Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 2/8 maq. 4-5
  • Ho Seka-seka Seo Batsoali Ba Hao Ba Se Hlokang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Seka-seka Seo Batsoali Ba Hao Ba Se Hlokang
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Eng Seo ba Hlileng ba se Batlang?
  • E-ba ea Arabelang Kapele
  • Ho Hlompha Batsoali ba Rōna ba Hōlileng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Nka Etsa’ng e le Hore ke Tsebe Batsoali ba Ka Hamolemo?
    Tsoha!—2009
  • Ho Hlokomela ba Hōlileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 2/8 maq. 4-5

Ho Seka-seka Seo Batsoali Ba Hao Ba Se Hlokang

E LE hore u ka fana ka thuso ea sebele ho batsoali ba hao ba tsofalang, u tlameha ho ithuta hore na ba hloka eng le hore na ba rata eng. Ho seng joalo u ka ’na—ka sepheo se setle—ua fana ka litokisetso le litšebeletso tseo batsoali ba hao ba sa li hlokeng le tseo ba sa li batleng, le hoja ba ka ba leqe ho u bolella seo. Joale kamano ea hao le bona, e thehiloeng ho hlokeng kutloisiso, e tla tlisa khatello e sa hlokahaleng maikutlong eseng ho uena feela empa ka ho tšoanang le ho batsoali ba hao.

Ke Eng Seo ba Hlileng ba se Batlang?

A nahana hore ka letsatsi le leng ho tla hlokahala hore a tlise batsoali ba hae ha hae, mosali e mong hang-hang o lokisetsa ho falla ho joalo. Hamorao o hlokomela hore batsoali ba hae ba ntse ba khona ho iphelela hantle lehaeng la bona—ebile ba ka thabela seo haholoanyane!

Ha a se a tlisitse batsoali ba hae ho tla lula le eena, mora e mong o re: “Le ke ke la lefa chelete ea letho bakeng sa ho lula ntlong ea ka! E seng le nketselitse lintho tse khōlō hakana!” Leha ho le joalo, sena se etsa hore batsoali ba hae ba ikutloe ba itšetlehile ka eena ho tlōla. Qetellong ba ’molella hore ba ne ba ka rata ho fumana hlompho ka hore le bona ba tlatsetse ka tsela e itseng.

Lelapa le fana ka tšebeletso e ’ngoe le e ’ngoe e fokolang bakeng sa batsoali ba bona ba tsofetseng ho tiisa hore ba mabotho-bothong ’me ha ba imeloe ke mosebetsi oa matsoho. Hamorao ba hlokomela hore batsoali ba bona ba batla ho itšoarela ka matsoho haholoanyane.

Mohlaleng ka mong ho e ka holimo, batsoali ba ne ba sa hloke ebile ba sa batle litšebeletso tse neng li fanoa. Sena se ka etsahala habonolo haeba mora kapa morali ea nang le sepheo se setle a susumetsoa ke boikutlo bo feteletseng ba ho phetha tšoanelo kapa haeba ho na le ho se utloisise ho itseng mabapi le litlhoko tsa sebele tsa batsoali. Nahana kamoo sena se ka hlahisang khatello ea maikutlo e sa hlokahaleng kateng ho bohle ba amehang. Ho hlakile hore tharollo ke ho seka-seka lintho tseo ka sebele batsoali ba hao ba li hlokang le tseo ba li batlang.

Na ho hlile hoa hlokahala hore batsoali ba hao ba fallele ha hao mothating oo? Hona na ba batla ho etsa joalo? Ho ka ’na ha u makatsa ho tseba hore batho ba bang ba baholo ba lakatsa ho phela ba le bang ka hohle kamoo ho ka khonehang. Ka lebaka la ho tšaba hore e tla ka ha ba na kananelo, ba ka ’na ba tsila-tsila ho hlalosetsa bana ba bona hore ba ne ba ka rata ho phela ba le bang lehaeng la bona, ho sa tsotellehe litšitiso tse itseng. E ka ’na eaba ba rata bana ba bona ebile ba lakatsa ho qeta nako ba e-na le bona. Empa joale ba itšetlehe ka bana ba bona? Che, ba ka mpa ba khetha ho ikhoantlella.

Mohlomong ka letsatsi le leng ho tla hlokahala hore u tlise batsoali ba hao lelapeng la hao. Leha ho le joalo, haeba nako eo ha e e-s’o fihle, ’me haeba ka botšepehi ba khetha ho lula ba le bang, ke hobane’ng ha u ba hanela ka lilemo tsee tsa ho ipusa? Na liphetoho tse itseng tse etsoang lapeng kapa ho ba letsetsa thelefono motheong oa ka mehla kapa ho ba etela ho tla ba nolofaletsa ho tsoela pele ba phela lehaeng la bona? Ba ka ’na ba ikutloa ba thabile haholoanyane lehaeng la bona, moo ba iketsetsang liqeto letsatsi ka leng.

Mohlokomeli e mong o hlalosa ho potlakela ho tlisa ’mè oa hae lehaeng la hae: “Ha ntate a e-shoa, re ile ra tlisa ’mè lapeng, re mo utloela bohloko. Phello e bile hore a phele lilemo tse eketsehileng tse 22. Ho e-na le hore a rekise ntlo ea hae, a ka be a ile a tsoela pele a lula ho eona. Le ka mohla u se ke ua potlakela ho etsa qeto mabapi le mehato e lokelang ho nkuoa. Qeto e joalo, ha e se e entsoe, ho thata ho e fetola.”—Bapisa le Mattheu 6:34.

U ka ’na ua hana ka ho re, ‘Empa ho thoe’ng haeba batsoali ba ka ba ka hlaheloa ke ntho e itseng ha ba ntse ba phela lehaeng la bona ba le bang? Haeba ’Mè kapa Ntate a oela ’me a tsoa kotsi, ke tla ikutloa ke le molato haholo!’ Ena ke kameho e utloahalang, haholo-holo haeba matla kapa bophelo ba batsoali ba hao bo se bo fokola hoo ho ka ’nang ha hlaha kotsi ea sebele ka tšohanyetso. Esita le haeba ho se joalo, ak’u ipotse hore na u amehile ka batsoali ba hao kapa ka uena, ke hore, ho itšireletsa mabapi le ho ikutloa u le molato ka ho sa lokelang.

Hape nahana ka monyetla oa hore batsoali ba hao ba ka ikutloa ba le boemong bo khotsofatsang haholoanyane ha ba le lehaeng la bona. Bukeng You and Your Aging Parents, Edith M. Stern le Dr. Mabel Ross baa bolela: “Liphuputso li bontša hore maqheku a lula a le machanyana ebile a le matlanyana malapeng a ’ona ho feta sebakeng leha e le sefe. Ka bokhutšoanyane, boiteko bo boholo bo etsoang ka ho hloka kutloisiso ba ho nolofatsa bophelo nakong ea lilemo tsa botsofali bo fella feela ka ho li potlakisa.” Kahoo, thusa batsoali ba hao hore ba phele ba le bang ka hohle kamoo ho ka khonehang, u ntse u fana ka tlhokomelo le litšebeletso tseo ba hlileng ba li hlokang. U boetse u lokela hore nako le nako u seka-seke le ho etsa liphetoho hape ha litlhoko tsa batsoali ba hao li ntse li eketseha kapa esita le ho fokotseha.

E-ba ea Arabelang Kapele

Leha ho le joalo, ha u nahanisisa ka bophelo le maemo a batsoali ba hao, e ka ’na eaba ho ba tlisa lapeng ha hao ke eona khetho e molemohali. Haeba ho joalo, arabela kapele haeba ho na le monyetla oa hore e be ba khetha ho iketsetsa lintho ka hohle kamoo ho ka khonehang. Joaloka batho ba lilemong leha e le life, mohlomong ba lakatsa hore ba be le tšobotsi e ba khethollang, kemiso ea bona ea ho etsa lintho, le sehlopha sa bona sa metsoalle. Sena e ka ba se loketseng. Le hoja e tla ba ho thabisang ho etsa lintho tse ling hammoho le le lelapa le akarelelitse le beng, ho ka ba molemo ho lōna ho behella mesebetsi e meng ka thōko hore le e etse le litho tse haufi-ufi tsa lelapa la lōna feela ’me le lumelle batsoali ba lōna ho iketsetsa mesebetsi ea bona ka ho tšoanang. Mohlokomeli e mong ka bohlale o kile a re: “Etsa bonnete ba hore batsoali ba hao ba na le thepa ea ka tlung e tloaelehileng le lifoto tse itseng tsa lelapa kapa tsa botho tse khethehileng ho bona.”

E le boiteko ba ho hlalohanya seo batsoali ba hao ba hlileng ba se hlokang, buisana le bona. Mamela seo ba amehileng ka sona ’me u arabele ka potlako ho seo ba ka lekang ho u bolella sona. Ba hlalosetse seo u ka khonang ho ba etsetsa sona le seo u ke keng ua ba etsetsa sona e le hore ba tle ba se utloisoe bohloko ke ho lebella lintho tse ke keng tsa etsahala. Mohlokomeli e mong eena o buella hore: “Ebang le kutloisiso e hlakileng mabapi le se ka lebelloang ho e mong le e mong ka lapeng. Buisanang ka mehla ho qoba maikutlo a ho halefa le ho jarana ka lipelo.” Haeba u etsa litšepiso tsa ntho leha e le efe eo u tla e etsa ka mehla tse kang (“Ke tla u letsetsa motšehare oa mantsiboea Mantaha o mong le o mong”; “Ke tla intša le uena ka mafelo-beke a mang le a mang”), u ka ’na ua batla ho hlakisa hantle hore u tla rata ho leka pele ka nakoana e itseng ’me u bone hore na ho tla atleha hakae. Ka tsela eo, haeba ho sa atlehe, monyako o ntse o butsoe oa hore u seka-seke taba eo hape.

Leha e le ’ngoe ea lintlha tse boletsoeng ka holimo ha ea lokela ho nkoa e le lebaka la ho amoha batsoali ba hao hlompho le thuso tse ba loketseng. Pono ea ’Mōpi tabeng ena e totobetse. Bana ba baholo ba lokela ho hlompha, ho hlokomela le ho tšehetsa batsoali ba bona. Jesu o ile a nyatsa Bafarisi ba itokafatsang ba neng ba sotha mangolo ka lebaka la ho leka ho itlhakola molato oa ho hlokomoloha batsoali. Mantsoe a hlalosang ka ho hlaka ho Liproverbia 30:17 a senola ho khoboheloa hoo Molimo a ho utloang mabapi le ba hlomphollang batsoali ba bona: “Leihlo la motho ea somang ntat’ae, ea nyelisang thuto ea ’m’ae, makhoaba a molapo a tla le honya, malinyane a ntsu a le je.”—Bona Mareka 7:9-13; 1 Timothea 5:4, 8.

Ha u ntse u fana ka thuso e hlokahalang ho batsoali ba hao, u ka ’na ua boetse ua thulana le likhatello tse ncha. U ka sebetsana le tsona joang? Sehlooho se latelang se tla fana ka litlhahiso tse ling.

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Motsoali a ka ’na a thabela ho iketsetsa mesebetsi e itseng le metsoalle ea hae hammoho le lelapa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela