Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 7/8 maq. 30-32
  • Ho Utsoa—Ke Hobane’ng ha ho sa Lokela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Utsoa—Ke Hobane’ng ha ho sa Lokela?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka le Etsang Hore ba Utsoe
  • Na ke ho Leka ho Pata Bohloko ba Maikutlo?
  • Lithaka le Khatello ea Tsona
  • Ho Fumana Pono ea Molimo
  • Ho Loantša Teko
  • Na Bohloki bo Lokafatsa ho Utsoa?
    Tsoha!—1997
  • Ke Hobane’ng ha Bosholu bo Ntse bo Eketseha?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Utsoa Mabenkeleng?
    Tsoha!—2005
  • Ho Utsoa Mabenkeleng—Ke Mang ea Lefang?
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 7/8 maq. 30-32

Bacha Baa Botsa . . .

Ho Utsoa—Ke Hobane’ng ha ho sa Lokela?

“Ke lilemo li 16 ’me ke na le bothata bo boholo haholo. Morao tjena, ke ’nile ka utsoa haholo. Ke ile ka toba setsing sa mabenkele ’me ka utsoa lipara tse supileng tsa masale. Ke tšaba ho bolella mang kapa mang bothata ba ka. Ka kōpo nthuseng!”

KE KAMOO ngoananyana e mong e mocha ea tsielehileng a ileng a ngolla letotong la lihlooho tse fanang ka keletso makasineng. Mongoli e mong o ile a tlaleha: “Ho hakanyetsoa hore thepa e jang lidolara tse likete tse limilione tse leshome [liranta tse likete tse limilione tse 35] . . . e nkoa ka bosholu, ka ho tlatlapuoa, kapa ho utsuoa mabenkeleng selemo le selemo [United States]. Bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ke bona ba ka sehloohong bakeng sa hoo e ka bang halofo ea ba ileng ba tšoaroa ba utsoa thepa mabenkeleng.”

Ho ea ka phuputso e ’ngoe ea morao tjena, ba fetang karolo ea boraro ea liithuti tsa sekolo se phahameng (sekolo sa sekondari) ba ile ba lumela hore ba kile ba utsoa thepa mabenkeleng. Hape ho ea ka phuputso e ’ngoe, e ileng ea etsoa ke bafuputsi Jane Norman le Myron Harris, “hoo e batlang e le [bacha] bohle baa lumela hore ka nako e ’ngoe ba kile ba nka ntho e ’ngoe kantle le hore ba e lefelle.”

Lebaka le Etsang Hore ba Utsoe

Lesholu ke motho eo ka boikemisetso a nkang ntho ea motho e mong kantle ho tumello. Ka linako tse ling bosholu bo ka ’na ba bonahala bo lokafatsoa ke seo motho a se hlokang. Mocha e mong ea futsanehileng oa hopola: “Ke ne ke le boemong bo thata. Ke ne ke ee ke ee ka morao ho [lebenkele le rekisang lijo tse fumanehang ka potlako] ’me ke rahe lemati le bulehe ebe ke nka maqa a khoho. Empa ke phetho. Ke ne ke etsa joalo feela hobane ke ne ke lapile.”

Maele a Bibele a re: “Sholu leha le lapile, ha le tlohelloe ho utsoa, ho khorisa mpa ea lona.” Esita leha ho le joalo, ho utsoa ke boitšoaro bo fosahetseng. Kahoo temana ea Bibele e latelang ena e bontša hore haesita le lesholu le lapileng le ne le lokela ho “lefa” ka kotlo e bohloko haholo.—Liproverbia 6:30, 31.

Leha ho le joalo, ka ho ke keng ha lumeloa, ke feela palo e fokolang ea bacha ba masholu e utsoang ka lebaka la tlhoko ea sebele. Mohlala oa sena ke Mary Jane e mocha ea ileng a lumela: “E, ke ile ka utsoa thepa mabenkeleng ’me ka sebele hoa makatsa, hobane ha ke tsebe hore na ke hobane’ng ha ke ne ke ho etsa. Batsoali ba ka ba ne ba mpha chelete ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ke ne ke sa hloke letho.”a Makasine oa Seventeen o ile oa tlaleha ka ho tšoanang: “Phuputsong e entsoeng ke National Crime Prevention Council, lebaka le tloaelehileng haholo le ileng la fanoa ke batlōli ba molao e ne e le la hore ba ne ba batla ntho e itseng ntle ho tefo.” Bacha ba bang ba lokafatsa ho ba letsoho ha bona ka ho pheha khang ea hore ‘mabenkele a lefisa ka ho feteletseng’!

Ho bacha ba bangata, ho utsoa empa feela e le tsela ea ho itlosa bolutu. Jeremy eo e kileng ea e-ba lesholu oa hlalosa: “E ne e mpa e le feela se ka etsoang ka mor’a sekolo.” Hape ho utsoa ho bonahala ho sebeletsa joaloka papali e kotsi haholo; ba bang ba bonahala ba thabela ho phalla ha lero la adrenaline le qhatsetsehang maling ha ba hlohlela bolause bo utsoitsoeng ka sepacheng kapa compact disc e utsoitsoeng ka mokotleng o jaroang.

Na ke ho Leka ho Pata Bohloko ba Maikutlo?

Ka ho hlakileng, ho na le litsela tse sireletsehileng haholo tsa ho loantša bolutu ho e-na le ho ipeha kotsing ea ho hlahleloa teronkong. Kahoo, na ho ka etsahala hore ebe ho na le mabaka a eketsehileng a tlatsetsang ho batleng tlhasimoloho e joalo ho feta takatso ea monyaka o fokolang? Litsebi tse ngata li lumela hore a teng. Ladies’ Home Journal e hlokometse hore bacha ba bang ba “ho fumana ho le thata ho sebetsana ka katleho le likhatello tsa ho hōla. Ho qabana le batsoali ba bona, ho senyeha ha setsoalle, ho fumana limaraka tse tlaase tlhahlobong, ho ka ba etsa hore ba ikutloe ba hlōleha ho itšoara; ho tlōla molao ho ba buseletsa boikutlo ba hore ba na le matla.”

E, se susumetsang lesholu hore le iketse le sebete e ka ’na ea e-ba ho khopeha haholo le ho hlabeha. Joalokaha Bibele e bolela, “motho leha a tšeha, pelo ea hae e ntse e hlomohile.” (Liproverbia 14:13) Bopaki bo bontša hore ho utsoa thepa mabenkeleng khafetsa e ka ’na ea e-ba letšoao la ho tepella maikutlong. Masholu a mang a bacha ho ile ha fumaneha hore a kile a hlekefetsoa bongoaneng. Ho sa tsotellehe hore na sesosa sa ho hlabeha ke sefe, tlhasimoloho e tlisoang ke ho utsoa e ka ’na ea bonahala e kokobetsa ho hlabeha—bonyane ka nakoana.b Ka mohlala, nahana ka mocha oa Amerika ea thabisoang ke ho utsoa likoloi ’me a li nkela ho li khanna habohlasoa ka lebelo le phahameng. O re: “Ho monate. U ikutloa eka u tšohile, u ikutloa eka u hlasimolloa ke sethethefatsi.”

Lithaka le Khatello ea Tsona

Bibele e re: “Litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” (1 Ba-Korinthe 15:33) ’Nete ena e hlokomeleha hohle. Mongoli Denise V. Lang o hlokometse: “Ke ka seoelo mocha a ikenyang khathatsong ka boeena.” Hangata, lithaka li batla hore ba bang ba bontše sebete ka ho utsoa ntho e itseng. Hoa soabisa ho bolela hore bacha ba bangata ba inehela khatellong e joalo.

Kathy e monyenyane o re: “Ke ile ka itšunya-tšunya har’a sehlopha sa banana ba itseng sekolong sa sekondari.” Moputso oa ho ba setho sa sehlopha sa bona se itšehlileng thajana e bile ofe? Ho utsoa jesi e theko e phahameng. Oa ipolela: “Ke ne ke batla ho ba har’a sehlopha seo, kahoo ke ile ka kena lebenkeleng ’me ka utsoa jesi.”

Ho Fumana Pono ea Molimo

Monyetla oa ho ba le lintho tseo u ke keng ua khona ho li reka, oa ho thabela ho itlhasimolla ka lintho tse kotsi, kapa oa ho amoheloa ke lithaka o ka ’na oa etsa hore ho utsoa ho bonahale ho ipiletsa. Leha ho le joalo, o mong oa Melao e Leshome ka Bibeleng o re: “U se ke ua utsoa.” (Exoda 20:15) Moapostola Pauluse o ile a ngola hore ‘masholu a ke ke a rua lefa la ’muso oa Molimo.’ (1 Ba-Korinthe 6:10) Pono ea Molimo e lokela ho thahaselloa ka ho khethehileng ke bacha ba hōlisitsoeng joaloka Bakreste. E ka ba boikaketsi bo bokaakang hore motho a iketse ea lokileng empa ka sephiring a tsoela pele a utsoa! Moapostola Pauluse o boletse tjena: “Uena ea rutang ba bang, na ua ithuta? Uena ea bolelang hore ho se ke ha utsuoa, na ha u utsoe?”—Ba-Roma 2:21, Bibele—Phetolelo e Ncha.

Monyetla oa ho tlotloloha ka lebaka la ho tšoaroa o lekane ho etsa hore ho qojoe leraba la ho utsoa. Ka mor’a ho tšoaroa, mocha e mong oa lesholu o ile a re: “Ke ile ka lakatsa ho shoa.” Ho tseba hore Jehova o “hloile bosholu” ke lebaka le matla ka ho fetisisa la ho qoba ho inehela tšusumetsong—kapa khatellong—ea ho utsoa. (Esaia 61:8) Esita le haeba motho a ka khona ho pata bosholu ba hae ho batsamaisi ba lebenkele, mapolesa, le batsoali, a ke ke a tseba ho bo pata ho Jehova. Bo tla fela bo hlahelle pepeneneng ka ho ke keng ha qojoa.—Esaia 29:15.

Hape, hopola hore sebe se thatafatsa motho. (Ba-Heberu 3:13) Bosholu bo fokolang bo ka eketseha ho isa liketsong tse sebete le tsa ho iteketletsa kotsing. Ka mohlala, Roger e monyenyane o ile a qalisa bophelo ba hae ba tlōlo ea molao ka ho utsoa chelete ka sepacheng sa ’mè oa hae. Qetellong o ne a tabanya basali-baholo fatše ebe o utsoa lipache tsa bona!

Ho Loantša Teko

Bonneteng, haeba motho a qalile ho utsoa ka sephiring, ho khaotsa ho ka ’na ha e-ba thata. Mocha e mong o ile a lumela: “E ne e le mofuta oa bokhoba.” Ke eng se ka thusang mocha hore a fetole litsela tsa hae?

Bolela sebe sa hao ho Molimo. O tla “tšoarela haholo” ba bakelang liphoso tsa bona ’me ba ipolela ho eena pepenene.—Esaia 55:7.

Fumana thuso. Babali ba bangata ba makasine ona ba tloaelane le phutheho ea Bokreste ea Lipaki tsa Jehova sebakeng sa habo bona. Ba joalo ba ka ea ho balebeli ba Bakreste ba sebakeng seo ba leng ho sona ’me ba kōpe thuso ea moea le keletso. (Jakobo 5:14, 15) Batsoali ba nang le melao-motheo e metle ea boitšoaro ba ka boetse ba ipaka e le mohloli oa thuso le tšehetso. Haeba bohloko, tlokotsi, kapa bolutu ke tsona tse susumelitseng boitšoaro boo bo bobe, ho bua ka lintho tsena le momameli ea nang le kutloelo-bohloko ho ka ’na ha ipaka ho thusa haholo.—Liproverbia 12:25.

Busetsa. Ka tlas’a Molao oa Moshe, ho ne ho hlokoa hore masholu a khutlise thepa eo a e utsoitseng hammoho le phaello. (Levitike 6:4, 5) Ho etsa ka ho tšoanang hase feela hore ho thusa ho hloekisa letsoalo la motho empa hape ho hatisa ka ho motho bothata boo ho utsoa ho bo bakelang ba bang. Bibele e tšepisa hore haeba motho a “busa seo a se utsoitseng, a tsamaea ka likomelo tsa bophelo, . . . ka ’nete o tla phela, ha a ka ke a shoa.”—Ezekiele 33:15.

Bipetsa maikutlo a mōna le meharo. Melaong e Leshome, oa ho qetela o re, “U se ke ua lakatsa . . . leha e le ntho e ’ngoe e leng ea oa heno.” (Exoda 20:17) Haeba ho e-na le ntho eo u e hlokang e le kannete—kapa eo u e batlang—empa u ke ke ua khona ho e reka, mohlomong u ka fumana tsela ea ho sebeletsa chelete ea ho e reka. Moapostola Pauluse o ile a eletsa: “Ea neng a utsoa, a se ke a hlola a utsoa, a mpe a ineele ho sebetsa lintho tse molemo ka matsoho a hae.”—Ba-Efese 4:28.

Elelloa bao u tloaelaneng le bona. Mongoli Denise Lang, o fana ka khopotso: “Haeba u na le motsoalle kapa sehlopha sa metsoalle se etsang ho hong ho fosahetseng kapa se etsang tlōlo ea molao, le uena u tla nkoa u le molato hobane feela u e-na le bona.” E-ba le matla a ho re che haeba lithaka li etsa tlhahiso ea hore le etse ntho e itseng e seng molaong.—Liproverbia 1:10-19.

Nahana ka kotsi eo ho utsoa ho e etsang ho ba bang. Lesholu le inahana bolona feela. Empa Jesu oa eletsa: “Ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.” (Mattheu 7:12) Ha motho a ithuta ho tsotella batho ba bang, hase hangata a ka sekamelang ho etsa ntho e ka ntšang ba bang kotsi.

Nahana ka liphello ho uena. (Ba-Galata 6:7) Ho e-na le ho nahana kamoo ho tlang ho ba monate kateng ho ba le lebenyane leo kapa sesebelisoa sa motlakase seo u ke keng ua khona ho se reka, nahana kamoo e tlang ho ba ho soabisang kateng ho tšoaroa le ho ahloloa; nahana thohako eo u tlang ho e tlisetsa batsoali ba hao le Molimo ka boeena! Ka sebele u tla etsa qeto ea hore ho utsoa hase mohopolo o motle ho hang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Ha re bue ka kleptomania—boloetse ba kelello bo khetholloang ka ho lemalla ho utsoa. Lingaka li bolela hore kleptomania ha e-ea tloaeleha, e hlasela masholu a tsebahalang a utsoang thepa mabenkeleng a ka tlaase ho karolo ea 5 lekholong. Hangata boloetse boo bo phekoloa ka meriana.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Hangata ba utsoang thepa mabenkeleng ba feta har’a lihlong tsa ho tšoaroa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela