli Kądziela, ’mè oa lelapa, o ne a shapuoe hampe. Ntate o ne a ntse a ba thusa, ’me pele a tsamaea o ile a bua mantsoe a bohlokoa: ‘Oho, Molimo oa ka, ke monna ea phetseng hantle ea matla [o ne a le lilemo li 45 ka nako eo ’me a e-s’o kule ho hang], ’me ha ke e-s’o be le tokelo ea ho utloa bohloko bakeng sa hao. Ke hobane’ng ha see se lokela ho etsahala ho khaitseli enoa ea hōlileng?’ O ne a sa tsebe se mo emetseng.
“Ha letsatsi le likela, re ile ra khutlela hae bohōle ba lik’hilomithara tse tharo. Sehlopha sa banna ba 50 ba hlometseng se ne se lika-likelitse ntlo ea rōna. Lelapa la Wincenciuk le ile la tlisoa le lona, kahoo re ne re le robong ka moo. E mong le e mong oa rōna o ile a botsoa potso ena: ‘Na u Paki ea Jehova?’ Ha re arabela ka ho re e, re ne re shapuoa. Eaba, ka bonngoe, ba babeli ba banna bao ba khopo ba shapa ntate oa ka ba ntse ba ’motsa hore na o tla khaotsa ho bala Bibele le ho ruta ka eona. Ba ne ba batla ho tseba hore na o tla ea kerekeng ’me a ipolele libe tsa hae. Ba ile ba mo soma, ba re: ‘Kajeno, re tla u hlomamisa u le mobishopo.’ Ntate o ile a thola tu! O ile a mamella tlhekefetso ea bona a thōtse joaloka nku. Ha mafube a hlaha, hoo e ka bang metsotso e 15 ka mor’a hore bo-mpoli bao ba bolumeli ba tsamaee, o ile a shoa, a khakhathiloe ho fihlela a ba makhatheng a lefu. Empa pele ba tsamaea, ba ile ba nkhetha ke le mohlaseluoa oa bona ea latelang. Ka nako eo ke ne ke le lilemo li 17. Ha ke ntse ke shapuoa, ke ile ka ilibana ka makhetlo a mangata. ’Mele oa ka o ne o retetse ho tloha thekeng ho ea tlaase ka baka la ho shapuoa. Re ile ra hlokofatsoa lihora tse tšeletseng. Sena sohle se entsoe ka lebaka la ho ba Lipaki tsa Jehova!”
Tšehetso ea Mosali ea Tšepahalang
“Ke ne ke le har’a sehlopha sa Lipaki tse 22 tseo ka likhoeli tse peli li ileng tsa koalloa seleng e lefifi ea boholo bo ka tlaase ho li-square mithara tse leshome. Qetellong ea nako eo, litekanyo tsa rōna tsa lijo li ile tsa fokotsoa. Letsatsi le letsatsi, re ne re fuoa sengoathoana sa bohobe le lebekere le lenyenyane la kofi e babang. Re ne re khona ho robala samenteng e batang ha feela e mong a ka ntšoa ka seleng ho ea hlongoa lipotso bosiu.
“Ke ile ka kenngoa teronkong ka baka la mesebetsi ea Bokreste ka makhetlo a mahlano, e leng kakaretso ea lilemo tse robeli. Ke ne ke tšoeroe joaloka motšoaruoa ea khethehileng. Ho ne ho e-na le molaetsa tlalehong ea ka ea botho o amanang le hona: ‘Tenang Kulesza haholo hoo a tla lahleheloa ke takatso ea ho boela a qalisa tšebeletso ea Bokreste.’ Leha ho le joalo, lekhetlo ka leng ha ke lokolloa, ke ne ke kenela tšebeletso ea Bokreste. Ba boholong ba ile ba boela ba thatafaletsa mosali oa ka, Urszula, le baralinyana ba rōna ba babeli bophelo. Ka mohlala, ka lilemo tse leshome ofisiri ea molao e ile ea nka moputso oa mosali oa ka oo a o sebelelitseng ka thata. Ho ne ho boleloa hore sena ke lekhetho la hore ebe ke ile ka hlophisa libuka tsa Bibele tseo eseng tsa molao. Lintho tsohle li ile tsa senngoa ka ntle ho lintho tse neng li talingoa e le litlhoko tsa bophelo. Ke leboha Jehova ka mosali oa ka ea sebete, ea ileng a mamella mahloriso ao ’ohle le ’na le ho ba tšehetso ea sebele ho ’na nako eohle.
“Re se re bone tlhōlo ea moea mona Poland; joale re na le ofisi ea lekala e ngolisitsoeng ka molao ea Mokhatlo oa Watch Tower e Nadarzyn, haufi le Warsaw. Ka mor’a lilemo tse mashome tsa mahloriso, ho se ho na le Lipaki tse fetang 108 000, tse kopanelang liphuthehong tse 1 348.”
Ke Hobane’ng ha ho na le Bashoela-tumelo ba Bangata Hakaale?
Ha e le hantle tlaleho ea botšepehi ea Lipaki tsa Jehova lekholong lena la bo20 la lilemo e ka tlatsa meqolo—tse likete li ’nile tsa shoa e le bashoela-tumelo kapa tsa utloa bohloko ba ho kenngoa teronkong le tlhokofatso e ke keng ea hlalosoa, peto le ho nkeloa thepa, libakeng tse kang Malawi le Mozambique, Spain tlas’a Puso ea Bohatelli, Europe tlas’a Bonazi, Europe Bochabela tlas’a Bokomonisi, le United States nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ho phahama potso, Hobane’ng? Hobane baeta-pele ba bopolotiki le ba bolumeli ba sa tenyetseheng ba ne ba sa ikemisetsa ho hlompha letsoalo le koetlisitsoeng ka Bibele la Bakreste ba tiileng ba hanang ho ithuta ho bolaea le ba ikarolang litšebeletsong tsohle tsa bopolotiki. Ho joalo feela kaha Kreste a ile a bolela, joalokaha ho tlalehiloe ho Johanne 15:17-19: “Ke le laela tseo, le tle le ratane. Ekare ha lefatše le le hloea, le tsebe hobane le ntlhoile pele ho lōna. Hojane le le ba lefatše, lefatše le ka be le rata se sa lona; ereka ha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo lefatše le le hloile.”
Ho sa tsotellehe mahloriso ana a lefatše ka bophara, Lipaki tsa Jehova li eketsehile—ho tloha ho tse 126 000 linaheng tse 54 ka 1943 ho isa ho tse ka bang 4 500 000 linaheng tse 229 ka 1993. Li latsoitse tlhōlo esita leha li talimane le lefu. Li ikemiselitse ho ntšetsa pele mosebetsi oa tsona oa ho ruta o khethehileng oa ho tsebahatsa litaba tse molemo tsa ’Muso ho fihlela Jehova a bolela hore o phethiloe.—Esaia 6:11, 12; Mattheu 24:14; Mareka 13:10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Botšepehi ke “ho khomarela molao oa boitšoaro ka ho tiileng.”—The American Heritage Dictionary, Khatiso ea Boraro.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ho Shoela- tumelo Jeremane
AUGUST DICKMANN o ne a le lilemo li 23 ha moeta-pele oa ma-SS Heinrich Himmler a laela hore a thunngoe ka pel’a Lipaki tse ling tsohle kampong ea mahloriso Sachsenhausen. Gustav Auschner, paki e boneng ka mahlo, oa tlaleha: “Ba ile ba thunya Moena Dickmann ’me ba re bolella hore le rōna kaofela re tla thunngoa haeba re sa saene qeto ea ho latola tumelo ea rōna. Re ne re tla isoa re le 30 kapa 40 ka nako e le ’ngoe mokoting o chekiloeng lehlabatheng, ’me ba re thunye kaofela. Letsatsing le hlahlamang, ma-SS a ile a tlisetsa e mong le e mong oa rōna pampitšana hore re saene kapa ho seng joalo re thunngoe. Ekare u ka be u bone lifahleho tsa bona tse soabileng ha ba tsamaea ba sa fumana mosaeno leha o le mong. Ba ne ba tšepile ho re tšosa ka ho re bolaea pontšeng. Empa re ne re na le tšabo e eketsehileng ea ho soabisa Jehova ho feta likulo tsa bona. Ha baa ka ba hlola ba thunya ba eketsehileng pontšeng.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ho Nehelana ka Bophelo
KA LINAKO tse ling, ho ba mohlōli leha motho a talimane le lefu ho ka akareletsa ho nehelana ka bophelo. Lengolo le ileng la amoheloa ho tsoa Phuthehong ea Nseleni, e karolong e ka leboea ea Profensi ea Natala ea Afrika Boroa, le bolela ka tlaleho e bohloko: “Re ngola lengolo lena ho le tsebisa ka ho lahleheloa ke moena oa rōna ea ratoang Moses Nyamussua. Mosebetsi oa hae e ne e le ho cheseletsa litšepe le ho lokisa makoloi. Ka nako e ’ngoe sehlopha sa lipolotiki se ile sa mo kōpa hore a cheseletse lithunya tsa sona tsa maiketsetso, e leng seo a ileng a hana ho se etsa. Joale, ka February 16, 1992, ba ba le seboka sa bona sa lipolotiki, moo ba ileng ba loana le sehlopha sa bohanyetsi. Bosiung ba letsatsi lona leo ha ba le tseleng ba e-tsoa ntoeng ea bona, ba ile ba kopana le moena eo a e-ea setsing sa mabenkele. Ba ile ba ’molaea moo ka marumo a bona. Lebaka la bona e ne e le lefe? ‘U hanne ho cheseletsa lithunya tsa rōna, ’me hona joale metsoalle ea rōna e shoele ntoeng.’”
Moena Dumakude, mongoli oa phutheho, o re: “Sena se tšositse baena haholo.” Oa phaella: “Empa re tla tsoela pele ka tšebeletso ea rōna.”
[Lebokose le leqepheng la 11]
Ho Shoela-tumelo Poland
KA 1944, ha masole a Jeremane a ikhula ka potlako ’me ntoa e atamela toropo e karolong e ka bochabela ea Poland, matona a mesebetsi a ile a qobella baahi ho cheka liforo tse tla thibela litanka ho kena. Lipaki tsa Jehova li ile tsa hana ho nka karolo. Stefan Kieryło, Paki e nyenyane—e neng e e-na le likhoeli tse peli feela a kolobelitsoe—o ile a qobelloa ho kena sehlopheng seo empa ka sebete o ile a nka boemo bo tšoanang ba ho se nke lehlakore. Ho ile ha nkoa mehato e mengata ho leka ho roba botšepehi ba hae.
Ba ile ba mo tlama sefateng a sa apara sebakeng se seretse hore a hlaseloe ke likokoanyana tse nyenyane tse lomang le likokoanyana tse ling. O ile a mamella seo le litlhekefetso tse ling, kahoo ba ile ba khaotsa ho mo hlekefetsa. Leha ho le joalo, ha ofisiri e khōlō e il’o hlahloba sehlopha se sebetsang, motho e mong o ile a e bolella hore ho na le monna eo ho hang a sa mameleng taelo ea hae. Stefan o ile a laeloa ka makhetlo a mararo hore a cheke foro. O ile a hana le ho tšoara kharafu feela. O ile a thunngoa. Ba makholo ba neng ba shebile pono ena ba ne ba mo tseba hantle. Ho shoela-tumelo ha hae e ile ea e-ba bopaki ba matla a maholo ao Jehova a ka fanang ka ’ona.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ananii Grogul
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Jerzy Kulesza