Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 7/8 leq. 27
  • Bophelo bo se Nang Bohloko bo Atametse!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo bo se Nang Bohloko bo Atametse!
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Musi ea Nang le Matla a Phahametseng a Batho
  • Haufinyane—Lefatše le se Nang Bohloko!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Bohloko bo ke Keng Ba Hlola Bo E-Ba Teng
    Tsoha!—1994
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Nakong eo Batho Bohle ba Tla Ratana
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 7/8 leq. 27

Bophelo bo se Nang Bohloko bo Atametse!

TŠEBETSO e rarahaneng ea ’mele e re sireletsang kotsing ka sebele ke e babatsehang. Ho ithuta ka eona ho lokela ho re susumeletsa ho rorisa ’Mōpi, joalokaha ho ngotse mopesaleme Bibeleng: “Ke tla u roka hobane ka tsela e susumetsang tšabo ke entsoe ka mokhoa o hlollang.” (Pesaleme ea 139:14, NW) Ka sebele ke Molimo feela ea ka etsang hore bophelo bo se nang bohloko bo be teng! Empa sena se tla finyelloa joang?

Hlokomela hore pele ho tšepiso ea hore bohloko le meokho li tla felisoa, Bibele e bua ka “leholimo le lecha le lefatše le lecha; hobane leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile.” (Tšenolo 21:1‚ 4) Bonneteng, Bibele ha e bue ka leholimo le lefatše la rōna la sebele tse fetang. Ho e-na le hoo, ka bokhutšoanyane e bolela hore tsamaiso e ncha ea lintho ka ho feletseng e tla nkela ea joale sebaka. E, tsamaiso e ncha, ’muso o phahametseng oa batho o tla etsa hore ho be bonolo ho thabela bophelo bo se nang bohloko mona lefatšeng.

Ha Bibele e hlalosa ’muso ona e re “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso [kapa puso] . . . o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” (Daniele 2:44) Ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng, o ile a re ruta ho rapella puso ena ea ’Muso ha a re: “Joale lōna, rapelang joalo, le re: Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong.”—Mattheu 6:9, 10.

Ke joang ho phethahatsoa ha thapelo eo ho ka bolelang bophelo bo se nang bohloko ho uena?

’Musi ea Nang le Matla a Phahametseng a Batho

Tharollo e itšetlehile ka bohlale le matla tsa eo Molimo a mo khethileng ho etella pele pusong ea Hae. Eo ke Jesu Kreste ka boeena. Ka eena boprofeta ba Bibele bo re: “Borena bo beiloe lehetleng la hae . . . le ho tlisa khotso e sa feleng.”—Esaia 9:6‚ 7.

Bohlale ba Jesu, eo hona joale a leng leholimong, bo feta hōle ba lingaka tsohle tsa lefatše. O utloisisa ka botlalo ho sebetsa ha ’mele ea rōna, ho akareletsa le tsamaiso ea ho itšireletsa kotsing. Ha e ne e le motho lefatšeng lilemong tse 1 900 tse fetileng, ho ne ho se lefu kapa bohloko leo a neng a hlōleha ho le phekola. Kahoo o bontšitse seo haufinyane a tla se etsa ka tekanyo e khōloanyane joaloka ’Musi oa ’Muso oa Molimo. Bibele e re ka eena:

“Matšoele a mangata a tla ho eena, a tlisa lihlotsa, le lifofu, le limumu, le lihole, le ba bang ba bangata; ba ba bea maotong a Jesu, ’me a ba folisa. Eaba bongata boo boa makala, ha bo bona limumu li bua, le lihole li e-na le ’mele o motle, le lihlotsa li tsamaea, le lifofu li bona.” (Mattheu 15:30‚ 31) Har’a maloetse ao Jesu a tla a phekola nakong ea puso ea ’Muso oa hae, e tla ba lefu le tšajoang haholo la bohloko bo sa feleng.

Ka sebele eo e tla ba tlhohonolofatso e kaakang! E ke ke ea phethahatsoa molemong oa ba ’maloa feela. Tšepiso ea ’Mōpi ke ho re: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24, NW) Joale, tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo tšepiso ena e tla phethahatsoa, “ha ho sa tla ba . . . bohloko.”—Tšenolo 21:4.

Tlas’a puso e molemo ea ’Muso oa Kreste, litšebetso tse ngata tsa ’mele ea rōna, ho akareletsa le tse re sireletsang kotsing, li tla sebetsa ka mokhoa o phethahetseng hobane sebe se futsitsoeng se tla be se tlositsoe. Le ka mohla ho utloa ha rōna bohloko ho ke ke ha fetoha tlhokofatso. Ka thabo, ho latela boprofeta ba Bibele bo ntseng bo phethahala, re eme lintšing tsa lefatše leo le lecha moo ho ke keng ha hlola ho e-ba le bohloko bo bakang tsieleho.—Mattheu 24:3-14, 36-39; 2 Timothea 3:1-5; 2 Petrose 3:11-13.

U ka thabela bophelo tlas’a ’Muso oa Molimo ha mofuta oa bohloko o khathatsang batho ba limilione hona joale o se o le sieo. Empa ho hlokahala hore u etse ho hong. Jesu Kreste o ile a supa tlhokahalo ea motheo ha a ne a re thapelong ho Molimo: “’Me bophelo bo sa feleng, ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Johanne 17:3.

Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ho fumana tsebo ena ea bohlokoa. Botsa e mong oa tsona tulong ea heno, kapa u ngolle bahatisi ba makasine ona, moo u hlalosang hore u lakatsa ho ba le thuto ea Bibele lehaeng la hao kapa sebakeng leha e le sefe se loketseng. Joale ho tla etsoa litokisetso tsa hore u ithute ka ho eketsehileng ka merero ea Molimo ho re batho ba thabele bophelo bo se nang bohloko.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela