Ho Kopana e le Bosiu Tanzania
KA MOR’A kopano ea machaba ea Lipaki tsa Jehova Kenya, re ile ra qala ka thabo leeto la rōna la ho nka litšoantšo tsa liphoofolo Tanzania.
Re qalile ho ema Lake Manyara National Park. Re ile ra hlolloa ke ho bona liphoofolo tse fapaneng tse hlaha—litšoene tse putsoa, liimpala, linare, liqoaha, le tse ling. Nahana re shebile letamo le nang le likubu mona le mane. U shebella thuhlo e e-ja ka lehlakoreng le leng, tau e le moo ho nang le joang hōjana, le mohlape oa likhokong pelenyana ho moo.
Ka mor’a ho fihla Ngorongoro Crater, re ile ra hira motho ea tla re bontša sebaka le koloi e hulang ka mabili a mane bakeng sa leeto la letsatsi har’a sekoti (sekoti se bakiloeng ke ho bothela ha thaba e ileng ea foqoha seretse se chesang). Tsela e khohlopang e ile ea re tlosa ka holimo ho sekoti ho fihla tlaase ho sona limithareng tse ka bang 600. E bile pono e hlollang hakaakang! Liphoofolo tse hlaha li ne li sabaletse har’a lesabasaba le leholo. Mehlape ea likhokong e ne e tsamaea joaloka hoja ea falla. Liqoaha, likhama, le litšepe tsa Thomson le tsa Grant li ne li le ngata. Ha re eme sebakeng se seng, tau e nang le moetse e ne e phomotse moriting oa koloi ea rōna, e sa tsotelle hore re ne re le hantle ka holim’a eona. Hamorao re ile ra etsa khefu ho bona tšukulu e ntšo e le hōjana le litlou tse hlaha li le haufi li ntse li e-ja lifate. Ha re khutlela ka holimo, re ile ra ikhopotsa liphoofolo tse ngata tse tsotehang tseo re li boneng. Na ho na le tseo re sa li bonang?
E, lengau la Afrika. Empa tšepo ea ho le bona naheng e ne e ka toro. Ralifoto Erwin Bauer o ile a re: “Bahahlauli ba phallela mangau ka cheseho le mafolo-folo a maholo, bonyane lebaka le leng ke hore liphoofolo tsena ho thata haholo ho li fumana, re se re sa re letho ka ho li nka litšoantšo. Batsamai ba bangata ba maetong a ho nka litšoantšo tsa liphoofolo tse hlaha ha ho mohla ba bonang leha le le leng. Maetong a ka a 15 a ho nka litšoantšo tsa liphoofolo tse hlaha, ke bone mangau a robeli, ho ’ona ke le le leng leo ke ileng ka khona ho le nka setšoantšo.”—International Wildlife.
Ha shoalane e tšoara, ho ile ha ba le taba eo re tlamehang ho nahana ka eona. Tšepiso ea hore re ka robala sebakeng sa marobalo e ile ea hlakoloa, kahoo re ile ra tlameha ho batla marobalo. Sena se ile sa etsa hore re tsamaee tseleng ea majoe har’a lefifi la bo-nka-ntjana. Ka tšohanyetso rōna ba babeli ba lutseng ka pele re ile ra makala. Ntho e ’mala o mosootho e ile ea qhomela hona maboneng a koloi ea rōna. Re ile ra emisa kapele ’me ra hemela holimo ke ho makala!
Hona ka pel’a rōna mona e ne e le lengau le hōtseng hantle! Haeba ba lutseng litulong tse ka morao ba ile ba nka hore ha baa fumana monyetla o motle, sena se ile sa fela hang-hang. Lengau le ile la mathela ka tseleng ka lehlakoreng le letona—’me la ema khekhenene. ‘Ke etse’ng?’ ho ile ha bonahala eka le ipotsa sena har’a mabone le pontšeng ea rōna bohle. ‘Ke hlasele, kapa ke furalle “sera” se sa tsejoeng ’me ke leke ho balehela morung?’
Adrian, e mong oa metsoalle ea rōna, o ne a le haufi haholo, a ka ba mithara ho tloha phoofolong ena e ntle e matla hape e loketse ho qhoma. O ile a buela tlaase a nka k’hamera ea hae e itšebetsang: “Mphe foleshe kapele.” Ka morao ho ile ha hlaha mantsoe a hoeshetsang a temoso, “U se ke ua etsa lerata.” K’hamera e ile ea lokisoa kapele ’me ha nkoa setšoantšo, empa ho ile ha bonahala eka re hlōlehile hobane foleshe e ne e felletsoe ke libeteri ha e ntse e le ka veneng. Ha re ntse re kenya libeteri tse ling, Adrian o ile a theola fensetere ea hae ka hloko. Lengau le ile la sala le eme eseng hole haholo, le ntse le tsoka mohatla, mahlo a lona a phatsima.
Hang ha re nka setšoantšo sa bobeli, le ile la etsa qeto ea seo le lokelang ho se etsa. Lengau le letle haholo le ile la qhomela ka har’a lihlahla ’me la nyamela. Ho bile le nyakallo e kaakang ka har’a vene ea rōna! Ke phihlelo e ke keng ea lebaloa, eo hamorao bahlokomeli ba bolelang hore ha e atise ho etsahala. Ha setšoantšo sa bobeli se e-tsoa se le setle haholo, re ile ra se boloka e le ho ikhopotsa kopano eo e thabisang ea bosiu Tanzania.