Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 3/8 maq. 20-22
  • Bosodoma—Na Ehlile bo Bobe Hakaalo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bosodoma—Na Ehlile bo Bobe Hakaalo?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Lentsoe la Molimo le se Bolelang
  • Boa Kulisa Kapa Boa Phelisa?
  • Liphello
  • Na ho Ratana ha Batho ba Bong bo Tšoanang ho ka Lokafatsoa?
    Tsoha!—2012
  • Na ke Phoso ha Batho ba Bong bo Tšoanang ba Ratana?
    Bacha Baa Botsa
  • Bibele e Re’ng ka ho Ratana ha Batho ba Bong bo Tšoanang?
    Tsoha!—2016
  • Bosodoma—Hobane’ng ha bo sa Lokela?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 3/8 maq. 20-22

Bacha Baa Botsa . . .

Bosodoma—Na Ehlile bo Bobe Hakaalo?

“Ho tloha ha ke ne ke sa le ngoana, ke ne ke ile ka ba le litakatso tsa bosodoma. Ka lebaka la ho se li utloisise, ha kea ka ka nka mehato e sireletsehileng. Sena se ile sa lebisa ketsong e mpe haholo le motsoalle. Ke bile le maikutlo a ho ba molato ka ho tebileng, ’me ke ile ka nahana hore Jehova a ke ke a ntšoarela le ka mohla.”

“TV E Leka ho Susumetsa Bana ba Rōna ho Amohela Bosodoma.” Sena e bile sehlooho khatisong ea bangoli ba likoranta ba kopaneng. Mongoli e mong o ile a hlokomela: “Bashebelli ba bangata ba thelevishene ba ba tlas’a taolo ea mananeo a mangata haholo [letoto] a buellang mokhoa oa bophelo oa bosodoma.” Leha ho le joalo, TV, ke e ’ngoe feela ea litsela tse ngata tse sebelisoang matsatsing ana bakeng sa ho hōlisa bosodoma har’a bacha. Mashano a tšehetsang bosodoma a boetse a hōlisoa ke matichere, lithaka, libaesekopo, libuka, le limakasine.

Lingaka le tsona li lumellana le ba buellang bosodoma. Ka ho tloaelehileng, lingaka li ne li talima bosodoma e le ho kula. Empa ka 1973, Mokhatlo oa Lingaka tsa Mafu a Kelello oa Amerika o ile oa phatlalatsa hore bosodoma bo ke ke ba hlola bo talingoa e le ho kula kelellong. Ho tloha nakong eo, lingaka tse ngata li ile tsa chaella mokhoa oa bophelo oa bosodoma monoana. Ka mohlala, ngaka e phekolang mathata a kelello Albert Ellis, o ile a bolela hore likamano tsa bosodoma “ha lia fosahala ho hang empa hore li na le boitšoaro ba botona le botšehali bo molemo ho batho. . . . Li thabele haeba u khetha joalo, ’me u se lumelle mang kapa mang hore a u thetse hore u lumele hore li ‘fosahetse’ kapa ‘lia ferekanya.’”

Lipono tse joalo li atile hoo makasine ea Newsweek e tlalehang: “Ba susumelitsoe ke mantsoe le litšoantšo tse hlahang liphatlalatsong le boemo bo bocha ba ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe, bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba etsa liteko tsa ho kopanela pepenene likamanong tsa bosodoma le tsa botona le botšehali.” Ha linakong tse fetileng bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba ne ba hanana ka matla le likamano tsa bosodoma, hase ho feteletsa litaba ho bolela hore manane a ntseng a hōla a bacha hona joale a ho talima e le “feshene.” Esita le bacha ba sa kopaneleng liketsong tsa bosodoma hangata ba hlile ba bontša mamello ho ba bo etsang. Mocha ea bitsoang Darren o re: “Ke lumela hore haeba motsoalle oa ka a ne ka mpolella hore ke mosodoma, ke ne ke tla ’ne ke be motsoalle oa hae.” Morutoana e mong e monyenyane oa koleche o ile a ba a hlalosa ngongoreho ea hae ea hore e ka ’na eaba ehlile ha aa phethahala kaha eena o ne “a ithatela banana feela”!

Boemo ba kajeno ba ho hloka boitšoaro e ka ba bo ferekanyang ho bacha ba Bakreste—haholo-holo ho bao ka lebaka le sa tsejoeng ba utloang khoheli ea botona kapa botšehali ho ba bong bo tšoanang le ba bona.a Baa tseba hore bosodoma ha bo thabise Molimo, ’me ka botšepehi ba batla ho bo qoba. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, ntoa ea ho laola litakatso tsa bona e ka ba e qetang matla hoo ba ka ’nang ba qala ho ipotsa hore na pono ea Bibele mabapi le bosodoma ke e hlokang leeme kapa e utloahalang. Ba ka ’na ba ipotsa: ‘Na ebe bosodoma bo hlile bo bobe hakaalo?’

Seo Lentsoe la Molimo le se Bolelang

Ho fumana karabo, ipalle seo moapostola Pauluse a se buileng ho 1 Ba-Korinthe 6:9, 10, (NW): “Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba ja lefa la ’muso oa Molimo? Le se ke la khelosoa. Ha ho lihlola‚ leha e le barapeli ba litšoantšo‚ leha e le bafebi‚ leha e le banna ba boloketsoeng merero eo eseng ea tlhaho [“matekatse a ba batona,” New International Version; “banna ba kang basali,” King James Version], leha e le banna ba robalang le banna ba bang [“basodoma,” Jerusalem Bible; “ba etsang boitšoaro bo hlephileng ba ho jana maotoana,” Today’s English Version], leha e le masholu, leha e le batho ba meharo, leha e le matahoa, leha e le ba litlhapa, leha e le bahanyapetsi, ba tlang ho rua ’muso oa Molimo.” Hlokomela hore ka ho khetheha Pauluse o ile a bolela bao motheong oa bopaki bo fumanehang ba qalisang ho se be mafolo-folo karolong ea kamano ea botona le botšehali le ba nkang hore karolo ea “motho e motona” ke e ikhethang likamanong tsa bona tse litšila. Kahoo o ile a hlakisa hore Molimo ha a amohele liketso tsohle tsa bosodoma.

Sena se boetse se totobala mantsoeng a Pauluse ho Ba-Roma 1:18-27: “Bohale ba Molimo bo bonahala bo e-tsoa leholimong, ho otla nyefolo e ’ngoe le e ’ngoe, le bokhopo bo bong le bo bong ba batho, ba hatellang ’nete ka bokhopo . . . Molimo o ba lesitse ho sebetsa litšila, litakatsong tsa lipelo tsa bona, ba tle ba tlotlollane ’mele ea bona . . . Ka baka leo, Molimo o ba neeletse litakatsong tse lihlong; hobane har’a bona basali ba fetotse mokhoa oa bona oa hlaho, ho etsa ka oo e seng oa hlaho. Ka mokhoa o joalo le bona banna ba lesitse ho etsa le mosali ka mokhoa oa teng, ’me ba chesitsoe ke ho lakatsana; banna ba etsa manyala le banna ba bang.” Mona ka ho khethehileng Pauluse o ile a nyatsa bosodoma ba ba batona le ba ba batšehali ka ho tšoanang. O ile a nyatsa mekhoa ea bosodoma joaloka eo eseng ea tlhaho le e “manyala.”

Boa Kulisa Kapa Boa Phelisa?

Mohlomong ba bangata ba arabela ho sena ka hore pono ea Bibele e se e fetiloe ke nako, ke e seng e sa sebetse. Empa ha u nahana ka sena, ke mang ea tsebang ka pōpeho ea rōna ’meleng, kelellong, maikutlong le moeeng hamolemo ho feta ’Mōpi oa rōna? Molimo o ile a bōpa monna le mosali, ’me a kenya ka ho bona khoheli e matla e mong ho e mong. (Genese 1:27, 28) Ha aa ka a etsa hore ba be le khoheli ea botona le botšehali bakeng sa motho e mong oa bong bo tšoanang le ba bona. Ho feta moo, Molimo o ne a rerile hore likamano tsa botona le botšehali li loketse ho etsahala tokisetsong ea lenyalo feela.—Ba-Heberu 13:4.

Sena ha se re bakele mathata. Ho Esaia 48:17 (NW), Jehova Molimo o bolela hore ke eena “Ea u rutang ho ithuisa molemo.” E, o tseba se re thusang le se re ntšang kotsi. Le hoja ho ba bang lithuto tsa Bibele li ka ’na tsa bonahala eka ho thata ho li latela, kamehla ke ‘lithuto tse phelisang,’ e leng se molemo bakeng sa kelello le ’mele. (Tite 2:1) Ka lehlakoreng le leng, bosodoma, bo ka ba kotsi boiketlong ba motho ba ’mele, boikutlo, le bomoea.

Maqakabetsi a AIDS e mpa e le o mong feela oa mehlala ea kamoo mokhoa oa bophelo oa bosodoma o leng kotsi bophelong bo botle ba ’mele. Amerika Leboea, basodoma ba banna ba boemong ba ho tšoaetsoa ke lefu ho feta motho leha e le ofe e mong. AIDS e mpa e le le leng feela la mafu a mangata—lefu la sebete, ho tšoaetsoa ha sebete, qhoshola, mokaola, kokoana-hloko tsa moholu le mala—ao hangata a hlokofatsang basodoma. Ke’ng e roteletsang ho ata ha lefu lena? Dr. Joseph Nicolosi oa hlalosa: “Bangoli ba bangata ba fane ka bopaki bo susumetsang ka matla, ba litšobotsi tsa bokhoba ba mokhoa oa bophelo oa bosodoma.” Phuputso e ’ngoe e batsi e bontša hore “karolo ea 28 lekholong ea basodoma ba batona [e] kopanetse likobo le balekane ba sekete kapa ho feta. . . . Hoo e ka bang halofo ea basodoma ba batona ba makhooa . . . e boletse hore bonyane e bile le balekane bao e kopanelang likobo le bona ba 500 ba fapaneng.”

Buka Homosexual Behavior e hlalosa hore har’a basodoma ba bangata “ho na le tšabo ea ho itlama ho tšepahala ho e mong, ho khomarelana, kapa boikarabelo . . . Takatso e matla ea ho kopanela likobo e se nang botho ka linako tse ling e na le tšobotsi ea ho lemalla seo ka tsela e tlōlisang. Ba bang ba batho bana ba ka ’na ba ameha litšebelisanong tsena tsa likamano tsa botona kapa botšehali le batho ba ka bang leshome kapa ho feta nakong ea letsatsi le le leng kapa bosiu.” Na ho ka etsahala hore ebe boitšoaro bo joalo bo sa laoleheng ke bo ka phelisang hantle ’meleng? Ho e-na le hoo, na hase bo kulisang le bo tlotlollang? Ka ho hlakileng, ba inehelang boitšoarong bo hlephileng joalo ba botona le botšehali ke “makhoba a litloaelo tse bolileng.”—2 Petrose 2:19, Bibele Phetolelo e Ncha.

Ntle ho moo, ho kopanela likobo ha basodoma ke ho tšabehang, ho mabifi, le hoo ka ho totobetseng e leng ho hobosang. Moapostola Pauluse o itse: “Hobane le ho boleloa tsee ba li etsang sephiring ke taba e hlabisang lihlong.” (Ba-Efese 5:12) Pefo e joalo e bontša khalefo le bohloko bo mpang bo koahetsoe feela ka “monyaka” oa mokhoa oo oa bophelo. Ke ’nete hore basodoma ba bang ba ipolela e le ba se nang boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali. Empa basodoma “ba nang le molekane a le mong” ba fokola haholo ka palo—’me hangata litlamahano tsa bona ha li tšoarelle. Esita le haeba lenyalo la ba nang le bong bo tšoanang le ka tšoarella, ho ke ke ha etsahala hore ebe ke tholoana ea lerato le hlalosoang ka Bibeleng. Lerato le joalo “ha le etse ho soabisang.”—1 Ba-Korinthe 13:4, 5

Liphello

Ho Ba-Roma 1:27 Pauluse o re: “Banna ba etsa mahlabisa-lihlong ana a tšabehang le banna ba bang, ka sebele, ba amohela, bothong ba bona liphello tsa bokhelohi ba bona kamanong ea botona kapa botšehali.” (The New Testament in Modern English, ea J. B. Phillips) Ka litsela life? Mabapi le liphello tsena buka Homosexual Behavior ea tlaleha: “Kamoo ho hlokomelehang kateng basodoma ba basali ba hlokofatsoa ke tšebeliso e feteletseng haholo le e mpe ea tahi ho feta basali ba bang le likamano tsa botona le botšehali le banna.” Bafuputsi ba bang ba boetse ba bolela hore liteko tsa ho ipolaea li atile ka ho sa tloaelehang har’a bahlankana ba basodoma.

Se senyang ho feta tsohle ke liphello tse bang teng bomoeeng ba motho. Basodoma ba iphumana e le “bao mehopolo ea bona e leng lefifing, ’me ba hole le bophelo ba Molimo.” (Ba-Efese 4:18) Ho thoe’ng ka bacha ba tšabang Molimo, bao ho sa tsotellehe tsebo ea bona ea melao-motheo ea Bibele, ba iphumanang ba hoheloa ke batho ba bong bo tšoanang? Ka ho hlakileng, ba tlameha ho e hlanaka. Ka sebele, ho tseba kamoo Molimo a talimang bosodoma kateng ho thusa ba joalo ho ba ba “hloeang ho hobe.” (Ba-Roma 12:9) Ho boetse ho na le mehato e mengata e molemo eo ba ka e nkang ho qoba hore ba se inehele litakatsong tse fosahetseng. Sena se tla tšohloa tokollong e tlang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona “Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha Ke Ikutloa ka Tsela Ee?” tokollong ea rōna e fetileng.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Mokhoa oa bophelo oa bosodoma o tšoauoa ka boitšoaro bo hlephileng ba botona kapa botšehali, ho tepella maikutlong, le boloetse

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela