Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 3/8 maq. 7-9
  • Ho Tseba ho Bala le ho Ngola Har’a Batho ba Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tseba ho Bala le ho Ngola Har’a Batho ba Molimo
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batho ba Molimo Kajeno
  • Ho Ithuta ho Bala
  • Na Ngoana oa ka o Lokela ho Kena Sekolo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ikitlaelletse ho Bala
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Thuto ea Bibele e Khothalletsa Batho ho Ithuta ho Bala le ho Ngola
    Tsoha!—2015
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 3/8 maq. 7-9

Ho Tseba ho Bala le ho Ngola Har’a Batho ba Molimo

MEHLENG ea boholo-holo ho ne ho e-na le tsebo e phahameng ea ho bala le ho ngola har’a batho ba Molimo. Hoo e ka bang lilemo tse 3 500 tse fetileng, Moshe o ile a ngola libuka tsa pele tse hlano tsa Bibele. Mohlahlami oa hae, Joshua, o ile a laeloa ho bala Mangolo “motšehare le bosiu” e le hore a atlehe kabelong eo Molimo a neng a mo file eona. ’Me Molimo o ile a laela hore marena a Iseraele, ha a hloella teroneng, a ingolle kopi ea Molao ’me a e bale letsatsi le letsatsi.—Joshua 1:8; Deuteronoma 17:18, 19.

E ne e se baeta-pele ba sechaba feela ba tsebang ho bala le ho ngola. Le hoja ho bonahala ho ne ho tšoantšetsa, ho laeloa ha Baiseraele hore ba “ngole” litaelo tsa Molimo likoseneng tsa matlo a bona ho fana ka maikutlo a hore batho ba ne ba tseba ho bala le ho ngola. Amose e ne e le mohlokomeli oa linku, ’me Mikea e ne e le moprofeta ea tsoang motseng oa mahaeng; empa, ka bobeli ba bona ba ngotse libuka tsa Bibele.—Deuteronoma 6:8, 9; Amose 1:1: Mikea 1:1.

Jesu o ne a na le bolokolohi ba ho sebelisa meqolo eohle ea Mangolo a Seheberu masynagogeng, moo ketsahalong e ’ngoe, a ileng a bala litemana phatlalatsa le ho bontša kamoo li sebetsang ho eena kateng. Baapostola ba hae le bona ba ne ba tseba ho bala le ho ngola, ba qotsa ebile ba supa Mangolong a Seheberu ka makhetlo a mangata-ngata mangolong a bona.—Luka 4:16-21; Liketso 17:11.

Batho ba Molimo Kajeno

Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ba ‘etse barutuoa ba batho ba lichaba tsohle, . . . ba ba rute ho boloka lintho tseo [a neng] a ba laetse tsona.’ Hape o boletse esale pele hore “litaba tse molemo tsa ’muso [li ne li tla] boleloa lefatšeng lohle le ahiloeng.”—Mattheu 24:14; 28:19, 20, NW.

Joaloka Bakreste lekholong la pele la lilemo, Lipaki tsa Jehova kajeno li phethile thōmo ena ka ho ruta le ho bolela ka cheseho ka melomo ea tsona. Hape li hasitse litaba tse molemo tsa ’Muso ka lingoliloeng. Ho tloha ka 1920, Lipaki tsa Jehova li hlahisitse le ho aba Libibele, libuka, limakasine, le lipampitšana tse ka holimo ho limilione tse sekete ka lipuo tse fetang 200.

Ho pholletsa le lefatše ba limilione ba se ba arabetse hamolemo, ba fetoha barutuoa ba Kreste. Har’a bona ho na le banna le basali ba sa tsebeng ho bala le ho ngola. Bana ba sa tsebeng ho bala le ho ngola hase Bakreste ba tlaasana—ba bangata ba sebelelitse Molimo ka botšepehi ka mashome a lilemo, ba mameletse tlhoriso ea bolumeli, ’me ba bontšitse lerato la bona ho Jehova ka ho boloka litaelo tsa hae.—1 Johanne 5:3.

Boholo ba bona bo laba-labela ho bala le ho ngola, ba hlokomela hore ho tseba ho bala le ho ngola ke senotlolo se tla bula tsela ea ho kopanela ka ho enneng haholoanyane borapeling ba Molimo. Libokeng, ba batla ho latela ha ho baloa Bibele le likhatiso tse ling tsa Bokreste, ’me ba batla ho bala mantsoe a lipina e le hore ba ka bina hammoho le baena le bo-khaitseli ba bona ba moea. Lapeng, ba lakatsa ho ikaha le ho haha malapa a bona ka thuto ea Bibele. Tšebeletsong, ba lakatsa ho ruta ba bang ’nete ea Lentsoe la Molimo ntle le ho itšetleha ka motho e mong ho ba balla lona.

Ho Ithuta ho Bala

Ha li arabela tlhoko ena, Lipaki tsa Jehova li lokiselitse ho thusa ho khothaletsa ho bala le ho ngola ka liphutheho tsa tsona le motheong oa motho ka mong. Lefatšeng ka bophara, li rutile banna le basali ba bangata. Nigeria feela, Lipaki tsa Jehova li rutile ba fetang 23 000 ho bala le ho ngola. E mong oa bana ke Effor. Oa hlalosa:

“Ke ile ka qala ho bala le ho ngola ka 1950 ha ke ne ke le lilemo li 16. Tlelase ea ho ithuta ho bala le ho ngola e ne e tsamaisoa ke Lipaki tsa Jehova. Re ne re sebelisa bukana e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower, ’me re ne re fuoa likabelo tsa ho bala tse etsetsoang lapeng.

“Ke ne ke utloa eka ho se tsebe ha ka ho bala le ho ngola ke ho kula. Ke ne ke batla ho hlalosetsa bana beso le metsoalle Bibele, empa kaha ke ne ke sa tsebe ho bala le ho ngola, ke ne ke sitoa ho etsa seo hantle. Se ileng sa ntšusumetsa hore ke ithute e ne e le takatso ea ka ea ho bolella le ho ruta ba bang hore ba fetohe barutuoa ba Kreste. Ke ne ke ngola holim’a ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e fumanang, esita le makhasing a sefate sa banana. Takatso ea ka ea ho bala le ho ngola e ne e le khōlō hoo ke neng ke tsoela pele ho ithuta ho bala le ngola litorong tsa ka. Ke ile ka kōpa ba bang ho nthusa; ke ne ke sa hlajoe ke lihlong ka hona. Ke sa hopola ha ke ngolla metsoalle mangolo ’me ke neha ba neng ba kene sekolo mangolo ao hore ba a ntše liphoso.

“Ho ile ha nkuka selemo tlelaseng ea phutheho ea ho ithuta ho bala le ho ngola. Ka mor’a moo ke ile ka abeloa ho ruta tlelase. Hoo ho ile ha mpha monyetla oa ho thusa ba bang ba bangata.

“Sekolo seo se ile sa nthusa haholo hoo ka mor’a lilemo, ke ileng ka ba le tokelo ea ho fetolela litšoantšiso tsa Mokhatlo ho tloha Senyesemaneng ho ea ho Seisoko, e leng puo ea ka ea tsoalo. Ntle ho moo, ke sebelelitse ke le molebeli oa phutheho ho tloha ka bo-1960. Ka bo-1980, ke ile ka sebeletsa ke le motšoareli oa molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova. Hape ke ile ka ba le tokelo ea ho tsamaisa Sekolo sa Tšebeletso sa Bo-pula-maliboho [sekolo sa basebeletsi ba nako e tletseng] le ho rupela habeli Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso [sekolo sa baholo ba Bakreste]. Kea tseba hore haeba ke ne ke ntse ke sa tsebe ho bala le ho ngola, nka be ke sa fuoa litokelo tsena tsohle.

“Ke ananela hakaakang tokisetso ee ea ho ruta baikokobetsi ho bala le ho ngola! Ka linako tse ling ha ke robala bosiu, ke ntse ke leboha Jehova hore ebe ha ke sa le motho ea sa tsebeng ho bala le ho ngola lefatšeng lena la kajeno.”

’Mopi oa rōna, Jehova Molimo, ka thabo o file moloko oa motho matla a ho bala le ho ngola. Empa tsebo ena ha e fumanoe ka ntle le boiteko. Moputso o moholo ka ho fetisisa bakeng sa ho ithuta ho bala le ho ngola ke ho khona ho tšoara Lentsoe la Molimo le ho utloa taelo ea bomolimo ea hore: “U lokela ho e balla ka pelong motšehare le bosiu.”—Joshua 1:8, NW.

[Lebokose le leqepheng la 9]

Mokhoa oa ho Thusa Bana ba Hao ho Hōlisa Lerato la ho Bala

● Beha mohlala ka hore u bale ka mehla ka bouena. Ho ka etsahala hore batsoali ba balang ba be le bana ba balang.

● Buisa lesea la hao ho tloha boseeng. Ho pepesetsoa puong e utloahalang ho thusa bana ho utloisisa mantsoe le likhopolo tse tla etsa hore ho ithuta ho bala ho be bonolo.

● Balla bana ba hao ka mehla. Ha a sikiloe ’me a balloa, masea a fumana molaetsa oa hore mantsoe le libuka ke lintho tse molemo, esita le haeba a e-s’o hōle ka ho lekaneng hore a ka utloisisa taba e baloang. Tsoela pele u balla bana ba hao le ka mor’a hore ba ithute ho ipalla. Matichere a sekolo a thusa bana hore ba ithute mokhoa oa ho bala, empa batsoali ba ka etsa ho hongata ho ba thusa hore ba thabele ho bala. Bana ba thabela ho utloa lipale tseo ba li ratang khafetsa.

● Etsa hore ho be le libuka tseo bana ba hao ba ka li balang lapeng.

● Khothaletsa bana ba hao ho ngola. Ka tloaelo ngoana ea ngolang hape ke sebali.

● Khetha nako e tsitsitseng letsatsi ka leng ea hore lelapa le bale. Balang ka ho phomotsana, ’me joale le tšohle boitsebiso boo hammoho. Linako tsena e lokela ho ba tse thabisang le tse hahang.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Banna ba tšabang Molimo ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba tseba ho bala le ho ngola

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela