Karolo 4
Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele
Ho Tsosolosoa ha Saense ka Phetohelo ea ’Muso
LEFATŠE le ile la ferekana karolong ea bobeli ea lekholo la bo18 la lilemo ha liphetohelo tsa mebuso li fetola ponahalo ea lipolotiki, pele Amerika, ’me hamorao Fora. Khabareng, Engelane mofuta o fapaneng oa phetohelo o ile oa qala, phetoho ea ho hlahisoa ha mechini e meholo. E ne e amana haholo le phetohelo ea mofuta o mong, ea saense.
Ba bang ba bolela hore saense e hlahile hape ho tloha ka bo-1540, ha molepi oa linaleli oa Poland Nicolaus Copernicus le setsebi sa thuto ea kaheho ea lintho sa Belgium Andreas Vesalius ba phatlalatsa libuka tse neng li ama monahano oa saense haholo. Ba bang ba bolela hore phetoho eo e qalile pejana, ka 1452, ha Leonardo da Vinci a tsoaloa. Leonardo e ne e le ’matlisisi ea phehellang ea ileng a fana ka tlatsetso e khōlō saenseng, ’me a hlaha ka likhopolo tseo tse ling tsa tsona e ileng ea e-ba metheo ea lintho tse ileng tsa phethahatsoa lilemong tse makholo hamorao, tse kang sefofane, tanka ea sesole, le parachute.
Empa saense kamoo re e tsebang ka teng, ho rialo Ernest Nagel, moprofesa ea seng a phomotse oa Univesithi ea Columbia, “ha ea ka ea thehoa ka ho tiileng e le thuto e tsoelang pele sechabeng sa Bophirimela ho fihlela lilemong tsa lekholo la bo17 le la bo18.” Hang ha saense e thehoa ka ho tiileng, ho ne ho finyeletsoe phetoho ea bohlokoa historing ea batho. Buka The Scientist ea hlokomela: “Hoo e ka bang lipakeng tsa 1590 le 1690 sehlopha sa bahlalefi . . . se ile sa hlahisa tsoelo-pele ea patlisiso eo ho seng e kileng ea bapa le eona nakong efe kapa efe ea lilemo tse 100.”
Bolotsana bo Etsa Tsela e be Lerootho
Likhopolo tse ileng tsa hlahisoa eka ke tsa saense le tsona li ile tsa tsoela pele, joaloka bolotsana boo likhopolo tsa bona tse sa nepahalang li ileng tsa lula tseleng ea tsoelo-pele ea sebele ea saense. Khopolo ea phlogiston ke e ’ngoe ea tsona. “Phlogiston,” ho tsoa Segerikeng, e bolela “ho cha.” E ile ea hlahisoa ka 1702 ke George Ernst Stahl, ea neng a lumela hore phlogiston ea lokolloa ha lintho li chesoa. O ne a nahana hore ke molao oa tlhaho ho e-na le ho ba ntho ea sebele, empa tumelo ea hore ke ntho ea sebele e ile ea hlaha ha lilemo li ntse li e-ea. Antoine-Laurent Lavoisier o ile a khona ho bontša ho fosahala ha khopolo ena pakeng tsa 1770 le 1790.
The Book of Popular Science ea lumela hore le hoja khopolo ea phlogiston “e ne e fosahetse ka ho feletseng, empa ka nako e itseng e ile ea fana ka khopolo e sebetsang eo ho bonahalang hore e ile ea hlalosa liketsahalo tse ngata tsa tlhaho. E ne e mpa e le tlhaloso e ’ngoe ea tse ngata tsa saense tse ’nileng tsa lekoa sekaleng ’me tsa fumanoa li haelloa ka mor’a lilemo.”
Alchemy ke bolotsana bo bong. Harrap’s Illustrated Dictionary of Science e hlalosa hona e le “motsoako oa filosofi, tumelo ea lintho tse ka fihleloang ka phihlelo le theknoloji ea lik’hemik’hale, o hlahileng pele ho mehla ea Bokreste, o batlang ka ho fapaneng ho fetola litšepe ho ba gauda, ho lelefatsoa ha bophelo le sephiri sa ho se shoe.” Pele e qheloa, alchemy e ile ea thusa ho etsa motheo oa chemistry ea kajeno, phetoho e ileng ea phethoa bofelong ba lekholo la bo17 la lilemo.
Kahoo le hoja e le bolotsana, likhopolo tsa phlogiston le alchemy li ne li e-na le litšoaneleho tse itseng tsa bohlokoa. Empa ha ho joalo ka balotsana bao ka lebaka la tšusumetso ea bolumeli ba ileng ba baka maikutlo a khahlanong le saense. Ntoa pakeng tsa saense le thuto ea bolumeli—tseo ka bobeli li neng li ipolela e le tharollo ea sehlooho ea lipotso tsa bokahohle—hangata e ’nile ea lebisa ntoeng ea sebele.
Ka mohlala, lekholong la bobeli la lilemo C.E., molepi oa linaleli ea tsebahalang Ptolemy o ile a qapa khopolo ea ho lekanya lipalo ho tsoa bohareng ba lefatše, ho bolelang hore ha lipolanete li potoloha selika-likoeng, bohare ba selika-likoe seo, bo bitsoang epicycle, bo boetse bo tsamaea moeling oa selika-likoe se seng. E ne e le bohlale ba lipalo bo holimo ’me e ne e le tlhaloso e hlakileng ea ho tsamaea ha letsatsi sebakeng, khoeli, lipolanete, le linaleli e neng e amoheleha haholo ho fihlela lekholong la bo16 la lilemo.
Copernicus (1473-1543) o ile a hlahisa khopolo e fapaneng. O ne a lumela hore ha lipolanete, ho akareletsa le lefatše, li potoloha letsatsi, letsatsi lona ha le suthe. Khopolo ena—ea lefatše le tsamaeang leo e seng e se bohare ba bokahohle—haeba e le ’nete, e ne e lokela ho ba le liphello tse khōlō. Ka nako e ka tlaase ho lilemo tse lekholo hamorao, molepi oa linaleli oa Italy Galileo Galilei o ile a bona ka li-telescope ho ileng ha mo kholisa hore khopolo ea Copernicus ea lefatše le potolohang letsatsi e ne e le ’nete. Empa Kereke e K’hatholike e ile ea qhela lipono tsa Galileo ka hore ke bokoenehi ’me ea mo qobella ho latola khopolo eo.
Liphoso tsa bolumeli li ne li bakile baruti ba bolumeli ba likereke ho hana ’nete ea saense. Kereke e ile ea felisa liqoso tsa eona ho Galileo lilemo tse ka etsang 360 hamorao. L’Osservatore Romano, khatisong ea eona ea beke le beke ea November 4, 1992, e ile ea lumela “phoso ea sebele ea kahlolo” tabeng ea Galileo.
Bolotsana bo Ntse bo le Teng
Ka ho tšoanang, lekholong lena la bo20 la lilemo, bolumeli ba Bokreste-’mōtoana bo bonahatsa ho hlompholla ’nete ho tšoanang. Bo etsa hona ka ho khetha likhopolo tse sa pakoang tsa saense ho e-na le ’nete, saenseng le bolumeling. Mohlala o molemohali ke oa khopolo e sa pakoang ea ho iphetola ha lintho, eo ha e le hantle e leng phello ea “tsebo” e nang le liphoso ea saense le lithuto tse fosahetseng tsa bolumeli.a
Charles Darwin o ile a hatisa buka ea hae On the Origin of Species by Means of Natural Selection ka November 24, 1859. Empa khopolo ea ho iphetola ha lintho ha e le hantle e tsoa linakong tsa pele ho tsa Bokreste. Ka mohlala, rafilosofi oa Mogerike Aristotle o ile a tšoantša motho a le ka pele-pele moleng oa ho iphetola ho tloha bophelong bo fokolang ba liphoofolo. Ka lekhetlo la pele, baruti ba ile ba qhela khopolo ea Darwin, empa The Book of Popular Science ea hlokomela: “Ho iphetola ha lintho [hamorao] ho ile ha fetoha ho fetang khopolo ea saense feela . . . E ile ea e-ba lepetjo haesita le filosofi.” Khopolo ea hore ho phela feela ba likhoka e ile ea ipiletsa ho batho ba neng ba hahamalla ho ba le maemo a phahameng bophelong.
Khanyetso ea baruti e ile ea fela kapele. The Encyclopedia of Religion e re “khopolo ea Darwin ea ho iphetola ha lintho ha ea ka ea finyella ho amoheloa feela empa e ile ea fumanoa le ho thoholetsoa ke batho ba bangata,” le hore “ho atamela nakong ea lefu la hae ka 1883, baruti ba bangata ba nahanang le ba khonang ho bua ba ile ba fihela qeto ea hore thuto ea ho iphetola ha lintho e ne e lumellana ka ho feletseng le kutloisiso e hlakileng ea mangolo.”
Ho ne ho le joalo ho sa tsotellehe ho lumela ho latelang ha The Book of Popular Science: “Esita le batšehetsi ba tiileng ba thuto ea ho iphetola ha lintho tse phelang ba ne ba lokela ho lumela hore ho na le ho se lumellane ho bonahalang le likheo khopolong ea qalong ea Darwin.” Ha e bolela hore “boholo ba khopolo ea qalong ea Darwin bo nchafalitsoe kapa bo lahliloe,” buka eo leha ho le joalo e bolela hore thuto ea ho iphetola ha lintho “e bile le tšusumetso e khōlō hoo e batlang e le karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea tšebetso ea moloko oa batho. Thuto ea histori, thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale le ea meetlo li ile tsa fetoha haholo ka baka la khopolo eo.”
Kajeno, litsebi tse ngata tsa saense tse nahanang li belaela ka ho teba ka khopolo ea thuto ea ho iphetola ha lintho. Sir Fred Hoyle, mothehi oa Cambridge Institute of Theoretical Astronomy eo ebileng e leng setho sa American National Academy of Sciences, o ile a ngola lilemo tse ka bang leshome tse fetileng: “Ha e le hantle ’na ha ke na pelaelo ea hore litsebi tsa histori ea saense tsa nakong e tlang li tla fumana ho makatsa hore khopolo e neng e sa bonahale e sebetsa e ne e ka tuma tjena.”
Kamoo thuto ea ho iphetola ha lintho e makatsang ka teng motheong oa ho ba teng ha moloko oa batho, e amoha ’Mōpi tlotla ea hae. E boetse e hanyetsa ho ipolela ha eona e le thuto ea saense ’me ha e na molemo patlisisong ea moloko oa batho e tsoelang pele ea ho batla ’nete ea saense. Karl Marx o ne a le motlōtlō ka ho fumana thuto ea ho iphetola ha lintho le ea hore ‘ho phela feela ba likhoka’ ho khothaletsa ho hōla ha Bokomonisi. Empa thuto ea ho iphetola ha lintho ke bolotsana bo bobe ka ho fetisisa.
Bahlaseluoa ke Bo-mang?
Mang le mang ea khelositsoeng hore a lumele likhopolo tse hlahisitsoeng joalokaha eka ke tsa saense e ba mohlaseluoa. Empa le ho lumela linnete tsa saense ho hlahisa kotsi. Khatelo-pele e bonahalang ea saense eo e leng phello ea phetohelo ea saense e thetsitse ba bangata ho lumela hore hona joale sohle se ka finyelloa.
Tumelo ena e ile ea hōlisoa ke ha khatelo-pele ea saense e ne e tsoela pele ho felisa maikutlo a khahlanong le saense ao bolumeli ba bohata bo neng bo a hōlisitse. Khoebo le lipolotiki li ile tsa qala ho hlokomela saense e le kofuto e matla e ka sebelisoang ho finyella lipakane tsa tsona, ho sa tsotellehe hore na ke moputso oa chelete kapa ho matlafatsa matla a lipolotiki.
Ha ho boleloa ka ho hlakileng, butle-butle saense e ne e se e fetoha molimo, e hōlisa ho bitsoang scientism. Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary e hlalosa sena e le “tšepo e feteletseng ea ho atleha ha mekhoa ea saense ea tlhaho ha e sebelisoa mabakeng ’ohle a lipatlisiso.”
Ha lekholo la bo19 la lilemo le atamela ho fela, batho ba ile ba ipotsa hore na lekholo la bo20 la lilemo le tla tlisa eng. Na saense e ne e tla hōlisa “leholimo la ’nete lefatšeng” leo batho ba bangata ba neng ba kholoa hore e ka khona ho le hlahisa? Kapa na bolotsana ba eona bo ne bo tla tsoela pele ho tlatsa lebala la ntoa la liphetohelo ’mele e ferekaneng ea bahlaseluoa ba eketsehileng? “Ho Sebetsa ha ‘Limakatso’ tsa Lekholo la bo20 la Lilemo,” sehlooho se tla hlaha tokollong ea rōna e hlahlamang se tla araba.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Thuto e ’ngoe e joalo ke khopolo ea Fundamentalist ea hore “beke” ea pōpo e boletsoeng ho Genese ke ho latellana ha matsatsi a sebele a lihora tse 24. Bibele e bontša hore ha e le hantle e ne e le linako tse etsang lilemo tse likete tse ngata.
[Lebokose le leqepheng la 20]
Ka Ntle ho Motlakase
HAUFINYANE haholo hoo e ka bang mathoasong a lekholo la bo19 la lilemo, motlakase o ne o nkoa e le tšebetso e thahasellisang empa e nang le bohlokoa bo fokolang. Leha ho le joalo, banna ba tsoang linaheng tse fapaneng le maemong a fapaneng, ho akareletsa H. C. Ørsted (1777-1851), M. Faraday (1791-1867), A. Ampère (1775-1836), le B. Franklin (1706-90), ba ile ba sibolla lintho tsa bohlokoa, tse ileng tsa paka se fapaneng, kahoo li beha motheo bakeng sa lefatše la kajeno la motlakase—lefatše le ke keng la sebetsa ka ntle ho motlakase.
[Litšoantšo tse leqepheng la 21]
Nicolaus Copernicus
Galileo Galilei
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photos taken from Giordano Bruno and Galilei (German edition)