Bacha Baa Botsa . . .
Ho Thoe’ng ka Maeto a Tlelase?
“U SA khefutsa hanyenyane sekolong.” “U bona ntho e ’ngoe e ncha bakeng sa phetoho.” “U tseba bao u kenang tlelaseng le bona hamolemonyana.” Ke kamoo bacha ba bararo ba Jeremane ba hlalositseng kateng lebaka leo ba thabelang maeto a tlelase. Maeto a joalo a ratoa haholo ke bacha lefatšeng ka bophara.
Leha ho le joalo, hase liithuti feela tse nahanang haholo ka maeto a tlelase. Tichere e ’ngoe ea bolela: “Leeto la tlelase le hlophisitsoeng hantle le na le bohlokoa ba sebele ho mocha, le atolosa pono ea hae, ’me le mo thusa hore a ikemele. Ho feta moo, ikamano pakeng tsa tichere le tlelase lia matlafatsoa.” Ha ho pelaelo hore matichere a falimehileng le tlelase e nang le mekhoa e metle ba ka kopana ho etsa leeto la tlelase le rutang le le thabisang.
Leha ho le joalo, ho ka ’na ha e-ba le mabaka a amehang ao ka ho loketseng a amang bacha ba Bakreste le batsoali ba bona. Ka mohlala, Jeremane le linaheng tse ling tsa Europe, ka tloaelo liithuti tsa ba batona le ba batšehali li tsamaea hammoho ka maeto a malelele a tlelase. Sena hangata se kopanyelletsa ho robaletsa hōle haholo le hae. Hangata sena se baka khathatso. Anna-Laura ea lilemo li 14 oa hopola: “Ka mor’a matsatsi a seng makae a leeto, lintho li ile tsa tsoa taolong. Esita le bosiu ha rea ka ra fumana khotso le khutso. Ba bangata tlelaseng ba ne ba itšoara ka tsela ea boithati le ho se nahanele.”
Joale, ke eng seo u lokelang ho se etsa haeba u fuoa monyetla oa ho tsamaea ka leeto la tlelase?
Ho Bala Litšenyehelo
Ho Luka 14:28, Jesu Kreste o itse: “Hobane ke mang har’a lōna, ha a rata ho haha tora, a ke keng a lula pele ho bala se tla ntšetsoa eona, a tle a bone ha a e-na le seo a ka e phethang ka sona?” Pele uena le batsoali ba hao le etsa qeto ea hore na leeto la tlelase le u loketse kapa che, ka hloko hlahloba sohle se amehang. Lipotso tse ling tseo u ka nahanang ka tsona ke tsena:
Leeto leo le tla u isa kae? Hore na ke leeto le nkang letsatsi la ho ea setsing se haufi sa polokelo ea lintho tsa bohlokoa kapa le ama leeto le letelele la ho robaletsa ka masiu ho ka etsa phapang. Ho phaella moo, haeba batsoali ba hao e le bona ba lefellang litšenyehelo, ba tla batla ho etsa qeto ea hore na ba tla khona.
Ke eng se lenaneong? Haeba letsatsi ka leng le hlophisitsoe hantle ka mesebetsi e hlomphehang le e thahasellisang, sena se tla boloka tlelase e tšoarehile ’me se fokotse kotsi ea ho hong ho fosahetseng. Kahoo talimisisa kemiso ea lenaneo pele u etsa qeto ka leeto la tlelase. Ho etela litsing tsa polokelo ea lintho tsa bohlokoa kapa ho tsamaea ka leeto la ho ithuta ka lintho tsa tlhaho e ka ba ho rutang. Empa ho etsa liteko ka bolumeli ba Yoga le ba Asia—joalokaha ho ne ho reretsoe leeto le leng la tlelase—ho hang ha hoa lokela Mokreste.—1 Ba-Korinthe 10:21.
Na ho tla ba le kaloso e atlehileng le ea nako eohle? Ngoanana oa Mokreste ea lilemo li 15 ea bitsoang Julia oa hopola: “Ke ne ke le tlelaseng e nang le mekhoa e metle haholo, kahoo ’Mè le Ntate ha baa ka ba tsotella hore ke kenelle leetong. Matichere a ne a re behile leihlo ka hloko.” Leha ho le joalo, kaloso e ka ’na ea haella mehleng ena. Joalokaha tichere e ’ngoe ea Jeremane e lumela, kaloso e hlokolosi le e ka tšeptjoang e “ke ke ea tiisoa ka ho feletseng.” Ka sebele, mocha e mong o ile a ikotla sefuba ka mor’a leeto la tlelase: “Hang feela ha re ne re qhekelletse esita le matichere, re ne re iketsetsa feela kamoo re ratang.”
Liithuti tse ling li tla baka khathatso esita leha matichere a etsa sohle se matleng a ’ona ho li boloka taolong. E mong eo pele e neng e le tichere oa hopola: “Bacha ba ile ba fumana litsela tse bohlale tsa ho mokola joala, kahoo ho phenyekolla liphaposi tsa bona ho ne ho se na thuso. Ke ile ka hlokomela hore ba ne ba ntse ba e-noa joala haholo ha ngoanana e mong a qala ho hlatsa.” Ka ho hlakileng, ho ka ’na ha e-ba thata haholo ho tiisa hore leeto e tla ba le nang le kaloso e ntle. Leha ho le joalo sena se ka ’na sa etsa hore u qobe matšoenyeho le masoabi haeba uena le batsoali ba hao le hlahloba ka hloko litokisetso tse entsoeng bakeng sa kaloso. Liproverbia 22:3 e re: “Motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa; empa ea leebelo eena o ea pele, ’me o oela tsietsing.”
Ka kakaretso bao u kenang sekolo le bona ba arabela joang litaelong tsa matichere a lōna? Sena se tla u neha leseli le letle la hore na ba tla itšoara joang leetong la ho tsamaea ka sekolo. Ho tlalehiloe hore sekolo se seng se bohareng sa Jeremane se ile sa tlameha ho khutsufatsa leeto la sona la matsatsi a mararo hobane liithuti tse sa laoleheng ka ho tobileng li ile tsa hlokomoloha “litaelo tse hlakileng le tse tšepahalang” tsa matichere.
Mosali e mocha oa Jeremane ea bitsoang Stephanie nakong e fetileng o ile a tsamaea ka maeto a joalo ’me ka lebaka la phihlelo ea hae o buella hore u ipotse lipotso tse latelang: ‘Na bao ke kenang tlelaseng le bona ba arabela kapele ka ho lekaneng ho mamela matichere? Na sekolo se leka ho boloka botumo bo botle? Na matichere a tiile ka ho lekaneng ho fana ka ketello-pele e loketseng? Na bacha ba talima mekhoa e loketseng ea boitšoaro ka ho teba? Na ba sebelisa joala le lithethefatsi?’ Ke ’nete, Stephanie o lumela hore taba-khōlō e “itšetlehile ka uena joaloka motho, hore na u inehela habonolo kapa che.” Empa ke joang u ka rapelang Jehova hore ‘a se ke a u isa molekong’ ebe joale ka boomo u ipeha boemong boo ho leng bonolo ho inehela molekong?—Mattheu 6:13.
Kahoo Petra ea lilemo li 17 o ile a hana ho tsamaea ka leeto la tlelase. Oa hlalosa: “Ke ne ke tseba kamoo bao ke kenang tlelaseng le bona ba neng ba tla itšoara kateng. Ke ile ka bona esale pele hore maemo a amang joala le likamano tsa botona le botšehali ka sebele a ne a tla beha letsoalo la ka tekong. Joalokaha ho ile ha etsahala, bashemane ba bahlano ba ile ba tsolisa ngoanana ’me ba mo nka litšoantšo, tseo hamorao li ileng tsa potolohisoa har’a liithuti.”
Na litumelo tsa bolumeli ba hao li tla hlomphuoa? Ka mohlala, Timon e mocha o hlokometse: “Hangata ho ba le mokete oa letsatsi la tsoalo, oo ho leng thata ho o qoba.” Joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova, o hana ho kopanela meketeng e joalo.a Na matichere a hao le bao u kenang tlelaseng le bona ba tla hlompha pono ea hao haeba ho etsahala hore mokete oa mofuta oo e be karolo ea leeto la tlelase?
U tla be u pepeselitsoe botsoalleng ba mofuta ofe? Bakreste baa tseba hore Molimo o nyatsa ho tsuba, ho sebelisa lithethefatsi, ho sebelisa joala hampe, kapa ho kenella likamanong tsa botona le botšehali pele ho lenyalo. (1 Ba-Korinthe 6:9, 10; 2 Ba-Korinthe 7:1) Ke ka lebaka leo ka bohlale ho qojoang ho tloaelana le bacha ba etsang lintho tse joalo. (1 Ba-Korinthe 15:33) Liproverbia 13:20 ea lemosa: “Ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” Leetong la tlelase, u qeta nako e ngata ho feta e tloaelehileng le bacha ba joalo, ’me mona e le boemong ba ho khatholoha. Andreas e monyenyane o ile a bolela tjena: “Leetong la tlelase, u pepesetsoa moeeng oa lefatše ka ho sa khaotseng, ka ’mino oohle oa lefatše le puo e litšila.”
Lebaka le leng ke hore ho bonolo ho ikutloa u jeoa ke bolutu ha u le hōle le hae. Maeto a tlelase a susumelitse bacha ba bangata ho ratana. Na ho ka ba le kotsi ea hore u iphumane u ratana le motho ea sa lumelang? Ba-Korinthe ba Pele 10:12 ea lemosa: “Ka baka leo, ea lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a oa.” ’Me esita le haeba u ne u le matla ka ho lekaneng ho hanela teko, na boteng ba hao leetong le joalo e ne e tla ba khopiso ho bacha ba bang ba Bakreste?—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 8:7-13; 10:28, 29.
Yvonne ea lilemo li 14 o ile a hana ho tsamaea le tlelase leetong la ho ea thelelisa lehloeng. Oa hlalosa: “Ke ne ke tla qeta beke kaofela ke na le bacha ba lefatše le matichere. Ho phaella moo, botsoalle le baena ba ka, mosebetsi oa boboleli, le liboka—tseo ka sebele ke lintho tseo nka beng ke li hlolohetsoe. Lebaka le leng e ne e le tsela eo bacha ba bangata ba neng ba itšoara ka eona ha ho se motho ea ba behileng leihlo.”
Ho Thabisa Molimo ka ho Feletseng
Kaha ka tloaelo maeto a tlelase ha a akarelletse bolumeli, lipolotiki, kapa liketso tse ling tse thibetsoeng Bakreste ka ho toba, seithuti le batsoali ba sona ba tla tlameha ho etsa qeto ea hore na leeto le joalo le loketse kapa che. (Bapisa le Esaia 2:4; Tšenolo 18:4.) Maemo a fapana ho ea ka libaka le ho ea ka litlelase; ka hona, Bakreste sebakeng se seng ba ka ’na ba tlameha ho talimana le mathata a fapaneng le a sebakeng se seng.
Stephan oa hlalosa: “’Mè oa ka o ne a tloaelane le bacha ba tlelaseng ea ka ’me a tseba hore tichere ke motho ea kelello e hlaphohileng. Kahoo leeto la tlelase le ile la atleha. Empa ha ke se ke hōlile ’me leeto la ho qetela le atamela, taba ea ka ea ho tsamaea e ne e fapane ka ho feletseng.” Hobane’ng? O tsoela pele: “Lilemo tse tharo feela pejana, bao ke leng tlelaseng e le ’ngoe le bona e ne e le batho ba mofuthu le ba hlomphang. Empa lithethefatsi le boitšoaro bo bobe e ne e se e le karolo ea bophelo ba bona ba letsatsi le letsatsi. Kahoo ha kea ka ka kenella leetong. Ka tšohanyetso, leeto leo la ho qetela le ile la tlameha ho khaotsoa pele le felella.”
Leha ho le joalo, ha ho se ho seka-sekiloe lintho tsohle tse amehang, uena le batsoali ba hao le tlameha ho leka-lekanya mabaka ’ohle a amehang ’me le iketsetse qeto. Tiisehang hore, qeto leha e le efe eo le e etsang, pakane ea lōna ke hore “le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Morena, le mo khahlise ka hohle.”—Ba-Kolosse 1:10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba sehlooho se buang ka matsatsi a phomolo le hore na ke hobane’ng ha bana ba bang ba sa a keteke tokollong ea rōna ea December 8, 1993.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ke botsoalle ba mofuta ofe boo u neng u tla pepesetsoa ho bona haeba u tsamaile ka leeto la tlelase moo ho il’o robaletsoa?