Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 9/8 maq. 10-13
  • Bohlokoa ba ho Nyantša

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bohlokoa ba ho Nyantša
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pele Lesea le Hlaha
  • Matsatsi Hoba Lesea le Hlahe
  • Nako ea ho Khoesa
  • Bopaki ba ’Mōpi ea Lerato
  • Kamoo Bophelo ba Lenyalo bo Fetohang ha Ngoana a E-⁠ba Teng
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Seo Bana ba se Hlokang le Seo ba se Batlang
    Tsoha!—2004
  • Lebese la ’Mè
    Na e Entsoe?
  • Kamoo Bophelo ba Lenyalo bo Fetohang ha Bana ba E-ba Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 9/8 maq. 10-13

Bohlokoa ba ho Nyantša

KA MONGOLLI OA TSOHA! NIGERIA

Haeba uena, joaloka bo-’mè ba bangata, u entse qeto ea ho nyantša lesea la hao, u khethile ho sebelisa tokisetso e lerato ea ’Mōpi bakeng sa moloko oa batho. Lebese leo ’mele oa hao o le hlahisang le tla finyella litlhoko tsohle tsa phepo ea lesea la hao hore le hōle le phetse hantle. Ho tla boela ho sireletse lesea la hao mafung a tloaelehileng. Ke ka mabaka a utloahalang

WHO (World Health Organization [Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo]) o itseng: “[Lebese la letsoele] ke sejo se molemo ka ho fetisisa seo lesea le ka se fumanang. Lintho tsohle tse nkelang lijo sebaka, ho akarelletsa le lebese la khomo, metsoako ea lebese la phofo le motoho, ke tsa boemo bo tlaase.”

Ho nyantša ho boetse ho molemo ho uena. Ha ho litami tse tlamehang ho hlatsuoa kapa ho ineloa ka motsoakong o bolaeang likokoana-hloko le maeto a sa feleng a ho ea kicheneng har’a mpa ea bosiu ho lokisetsa lesea la hao lijo. Ho nyantša ho molemo ’meleng oa hao kaha ho tla u thusa ho fokotsa boima ba ’mele boo u bileng le bona ha u le moimana ’me ho tla thusa pōpelo ea hao ho khutlela boholong ba eona bo tloaelehileng. Liphuputso li etsa tlhahiso ea hore basali ba nyantšang masea a bona ho bonahala ba ke ke ba tšoaroa ke kankere ea matsoele.

Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lithuso tsa Bana oa tiisa: “Hoo e ka bang ’mè e mong le e mong a ka khona ho nyantša lesea la hae.” Le uena u ka khona ho le nyantša. Leha ho le joalo, mohlomong u ka hlokomela hore ho nyantša ha ho bonolo joalokaha u ne u nahana, haholo-holo haeba u qala. Ho joalo hobane ho nyantša, le hoja e le mokhoa oa tlhaho, hase ha tšekamelo ea tlhaho; ke mosebetsi oo u tlamehang ho ithuta oona. Mohlomong u tla hlokomela hore sena se tla nka uena hammoho le lesea la hao matsatsi a se makae kapa esita le libeke tse seng kae ho qalisa tloaelo e bonolo le e thabisang.

Pele Lesea le Hlaha

Haeba u ne u e-s’o nyantše lesea ka ho atlehileng pele, buisana le bo-’mè ba ileng ba atleha ho etsa joalo. Ba ka u thusa ho qoba mathata kapa ho a hlōla. Ba ka boela ba u thusa ho tšepa matla a hao a ho nyantša lesea la hao ka ho atlehileng.

Ha u le moimana le ka mor’a moo, ke habohlokoa hore u fumane phomolo e lekaneng. Ho phaella moo, etsa bonnete ba hore u ja lijo tse lekaneng. Breastfeeding, e leng khatiso ea WHO e itse: “Phepo e fokolang pele esita le nakong ea ho ima e ka ba sesosa sa khōlo e fokolang ea lesea ka pōpelong. E ka boela ea bolela hore ’mè ha a khone ho boloka mafura a lekaneng bakeng sa tlhahiso ea lebese hamorao. Ka hona, nakong eohle ea ho ima le ea ho nyantša, ’mè o lokela ho ja lijo tse fapaneng tse leka-lekaneng.”

Tlhokomelo ea matsoele e boetse ke ea bohlokoa. Likhoeling tsa ho qetela tsa ho ima, hlatsoa matsoele a hao nakong eo u hlapang ka eona, empa u se sebelise sesepa. Mekotlana ea maro a botšong bo pota-potileng tlhōkō e ntša lero le thibelang likokoana-hloko le ho boloka litlhōkō li le mongobo le ho li sireletsa khahlanong le tšoaetso. Sesepa se ka omeletsa litlhōkō le ho tlosa lero lena kapa se fokotse matla a lona. Haeba matsoele a hao a omella kapa a hlohlona, mohlomong u ka rata ho a tlotsa ka cream kapa lotion e thobang. Empa qoba ho tlotsa tlhōkō kapa selika-likoe se ’mala o lefifi ho pota tlhōkō.

Ka linako tse ling lingaka li ne li buella hore bo-’mè ba “emise lintlha” tsa litlhōkō tsa bona nakong ea ho ima ka ho li silila ka matla. Le hoja ho ne ho nahanoa hore sena se thibela litlhōkō ho ba bohloko nakong ea ho nyantša, liphuputso li bontša hore sena hase molemo hakaalo. Hangata bohloko bo bakoa ke ho kotlobanya lesea letsoeleng nakong eo le nyanyang.

Boholo le sebōpeho sa matsoele hase litšobotsi tse laolang hore ho nyantša e tla ba ho atlehileng, empa lesea le ka hlōleha ho finyella tlhōkō e bataletseng kapa e se nang ntlha. U ka itlhahloba ka ho penyeletsa hantle ka mor’a tlhōkō ka ’ngoe ka monoana oa hao o motona le oa bosupa ho tiisa hore litlhōkō li tsoele kantle. Haeba li sa tsoele kantle, bona ngaka. Mohlomong e ka khothalletsa shell, e leng ntho e kenngoang letsoeleng nakong ea ho ima kapa mahareng a linako tsa ho nyantša. Hangata li-shell li ntlafatsa sebōpeho sa litlhōkō tse shebileng morao kapa tse se nang ntlha.

Matsatsi Hoba Lesea le Hlahe

Ho molemo hore u qale ho nyantša lesea la hao nakong ea hora hoba le hlahe. Ba bang mohlomong ba nahana hore hang feela ka mor’a mosebetsi ’ohle oa ho beleha, ’mè le lesea ba ka khathala haholo hore ba ka ba le kamano ea botho. Empa hangata ’mè o ikutloa a le sehlahlo, ’me lesea ka mor’a ho nka metsotso e se mekae ho tloaelana le bophelo ba kantle ho pōpelo, ka mahlaha-hlaha le batla matšeliso a letsoele.

Batsoetse ba bacha ba fepa masea a bona a sa tsoa hlaha khatsela. Motsoako ona o “mosehla” ke oa bohlokoa haholo bakeng sa lesea. O na le metsoako e loantšang likokoana-hloko tse kotsi. O boetse o na le liprotheine ’me o na le tekanyetso e fokolang ea tsoekere le mafura, ’me sena se o etsa lijo tse loketseng matsatsing a pele a seng makae a bophelo. Ntle le haeba ho e-na le mathata a itseng a meriana, lesea le ke ke la hloka lijo tse ling kapa seno. Lijo tsa tlatsetso tsa tami li ka tsoafisa lesea ho nyanya kaha ho sa hlokahale boiteko bo matla ho nyanya tami.

Hangata bo-’mè ba qala ho hlahisa lebese le se nang khatsela matsatsi a mabeli ho isa ho a mahlano ka mor’a ho beleha. Phallo e eketsehileng ea mali ho ea matsoeleng nakong ena e ka etsa hore matsoele a hao a be maholo le hoba bonolo. Sena se tloaelehile. Hangata ho nyantša ho tla fokotsa bohloko. Leha ho le joalo, ka linako tse ling matsoele a ruruhileng a tla etsa hore litlhōkō li batalle. Kaha sena se thatafalletsa lesea ho nyanya, mohlomong u tla lokela ho ntša lebese ka ho hama matsoele. U ka etsa sena ka ho silila letsoele ka leng ka matsoho a mabeli, ho tloha motheong oa lona ho ea tlhōkōng.

U ke ke oa lekanyetsa lebese leo lesea la hao le le nyanyang, empa u se tšoenyehe—’mele oa hao o hlomelletsoe hamolemo ho hlahisa lebese le lekaneng leo lesea la hao le le hlokang, esita le haeba u na le mafahla! Ha u ntse u nyantša ka ho eketsehileng, u tla hlahisa lebese le eketsehileng. Lena ke le leng la mabaka ao u sa lokelang ho nkela lebese la letsoele sebaka ka lino tse ling tsa tlatsetso tsa tami, tse kang metsoako ea lebese la phofo kapa lebese la khomo. Haeba u etsa joalo, lesea la hao le tla nyanya lebese le fokolang ho uena. Sena se bolela hore hamorao u tla hlahisa lebese le fokolang.

Gabrielle Palmer oa ngola ho The Politics of Breastfeeding: “Masea a hlahileng ka nako e tšoanetseng le a phetseng hantle ha a fokole joalokaha ho ne ho nahanoa ’me a khona ho lokisetsa lijo tse loketseng ’ona le ’mele ea bo-’mma ’ona hafeela batho ba bang ba a lumella ho etsa joalo.” Molao-motheo o tataisang ke oa ho fana ka lijo ha ho hlokahala—ha lesea la hao le li batla (hangata ka ho lla), u fana ka tsona. Qalong le tla batla lijo lihora tse ling le tse ling tse peli kapa tse tharo. U lokela ho lumella lesea ho nyanya matsoele ka bobeli nako le nako ha u le nyantša. Masea a mangata a nka metsotso e 20 ho isa ho e 40 ho qeta ho nyanya le hoja a mang a rata ho ja a iketlile, a ntse a phomola. Masea a lenama joalo a ka nka metsotso e 60 bakeng sa ho qeta ho ja. Ka kakaretso, lesea la hao le ja ka ho lekaneng haeba bonyane le nyanya ka makhetlo a robeli lihoreng tse 24, haeba u ka le utloa le koenya, haeba le ba le maleiri a robeli kapa ho feta a metsi letsatsi ka mor’a letsatsi la bohlano.

Habohlokoa u tlameha ho tseba mokhoa o nepahetseng oa ho nyantša lesea letsoeleng. Ho kotlobanya lesea ho tla etsa hore lesea le se fumane lebese le lekaneng. Masea a mang a bile a hana ho nyanya.

Ho kotlobanya lesea ho ka boela ha fella ka bothata bo bo bong: litlhōkō tse petsohileng kapa tse bohloko. Breastfeeding Source Book e re: “Litlhōkō tse bohloko li bakoa ke lintho tse ngata, empa ntho ea bohlokoa ke tsela eo lesea le ‘mamarelang,’ letsoele ka eona ’me seo se hlile se itšetlehile haholo hore na kamano ea hlooho le letsoele ke efe. Bakeng sa tsela e nepahetseng letsoeleng, lesea la hao le tlameha ho atamela hantle, hlooho e otlolohe (eseng le shebe holimo, fatše kapa ka mahlakoreng), le atamele tlhōkōng ka ho tobileng hore le se e hulele koana le koana.”

Ka ho loketseng, molomo oa lesea o tlameha ho koahela letsoele hantle, bonyane lisenthimithara tse tharo ka mor’a tlhōkō. U tla tseba ha seemo sa lona se nepahetse haeba ’mele ’ohle oa lesea o lebile ho uena, haeba le hlile le momorotsa nako e telele, haeba le khatholohile ebile le thabile, ’me tlhōkō ea hao e sa utloe bohloko.

Nako ea ho Khoesa

Ka mor’a libeke tse ’maloa tsa pele, uena le lesea la hao le tsebana hantle ’me mohlomong le entse kemiso e thabisang. Bakeng sa likhoeli tse ’nè ho isa ho tse tšeletseng tse latelang, lesea la hao le ke ke la hloka lijo kapa seno se seng ka ntle ho lebese la letsoele. Ka mor’a nako eo butle-butle u lokela ho akareletsa lijo tse ling, tse kang meroho e khotliloeng, motoho kapa litholoana. Leha ho le joalo, ho fihlela ha lesea la hao le e-na le likhoeli tse robong kapa tse leshome, lijo tsa lona tse ka sehlohong li sa ntse li tla fumaneha lebeseng la hao; kahoo kamehla ho molemo hore u nyantše lesea la hao pele u le neha lijo tse tiileng.

U tlameha ho tsoela pele ka nako e kae u nyantša lesea? WHO e khothalletsa ho etsa joalo ka nako e telele kamoo ho ka khonehang. Bo-’mè ba bangata ba tsoela pele ho nyantša ho fihlela selemong sa bobeli, ba amehile ka boiketlo ba masea a bona eseng nako. Buka Mothering Your Nursing Toddler e re: “Ha ho thata ho elelloa bohlokoa ba hore masea a rōna a lokela ho tsoela pele a nyanya—thabo ea ’ona ea ho nyanya le masoabi a oona ha a tingoa letsoele. Lebaka la motheo la ho tsoela pele u nyantša ke ho thabisa lesea.”

Bopaki ba ’Mōpi ea Lerato

Ha u ntse u nyantša lesea la hao, mohlomong bosiu bo boholo ha lelapa lohle le robetse, ak’u nahane ka ’Mōpi oa tokisetso ena. Esita le haeba u sa utloisise ho rarahana ho nolofatsang tšebetso ena, limakatso tsa ho nyantša li tla u thusa ho bona bohlale le lerato la ’Mōpi oa rōna.

Nahana ka sena—ha ho lijo tse molemo bakeng sa masea ho feta lebese la ’mè. Le na le sohle se hlokahalang bakeng sa lijo le lino likhoeling tsa ha lesea le qeta ho hlaha. Ka nako e tšoanang, ke moriana o hlollang o sireletsang khahlanong le mafu. O sireletsehile, o hloekile, ha o hloke ho lokisoa ’me ha o bitse chelete. O fumaneha hohle, ’me tlhahiso ea ’ona ea eketseha ha lesea le ntse le hōla.

Ak’u nahane hape ’nete ea hore ho nyantša ke phihlelo e thabisang ho lesea le ’mè. Ho fana ka lijo, ho thetsana ka molomo le letlalo, le mofuthu oa ’mele nakong ea ho nyantša, tsena tsohle li thusa ho matlafatsa kamano e matla ea lerato le bonngoe mahareng a ’mè le lesea.

Ka sebele ’Mōpi oa tokisetso ena e hlollang o tlameha ho rorisoa. Ha ho pelaelo hore u tla bua mantsoe a tšoanang le a mopesaleme Davida ea ileng a ngola: “Ke tla u [Jehova] roka hobane ka tsela e susumetsang tšabo ke entsoe ka mokhoa o hlollang. Mesebetsi ea hao ea tsoteha.”—Pesaleme ea 139:14, NW.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Banna, Tšehetsang Basali ba Lōna

• Tsebisa mosali oa hao hore u ananela ha a nyantša. Mo tiisetse le ho mo tšehetsa ka lerato.

• Thusa mosali oa hao ho ja lijo tse leka-lekaneng nakong ea ho ima le ha a ntse a nyantša.

• Etsa bonnete ba hore o fumana phomolo e lekaneng. Mosali ea khathetseng a ka thatafalloa ho hlahisa lebese le lekaneng. Na mohlomong u ka fokotsa moroalo oa hae ka ho hlokomela bana ba bang kapa ka ho arolelana mesebetsi ea lelapa?

• Haeba mosali oa hao a khatholohile ebile a thabile, tlhahiso ea hae ea lebese e tla ntlafala. ’Moloke a thabile ka hohle kamoo u ka khonang kateng. Mamela mathata a hae, mo thuse ho a rarolla.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ho Nyantša ha ho Bapisoa le Tami

“Lebese la letsoele le tletse phepo ka ho eketsehileng, le hloekile haholo, le thibela masea khahlanong le mafu a tloaelehileng, le fokotsa monyetla oa hore ’mè a tšoaroe ke kankere ea matsoele kapa ea pōpelo. Motsoako oa lebese la masea, ka ntle le ho bitsa chelete e ngata, hangata o hlapolloa ka ho fetelletseng ka metsi a litšila le ho feptjoa masea ka litami tse silafetseng. Lichabeng tse futsanehileng, phapang e khōlō hoo ho lekanyetsoang hore masea a ka bang milione a ne a ka pholosoa haeba bo-’mè ba lefatše ba ne ba ka khutlela mokhoeng oa ho nyantša likhoeling tsa pele tse ’nè ho fihlela ho tse tšeletseng.”—The State of the World’s Children 1993, khatiso ea Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lithuso tsa Bana.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela