Nka Mamella Maikutlo a Lerato le Felileng Joang?
“ONE a nketsa hore ke ikutloe ke le ea khethehileng haholo. Ke bile le maikutlo ao ho seng mohla ke bileng le oona pele. Empa joale o ile a bolela hore o nahana hore setsoalle se ke ke sa hlola se tsoela pele. Ke ile ka nahana hore ke phetho ka bophelo ba ka. Ke ile ka lla bosiu le motšehare. Ke ne sa je, ke sa robale, ka lahleheloa ke boima ba [lik’hilograma tse 15] ka likhoeli tse ’maloa, ’me ke bile ka tšoaroa ke lefu la matšoafo. Bophelo bo ne bo hloka morero ho ’na.”—Renee.
Haeba u kile oa utloisoa bohloko ke kamano ea lerato le felileng, mohlomong maikutlo ana a ka utloahala a tloaelehile. U tseba hantle se boleloang ke ho rata motho ka ho tebileng hore feela tšepo ea hao e senngoe. Boikutlo ba ho lahloa bo ba matla haholo, ke bo tlontlollang. Ha u ntse u loantšana le ho utloa bohloko, u ka ipotsa, ‘Hobane’ng ke sa khaotse ho nahana ka kamano ee—ke hle ke lebale ka motho enoa le ho tsoela pele ka bophelo ba ka?’ Hase ka mehla ho leng bonolo joalo.
Ke Hobane’ng ho le Thata Hakaale?
Phuputso e ’ngoe e bontšitse hore tlamo ea lerato leferehong e ka ba matla haholo. E bile ea bapisoa le tlamo ea lerato pakeng tsa motsoali le ngoana. Le hoja ntle ho pelaelo ho tla nka nako e telele hore lerato leferehong le be matla hakaalo, ho ntse ho le joalo, maikutlo a joalo a ka utloahala ka matla ho tloha qalong feela. A ke ke a fihla le ho fela habonolo joalokaha u sotha switch ea mabone. ’Me haeba u le ho seo Bibele e se bitsang “palesa ea bocha,” takatso ea botona le botšehali e ka ba matla haholo. (1 Ba-Korinthe 7:36) Seo se etsa hore ho lahleheloa ke mohlankana kapa kharebe ebe ntho e thata haholo ho e mamella.
Tloaelo ea ho nahana ka lintho tseo eseng tsa sebele e ka phetha karolo ka ho tšoanang. Phuputso e ’ngoe e entsoeng ke bafuputsi e hlalosa hore bacha ba “anngoa ke tahlehelo habonolo hobane ha ba kena leferehong, ba atisa ho nahana ka lintho tseo eseng tsa sebele ka bokamoso ba bona le molekane. Likhopolo tsena tseo eseng tsa sebele li ka akareletsa litoro tsa ho nyalana, ho ba le bana le ho ba ’moho bophelo bohle ba bona.” Ho ka ba thata ho lebala litoro tse joalo, esita leha li na le motheo o fokolang oa bonnete.
U Ntse U Ratoa
Phuputso e tšoanang e bolela hore “ho lahleheloa ke molekane leferehong . . . ho ka lebisa maikutlong a botho a ho hlōleha le ho se tšoanelehe.” Jeanette oa hopola: “U ikutloa u tepeletse maikutlong, joalokaha eka ha ho motho ea ka u tšehetsang. Ha ho letho leo u le tsotellang. U ikutloa u lahliloe.” Joaloka eena, ba bangata ba ikutloa ba tepeletse maikutlong, ba le molato, e se ba bohlokoa, ebile ba sa khone ho tsitsisa mohopolo oa bona. Ba bang ba bile ba ipolaile.
Ka hona ena e ka ba nako e kotsi ho uena. Leha ho le joalo, hopola khothatso ea Jesu ea ho “rata oa heno joale ka ha u ithata.” (Mareka 12:31) Tekanyo e itseng ea ho ithata ea hlokahala ’me e loketse. ’Nete ea hore motho e mong o hlōlehile ho busetsa lerato la hao leferehong ha e bolele hore ha u ratehe, na ha ho joalo? Ka sebele u ke ke oa nahana hore ha ho motho ea tla u bona u rateha kapa u ipiletsa, na ha ho joalo? Na ha u na litho tsa lelapa le metsoalle tse u ratang?
Habohlokoa haholoanyane, Molimo o ikutloa joang ka uena? Lea, mosali ea phetseng mehleng ea Bibele, o tlameha a ile a utloa bohloko haholo ka baka la ho ikutloa a lahliloe. O ne a tseba hantle hore monna oa hae, Jakobo, o ne a qhekelletsoe hore a mo nyale le hore Jakobo o ne a rata Ragele ngoan’abo haholoanyane. Hase ho makatsang hore o ile a ikutloa a “hloile,” ’me a nyatseha. Leha ho le joalo, Molimo o ile a fumana botle bo bongata ho Lea. O ile a mo hlohonolofatsa ka bana ba bangata le ka leloko la boprista le la borena Iseraeleng—leo Messia a hlahileng ho lona—le tlile ka eena eseng ka Ragele.—Genese 29:30-35.
Ha ho tekanyo e itseng ea ho ikutloa u lahliloe e ka fetolang bonnete ba tlhohonolofatso le lerato la Molimo. Hopola, ’Mōpi oa bokahohle o u rata haholo hoo a ileng a lumella Mor’a hae ho utloa bohloko le ho shoa molemong oa hao. (Johanne 3:16) Ua rateha, ’me ka tieo u oa bohlokoa.
Ha Karohano e Hlile e le Tlhohonolofatso
U ka ikutloa hore karohano ena ke e ’ngoe ea lintho tse bohloko ka ho fetisisa e kileng ea u etsahalla, empa e ka ’na ea ba ho fapaneng. Le hoja ho ka ba thata ho lumela, ho ka etsahala hore ho fela ha lefereho la lōna e be tlhohonolofatso. Joang? Ha ho na tšepo ea hore lefereho la bacha ba bangata e tla ba le tiileng le le atlehileng. Bacha ba sa ntse ba hōla le ho fetoha; maikutlo a bona a ka fetoha habonolo ka baka la maikutlo a ho bapala ka lerato le lerato le bofofu. Leha ho le joalo, selemo le selemo, bacha ba likete baa nyala ’me ba hlokomela e se e le morao haholo hore ho etsa joalo e bile phoso. Motsamaisi e mong e moholo oa koranta o ile a hlalosa ka mor’a tlhalo ea hae: “E bile phoso ea sebele ho nyaloa ke sa le monyenyane hakaalo. Ka sebele ke ne ke sa hlokomele hore re na le lintho tsa bohlokoa le limelo tse fapaneng haholo.”
Ho na le sekhahla se phahameng haholo sa manyalo a bacha a sa atleheng. Le hoja u ka ikutloa hampe hona joale, tiiseha ka ntho e le ’ngoe—u ne u tla utloa bohloko haholo haeba u ne u tšoasehile lenyalong le hlokang thabo. Ipotse hore na ka sebele u ne u itokiselitse ho kena lenyalong la bophelo bohle, le tsamaisanang le boikarabello bohle, ho akareletsa ho hōlisa bana. ’Me na ka sebele eo u neng u mo rata o ne a loketse ebile a hōlile ka ho lekaneng? Hopola, ho khaotsa lefereho ha ho bohloko haholo joaloka ho felisa lenyalo.
Karohano e bile tlhohonolofatso ka ho khethehileng haeba u ne u entse phoso ea ho tloaelana le motho ea sa hlompheng melao-motheo le litekanyetso tsa boitšoaro tsa bomolimo. (2 Ba-Korinthe 6:14) Shana o hopola likotsi tsa boitšoaro tsa ho ba le mohlankana oa lefatše: “Ka mehla o ne a mpolella hore oa nthata. Empa joale o ne a nkōpa ho ba le likamano tsa botona le botšehali le eena. Ke ne ke hana. Ke ile ka hlokomela hore ho ba le likamano tsa botona le botšehali ho ne ho fosahetse. Ka mor’a nakoana o ile a khaotsa ho nketela. Ke ile ka lla bosiu bo bong le bo bong—ho ne ho le thata ho mo lahla!” Leha ho le joalo, ka ho hlakileng karohano ena e sirelelitse Shana tlokotsing ’me e mo pholositse kotsing ea moea.
Ka hona u ka tseba ho talima karohano e le phihlelo ea ho ithuta. Joalokaha Liproverbia 22:3 e bolela, “motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa, empa ea lebelo [“ea hlokang phihlelo,” NW] o ea pele, ’me o oela kotsing.” Na phihlelo ee e tla u hlalefisa ka ho eketsehileng hore u qobe kotsi nakong e tlang?
Ho Mamella Maikutlo ka Katleho
Leha ho le joalo, esita le haeba karohano e ne e le ntho e molemo haholo ho uena, e sa ntse e le ntho e bohloko. U ka sebetsana joang le maikutlo ao ho bonahalang a sa tlohe? Bonneteng, ho iphapanya eka ha oa utloa letho ha ho thuse letho. Joalokaha makasine oa ’Teen o sa tsoa bolela tabeng ena, “maikutlo hase ntho eo u ka e balehelang kapa oa ipatela eona. Qetellong, a tla u fumana.”
Ke ha tlhaho ho ikutloa u halefile, ebile u khopisitsoe ke sena ka ho tebileng. Empa se ke oa hatella maikutlo a hao, oa robala u ferekane bosiu bo bong le bo bong. Latela keletso e bohlale ea Bibele: “Ekare ha le halefa, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lōna.” (Ba-Efese 4:26) Phetlela motsoalle eo u mo tšepang kapa motho ea ka bolokang lekunutu sefuba sa hao. Liproverbia 15:22 e re: “Moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana.” Batsoali ba hao kapa baholo ba Bakreste ba ka thusa haholo maemong ana. U ka hlokomela hore le bona ka ho tšoanang ba bile le liphihlelo tse bohloko ha e sa le bacha.
Thuso e ’ngoe ea ho mamella maikutlo ao ka katleho ke ho ipoloka u tšoarehile. U ka ’na oa lemalla ho ikhula bathong ba bang, oa itšehla thajana, oa touta, ’me oa hloka thahasello bophelong. Jeanette oa hopola: “U ikutloa u sa rate ho etsa letho. Boholo ba nako u bo qeta u robetse.” Empa joalokaha Liproverbia 18:1 e lemosa, “motho ea ikhethang ho ba bang o batla ho ikhahlisa eena a ’notši; khalefong ea hae o soma tsohle tsa bohlale.” Ho e-na le hoo, ipoloke u tšoarehile. Tsosolosa botsoalle le sehlopha se tla u khothatsa ka tsela e loketseng.
Tsela e molemo haholo ea ho sebelisa matla a hao ka ho loketseng ke ho ikakhela ka setotsoana tšebeletsong ea Bokreste. Moapostola Pauluse o ngotse: “Ka baka leo, banab’eso ba ratoang, tieang matla, le se ke la sisinyeha, ’me le ’ne le eketse ka mehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi oa lōna e ke ke ea e-ba oa lefeela Moreneng.” (1 Ba-Korinthe 15:58) Ha ho hlokahale hore bophelo ba hao e be bo se nang morero. Ho arolelana le ba bang litaba tse molemo ho tlisa thabo le khotsofalo.—Liketso 20:35.
Hopola hore matsatsi ha a tle ka ho tšoana. Ka matsatsi a mang u ka ikutloa hore u ke ke oa lebala sena le ka mohla. Empa ’nete ke hore u tla hlaphoheloa. Hore leqeba—leha e le lefe le fole—ho nka nako. U se liehise ho fola ka ho lula o mametse lipina tsa lerato kapa ho touta ka lerato la hao le felileng. Itšetlehe ka Jehova bakeng sa matla. O tseba hantle seo u leng har’a sona le kamoo u ikutloang ka teng. “Jehova o haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meea e tetelitsoeng.”—Pesaleme 34:18.
Linako tse Khanyang Tse Larileng ka Pele
Joaloka mocha, e ’ngoe ea litlhohonolofatso tsa hao tse khōlō ke nako. Ho larile nako e ngata ka pele ho uena ea ho ithuta le ho fumana phihlelo. Ka hona sebelisa letlotlo lena ka bohlale; hlaolela litšoaneleho tse tla u thusa ho ba motho e moholo ea tsitsitseng le ea sireletsehileng. Ka tsela eo u tla tseba ho etsa liqeto tse bohlale ka lefereho le lenyalo nakong e tlang.
Le hoja ho le thata, nako ena e bohloko e tla feta, ’me u tla e hlalefela. Renee ea qotsitsoeng pejana o re: “Ke khona ho sebetsana le maikutlo a ka hamolemonyana hona joale. Ke ithutile ho hongata. Ke ithutile hore ke ka ho etsa lintho ka tsela ea Jehova feela lintho li ka tsamaeang hantle.”