Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 4/8 leq. 27
  • Na ho Halefa ho Fosahetse ka Mehla?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Halefa ho Fosahetse ka Mehla?
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pono e Leka-lekaneng
  • Khalefo e Loketseng
  • Ho Sebetsana le Khalefo ka ho Loketseng
  • Bohale—Ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ho Laola Bohale—Ba Hao le Ba Ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Bothata ba ho Halefa
    Tsoha!—2012
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Laola Khalefo ea Hao?
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 4/8 leq. 27

Pono ea Bibele

Na ho Halefa ho Fosahetse ka Mehla?

“KHALEFO ke bohlanya ba nakoana.” Ke kamoo seroki sa Roma ea boholo-holo Horace se hlalositseng maikutlo a mang a tloaelehileng a matla ka ho fetisisa. Le hoja e se bohle ba lumelang hore khalefo ke mofuta oa bohlanya ba nakoana, ba bang ba e talima e le mpe ka ho tebileng. Hoo e ka bang lekholong la botšelela la lilemo C.E., baitlami ba K’hatholike ba ile ba bokella lethathamo le tummeng haholo la “libe tse supileng tse bolaeang.” Ha se ho makatsang hore khalefo ea hlahella lethathamong leo.

Ho bonolo ho hlokomela lebaka le entseng hore ba ikutloe ka tsela ena. Bibele e re: “Khaotsa ho halefa, u tlohele bohale.” (Pesalema 37:8, BPN) ’Me moapostola Pauluse o ile a ipiletsa ho phutheho ea Efese: “Tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itšena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, li falatsoe ho lōna.”—Ba-Efese 4:31.

Leha ho le joalo, mohlomong u ka ipotsa, ‘Na eo ke eona feela pono ea Bibele ka khalefo? ’Me hona, na Pauluse ha a ka a bolela esale pele hore ‘mehla ea qetello’ eo re phelang ho eona e ne e tla ba “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona”?’ (2 Timothea 3:1-5, NW) Na ka sebele Molimo o re lebeletse ho phela linakong tsena tseo batho ba ‘halefileng, ba sa rateng se molemo, le ba se nang kameho ea tlhaho’ ka tsona—ka ntle le ho halefa leha e le hanyenyane feela?

Pono e Leka-lekaneng

Tsela eo Bibele e sebetsanang le taba ena ka eona ha e bonolo hakaalo. Ka mohlala, hlokomela mantsoe a Pauluse ho Ba-Efese 4:26 (NW): “Le halefe, empa leha ho le joalo le se ke la etsa sebe.” Ka sebele temana ena e ne e tla ba e sa utloahaleng haeba ho ne ho ka itlisa hore khalefo e be “sebe se bolaeang,” se loketsoeng ke tlhokofatso ea ka ho sa feleng.

Pauluse o ne a qotsa ho Pesaleme ea 4:4 (NW), e balehang tjena: “Le thohotheloe empa le se ke la etsa sebe.” Ho latela Vine’s Expository Dictionary of Biblical Words, lentsoe la Seheberu leo mona le fetoletsoeng e le “thohotheloa,” ra·ghazʹ, le bolela “ho thothomela ka lebaka la maikutlo a matla.” Empa ke maikutlo afe a matla? Na e ne e le khalefo? Phetolelong ea Septuagint ea Pesaleme ea 4:4, ra·ghazʹ ka Segerike e ne e fetoletsoe e le “ho halefisoa,” ’me ka ho hlakileng ke sona seo Pauluse a neng a se bolela mona.

Ke hobane’ng ha Bibele e lumella khalefo? Ke hobane hase khalefo eohle e leng mpe. Joalokaha mohlalosi e mong oa Bibele a hlalositse pono ea hore “ha ho mohla khalefo ea motho ka boeona e ka lokafatsoang le ho lumelloa” ha e lumellane le Mangolo. Setsebi sa Bibele R. C. H. Lenski ka ho loketseng se hlalositse Ba-Efese 4:26: “Melao ea motheo ea boitšoaro e thibelang ho halefa hohle le e hlokang khutso boemong bo bong le bo bong ke Bostoike eseng Bokreste.” Ka ho tšoanang Moprofesa William Barclay o hlokometse: “Ho tlameha ho be le khalefo e itseng bophelong ba Mokreste, empa e lokela ho ba khalefo e loketseng.” Empa “khalefo e loketseng” ke efe?

Khalefo e Loketseng

Le hoja khalefo e se tšobotsi e hlaheletseng ea hae, hangata ka Mangolong Jehova o hlalosoa e le ea nang le maikutlo le ea halefang. Leha ho le joalo, ka mabaka a mabeli khalefo ea hae ka linako tsohle ke e loketseng. La pele, le ka mohla ha a halefe ka ntle ho lebaka le loketseng. La bobeli, o bontša khalefo ea hae ka tsela e nang le toka le e loketseng, ha ho mohla a lahleheloang ke boitšoaro.—Exoda 34:6; Pesaleme ea 85:3.

Jehova o halefisoa ke ho hloka toka ho etsoang ka boomo. Ka mohlala, o ile a bolella Baiseraele hore haeba ba qhekella basali le bana ba hlokang boitšireletso, ‘ka ntle le ho hlōleha o ne a tla utloa sello’ sa bona. O ile a lemosa: “Ka sebele khalefo ea ka e tla tuka.” (Exoda 22:22-24, NW; bapisa le Liproverbia 21:13.) Ho tšoana le Ntat’ae, Jesu o ne a e-na le mosa ho bana. Ka nako e ’ngoe ha balateli ba hae ka maikutlo a matle ba leka ho thibela bana ho tla ho eena, ‘Jesu o ile a halefa’ ’me a nka bana a ba sika matsohong a hae. (Mareka 10:14-16) Ha e le hantle, lentsoe la Segerike bakeng sa “halefa” pele le ne le bolela “lehlaba ’meleng kapa bohloko.” Ka sebele ao ke maikutlo a matla!

Ka ho tšoanang, khalefo e loketseng e ile ea tlala ka pelong ea Jesu ha a bona barekisi le bahoebi ba fetotse ntlo ea Ntat’ae ea borapeli “lehaha la masholu.” O ile a phethola litafole tsa bona le ho ba leleka moo! (Mattheu 21:12, 13; Johanne 2:15) Ha Bafarisi le bangoli ba bontša kameho e feteletseng ka ho boloka ha bona melao ea Sabbatha ho feta bakuli ba neng ba hloka thuso, Jesu “o ile a utloa bohloko haholo ha a hlokomela ho hloka botho ha bona” ’me o ile a “talima lifahleho tse mo lika-likelitseng ka khalefo.”—Mareka 3:5, Phillips.

Ka ho tšoanang, Moshe oa boholo-holo ea tšepahalang o ile a halefela Baiseraele ba sa tšepahaleng ka ho loketseng ha a ne a pshatla matlapa a Molao oa Moshe. (Exoda 32:19) Mongoli ea lokileng Esdrase o ne a halefetse ho hloka kutlo ha Baiseraele molaong oa Molimo ka lenyalo hoo a ileng a hahola liaparo tsa hae le ho itlhotha moriri!—Esdrase 9:3.

Bohle ba ‘ratang se lokileng’ ba ikitlaetsa ka matla ho ‘hloea se sebe.’ (Amose 5:15) Ka hona, kajeno Bakreste ba ikutloa ba halefile ka ho loketseng lipelong tsa bona ha ba bona liketso tsa ka boomo, tse sa bontšeng pako tsa sehlōhō, boikaketsi, bolotsana, ho se tšepahale, kapa ho hloka toka.

Ho Sebetsana le Khalefo ka ho Loketseng

Hase ka phoso ha hangata Bibele e tšoantša khalefo le mollo. Joaloka mollo, ho na le moo e loketseng. Empa hape e ka baka tšenyo e tšabehang. Hangata ho fapana le Jehova le Jesu, khalefo ea batho ke ea ntle ho lebaka le loketseng kapa ba bontša khalefo ea bona ka tsela e sa lokang.—Bona Genese 4:4-8; 49:5-7; Jonase 4:1, 4, 9.

Ka lehlakoreng le leng, ho hatella khalefo ea hao le ho ikaketsa hase ho loketseng. Hopola hore Pauluse o ile a eletsa: “Letsatsi le se ke la le likella le ntse le halefile.” (Baefese 4:26, BPN) Ho na le litsela tsa Mangolo tsa ho bontša khalefo, joaloka ‘ho bua ka pelong ea hao,’ ho buisana le motho ea hōlileng eo u mo tšepang ka maikutlo a hao kapa ho talimana le mofosi.—Pesaleme ea 4:4; Liproverbia 15:22; Mattheu 5:23, 24; Jakobo 5:14.

Kahoo, ntle ho pelaelo hase ka mehla ho leng phoso ho halefa. Jehova le Jesu baa halefa—’me ba sa ntse ba tla halefa! (Tšenolo 19:15) Haeba re tla ba etsisa, mohlomong re ka ba ra tobana le maemo ao ho leng phoso ho se a halefele! Ntho ea bohlokoa e tla ba ho latela keletso ea Bibele, ho tiisa hore re na le lebaka le utloahalang bakeng sa maikutlo a rōna le ho a hlahisa ka mokhoa o loketseng, oa Bokreste.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Kaine le Abele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela