Pono ea Bibele
Molimo o Tšoarela ka ho Feletseng Hakae?
“Ke ikutloa hore le ka mohla Molimo a ke ke a ntšoarela libe tsa ka. A ke ke a hlola a mpatla ka lebaka la seo ke se entseng.”—Gloria.
GLORIA o ne a se na bothata ba ho bolella ba bang hore Jehova a ka ba tšoarela libe tsa bona.a Empa ha a ne a nahana ka liphoso tsa hae, Gloria o ne a ikutloa a le molato. Ho ne ho bonahala eka a ke ke a fumana tšoarelo ea Jehova.
Ho hlokomela ketso kapa tsela e fosahetseng bophelong ho ka ferekanya letsoalo. Ka mor’a hore a etse sebe Davida o ile a ngola: “Ke ne ke tepeletse ke ho lla letsatsi lohle, matla a ka a ne a felile ka ho feletseng.” (Pesaleme ea 32:3, 4, Today’s English Version; bapisa le Pesaleme ea 51:3.) Ka thabo, Jehova o thabela ho leballa phoso. O lula a “loketse ho tšoarela.”—Pesaleme ea 86:5, NW; Ezekiele 33:11.
Leha ho le joalo, Jehova o bona pelo. Tšoarelo ea hae ha ea thehoa boikutlong feela tjee. (Exoda 34:7; 1 Samuele 16:7) Moetsalibe o tlameha ho lumela phoso ea hae pepenene, a bontše ho ikoahlaea ha sebele, ’me a furalle tsela ea hae e mpe joaloka ntho e nyonyehang le e sa rateheng. (Pesaleme ea 32:5; Ba-Roma 12:9; 2 Ba-Korinthe 7:11) Ke ka ho etsa joalo feela mofosi a ka tšoareloang ’me a latsoa “mehla ea khatholoho” e tsoang ho Jehova.—Liketso 3:19, 20.
Empa esita le ka mor’a ho baka, ba bang ba ntse ba ikutloa ba le molato. Na ba tlameha ho jara moroalo oa ho ba molato ka ho sa feleng? Ke matšeliso afe a ka fumanehang ka Bibeleng bakeng sa ba baketseng libe tsa bona, ba li furalla, empa ba ntse ba ikutloa ba tšoenyehile pelong?—Pesaleme ea 94:19.
Ho Tlosa Boima
A tšoenyehile ke liphoso tsa hae, Davida o ile a rapela Jehova: “Talima bomalimabe le bohloko ba ka, u [“lebale,” NW] ntšoarele libe tsa ka tsohle.” (Pesaleme ea 25:18) Mona Davida o ne a kōpa hore Jehova a etse ho fetang ho tšoarela. O ile a kōpa hore Jehova a “lebale” libe tsa hae, hore a li felise, kapa ho li tlosa. Sebe se na le liphello tse bohloko, ’me ntle ho pelaelo sena se ne se akareletsa moroalo oa letsoalo le hlomohileng ho Davida.
Selemo ka seng Baiseraele ba ne ba hopotsoa ka ntho eo ba e bonang hore Jehova a ka tlosa libe tsa sechaba. Ka Letsatsi la Lipheko moprista e moholo o ne a beha matsoho a hae holim’a hlooho ea pōli, a bolela libe tsa batho holim’a eona, ebe o lelekela pōli eo hōle lefeelleng. Mang le mang ea leng teng o ne a ka bona ka mahlo a kelello ha ho tlosoa libe tsa sechaba.—Levitike 16:20-22.
Ka hona batho ka bomong ba baketseng libe tsa bona ba ka fumana matšeliso. Liketsahalo tsa Letsatsi la Lipheko li ne li tšoantšetsa tokisetso e khōloanyane haholo bakeng sa ho tlosa sebe—sehlabelo sa Jesu Kreste sa thekollo. Ka boprofeta Esaia o ngotse tjena ka Jesu: “O jere libe tsa ba bangata.” (Esaia 53:12) Ka hona, ha ho hlokahale hore libe tsa nako e fetileng li tetebetse letsoalo. Empa na Jehova o tla hopola libe tsee ka nako e itseng hamorao?
Ho Hlakola Molato
Thapelong ea hae ea mohlala, Jesu o itse: “U tšoarele melato ea rōna.” (Mattheu 6:12) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le ‘tšoarela’ ke mofuta oa leetsi le bolelang “tlohela.” Ka hona, ho tšoarela sebe ho tšoantšoa le ho tlohela molato, kapa ho o hlakola.—Bapisa le Mattheu 18:23-35.
Petrose o ile a atolosa sena ha a re: “Bakang ke hona, ’me le sokolohe, libe tsa lōna li tle li hlakoloe.” (Liketso 3:19) “Li hlakoloe” e bolela ho senya kapa ho felisa ka ho feletseng. Ho fana ka maikutlo a ho hlakola tlaleho e ngotsoeng, ho hlakola melato ea pele.—Bapisa le Ba-Kolose 2:13, 14.
Ka hona, ha ho hlokahale hore ba bakileng ba tšohe hore Molimo o tla batla tefo bakeng sa molato oo a o hlakotseng. Oa hlalosa: “Ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa hao.” (Esaia 43:25; Ba-Roma 4:7, 8) See se bolela eng ho moetsalibe ea bakileng?
Ho Tlosa Letheba
Ka moprofeta Esaia, Jehova o itse: “Leha libe tsa lōna li ka ba khubelu joalo ka krimsone, li tla soeufala joalo ka lehloa; leha li ka ba khubelu joalo ka sekarelata, li tla ba tšoeu joalo ka boea ba nku.”—Esaia 1:18.
Boiteko ba ho tlosa letheba le tebileng phahlong hangata e ba ba lefeela. Tlas’a maemo a molemohali letheba lea fifala empa leha ho le joalo le ntse le hlokomeleha. Ke ho tšelisang hakaakang hore ebe Jehova a ka nka libe tse khubelu joaloka sekarelata kapa krimsone ’me a li soeufatsa joaloka lehloa.—Bapisa le Pesaleme ea 51:7.
Ka hona ha ho hlokahale hore moetsalibe ea bakileng a ikutloe a jere letheba bophelo bohle ba hae. Jehova ha a fifatse litšito feela, a bakela motho ea bakileng ho phela ka lihlong tse sa feleng.—Bapisa le Liketso 22:16.
Tšehetso e Tsoang ho ba Bang
Le hoja Jehova a felisa boima, a hlakola molato, ’me a tlosa letheba la sebe, ka linako tse ling motho ea bakileng a ka ’na a ikutloa a sithabelitsoe ke boikutlo ba ho ba molato. Pauluse o ile a ngola ka mofosi ea bakileng phuthehong ea Korinthe ea ileng a tšoareloa ke Molimo empa e le ea ka beng ‘a sithabelitsoe ke masoabi a maholo [“ho soaba hoo a ka nyahamang ka ho feletseng,” TEV].’—2 Ba-Korinthe 2:7, BPN.
Motho eo o ne a ka thusoa joang? Pauluse o tsoela pele: “Ke le rapela ke hona, ke re, le ke le ’montše [“le mo tiisetse,” NW] lerato la lōna.” (2 Ba-Korinthe 2:8) Lentsoe leo Pauluse a le sebelisitseng bakeng sa “tiisetse” ke lentsoe la molao le bolelang “ho tiisa ka molao.” E, batho ba bakileng bao Jehova a ba tšoaretseng ba boetse ba hloka tiiso ea molao, kapa setempe sa kamohelo, ho tsoa ho Bakreste-’moho le bona.
Hoa utloahala hore sena se ka ’na sa nka nako. Motho ea bakileng o tlameha ho felisa thohako ea sebe sa hae kelellong ’me a hahe tlaleho e kholisang ea ho loka. Ka mamello o tlameha ho tiisetsa maikutlo a batho leha e le bafe ba anngoeng ka ho toba ke liphoso tsa hae tsa nako e fetileng. Ho sa le joalo, a ka ba le tšepo ka tšoarelo ea Jehova e feletseng, joaloka Davida: “Joalo ka ha bochabela bo le hole le bophirimela, [Jehova] o lahlela makhopo a rōna joalo hole le rōna.”—Pesaleme ea 103:12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso le fetotsoe.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 29]
Return of the Prodigal Son by Rembrandt: Scala/Art Resource, N.Y.