Ho Shebela Koena Haufi
KA MONGOLLI OA TSOHA! KENYA
MOHAHLAULI e mong oa Moamerika o ne a ntse a nka litšoantšo tsa likubu ka cheseho Nōkeng ea Mara ha a thella majoeng ’me a oela ka metsing. Sena se ile sa hapa tlhokomelo ea phoofolo e ’ngoe e kang letlalo e neng e ntse e orile letsatsi nakong eo, e leng koena. Le hoja ka tloaelo sehahabi sena se itjella litlhapi, ha se bona sesuma sena se monate, ho ile ha e-ba thata ho sona hore se ka itšoara. Kapele-pele se ile sa ikakhela ka metsing ho ea batlisisa. Ka lehlohonolo, mohahlauli eo o ile a bona koena ha e tla eaba o tsoa ka nōkeng—kapele boo a ileng a bonahala eka o tsamaea holim’a metsi!
Hangata batho ba etelang linōkeng, matšeng le mekhoabong ea Afrika ba bona likoena, le hoja ho mohahlauli ea tšohileng ea boletsoeng ka holimo, mohlomong a ile a e bonela haufi haholo. Naha ea Kenya ke lehae la koena ea Nile. Ka puo ea sebakeng seo ea Seswahili, mokōla o tsejoa feela ka hore ke mamba. Li le bolelele ba limithara tse fihlang ho tse supileng, likoena ke lihahabi, tse lebelo ka metsing hammoho le kantle ka ho tšoanang. Ka metsing li khona ho sesa ka lebelo le leholo ka lebaka la sebōpeho sa mehatla ea tsona e pharaletseng, e kang masokoana a seketsoana. Li ka sesa ka lebelo la lik’hilomithara tse fihlang ho 40 ka hora! ’Me li tloaetse ho lula ka metsing ka lihora tse peli, esita le tse tharo. Ha li le kantle ho metsi li khona ho hahaba hakhutšoaane, ’me li qhoma ka potlako.
Kahoo, hase ho makatsang ha ka ho hlakileng Bibele e bua ka koena e le mohlala oa sebōpuoa sa Molimo se susumetsang tšabo se bitsoang Leviathane. Jobo 41:8, 10 e re: “Leka hle ho bea letsoho la hao holim’a eona [Leviathane]! ha u sa tla hlola u e qala. Ha ho mohale ea ka betang pelo ho ea e tsosa.” Ke keletso e bohlale hakaakang! Ho ea ka buka The Fascination of Reptiles, ea Maurice Richardson, likoena li ’nile tsa tsejoa ka ho hlasela liketsoana tse hulang ka enjine! Ka ho loketseng, Jobo 41:25 e re: “Ha e ka tsoha, bahale ba tšoha, ’me ba thetheloa ke ho tšaba.”
Ke hobane’ng ha batho ba baleha ka tšabo ha ba bona phoofolo ee e makhakhapha? Temana ea 14 e hlalosa lebaka: “Ke mang ea ka bulang menyako ea litlena tsa eona? Mela ea meno a eona ea tšabeha.” Mohlaare ka mong oa koena, o ka holimo le o ka tlaase, o na le meno a fihlang ho a 24 a sa lekaneng, a ntseng a khenoha ebe ho mela a mang bophelong bohle ba eona. Ho thahasellisang, leino la bone la koena la mohlaare o ka tlaase le kena sekhetšeng mohlaareng o ka holimo ’me le ka bonoa habonolo ha e koala mehlaare. Sena se thusa ho e khetholla ho motsoala oa eona, alligator. Bothata ke hore haeba u atamela haufi haholo ho etsa tlhahlobo ena e nyenyane ea meno, u ka ’na ua iphumana u se u ntse u hlahloba meno ’ohle a koena u le ka har’a eona!
Ke ka lebaka lena u ka ratang ho shebela koena haufi u le sebakeng se sireletsehileng seo u ka e shebang u le ho sona, ’me ho na le libaka tse ngata Kenya moo u ka etsang joalo. Ka mohlala, Motse oa Mamba, ke sebaka se Mombasa moo likoena tse ruiloeng li koaletsoeng.
U ka ’na ua botsa: ‘Empa taba ea pele ke hobane’ng ha motho leha e le ofe a ka batla ho rua likoena?’ Ka lebaka la ho li sireletsa hore li se ke tsa fela. Likoena tse phelang naheng li shoa ka tekanyo e etsang karolo ea 99 lekholong selemong sa pele sa bophelo ba tsona. Ho bonahala eka mekholutsoane e meholo, mekotatsie e meholo, esita le batho ba bang ba lakatsa mahe a likoena hammoho le likoena tse sa tsoa qhotsoa. Leha ho le joalo, tekanyo eo likoena tse hlokometsoeng hantle li shoang ka eona letamong la likoena e theoha ho tloha karolong ea leshome ho ea ho ea bobeli lekholong. Pele selemo se fela, likoena tse nyenyane li fihlela bolelele ba mithara le halofo—ka sebele li boholo bo lekaneng hore li ka itšireletsa litšokelong tse ngata. Hore likoena tse nyenyane tse phelang naheng li fihlele bolelele bo bokaalo, ho ka li nka ho isa lilemong tse tharo.
Mapolasi a likoena a boetse a ruoa libōpuoa tsena bakeng sa merero ea khoebo. ’Marakeng ea lefatše, u ka fumana lieta, mabanta, mekotlana ea matsoho, le lintho tse ling tsa feshene tse entsoeng ka matlalo a bonolo a limpa tsa likoena. Selemo le selemo ho rekisoa matlalo a ka bang 2 000 a tsoang Motseng oa Mamba ho ea linaheng tse ling, tse kang Italy, Fora, bakeng sa ho suuoa. Ho etsahala’ng ka karolo e ’ngoe kaofela ea phoofolo? Kenya, nama ea koena e sebelisoa khoebong ea bohahlauli e le lijo tse sa tloaelehang ho melata.
Ho tloha ka October ho fihlela ka April ke nako ea ho qhotsa ha likoena. Ho tse phelang naheng, e tšehali e tla behela ho tloha ho mahe a 20 ho ea ho a 80. Nakong eo, tse tšehali tse ruiloeng li tla behela a ka bang 36 libakeng tsa ho behela ho potoloha le matangoana a sa tšoaneng. Mahe ao aa bokelloa ebe a isoa mechineng ea qhotsiso bakeng sa ho qhotsa. Sena se nka likhoeli tse tharo.
Motse oa Mamba o fana ka monyetla o motlehali oa ho shebella libōpuoa tsena tse hlollang ka mokhoa o sireletsehileng. O lutse ka har’a koari ea lihekthere tse robeli e ileng ea lokisoa hore e sebeletse e le polasi ea likoena, serapa sa limela, letamo la lintho tse phelang metsing, le mohaho oa boithabiso. Sebakeng sena ho phela lihahabi tsa mofuta ona tse fetang 10 000. Ho hlakile hore u ke ke ua li bona kaofela ha tsona. Empa libakeng tse peli tsa qhotsiso, u ka bona likoena tse khōlō tse fetang lekholo, ’me libakeng tse ling, ho na le malinyane a makholo a likoena a leng boemong bo bong le bo bong ba khōlo.
Nakong ea ha li feptjoa, likoena li etsa pontšo e hlollang. Tse ling li bile li qhomela ka ntle ho metsi hore li fihlelle nama e leketlileng holim’a letangoana. Mona u ka bona koena e tummeng hampe e bitsoang Ntate-moholo e neng e tšosa batho Nōkeng ea Tana, ea ba ea bolaea bonyane batho ba bahlano pele e ka tšoaroa hore e tlisoe polasing mona. Haeba u tšosoa ke ho bona likoena sefahla-mahlo, u ka li sheba hantle haholo ka mohahong oa ho bontša livideo.
Ho shebela likoena haufi ho ka ’na ha u hlolla kapa mohlomong ha u tšosa. Empa u tla utloisisa hamolemonyana hore na ke hobane’ng ha ho Jobo 41:34 Bibele e itse: “Ke morena oa libatana kaofela.”
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ka ho le letona: Ponahalo e pharaletseng le e akaretsang ea Motse oa Mamba
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Thōko ka ho le letona: Koena e qhomela kantle ho metsi hore e fumane nama nakong eo li feptjoang