Ho Boloka Thuto Sebakeng se e Loketseng
MOETSI oa litšoantšo ea hloahloa o khona ho hlahisa botebo. Makolopetso a ka pele a hlahisoa haholoanyane ho feta a bohareng le a ka morao. Ho joalo feela le ka lintho tseo re li nkang e le tsa bohlokoa bophelong. Tse ling tsa tsona li tšoaneloa ke ho nkoa e le tsa bohlokoa ho feta tse ling.
Jesu Kreste o ile a re: “Ho lehlohonolo bafumanehi moeeng, hobane ’muso oa maholimo ke oa bona.” (Mattheu 5:3) Kahoo, lintho tsa bohlokoa tsa moea li lokela ho nkoa e le tsa bohlokoahali. Ho fapana le hoo, lintho tse bonahalang e lokela ho ba tsa bohlokoa bo fokolang.
Thuto e kenella joang tabeng ee? Ka sebele hase ntho eo eseng ea bohlokoa ho Mokreste. Hangata tekanyo e itseng ea thuto ea lefatše e ea hlokahala ho phetha tlamo ea Mangolo e fanoang ke moapostola Pauluse: “Ekare ha e mong a sa baballe bahabo, haholo ba ntlo ea hae, eo o latotse tumelo, ’me o fetisoa ke ea sa lumelang.” (1 Timothea 5:8) Ho feta moo, thōmo eo Jesu a ileng a e fa balateli ba hae, ho etsa barutuoa, ‘ho ba ruta ho boloka tsohle tseo [a] li laetseng,’ e hloka hore motho a ‘fumane tsebo’ ebe o ruta ba bang ka tsela e atlehang.—Mattheu 28:19, 20; Johanne 17:3, NW; Liketso 17:11; 1 Timothea 4:13.
Empa thuto e tlameha ho bolokoa sebakeng se e loketseng. Ha e ea lokela ho phehelloa feela ka sepheo sa ho ipabola sekolong kapa ho fumana mangolo a degree a tsotehang. Ho fa thuto bohlokoa bo sa hlokahaleng ho fella ka matšoenyeho. Ke ’nete, ho ka ’na ha fana ka melemo ea nakoana ea lintho tse bonahalang. Empa joalokaha Morena Salomone ea bohlale a ile a hlokomela: “U sebeletsa ntho ka bohlale ba hao bohle, tsebo, le matla, ebe u e tlohella motho ea sa kang a tlameha ho e sebeletsa.”—Moeklesia 2:21, Today’s English Version.
Lipaki tsa Jehova li thahasella thuto, eseng feela hore li be le eona, empa bakeng sa ho ntlafatsa bohlokoa ba tsona tšebeletsong ea Molimo le bakeng sa ho iphelisa. Kaha tšebeletso ea bona hase mosebetsi oa ho etsa phaello, ba bangata ba lokela ho itšetleha ka mosebetsi oa boipheliso e le hore ba phele. Sena e ka ba phephetso haholo-holo bakeng sa basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova, ba bitsoang bo-pula-maliboho. Ba tlameha ho latela kemiso e boima tšebeletsong ea bona ka nako e tšoanang ba etsa litokisetso tsa chelete e lekaneng ho ba phelisa le malapa a bona haeba ba nyetse.a—Liproverbia 10:4.
Ka mor’a ho leka-lekanya mabaka a fapaneng a amehang, ba bang ba Lipaki tsa Jehova ba ile ba khetha ho nka thuto ea tlatsetso. Ka ho hlakileng, ba ile ba tlameha ho ba le temoho e le hore ba boloke thuto sebakeng se loketseng. Ke eng e ba thusitseng ho etsa see? Moahi oa Brazil e mocha ea bitsoang John o re: “Ke ile ka thusoa ke lintho tse ’maloa. Leha ke ne ke lokela ho ithuta bosiu, ke ne ke sa fetoe ke liboka tsa Bokreste. Hape ke ile ka hlakisetsa bao ke leng ka tlelaseng le bona ho tloha qalong hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.”
Eric, eo le eena a lulang Brazil, o ile a sebelisa menyetla ea ho bua le ba bang ka tumelo ea hae ha a ntšetsa pele thuto ea hae. O re: “Ke ne ke nka sekolo e le tšimo ea ka e khethehileng. Ke ile ka khona ho khanna lithuto tsa Bibele le matichere le liithuti tse seng kae, bao ba bahlano ba bona ba seng ba kolobelitsoe, ba babeli ba bona ba sebeletsang e le baholo.”
Richard o ile a boela sekolong e le seithuti sa nakoana hore a fumane lengolo la degree la boqapi. O re: “Ho kena sekolo ho ile ha nthusa ho fumana mosebetsi oa ho iphelisa le ho phelisa mosali oa ka, empa ho ile ha boela ha mpulela monyetla. Ha ke e-ea Liholong tsa ’Muso tse hahoang kapele ’me ke bua le ba ikarabellang, ke ile ka fumana hore ho na le tlhoko ea baqapi.b Joale thuto ea ka e sebelisoa hamolemo mererong ena. Ho phaella moo, ’na le mosali oa ka re tšepa hore qetellong re tla sebeletsa ntlo-khōlō ea lefatše kapa mererong ea kaho ea machaba ea Lipaki tsa Jehova.”
Ka nako e tšoanang, ba bangata ba Lipaki tsa Jehova ba finyelletse phephetso ea ho iphelisa le malapa a bona ka ntle le ho fumana thuto e eketsehileng. Mary oa hlalosa: “Ke iphelisa ka ho etsa mosebetsi oa ntlo matsatsi a mabeli ka beke. Ka ho makatsang, ke etsa chelete e ngata ka hora ho feta ba bang ba batho bao ke ba sebeletsang. Empa ke talima mosebetsi oa ka e le mokhoa oa ho finyella sepheo. O etsa hore ke khone ho tsoela pele ka mosebetsi oa bopula-maliboho, ’me ho hang ha ke ikoahlaee.”
Steve o na le maikutlo a tšoanang. O re: “Ha ke qala ho bula maliboho, ba bang ba ile ba re ho ’na: ‘U tla etsa joang ha u ka nyala ua ba le lelapa? Na u tla khona ho amohela chelete e lekaneng?’ Kamoo ho bileng kateng, ke entse mesebetsi e mengata e fapaneng hoo e batlang e le nthong e ’ngoe le e ’ngoe e teng ke nang le phihlelo. Joale kaha ke na le mosali eo ke lokelang ho mo hlokomela, ke fumana hore ke etsa chelete e ngata ho feta ba bang ba tsoang kolecheng ba sebetsang boemeling ba rōna.”
E ka ’na eaba bo-ntate ba sa lumelang ba ’nile ba batla hore bana ba banyenyane ba nke thuto ea tlatsetso, ’me ba na le matla a Mangolo a ho etsa sena. Leha ho le joalo, mabakeng a joalo, ebile e le tumellanong le Mattheu 6:33, bacha ba ka ’na ba nka lithuto tse tla ba thusa ho ba molemo haholoanyane tšebeletsong ea Jehova kapa esita le ho ba lumella ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng ba ntse ba kena sekolo.
Thuto e Fetisisang
Lipaki tsa Jehova kaofela, ho sa tsotellehe boemo ba tsona ba thuto, li na le ntho e tšoanang. Li hlokomela hore mohloli oa thuto ea bohlokoahali e fumanehang kajeno ke Lentsoe la Molimo, Bibele. Johanne 17:3 e re: “’Me bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” Ho sa tsotellehe hore na Mokreste o fumana thuto efe ea lefatše, ho fumana tsebo ka Jehova le Mora oa hae, Jesu, e tlameha ho ba ntho ea bohlokoahali.
Mohlala ona o ile oa behoa ke Bakreste ba lekholo la pele la lilemo. Manahene o ne “a rutiloe le Heroda ’musi oa setereke,” empa o ne a le teng a bile a le mafolo-folo har’a baprofeta le matichere a phutheho ea Antioke. (Liketso 13:1, NW) Ka ho tšoanang, Pauluse o ile a amohela seo kajeno se ka lekanang le thuto ea univesithi. Leha ho le joalo, ka mor’a ho fetoha Mokreste, o ile a boloka koetliso ea hae sebakeng sa eona. Ho e-na le ho e sebelisetsa ho thothometsa ba bang, o ile a sebelisa tsebo ea hae ea thuto ea kahisano, molao, le histori ho bolela ho batho ba mefuta eohle.—Liketso 16:37-40; 22:3; 25:11, 12; 1 Ba-Korinthe 9:19-23; Ba-Filippi 1:7.
Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba ne ba sa tuma haholo ka maemo a bona a thuto. Ba bangata e ne e le “ba sa rutehang, e le batho feela,” ba sa ka ba rutoa likolong tsa boruti. Empa sena ha se bolele hore ba ne ba sa ruteha. Ho fapana le hoo, banna bana le basali bana ba ne ba hlometse ho sireletsa tumelo ea bona—e leng se neng se fana ka bopaki ba thuto e nang le motheo o tiileng.—Liketso 4:13.
Ka hona, Bakreste bohle ba thahasella thuto haholo. Ka nako e tšoanang, ba hahamalla ho “lemoha litaba tse fetisang ka molemo,” ba boloka thuto—le ntho efe kapa efe—e le sebakeng se e loketseng.—Ba-Filippi 1:9, 10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hoa hlokomeleha hore moapostola Pauluse ea neng a rutehile haholo o ile a khetha ho iphelisa tšebeletsong ka ho etsa litente, mosebetsi oo ho ka etsahalang hore ebe o ile a ithuta oona ho ntate oa hae. Ho etsa litente e ne e se mosebetsi o bonolo. Lesela la boea ba pōli le sebelisoang, le bitsoang cilicium, le ne le le thata le le mahoashe, ka hona ho le thata ho le seha le ho le roka.—Liketso 18:1-3; 22:3; Ba-Filippi 3:7, 8.
b Polelo “tse hahoang kapele” e bolela mokhoa o hlophisehileng haholo oa kaho o qapiloeng ke Lipaki tsa Jehova. Baithaopi ba sebetsang mererong ena ha ba lefuoe; ba fana feela ka nako ea bona le matlotlo. Selemo le selemo United States ho ahoa Liholo tsa ’Muso tse ncha tse ka bang 200, ’me tse ling tse 200 lia nchafatsoa ho sebelisoa mokhoa ona.
[Lebokose le leqepheng la 22]
Thuto ea Tlatsetso
Molula-Qhooa oa November 1, 1992, o ile oa hlokomela sena mabapi le Lipaki tsa Jehova le tšebeletso ea nako e tletseng: “Linaheng tse ngata tloaelo ke hore tekanyo ea ho kena sekolo e hlokahalang bakeng sa hore motho a fumane moputso o molemonyana e phahame ho feta kamoo e neng e le kateng lilemong tse fetileng. . . . Ho thata ho fumana mosebetsi o lefang hantle ka mor’a ho qeta nako e nyenyane e hlokoang ke molao . . .
“Ho boleloa’ng ka ‘moputso o molemonyana’? . . . Chelete eo ba e fumanang ho ka thoe e ‘lekane,’ kapa ‘ea khotsofatsa,’ haeba seo ba se fumanang se ba lumella hore ba phele hamolemonyana le hoja ba ntse ba e-na le nako e lekaneng le matla a ho phetha tšebeletso ea bona ea Bokreste.”
Kahoo Molula-Qhooa o ile oa re: “Ha hoa lokela ho etsoa melao e thata-thata ho tšehetsa kapa ho hanyetsa thuto ea sekolo e eketsehileng.”
[Lebokose le leqepheng la 23]
Khothalletso e Tšoanetseng
Selemo sa pele ho seo a qetileng sekolong ka sona, Matthew o ile a nahanisisa kamoo a ka iphelisang kateng ha ka nako e tšoanang a phehella mosebetsi oa ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a ho nahanisisa taba eo ka thapelo, Matthew le batsoali ba hae ba ile ba nahana hore thuto e eketsehileng e ka ba ea bohlokoa hore a finyelle pakane ea hae. Kahoo, o ile a kenya kōpo ea thuso ea ho ntšetsa thuto ea hae pele. Moeletsi oa liithuti tsa sekolo sa habo Matthew o ile a qhoaella lengolo la khothalletso, a re:
“Lilemong tse fetileng tse peli le halofo, e bile monyaka ho ba moeletsi le motsoalle oa Matt. Matt ke motho ea khonang ho ikemela . . . O na le tumelo e tebileng le kholiseho e matla, tse phunyelletsang likamanong tsa hae le liketsong.
“Lilemong tse fetileng, Matthew o ’nile a ikoetlisetsa boboleli. ’Moleli oa bolumeli ba hae ha a amohele litlhapiso tsa chelete. Ka ’nete ke tšebetso ea lerato. E le mohlankana ea sa ikhohomoseng, Matt oa nahana le ho nahanela. Thuso ena ea ho ntšetsa lithuto pele e ka fana ka mokhoa oa tšehetso ho monna enoa oa tumelo hore a tsoele pele ka koetliso ea hae le mosebetsi oa boithaopo.
“Mabapi le mosebetsi oa boithaopo le tšebeletso ea sechaba, Matt o sebelitse lihora tse ngata tsa boboleli ba ntlo le ntlo ka mafelo-beke le ha sekolo se tsoile le nakong ea lehlabula. O sebetsa ka har’a motse le mefuta e mengata ea batho. Matt o bonahalitse matla le bokhoni ba hae ba ho etella pele ka ho khanna lithuto tsa Bibele le ba hōlileng le ba bacha ka ho tšoanang. . . . O khona ho susumetsa batho le ho ba thusa ho hlokomela matla a bona a felletseng. Ka tlelaseng, matichere a bua ka hore ka linako tsohle ke tšusumetso e molemo. O etella pele lipuisano tsa tlelase ’me ke motho ea khonang ho beha mabaka ho tšehetsa taba. . . .
“Matt ke e mong oa bahlankana ba molemo ka ho fetisisa bao nkileng ka ba le tokelo ea ho ba eletsa. O ratoa haholo ke lithaka tsa hae le matichere. Botšepehi ba hae ke ba boemo bo holimo-limo.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Lipaki tsa Jehova li thahasella thuto lebaka la sehlooho e le hore e be basebeletsi ba atlehang haholoanyane ba Molimo