Na ho Ipolaea ke Tharollo?
“Ke khathetse ke ho tsoha hoseng ho hong le ho hong. Ke lahlehile. Ke halefile. Pelo ea ka e bohloko . . . Kahoo ke nahana ho tsamaea. . . . Ha ke batle ho tsamaea, empa ke ikutloa ke tlamehile. . . . Ke talima nako e tlang, ke bona lefifi le bohloko feela.”—Molaetsa o mokhutšoaane oa ho ipolaea o tsoang ho Peter ea lilemo li 21.a
LITSEBI li bolela hore bacha ba ka bang limilione tse peli United States ba lekile ho ipolaea. Ka masoabi, ba ka bang 5 000 ka selemo baa atleha. Empa bothata ba bacha ba ipolaeang hase ba United States feela. India, bacha ba ka bang 30 000 ba ipolaile ka 1990. Linaheng tse ling tse kang Canada, Finland, Fora, Iseraele, Netherlands, New Zealand, Spain, Switzerland, le Thailand, tekanyo ea ho ipolaea ha bacha e eketsehile ka mokhoa o tšosang.
Ho thoe’ng haeba motho e mong a ikutloa a sithabelitsoe ke masoabi—kapa a ikutloa a le tlokotsing ea maikutlo ’me a sa fumane tharollo? Mohlomong ho ipolaea ho ka bonahala e le teko, empa ha e le hantle ke feela tlokotsi e senyang. Liphello tsa eona li siea masoabi le bohloko ho metsoalle le lelapa. Le hoja nako e tlang e ka ’na ea bonahala e le lefifi ’me likhathatso tsa bonahala li tšosa, ho ipolaea hase tharollo.
Lebaka Leo ba Bang ba Ikutloang ka Tsela Ena
Monna ea lokileng Jobo o ne a tseba se boleloang ke ho nyahama. Hoba a lahleheloe ke lelapa la hae, matlotlo, le bophelo ba hae bo botle ba ’mele, o ile a re: ‘Pelo ea ka e khetha ho khangoa le ho shoa, ho fetisa ha ke boloka masapo a ka.’ (Jobo 7:15) Bacha ba bang kajeno ba ile ba ikutloa ka tsela e tšoanang. Mongoli e mong o ile a hlalosa sena tjena: “Khatello . . . e lebisa bohlokong (maikutlo a bohloko le tšabo) [bo] lebisang boitšireletsong (boiteko ba ho balehela bohloko).” Kahoo ho ipolaea ke boiteko bo fosahetseng ba ho balehela bohloko bo bonahalang bo ke keng ba mamelloa.
Ke eng e bakang bohloko bo joalo? Bo ka qholotsoa ke ketsahalo e itseng, e kang ho phehisana khang ka bohale le batsoali, mohlankana kapa kharebe. Ka mor’a ho khaohana le kharebe ea hae, Brad ea lilemo li 16 o ile a nyahama. Leha ho le joalo, ha ho mohla a kileng a bua ka maikutlo a hae. O ile a ipolaea ka ho iphanyeha.
Sunita ea lilemo li 19 o ile a tepella maikutlong ha batsoali ba hae ba hlokomela hore o ne a ntse a tsoela pele ka kamano ea boitšoaro bo bobe le mohlankana oa hae. Oa hopola: “Ke ne ke tseba hore ha ke batle ho tsoela pele ke phela kamoo ke neng ke phela kateng. Ho ile ha etsahala hore hang ha ke fihla hae ka bosiu bo bong ke qale ho noa li-aspirin. Hoseng ha letsatsi le latelang ke ne ke hlatsa mali. E ne e se bophelo ba ka empa tsela ea ka ea bophelo eo ke neng ke batla ho e felisa.”
Sekolo e ka ba mohloli o mong oa khatello e matla haholo. Ashish e mocha ea ileng a qobelloa ke batsoali ba hae (bao ka bobona e leng lingaka) hore e be ngaka, o ile a qala ho hlobaela ’me a qala ho itšehla thajana. Ka ho hlōleha ho finyella litebello tsa batsoali ba hae lithutong tsa sekolo, Ashish o ile a noa lipilisi tse ngata haholo tse robatsang. Sena se hopotsa motho ka Liproverbia 15:13 ka Bibeleng: “Moea o khathala ke bohloko ba pelo.”
Matšoenyeho a Lelapa
Pherekano ea lelapa—e kang tlhalano ea batsoali kapa karohano, lefu la setho sa lelapa, kapa ho fallela sebakeng se secha—ke lebaka le leng la ho ipolaea ha bacha ba bang. Ka mohlala, Brad ea boletsoeng pelenyana, o ile a lahleheloa ke metsoalle e ’meli ea hlooho ea khomo le mong ka eena kotsing ea koloi. Joale lelapa labo le ile la qala ho ba le mathata a lichelete. Brad o ne a selebaletsoe. Mohlomong o ile a ikutloa joaloka mopesaleme ea ileng a lla: “Moea oa ka o khotše litlokotsi . . . [Li] nkopetse joalo ka metsi ka letsatsi le leng le le leng.”—Pesaleme ea 88:3, 17.
Manane a phahameng haholo a bacha a tlas’a mofuta o mong oa khatello: ho hlekefetsoa ’meleng, maikutlong le ka likamano tsa botona le botšehali. Motse oa Kerala, India, o na le lenane le phahameng ka ho fetisisa la ho ipolaea ha bacha naheng eo. Lenane le leholo la banana ba ka tlaase ho lilemo tse 20 le lekile ho ipolaea ka lebaka la ho hlekefetsoa ke bo-ntat’a bona. Ho hlekefetsoa ha bana ha mefuta e sa tšoaneng ho phahame ka tekanyo e tšosang haholo lefatšeng lohle, ’me ho bahlaseluoa ba se nang molato, ho tšoenyeha e ka ba ho matla haholo.
Lisosa tse Ling tsa Tšoenyeho
Hase maikutlo ’ohle a ho ipolaea a bakoang ke lisosa tsa ka ntle. Tlaleho e ’ngoe ka phuputso ea bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba sa nyaloang e itse: “Ba batona le ba batšehali ba kopanelang likamanong tsa botona le botšehali le ho noa joala ba kotsing e khōloanyane [ea ho ipolaea) ho feta ba sa etseng lintho tseo.” Boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali ba Sunita bo felletse ka ho ima—hoo a ileng a ho felisa ka ho ntša mpa. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 6:18.) Kaha a ne a khathatsoa ke letsoalo le molato, o ne a batla ho shoa. Ka ho tšoanang, Brad o ’nile a qalisa ho noa a le lilemo li 14 ’me a qala ho kopanela meketjaneng ea botahoa ka mehla. E, joala ha bo sebelisoa hampe bo ka ‘loma joaloka noha.’—Liproverbia 23:32.
Maikutlo a ho ipolaea a ka boela a hlaha boikutlong ba motho “bo mo tšoenyang.” (Pesaleme ea 94:19, NW) Lingaka li bolela hore monahano o tepeletsang maikutlo ka linako tse ling o bakoa ke mabaka a fapaneng a tšebetso ea bophelo. Ka mohlala, Peter, ea boletsoeng qalong, o ile a bonoa a e-na le matšoao a ho se leka-lekane ha li-k’hemik’hale bokong ba hae pele a ipolaea. Maikutlo a khatello a sa hlahlojoeng a ka matlafala haholo; ho ipolaea ho ka bonahala e le hona feela khetho.
Ho Fumana Thuso
Leha ho le joalo, ho ipolaea ha hoa lokela ho talingoa e le hona khetho. Ebang rea ho hlokomela kapa che, kaofela ha rōna re na le seo litsebi tsa bophelo bo botle ba kelello Alan L. Berman le David A. Jobes li se bitsang ‘mehloli ea ka hare le ea ka ntle ea ho sebetsana le khatello le khohlano ka katleho.’ Mohloli o mong e ka ba lelapa le metsoalle. Liproverbia 12:25 e re: “Masoabi a fifatsa pelo ea motho; empa puo e molemo ea e thabisa.” E, lentsoe le molemo le tsoang ho motho ea utloisisang mohlomong le ka fetola boemo haholo!
Kahoo haeba leha e le mang a ikutloa a tepeletse maikutlong kapa a e-na le lipelaelo, ho bohlale hore a se utloe bohloko a le mong. (Liproverbia 18:1) Motho ea bohlokong a ka tšollela pelo ea hae ho motho eo a mo tšepang. Ho buisana le motho e mong ho ka thusa ho fokotsa sekhahla sa maikutlo a hao ’me ho ka u neha kutloisiso e ncha ka mathata. Haeba pelo ea motho e utloile bohloko ka lebaka la ho lahleheloa ke motsoalle kapa moratuoa ka lebaka la lefu, motho eo o lokela ho bua ka seo le motho eo a mo tšepang. Ha bohloko ba tahlehelo e joalo bo lumeloa le ho utluoa, motho oa tšeliseha. (Moeklesia 7:1-3) Ho ka thusa motho ho tšepisa ho ikopanya le motho eo a mo tšepang haeba maikutlo a ho ipolaea a khutla.
Ke ’nete, ho ka ’na ha e-ba thata ho tšepa motho e mong. Empa kaha bophelo ka bobona bo le kotsing, na seo ha sea tšoanela boitelo? Mohlomong boikutlo bo matla ba ho intša kotsi bo tla feta haeba taba e buuoa. E mong a ka ’na a botsa: ‘Le mang?’ Haeba batsoali ba hao e le ba tšabang Molimo, ke hobane’ng ha u sa leke ‘ho ba neha pelo’ ea hao? (Liproverbia 23:26) Mohlomong bona ba autloisisa hamolemo ho feta kamoo ba bangata ba nahanang ’me ba ka tseba ho thusa. Haeba ho bonahala ho hlokahala thuso e eketsehileng—joaloka tlhahlobo ea ngaka—ba ka e lokisetsa.
Litho tsa phutheho ea Bokreste ke mohloli o mong oa thuso. Banna ba hōlileng moeeng phuthehong ba ka tšehetsa le ho thusa ba tepeletseng maikutlong. (Esaia 32:1, 2; Jakobo 5:14, 15) Ka mor’a boiteko ba hae ba ho ipolaea, Sunita o ile a fumana thuso ho moevangeli oa nako e tletseng (pula-maliboho). Sunita o re: “O ne a e-oa le ho tsoha le ’na. Hoja e se ka eena, ka sebele nkabe ke hlanya.”
Ho Mamella
Ho boetse ho na le mehloli ea ka hare e ka fumanoang. Ka mohlala, na ho hlokofatsoa ke maikutlo a letsoalo le molato ho bakoa ke phoso e itseng? (Bapisa le Pesaleme ea 31:10.) Ho e-na le ho lumella maikutlo a joalo ho hōla, ho bohlale hore motho a lokise litaba. (Esaia 1:18; bapisa le 2 Ba-Korinthe 7:11.) Bohato bo loketseng e tla ba ho ipolela ho batsoali. Ke ’nete ba ka ’na ba ikutloa ba halefile qalong. Mohlomong ba tla lebisa tlhokomelo ho faneng ka thuso. Le rōna re kholisehile hore Jehova ‘o tšoarela haholo’ ba bakileng e le ka ’nete. (Esaia 55:7) Sehlabelo sa thekollo sa Jesu se koahela libe tsa motho ea bakileng.—Ba-Roma 3:23, 24.
Bakreste ba boetse ba na le tumelo, tsebo ea Mangolo, le kamano ea bona le Jehova Molimo tseo ba ka li fumanang. Maemong a fapaneng mopesaleme Davida o ne a tepelletse maikutlo hoo a ileng a re: “Sera se hlorisa moea oa ka, se hatile bophelo ba ka fatše.” Ha a ka ba a ineela ho nyahameng. O ile a ngola: “Ke bitsa ho Jehova ka lentsoe la ka; ke rapela Jehova ka lentsoe la ka la thapelisiso.” “Ke elelloa mehla ea khale, ke hopola tsee u li entseng kaofela, ke nahana tsohle tseo matsoho a hao a li sebelitseng.”—Pesaleme ea 142:1; 143:3-5.
Haeba takatso ea motho ea ho intša kotsi e e-ba matla, motho o lokela ho bitsa lebitso la Jehova thapelong. O utloisisa bohloko ’me o batla hore motho ea utloang bohloko a phele! (Pesaleme ea 56:8) A ka sebelisa “matla a fetang a tloaelehileng,” ho thusa ho mamella bohloko. (2 Ba-Korinthe 4:7, NW) Hape motho o lokela ho nahana ka bohloko boo lefu la ka boomo le tlang ho bo tlisa ho lelapa, metsoalle, le ho Jehova ka boeena. Ho nahana ka lintho tse joalo ho ka thusa motho ho lula a phela.
Le hoja ho batho ba bang ho ka ’na ha bonahala bohloko ho se mohla bo tla fela, ba ka kholiseha hore le ba bang ba fetile har’a bohloko bo tšoanang. Ba khona ho bua ho tsoa phihlelong hore lintho li ka fetoha ebile li hlile lia fetoha. Ba bang ba ka fana ka thuso ho feta har’a nako e bohloko joalo. Ba tepelletseng maikutlo ba lokela ho batla thuso e hlokahalang e ba loketseng—le hore ba lule ba phela!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ho molemo haholo ho buisana ka maikutlo a bohloko le motho e mong