Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 7/8 maq. 22-25
  • Na U ka Tšepa Litšepiso Tsa Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Tšepa Litšepiso Tsa Molimo?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlaha le ho Oa ha Mebuso ea Lefatše
  • Messia ea Tšepisitsoeng
  • Ha Hoa Fanoa ka Letsatsi la Bofelo
  • Pono e Hloka ho Lokisoa
  • Boprofeta bo Ileng ba Phethahala
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Daniele—Buka ea ’Nete ea Boprofeta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lintho tse Boletsoeng Esale Pele tsa Bibele li Tšepahala Hakae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Moprofeta ea Botlamuoeng o Bona se Tla Etsahala Nakong e Tlang
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 7/8 maq. 22-25

Na U ka Tšepa Litšepiso Tsa Molimo?

JEHOVA MOLIMO, ’Mōpi oa rōna, o ’nile a tšepahalla lentsoe la hae kamehla. O itse: “Ke boletse, ’me ke tla etsa; ke rerile, ’me ke tla phetha.” (Esaia 46:11) Hoba a etelle Baiseraele pele ho ea Naheng e Tšepisitsoeng, mohlanka oa Molimo Joshua o ile a ngola: “Ha hoa ka ha hlokeha taba leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tsee Jehova a neng a li boleletse ntlo ea Iseraele; tsohle tsa etsahala.”—Joshua 21:45; 23:14.

Ho tloha mehleng ea Joshua ho fihlela ho tleng ha Messia, boprofeta bo makholo-kholo bo bululetsoeng ke Molimo bo ile ba phethahatsoa. Mohlala oa sena ke ha motsosolosi oa Jeriko a otloa ka kotlo e ileng ea boleloa lilemo tse makholo esale pele. (Joshua 6:26; 1 Marena 16:34) Mohlala o mong ke oa tšepiso, eo ho neng ho bonahala e ke ke ea phethahala, ea hore Basamaria ba bolaoang ke tlala ba ne ba tla fumana lijo tse ngata letsatsing le latelang ho boletsoeng esale pele. Ho 2 Marena khaolo 7, u ka bala kamoo Molimo a ileng a phethahatsa tšepiso eo.

Ho Hlaha le ho Oa ha Mebuso ea Lefatše

Molimo o ile a bululela bangoli ba Bibele ho ngola ka ho qaqileng ka ho hlaha le ho oa ha mebuso ea lefatše. Ka mohlala, Molimo o ile a sebelisa moprofeta oa hae Esaia ho bolela esale pele ka ho lihuoa ha ’muso o matla oa Babylona hoo e ka bang lilemo tse 200 pele seo se etsahala. Ha e le hantle, Bamede, ba ileng ba etsa selekane le Bapersia, ba ile ba boleloa ka lebitso e le bahlōli. (Esaia 13:17-19) Leha ho le joalo, ho hlollang haholoanyane ke hore moprofeta oa Molimo o tsebahalitse morena oa Persia Cyruse e le eena ea neng a tla hlōla le hoja Cyruse a ne a e-s’o hlahe ha ho ngoloa boprofeta bona! (Esaia 45:1) Empa ho na le ho eketsehileng.

Moprofeta Esaia o boetse a bolela esale pele kamoo tlhōlo ea Babylona e neng e tla finyelloa kateng. O ile a ngola hore metsi a sireletsang motse, nōka ea Eufrate, e ne e tla ‘psha’ le hore ‘menyako [ea Babylona] e ne e ke ke ea koaloa.’ (Esaia 44:27–45:1) Lintlha tsena tse qaqileng ka ho khethehileng li ile tsa phethahatsoa joalokaha rahistori Herodotus a tlalehile.

Nakong eo Babylona e sa ntseng e le matla ka eona, Molimo o ile a boela a sebelisa moprofeta oa hae Daniele ho bua ka mebuso ea lefatše e neng e tla e latela. Daniele o bile le pono ea pheleu e linaka li peli ea tšoantšetso e ileng ea atleha ho hlōla ‘libatana’ tse ling kaofela. Ho se pelaelo ka ea neng a emeloa ke pheleu e linaka li peli, Daniele o ngotse hore e emela “marena a ba-Mede le ba-Persia.” (Daniele 8:1-4, 20, bapisa le NW.) Ka sebele, feela joalokaha ho boletsoe esale pele, Medo-Persia e bile ’muso oa lefatše o latelang ha o ne o hlōla Babylona ka 539 B.C.E.

Ponong ena e tsoang ho Molimo, ho latelang Daniele o ile a bona ‘phooko e nang le lenaka le leholo lipakeng tsa mahlo a eona.’ Daniele o tsoela pele ka tlhaloso ea hae: ‘Ke ile ka e bona e teana le pheleu, e e halefetse, ea thesela pheleu, ea e khorola linaka tse peli tsa eona, ’me matla a hlokahala pheleung a ho emellana le eona; ea e lahlela fatše, ea e hatakela, ho se motho ea e namolelang matleng a eona. Eaba phooko e natlafala ka ho fetisisa, ’me eitse hobane e fihle matleng a eona, lenaka le lelelele la khoroha; bakeng sa lona ha mela manaka a mane.’—Daniele 8:5-8.

Lentsoe la Molimo ha le siee khoao leha e le efe ka se boleloang ke sena sohle. Hlokomela tlhaloso: “Phooko, ke morena oa ba-Gerike, ’me lenaka le lelelele le lipakeng tsa mahlo a eona ke morena oa pele. Lenaka le khorohileng, leo manaka a mane a melileng sebakeng sa lona, le lekanya hore mebuso e mene e tla tsoa sechabeng seo, empa e ke ke ea e-ba le matla a [hae].”—Daniele 8:21, 22.

Histori e bontša hore ‘morena enoa oa ba-Gerike’ e ne e le Alexandere e Moholo. Ka mor’a lefu la hae ka 323 B.C.E., ’muso oa hae qetellong o ile oa aroleloa matona a hae a mane—Seleucus I Nicator, Cassander, Ptolemy I le Lysimachus. Joalokaha Bibele e ne e boletse esale pele, ho bile le “manaka a mane a melileng sebakeng sa lona.” Hape joalokaha ho boletsoe esale pele, ha ho le ea mong oa ’ona ea bileng le matla a kang a Alexandere. Ka sebele, ho phethahala ha boprofeta bo joalo ba Bibele ebile ho hlollang hoo bo ileng ba bitsoa “histori e ngotsoeng esale pele.”

Messia ea Tšepisitsoeng

Molimo ha aa ka a tšepisa Messia feela ho lopolla moloko oa batho liphellong tsa sebe le lefu empa hape o fane ka boprofeta bo bongata ho khetholla eo Ea Tšepisitsoeng. Nahana ka boprofeta bo bong boo Jesu ka boeena a neng a ke ke a bo lokisetsa hore bo phethahatsoe.

Ho boletsoe esale pele lilemo tse makholo hore eo Ea Tšepisitsoeng o tla hlahela Bethlehema le hore o tla belehoa ke moroetsana. (Bapisa Mikea 5:2 le Mattheu 2:3-9; Esaia 7:14 le Mattheu 1:22, 23.) Ho ne ho ile ha boleloa esale pele hore o tla ekoa ka likotoana tsa silevera tse 30. (Zakaria 11:12, 13; Mattheu 27:3-5) Ho boetse ha boleloa esale pele hore ha ho le le leng la masapo a hae le neng le tla robjoa le hore liaparo tsa hae li ne li tla laoloa ka lotho.—Bapisa Pesaleme ea 34:20 le Johanne 19:36, Pesaleme ea 22:18 le Mattheu 27:35.

Ha bohlokoa ka ho khethehileng ke hore Bibele e boletse esale pele ka nako eo Messia a neng a tla tla ka eona. Lentsoe la Molimo le boletse esale pele: “Tseba ke hona, u utloisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsosoa, o hahuoe, ha e tsoile, ho fihlisa ho motlotsuoa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli, motse o tla tsosoa, o hahuoe le mapatlelo a oona, le marako a oona, empa e tla ba ka matsatsi a mahlomola.” (Daniele 9:25) Ho latela Bibele, taelo ea ho tsosa le ho haha marako a Jerusalema e ile ea fanoa selemong sa bo20 sa puso ea Morena Artaxerxese, eo histori ea lefatše e bontšang hore e ne e le ka selemo sa 455 B.C.E. (Nehemia 2:1-8) Liveke tsena tse 69 tsa lilemo li felile lilemo tse 483 hamorao (7 x 69 = 483), ka 29 C.E. Ke sona selemo seo Jesu a ileng a kolobetsoa le ho tlotsoa ka moea o halalelang ka sona, ea e-ba Messia kapa Kreste!

Ka mokhoa o hlokomelehang, batho ba mehleng ea Jesu ba ne ba lebelletse Messia hore a hlahe ka nako eo, joalokaha rahistori oa Mokreste Luka a bontšitse. (Luka 3:15) Bo-rahistori ba Roma Tacitus le Suetonius, rahistori oa Mojode Josephus le rafilosofi oa Mojode Philo Judaeus le bona ba ile ba tiisa tebello ena. Esita le Abba Hillel Silver, bukeng ea hae A History of Messianic Speculation in Israel, oa lumela hore “Messia o ne a lebelletsoe hoo e ka bang bohareng ba lekholo la pele la lilemo C.E.” O boletse hore ho bile joalo ka lebaka la “mokhoa oa ho bala nako o neng o tloaelehile ka nako eo,” oo karolo ea ’ona e nkiloeng bukeng ea Daniele.

Ha re nahana ka boitsebiso bo joalo, ha hoa lokela ho re makatsa hore Bibele e ne e tla boela e bontše nako eo Messia a neng a tla khutla ho qalisa puso ea hae ea borena. Bopaki ba ho latellana ha liketsahalo tsa boprofeta ba Daniele bo supa nako e tobileng eo “Mookameli ea phahameng” a neng a tla nehelana ka borena ba lefatše ho “ea fetisang ka bonyenyane,” Jesu Kreste. (Daniele 4:17-25; Mattheu 11:29) Ho boleloa ka ‘mehla e baloang hasupa,’ kapa lilemo tse supileng tsa boprofeta, ’me ho baliloe hore mehla ena e tla fela selemong sa 1914.a

Ha Hoa Fanoa ka Letsatsi la Bofelo

Leha ho le joalo, selemo sa 1914 ke feela nako ea ho qala ha puso ea Kreste ‘har’a lira tsa hae.’ (Pesaleme ea 110:1, 2; Ba-Heberu 10:12, 13) Buka ea Bibele ea Tšenolo e senola hore nakong eo Kreste a qalang ho busa ka eona leholimong, o ne a tla lihela Satane Diabolose le mangeloi a hae lefatšeng. Pele a timetsa batho bana ba moea ba khopo, Bibele e bolela hore ba ne ba tla fehla morusu o tšabehang lefatšeng ka ‘nako e seng kae.’—Tšenolo 12:7-12.

Habohlokoa, Bibele ha e fane ka letsatsi hore na ‘nako e seng kae’ e ne e tla fela neng le ea ha Kreste a tla sebeletsa joaloka Mophethahatsi oa kahlolo ho lira tsa Molimo ka Armageddone. (Tšenolo 16:16; 19:11-21) Ha e le hantle, joalokaha ho hlokometsoe sehloohong se tlileng pele, Jesu o boletse ka ho lula re falimehile hobane ho se motho ea tsebang letsatsi la ketsahalo eo. (Mareka 13:32, 33) Ha motho a feteletsa se boletsoeng ke Jesu, joalokaha Bakreste ba pele ba Thessalonika le ba bang ba ileng ba ba latela ba entse, ho tla ba le litebello tse fosahetseng kapa tse sa nepahalang.—2 Ba-Thessalonika 2:1, 2.

Pono e Hloka ho Lokisoa

Pele ho karolo e qetellang ea selemo sa 1914, Bakreste ba bangata ba ne ba lebelletse hore Kreste o tla khutla ka nako eo le ho ba nkela leholimong. Ka hona, puong e fanoeng ka la 30 September, 1914, A. H. Macmillan, Seithuti sa Bibele, o ile a re: “Mohlomong ena ke puo ea ho qetela ea phatlalatsa eo ke fanang ka eona hobane haufinyane re tla nkeloa [leholimong].” Ka ho hlakileng Macmillan o ne a fositse, empa eo e ne se eona feela tebello e sa kang ea phethahala ho eena kapa eo Liithuti-’moho le eena tsa Bibele li neng li e-na le eona.

Liithuti tsa Bibele, tseo ho tloha ka 1931 li ileng tsa tsejoa e le Lipaki tsa Jehova, le tsona li ne li lebelletse hore selemong sa 1925 ho tla phethahala boprofeta bo hlollang ba Bibele. Nakong eo li ne li hakanya hore tsoho ea lefatšeng e ne e tla qala, ho tsosoe batho ba boholo-holo ba tšepahalang ba kang Abrahama, Davida le Daniele. Haufinyane tjena, Lipaki tse ngata li ne li nahana hore liketsahalo tse amanang le ho qala ha Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete ho ka etsahala hore li qalile ka 1975. Tebello ea tsona e ne e itšetlehile kutloisisong ea hore selemo sa sekete sa bosupa sa histori ea batho se ne se tla qala nakong eo.

Lipono tsena tse fosahetseng li ne li sa bolele hore litšepiso tsa Molimo li ne li fosahetse, hore o ne a entse phoso. Le hanyenyane! Liphoso kapa maikutlo a sa nepahalang joaloka tabeng ea Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, ebile ka lebaka la ho hlōleha ho lemoha temoso ea Jesu, ‘Ha le tsebe nako.’ Liqeto tse fosahetseng li ne li sa bakoe ke maikutlo a mabe kapa ho se tšepahale ho Kreste, empa takatso e matla ea ho hlokomela ho phethahala ha litšepiso tsa Molimo nakong ea tsona.

Ka lebaka leo, A. H. Macmillan o ile a hlalosa hamorao: “Ke ithutile hore re lokela ho amohela liphoso tsa rōna ’me re tsoele pele ho etsa liphuputso Lentsoeng la Molimo bakeng sa ho khantšetsoa ka ho eketsehileng. Ho sa tsotellehe liphetoho tseo re lokelang ho li etsa nako le nako ponong ea rōna, seo se ke ke sa fetola tokisetso e mosa ea sehlabelo sa thekollo le tšepiso ea Molimo ea bophelo bo sa feleng.”

Ka sebele, litšepiso tsa Molimo li ka tšeptjoa! Ke batho ba nang le tšekamelo ea ho etsa liphoso. Kahoo, Bakreste ba ’nete ba tla boloka boikutlo ba ho leta tumellanong le taelo ea Jesu. Ba tla lula ba falimehile le ho ba malala-a-laotsoe bakeng sa ho tla ho ke keng ha qojoa ha Kreste joaloka Mophethahatsi oa kahlolo oa Molimo. Ba ke ke ba lumella litebello tse fosahetseng ho fifatsa temoho ea bona le ho etsa hore ba hlokomolohe tlhokomeliso ea ’nete ka ho fela ha lefatše.

Joale, ho thoe’ng ka tumelo ea hore lefatše lee le tla fela? Na ka sebele ho na le bopaki ba hore le tla fela haufinyane, nakong ea bophelo ba rōna?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, maqepheng a 138-41, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ho boletsoe ka makolopetso a tobileng esale pele ka ho oa ha Babylona

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Jesu o ne a ke ke a lokisetsa hore boprofeta bo bongata bo phethahatsoe ka eena

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela