Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 8/8 maq. 27-28
  • Thusang Bana Ba Lōna ho Sebetsana le Khatello ka Katleho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thusang Bana Ba Lōna ho Sebetsana le Khatello ka Katleho
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mamela
  • Hlokomela Maikutlo
  • Ipehe Boemong ba Bona
  • Beha Mohlala o Nepahetseng
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Haha Boinehelo ba Bomolimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Mathata a Mangata a Tobaneng le Batsoali ba se Nang Balekane
    Tsoha!—2002
  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 8/8 maq. 27-28

Thusang Bana Ba Lōna ho Sebetsana le Khatello ka Katleho

“Bana ba bangata ha ba fumane motho eo ba ka buisang le eena—ha ba fihla hae—ebang ke ho buisana ka lintho tse mabapi le ’mele kapa maikutlo.”—Depression—What Families Should Know.

KA HO loketseng lelapa le ’nile la bitsoa sebaka sa phuputso ea maikutlo. Ke setsing sa phuputso moo ngoana a hlahlobang lintho tseo a li lumelang, a hlokomelang liphello, ’me a qalang ho fihlela liqeto tse itseng ka bophelo. Batsoali ba ka kholiseha joang hore bana ba bona ba etsa liphuputso tse joalo tsa bohlokoa tikolohong e molemo ho e-na le tlas’a khatello?

Mamela

Buka The Child in Crisis e phehella batsoali: “Buisanang le ngoana oa lōna ka linako tsohle.” Puisano ke ea bohlokoa haholo mahareng a motsoali le ngoana haholo-holo haeba ho hlahile maemo a itseng a bohloko lelapeng, joalokaha e hlokahala bakeng sa ho boloka bophelo. Le ka mohla u se nahane hore kaha ngoana o khutsitse, ha a utloe bohloko ka lebaka la ketsahalo e bohloko kapa bothata ba ho tloaelana le boemo. Mohlomong o mpa a hateletse matšoenyeho a hae ’me a shoele le mantsoe joaloka ngoanana e mong ea lilemo li supileng eo boima ba hae bo ileng ba eketseha ka lik’hilogramo tse 15 nakong ea likhoeli tse tšeletseng ka mor’a karohano ea batsoali ba hae.

Lentsoe “puisano” le bontša hore ho ameha libui tse peli kapa ho feta. Kahoo, ha hoa lokela hore e be motsoali feela ea buang. Rick le Sue ba ile ba batla moeletsi ha mor’a bona ea lilemo li tšeletseng a qala ho ba le mekhoa e mebe ka tsela e sa laoleheng lapeng. Ka mor’a hore moeletsi a kōpane le lelapa lohle, o ile a hlokomela ntho e ’ngoe. O ile a re: “Batsoali ba hlahlobisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka bohlale, ’me hangata ba fana ka litlhaloso tse telele le tse feteletseng. Ho feta moo, ho bonahala batsoali e le bona ba laolang puisano, ke bone hore bana ba felloa ke mamello.” Ho molemo ho lumella ngoana hore a bue. (Bapisa le Jobo 32:20.) Haeba a hlōleha ho bolela mathata a hae ha a hlaha, mohlomong a ka a bonahatsa ka boitšoaro hamorao.—Bapisa le Liproverbia 18:1.

Puisano ke ea bohlokoa ha ho hlokahala taeo. Ngoana o ikutloa joang ka khalemelo? Na oa utloisisa hore ke hobane’ng ha e fanoa? Ho e-na le ho bolella ngoana kamoo a lokelang ho ikutloa ka teng, batlisisa se leng ka pelong ea hae. Mo behele mabaka e le hore a etse qeto e loketseng. Elaine Fantle Shimberg oa ngola: “Fana ka keletso e molemo e batlang ho nahanisisoa ka hloko, empa lumella ngoana oa hao ho thuisa ka sena.”

Hlokomela Maikutlo

Batsoali ba bang ba hatella puisano ka lipolelo tse kang: “Khaotsa ho lla.” “Ha ua lokela ho ikutloa ka tsela e joalo.” “Ha ho hobe joalokaha u nahana.” Ho molemo haholo ho hlokomela maikutlo a ngoana. “Ke hlokomela hore ho na le ntho e ’ngoe e sa u thabisang.” “U hlile u bonahala u khathatsehile ka sebele.” “Kea tseba hore e tlameha ebe u utloile bohloko.” Sena se tla ntšetsa puisano pele.

Buka How to Talk so Kids Will Listen & Listen so Kids Will Talk e hlokometse taba ena ka ho loketseng: “Ha u ntse u leka ka ho eketsehileng ho qhelela maikutlo a ngoana a ho se thabe ka thōko, u tla hlōleha ho felisa maikutlo a fosahetseng ka ho eketsehileng. Haeba u tseba ho amohela maikutlo a fosahetseng habonolo, ho bonolo haholoanyane ho bana ho tlosa maikutlo a fosahetseng. Ke nahana hore le uena u ka bua joalo haeba u batla lelapa le thabileng, ho molemo hore u ikemisetse ho lumella ho buisana ka ho se thabe ho hongata.”—Bapisa le Moeklesia 7:3.

Ipehe Boemong ba Bona

Mary Susan Miller oa ngola: “Kaha batho ba bangata ba baholo ba talima lefatše la ngoana ka pono ea bona, ho thata ho bona ho nahana ka bophelo leha e le bofe e le bo tletseng khatello ka ntle le bophelo ba bona ka bobona.”

E, habonolo feela batsoali ba lebala bohloko le matšoenyeho tseo bona ka bobona ba bileng le tsona ha ba ntse ba hōla. Ka baka leo, hangata ba khella khatello eo bana ba bona ba e utloang fatše. Batsoali ba lokela ho hopola hore na ho bile joang ho talimana le ho shoa ha phoofolo ea lapeng e ratoang, lefu la motsoalle kapa ho fallela sebakeng se secha. Ba lokela ho hopola lintho tseo ba neng ba li tšaba bonyenyaneng, esita le tse sa utloahaleng. Ho hopola ke senotlolo sa ho ipeha boemong ba motho e mong.

Beha Mohlala o Nepahetseng

Tsela eo ngoana oa hao a sebetsanang le khatello ka eona e hlile e itšetlehile haholo ka tsela eo uena joaloka motsoali o sebetsanang le khatello ka eona. Na u leka ho fokotsa khatello ka ho ba mabifi? Kahoo, u se makale ha ngoana oa hao a sebetsana le matšoenyeho a hae ka tsela e tšoanang. Na u shoa le mantsoe ha u tšoenyehile ka ho tebileng? Joale, ke joang u ka lebellang hore ngoana oa hao a bue ka bolokolohi le ho tšepela ho uena? Na maikutlo a khatello aa patoa ka lelapeng la hao hoo a latoloang ho e-na le ho rarolloa? Kahoo u se makatsoe ke phello e mpe eo sena se tla ba le eona ’meleng le maikutlong a ngoana oa hao hobane boiteko leha e le bofe ba ho pata khatello hangata bo mpa bo eketsa matla a tšebetso ea eona.

Ho hōlisa bana lefatšeng le tletseng khatello ho tlisetsa batsoali liphephetso tse khethehileng. Ho ithuta Bibele ho thusitse ba bangata ho sebetsana le liphephetso tsena ka katleho. Sena ke seo re neng re ka se lebella kaha Mongoli oa Bibele hape ke Moqapi oa bophelo ba lelapa. Jesu Kreste o itse: “Bohlale ba Molimo bo pakoa ke liphello tsa bona hore bo nepahetse.” (Mattheu 11:19, The New English Bible) Batsoali ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele, ba tla fumana hore Mangolo “a molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalema, bakeng sa ho lokisa lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.”—2 Timothea 3:16, NW.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Puisano e molemo e fokotsa khatello

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Ha moshemane a qhala lebese, moholoane oa hae oa mo soma, empa ntate ka kutloisiso oa mo tšelisa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela