Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 12/8 leq. 20
  • Lebaka Leo Bana ba Bang ba sa Laoleheng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo Bana ba Bang ba sa Laoleheng
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likolo li Fana ka Phephetso ea Sebele
  • Phihlelo ea Botho ea ’Mè oa Ronnie
  • Ho Hōlisa Ngoana ea sa Laoleheng
    Tsoha!—1994
  • “Lula U Tsitsitse ’me U Mamele!”
    Tsoha!—1997
  • Ho Hlōla Phephetso
    Tsoha!—1997
  • Linotlolo Tse Lebisang Thutong E Ntle
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 12/8 leq. 20

Lebaka Leo Bana ba Bang ba sa Laoleheng

“Tšusumetso ea liphatsa tsa lefutso, k’hemistri ea boko, le tšebetso ea methapo ea kutlo li tlatsetsa ka matla a maholo ho seo re leng sona joaloka bana le seo re tla ba sona joaloka batho ba baholo.”—STANLEY TURECKI, M.D.

NGOANA ka mong o hōla ka tsela ea hae e khethehileng, e khethollehileng. Bana ba bonahatsa litšobotsi tse ngata le maikutlo tseo ho bonahalang e le tsa tlhaho—litšobotsi tseo mohlomong batsoali ba ka li laolang ka ho fokolang kapa tseo ba ke keng ba li laola. Ke ’nete hore bana ba sa laoleheng, ba sa luleng sebakeng se le seng, le ba tšoenyang ba bile teng kamehla. Batsoali ba molemo ba ka ba le ngoana ea sa laoleheng.

Empa ke hobane’ng ha ho le thata ka ho eketsehileng hakaale esita le ho ba phephetso ho hōlisa bana ba bang? Lenane la bana ba sa laoleheng le ntse le eketseha. Ka kakaretso litsebi tsa mafu le bafuputsi ba ntsoe-leng hore ho tloha karolong ea 5 lekholong ho isa ho ea 10 lekholong ea bana kaofela e bontša ho se lule sebakeng se le seng ka ho fetelletseng le hore ho hlōleha ha bana bana ho mamelisisa ka hloko, ho tsepamisa mohopolo, ho latela litaelo, le ho laola maikutlo li ba bakela mathata a mangata, bona hammoho le malapa a habo bona, matichere esita le lithaka tsa bona.

Dr. Bennett Shaywitz, moprofesa oa lefapha la meriana le sebetsanang le mafu a bana le methapo ea kutlo Sekolong sa Bongaka sa Univesithi ea Yale, o lebisa tlhokomelo ho seo mohlomong e leng bothata ba sehlooho: “litšitiso tse futsitsoeng lik’hemik’haleng tse ling tsa tsamaiso e fetisetsang melaetsa bokong,” ke tsona tse laolang tšebetso ea lisele tsa boko le boitšoaro. Ho sa tsotellehe se thatafatsang ho hōlisa ngoana, boikarabelo ba batsoali e tlameha ho ba ho tseba ho laola boitšoaro ba ngoana ka ho atlehileng, ho fana ka khothatso le tšehetso ho e-na le ho nyatsa-nyatsa le ho hloka kananelo.

Mehleng ea Bibele, batsoali ke bona ba neng ba ikarabella bakeng sa ho ruta le ho koetlisa bana ba bona. Ba ne ba tseba hore taeo le thupelo ka melao ea Molimo li ne li tla hlalefisa bana ba bona. (Deuteronoma 6:6, 7; 2 Timothea 3:15) Ka hona, ke boikarabelo ba batsoali boo ba bo filoeng ke Molimo ho etsa boiteko bo boholo kamoo ho ka etsahalang, ho sa tsotellehe likemiso tse maphatha-phathe, ho finyella litlhoko tsa ngoana, haholo-holo ho arabela ka tsela e bontšang boitšoaro bo botle ha ho bontšoa boitšoaro bo sa rateheng. Mathata a mangata a boitšoaro kajeno joalokaha a hlokometsoe ke lingaka tsa mafu a bana a akarelletsa bana ba nang le bothata ba ho se tsitse ho phahameng ka ho fetisisa ha mohopolo, khalefo, ho nkoa ke maikutlo, kapa ho se mamele, ka hona mohlomong ho tšohla ADD le ADHD joaloka mabaka a etsang hore bana ba se laolehe ho tla ba molemo.a

Lilemong tsa bo-1950, bothata bona bo ne bo bitsoa “ho se sebetse hantle ha boko.” Tlhaloso eo e ile ea khaotsa ho sebelisoa hobane ho latela ngaka e sebetsanang le mafu a bana le methapo ea kutlo, Dr. Jan Mathisen, liphuputso li bontšitse hore “ho hang ADD hase kholofalo ea boko.” Dr. Mathisen o re: “Ho bonahala ADD e le bofokoli likarolong tse itseng tsa boko. Re sa ntse re sa tsebe hantle ka mathata a amang lik’hemik’hale tsa methapo ea kutlo, empa re ikutloa hore k’hemik’hale e bitsoang dopamine e bokong ke eona e amehang.” O lumela hore bothata bo akarelletsa taolo ea dopamine. Oa phaella: “Mohlomong hase k’hemik’hale e le ’ngoe feela, empa ke kamano mahareng a lik’hemik’hale tse ngata.”

Le hoja ho sa ntse ho e-na le lipotso tse ngata tse e-song ho arabeloe ka sesosa sa ADD, ka kakaretso bafuputsi ba lumellana le Dr. Mathisen hore ho hlōleha ho laola ho tsitsisa mohopolo ka nako e telele, ho se otle hantle ha methapo ea pelo, le ho fetisoa ha matla li simolla methapong ea kutlo. Haufinyane phuputso e entsoeng ke Dr. Alan Zametkin le bafuputsi Sepetleleng sa Sechaba sa Lefu la Kelello, United States, e senotse hore ka lekhetlo la pele ADD e amana le ho se sebetse hantle ha tlhahiso ea matla bokong, le hoja ho ile ha lumeloa hore “ho sa ntse ho tla etsoa phuputso e eketsehileng bakeng sa ho fumana likarabo tse tiileng.”

Likolo li Fana ka Phephetso ea Sebele

Hangata sekolo se thata haholo ho bana ba thatafalloang ho mamela ka nako e telele, ba khelosoang habonolo, ba nkehang maikutlong, kapa ba sa khoneng ho lula sebakeng se le seng hobane ho hlokahala ho tsitsisa mohopolo kaha ho lula ba sa soebehle ho hlile ho eketseha haholo boemong ba ka tlelaseng sekolong. Ka lebaka la hobane bana ba joalo ba thatafalloa ho tsepamisa monahano nako e telele nthong leha e le efe, ke eng hape seo ba ka se etsang haese hore ba khone ho lula sebakeng se le seng? Ho ba bang, ho thatafalloa ho tsitsisa mohopolo ho matla hoo ba hlōlehang ho ithuta ka mokhoa o tloaelehileng ebang ke lapeng kapa sekolong. Ho fumana ha bona taeo bakeng sa ho ba bo-nkoapo ka tlelaseng kapa ho etsa lintho tse qabolang ho tloaelehile kaha ba thatafalloa ho laola boitšoaro ba bona le ho lekanyetsa liphello tsa liketso tsa bona.

Qetellong ba hlaolela boikutlo bo fokolang ba ho itšepa, mohlomong ba ikhetholla e le “ba babe” le “lithoto” le ho itšoara ka tsela e joalo. Kaha ba fumana matšoao a tlaase lithutong ho sa tsotellehe boiteko ba bona bo matla, bana bana ba na le monyetla oa hore ba ipakele ho hlōleha ho fetela sehlopheng se ka pele ka nako e telele.

Ka lebaka la ho tsieleha, batsoali ba ka tšoenyeha haholo le ho ferekanngoa ke boitšoaro ba ngoana oa bona bo khathatsang. Ka linako tse ling ho baka liqhoebeshano tsa lenyalo, motsoali e mong a beha molato ho e mong bakeng sa boemo. Batsoali ba bangata ba sebelisa nako e ngata haholo ka bohale ba ikeme ka bobe ’me ba lebala botle. Ka hona, likarabelo tsa bona litšobotsing tse mpe tsa boitšoaro li senya likamano ka ho eketsehileng. Ka hona lelapa, ’me le ho isa bohōleng bo itseng, ba bang ba nang le kamano le ngoana, ba lula ba qothisana lehlokoa ka lebaka la ho se utloisise le ho se khone ho laola boitšoaro ba ngoana ea sa laoleheng—e leng ngoana ea nang le Bothata ba ho Tsitsisa Mohopolo.

Phihlelo ea Botho ea ’Mè oa Ronnie

“Ho tloha motsotsong oo Ronnie a hlahileng ka oona, ha ho mohla a kileng a thaba, ’me nako le nako o ne a khopiseha habonolo le ho lla. Ka lebaka la ho kulisoa ke lintho tse itseng, o ne a khophohile, a na le tšoaetso ea litsebe ’me nako le nako a ba le letšollo.

“Matla a Ronnie a ho etsa lintho a ile a tsoela pele hantle le hoja a ile a potlakela ho lula, ho ema, le ho tsamaea—kapa mohlomong ke re ho matha? Ke ne ke potlakela ho etsa mesebetsi eohle ea lelapa linakong tseo a robetseng ka tsona hobane ha ‘setsokotsanenyana’ sa ka se tsoha, ke ne ke lula ke se thiba hore se se itematse le ho senya ka tlung ka ha se ne se mathaka ka tlung le ho tšoara ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se khahlisang, ’me boholo ba lintho bo ne bo mo khahla!

“O ne a khona ho tsitsisa mohopolo ka nako e khutšoane feela. Ho ne ho se ntho e mo tšoarellang nako e telele. O ne a hloile ho lula a khutsitse. Ho ne ho hlakile hore sena e ne e le bothata ha re e-ea le eena hohle moo a neng a lebeletsoe ho lula a khutsitse—haholo-holo libokeng tsa phutheho. Ho ne ho se na thuso ho mo shapa bakeng sa ho sa lule a khutsitse. O ne a sa khone ho lula a khutsitse. Batho ba nang le maikutlo a matle ba ne ba tletleba kapa ho re neha keletso, empa ha ho letho le ileng la sebetsa.

“Ronnie o ne a le bohlale, kahoo ha a batla a le lilemo li tharo, re ile ra simolla lenaneo le lekhutšoane la letsatsi le letsatsi le eena la ho ithuta. Ha a le lilemo li hlano, o ne a tseba ho bala hantle. Joale o ile a ea sekolong. Ka mor’a hoo e ka bang khoeli, ke ile ka fumana molaetsa oa hore ke tle sekolong ho buisana le tichere. E ile ea mpolella hore ha e qala ho bona Ronnie, e ile ea nahana hore o tšoana le lengeloi, empa ka mor’a hore e be le eena ka tlelaseng khoeli feela, joale e ile ea nahana hore o tsoa sebakeng se fapaneng! E ile ea mpolella hore ka linako tsohle o ne a lulela ho mathaka, ho tlōla bana ba bang, kapa ho ba tloka. O ne a sa khutse, ’me o ne a sitisa tlelase eohle. O ne a haelloa ke boitšoaro. E ne ebile e hlokometse hore boikutlo ba borabele bo ne bo tsoela pele. Ho ile ha etsoa tlhahiso ea hore a isoe tlelaseng e khethehileng le hore re mo ise ngakeng bakeng sa ho fumana sethethefatsi se ka mo kokobetsang. Re ne re ferekane!

“Phekolo ea meriana e ne e se khetho e loketseng bakeng sa Ronnie, empa ngaka ea mafu a bana e ile ea re neha litlhahiso tse itseng tse sebetsang. E ne e le pono ea eona hore Ronnie o bohlale ’me o tenehile; ’me kahoo e ile ea etsa tlhahiso ea hore re boloke Ronnie a phathahane, le hore re mo rate ka ho eketsehileng, le hore re be le mamello le maikutlo a matle. E ne e nahana hore Ronnie a ke ke a khathatsa ka ho eketsehileng ha a ntse a hōla esita le ka ho fetola lijo.

“Re ile ra hlokomela hore re tlameha ho sebelisana le mor’a rōna ka hloko, le hore o hloka ho thusoa ho ithuta ho sebelisa matla a hae ka tsela e loketseng. Sena se ne se tla hloka nako e ngata; ka hona, re ile ra fetola likemiso tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi, re ile ra qeta lihora tse ngata re mo thusa mosebetsing oa sekolo, ’me ka mamello re mo ruta le ho mo hlalosetsa lintho. Re ile ra khaotsa ho sebelisa mantsoe a seng molemo kapa ho mo omanyetsa ho se nahanele le liketso tse tenang. Boikemisetso ba rōna e ne e le ho haha boikutlo ba hae ba ho itšepa bo fokolang. Re ne re buisana ho e-na le ho laela le ho kharuma. Haeba ho ne ho e-na le liqeto leha e le life tse mo akarelletsang, re ne re batla maikutlo a hae.

“Lintho tse neng li itlela ka mokhoa oa tlhaho ho bana ba bang li ne li sa itlele habonolo ho Ronnie. Ka mohlala, o ne a tlameha ho ithuta ho ba le mamello, ho itšoara, ho lula a khutsitse, le tsela ea ho laola matla a hae a fetelletseng a ’mele. Empa lintho tsena li ne li laoleha. Ka nako e ’ngoe o ile a utloisisa hore o tlameha ho etsa boiteko bo matla ho nahana ka seo a se etsang, kapa seo a tla se etsa, o ile a qala ho itšepa le ho fetoha. Ha a le lilemo li 13, boitšoaro ba hae bo ne bo tloaelehile. Ka thabo lintho tsohle li ile tsa tsamaea hantle ho tloha nakong eo ho ea pele, esita le nakong e tloaelehileng ea lilemo tsa bocha tsa bofetoheli.

“Melemo ea ho neha Ronnie lerato le lengata, nako e ngata le mamello li putsitsoe haholo!”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a ADD e bolela Attention Deficit Disorder (Bothata ba ho Tsitsisa Mohopolo), ’me ADHD e bolela Attention Deficit Hyperactivity Disorder (Bothata ba ho Tsitsisa Mohopolo bo Fetelletseng) hohle lihloohong tsena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela