Ho Hlahisa Mesebetsi Linaheng tse Hōlang Moruong
KA MONGOLLI OA TSOHA! SENEGAL
NTAT’A mocha ea lilemo li 16 o ile a shoa ha eena esale ngoana, a siea ’m’ae le lelapa le leholo la bana ba robeli. Hona joale kaha ’m’ae o se a tsofala, mocha enoa ea ka tlaase ho lilemo tse 20 o tlameha ho tlatsetsa tšehetsong ea lelapa ka ho fumana mosebetsi. Toro ea hae ea ho tsoela pele ka sekolo e felile. O tlameha ho sebetsa, esita le hoja a se na tsebo kapa thuto e tloaelehileng.
Boemo bo kang bona bo tloaelehile linaheng tse hōlang moruong. Mesebetsi e qephile, esita le bakeng sa ba nang le lengolo la thuto e phahameng la univesithi. Leha ho le joalo, ka boikemisetso le boikutlo bo botle ba ho batla ho hlahisa lintho tse itseng, ba bangata ba khonne ho iqapela mesebetsi. Mesebetsi e joalo e ka ’na ea se ke ea etsa hore motho a rue, empa Bibele ho 1 Timothea 6:8 e re: “Ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.”
Re hopotse keletso ena e tla thusa motho ho boloka ho leka-lekana, ha re ke re talimeng tse ling tsa litsela tse bohlale tseo ka tsona Bakreste ba linaheng tse hōlang moruong ba ’nileng ba ipoloka ba phela le ho atleha.
Khoebo ea Lijo—Mokhoa oa Afrika
Kamehla lijo lia batleha. Mona Afrika Bophirimela, basali ba tsoelang pele ba fumane litsela tse sa tšoaneng tse hlollang bakeng sa ho fetola boemo boo hore e be bo tlisang molemo. Ka mohlala, ba bang, ba haha mok’huk’hu o monyenyane pel’a setša sa kaho ’me ba pheha lijo tsa motšehare bakeng sa basebetsi. Ba bang ba lokisetsa lijo bakeng sa ba eang mosebetsing hoseng. Ba emisa tafole e nyenyane le libenche, ba belisa metsi ka mollo oa patsi, ebe ba lokisetsa lijo tse tšesanyane tsa hoseng—kofi e chesang le bohobe bo ntseng bo chesa le botoro. Mantsiboea ba bula khoebo hape ’me ba lokisetsa basebetsi lijo tse tšesanyane bofelong ba letsatsi. Ho etsa sebaka sa ho jela sa mofuta ona ho bolela ho sebetsa ka kemiso e thata, empa e lumella ba mahlaha-hlaha ho ba le chelete ea ho phela.
Ho boetse ho na le monyetla oa ho rekisa lijo tse bobebe. Basali ba bang ba fumana sebaka se phetheselang pel’a ’maraka ’me ba halika matokomane. Li-fataya—liphae tsa nama tse nyenyane tse ngoatheloang hammoho le moro o chesang—le tsona li rekoa haholo. Ka ho tšoanang le li-sandwich tsa nama tse entsoeng ka moro oa nama e tšetsoeng linōko. Tsena ke lintho tse rekoang kapele linaheng tsa Afrika tse kang Gambia le Mali.
Guinea-Bissau le Senegal, bacha ba bangata ba Lipaki tsa Jehova ba leng tšebeletsong ea nako e tletseng ba iphelisa ka ho baka le ho rekisa ntho e ’ngoe e ratoang haholo: likuku tse nyenyane. Moses, moahi oa motse-moholo oa Senegal, Dakar, oa hlalosa: “’Na le mosali oa ka re ne re sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng [baevangeli ba nako e tletseng] ha re qala ho ba le bana. Joale ke ne ke tlameha ho fumana tsela ea ho ba phelisa, kahoo ke ile ka tleloa ke khopolo ea ho etsa likuku tse nyenyane le ho li rekisa.
“Ke ne ke e-na le chelete e fokolang haholo bakeng sa ho qalisa, kahoo ke ile ka tlameha ho ba hlokolosi ho khetholla pakeng tsa chelete eo ke neng ke tla e boloka e le phaello le chelete eo ke neng ke hloka ho e khutlisetsa khoebong bakeng sa ho batla lisebelisoa, tse kang folouru le mahe. Joale ke khona ho rekisa likuku tse lekaneng ho hlokomela litlhoko tse ngata tsa lelapa la ka le lenyenyane.
“Bakeng sa ho thusa, mosali oa ka Esther, o roka mese lapeng. Sena se mo lumella ho ba hae le bashemane ba rōna ba babeli ba banyenyane. Kahoo ka bobeli ba rōna, re khona ho hlokomela lelapa la rōna hantle, ho sa tsotellehe ’nete ea hore re phela linakong tse thata.”
Khopolo e ’ngoe ke ena bakeng sa khoebo e nyenyane: Kaha batho ba sebetsang ba phathahane ’me hangata ha ba na nako bakeng sa leeto le lelelele la ho ea ’marakeng, ba tla thusa le ho tšehetsa maphephe a manyenyane a rekisang litholoana le meroho. Batho ba bang ba nang le maphephe ba bile ba na le tšebeletso ea ho tsamaisa lintho, ba isa meroho e sa tsoa khuoa malapeng a bareki ka ho toba. Kapele-pele ho ka utloahala ka hlokoana la tsela hore ua tšepahala le hore u rekisa lihlahisoa tsa boleng bo phahameng. Leha ho le joalo, hlokomela hore u se ke ua lefisa haholo, kapa ho seng joalo ba tla ikhutlella ’marakeng o tloaelehileng.
Liindasteri tsa ho Thusa
Haeba ho rekisa lihlahisoa ha ho ipiletse ho uena, nahana ka ho fana ka litšebeletso tse sa tšoaneng. Mosebetsi oa lapeng, joaloka ho hloekisa, ho pheha, ho hlatsoa le ho otlolla liaparo, kamehla lia batleha. ’Me ho na le menyetla e meng e mengata-ngata.
Ka mohlala, na u lula haufi le leoatle kapa haufi le ’maraka oa litlhapi? Ke hobane’ng u sa iketse ea fumanehang bakeng sa ho hloekisa litlhapi—kapele le ka theko e tlaase? Seo u se hlokang feela ke boloko e ntle ea lepolanka le thipa e bohale ea litlhapi. Ho hlatsoa likoloi ke khoebo e ’ngoe e fanang ka phaello. Ke thepa efe e hlokahalang? Nkho, metsi, sesepa se senyenyane, le lesela le letle. Dakar, bacha ba likelello li sekametseng khoebong ba ka bonoa hoo e ka bang libakeng tsohle tsa ho paka makoloi literateng tse ngata tse meriti ba etsa mosebetsi ona.
Na metsi aa haella sebakeng sa heno? Basali ba bang ba ema moleng ka lihora tse ngata selibeng se tloaelehileng ho tlatsa linkho tsa bona. Joale ba tlameha ho roala linkho tse boima ba ea lapeng. Ka hona ba bangata ba ikemiselitse ho lefa motho ea tla ba isetsa metsi lapeng. Tsela ea ho atleha ke ho tsohella selibeng hoseng-seng e le hore u ka tlatsa linkho tsa hao ’me ua li laela sekosekareng se sutumetsoang ka letsoho kapa se huloang ka litonki. Joale u se u loketse ho isa metsi malapeng kapa libakeng tsa mesebetsi.
Na u na le thuto e itseng ea lefatše? Mohlomong u ka ithaopela ho ruta bana ba banyenyane ka mafelo-beke. Liphaposi tsa ho rutela li atisa ho penyana linaheng tse tsoelang pele moruong, ’me batsoali ba ka ’na ba ikemisetsa ho lefella ngoana oa bona bakeng sa ho fumana tlhokomelo e itseng ea botho.
Tsebo e ’ngoe e nang le molemo eo e ka ’nang eaba u se ntse u e-na le eona ke bokhoni ba ho thata moriri. Kaha mekhoa ea ho thata moriri e tloaelehile har’a basali ba Afrika, ho na le monyetla oa ho etsa chelete bakeng sa batho ba nang le tsebo bokhoning bona.
Ho Sebelisa Bohlale
Mehleng ea Bibele, mosali ea ipabolang o ne a ka fumana mekhoa e bohlale ea ho hlahisa chelete. Liproverbia 31:24 e re: “O etsa masela a lene, o rekisa ka ona, le linyepa o rekisa ka tsona ho mohoebi.” Ka ho tšoanang, ba bangata linaheng tse hōlang moruong ba fumane katleho ka liindasteri tsa bona tsa lapeng, kapa likhoebo tse nyenyane. Ka mohlala, ’metli oa mapolanka a ka ’na a hloma lebenkele le lenyenyane ’me a etsa litulo, libenche, le thepa e ’ngoe ea ka tlung. Ho hlokahalang feela ke lithulusi tsa motheo tsa ho betla mapolanka. Haeba u e-na le tsebo e itseng ea bohoai, mohlomong u ka qala khoebo ea likhoho ’me u rekise mahe le likhoho.
Bohlale ke tlhokahalo ea bohlokoa bakeng sa ho qalisa liindasteri tse nyenyane. Batho ba bang ba entse lisutuk’heise le literanka tse ntle ka linkho tsa mathini tse lahluoeng. Ba bang ba entse meqathatso ka lithaere tsa likoloi. Ho ntse ho le joalo ba bang ba entse linkho ka lichupu tsa ka hare tsa khale. Menyetla e ka thijoa feela ke monahano oa hao.
Linaheng tse hōlang moruong ho hlokahala bohlale le ho nahana hore u phele, empa u boetse u hloka mamello le boikutlo bo nepahetseng. Se ke ua tela habonolo. E-ba ea tenyetsehang, u ikemisetse ho fetola mesebetsi ha ho hlokahala. Haeba u qalisa khoebo kapa ho nehelana ka tšebeletso, tiisa hore u hlahloba melao ea sebakeng seo le litaelo. Bakreste ba hlokoa hore ba hlomphe molao oa naha.—Ba-Roma 13:1-7.
Pele u leka ho fana ka sehlahisoa kapa tšebeletso, ipotse: ‘Litlhoko tsa sebakeng see le meetlo ke life? Boemo ba moruo ba sebakeng see ke bofe? Na bareki ba ka khona ho lefella seo ke fanang ka sona? Ke ba bakae ba bang ba fanang ka sehlahisoa kapa tšebeletso e tšoanang? Na ka sebele ke na le tsebo, matla, bokhoni ba ho qapa, boikhalemelo, le boikutlo ba tlhophiso tse hlokahalang ho ntšetsa khoebo ee pele? Ho tla hlokahala chelete e kae bakeng sa ho qalisa? Na ke tla tlameha ho alima chelete? Na ke tla khona ho lefa molato oo oa chelete?’
Potso ea Jesu ho Luka 14:28 ke e loketseng: “Hobane ke mang har’a lōna, ha a rata ho haha tora, a ke keng a lula pele ho bala se tla ntšetsoa eona, a tle a bone ha a e-na le seo a ka e phethang ka sona?”
Ke ’nete hore hase bohle ba nang le tsebo kapa tšekamelo ea ho itšebetsa. Leha ho le joalo Jehova Molimo a ka hlohonolofatsa bokhoni ba hao ba ho qapa le boiteko bo tiileng ha bo etsoa ka sepheo se nepahetseng. (Bapisa le 2 Petrose 1:5.) Kahoo etsa sohle se matleng a hao ho fumana mosebetsi—esita le haeba u tlameha ho itlhahisetsa oona ka bouena!
[Litšoantšo tse leqepheng la 13]
Ho roka mese, ho hlatsoa likoloi, ho isetsa batho metsi a hloekileng, le ho hloekisa litlhapi ke litsela tse ling tseo batho ba iphelisang ka tsona