Makhoba a Papali ea Chelete—Kamehla aa Lahleheloa
MOPROFESA Jean Ades, oa Fora o ile a phatlalatsa: “Bokhoba ba papali ea chelete ke boloetse joalokaha bokhoba ba tahi le bokhoba ba lithethefatsi e le maloetse.” O ile a re: ‘Ke bokhoba bo bang teng ka ntle ho sethethefatsi, ’me batho ba bangata ka ho eketsehileng ba ntse ba sibolla hore ke makhoba.’ Esita le ka mor’a hore makhoba a papali ea chelete a lahleheloe ke chelete e ngata haholo, hangata a tšoenngoa maikutlo ke tlhokahalo ea ho khutlisa se ba lahlehetseng ka hore a bapale le ho feta. Ralitaba e mong oa Fora o ile a ngola: “Ba bangata ba lahleheloang ba hlaphoheloa kapele-pele masoabing a bona. Empa ho ba bang, takatso ea ho bapala ha e laolehe hoo e ka senyang bophelo ba bona. Ba lula ba itšepisa hore ba tla itokolla tloaelong ena, empa kamehla e lula e ntse e ba laola. Ke makhoba a papali ea chelete.”
Motho e mong ea bapalang papali ea chelete oa Afrika Boroa o boletse: “Haeba u le lekhoba la papali ea chelete, ebe u lula fatše mochining o bilikang oa roulette kapa tafoleng ea papali ea chelete ea likarete, ha u tsotelle lintho tse ling. Lero le susumetsang maikutlo le phalla ka matla methatsoaneng ea hao, ’me u tla becha ka sente e ’ngoe le e ’ngoe eo u nang le eona hore feela lebili le potolohe hape-hape, kapa ho be le lekhetlo le leng la ho bapala. . . . Ho nka monyetla ka se hlahisoang ke lero la ka le susumetsang maikutlo ho mpolokela matla, ke ne ke lula ke hlaphohetsoe nako e telele ka matsatsi le masiu a mangata, ke shebelletse likarete le linomoro ’me ke letetse moputso oo o moholohali oo kamehla o sa finyelloeng habonolo.” Joale o ile a qetella: “Ho na le ba bang ba bangata ba tšoanang le ’na ba ke keng ba emisa makholong a ’maloa a liranta kapa esita le liketeng tse ’maloa. Re tla tsoela pele re bapala papali ea chelete ho fihlela sohle seo re nang le sona se felile, ’me likamano tsa malapa a rōna li senyehile hoo li ke keng tsa lokisoa.”
Henry R. Lesieur, moprofesa oa thuto ea kahisano Univesithing ea St. John, New York, o ile a ngola hore takatso ea ho bapala papali ea chelete, ebang u hapa moputso kapa che, e matla hoo “batho ba bangata ba bapalang papali ea chelete ba sa robaleng, ba sa jeng esita le ho ea ntloaneng ka matsatsi a mangata. Ho ameha ka ho teba ketsong ena ho felisa kameho ka lintho tse ling. Nakong ea tebello, ho boetse ho ba le ‘tšusumetso maikutlong,’ eo hangata e khetholloang ka matsoho a fufuletsoeng, ho otla ha pelo ka potlako le pelo e nyekang.”
Motho e mong eo pele e neng e le lekhoba la papali ea chelete o lumela hore ho hapa moputso e ne e se eona tšusumetso e matla ea ho ba le tloaelo eo ka nako e telele, empa ho e-na le hoo e ne e le “tšusumetso ea maikutlo,” maikutlo a susumetsang a papali ea chelete ka boeona. O ile a re: “Papali ea chelete e hlahisa maikutlo a mabifi a fetang a tloaelehileng. Ha lebili la roulette le ntse le bilika, ha u ntse u emetse hore Lehlohonolo le arabe, ho ba le nako eo hlooho e kopanang u be u batle u akheha.” André, motho ea bapalang papali ea chelete oa Fora o-oa lumela: “Ha u bechile pere ka FF10 000 [R7 500] ’me ho setse limithara tse 100 pele mojaho o fela, haeba motho a ka u bolella hore mosali oa hao kapa ’mè oa hao o hlokahetse u ke ke ua tsotella ho hang.”
André o hlalosa kamoo a ileng a khona ho tsoela pele a bapala papali ea chelete esita le ka mor’a hore a lahleheloe haholo. O ile a alima libankeng, ho metsoalle le bathong ba alimanang ka chelete ba batla litsoala tse feteletseng. O ile a utsoa licheke ’me a kenya litsoala tsa bohata libukaneng tsa poloko ea chelete tsa posong. A hohela basali ba jeoang ke bolutu linakong tsa ha a etetse lik’hasinong ’me a ipha limenyane ka likarete tsa bona tsa ho reka ka mokitlane. Ralitaba oa Fora o ngotse: “Ka nako eo,” André “o ne a se a sa tsotelle le hore na ebe o sa tla khona ho lokisa maemo a hae a tšabehang a lichelete. Ho lelera ha hae ho ne ho bakoa feela ke ho tšoenyeha maikutlong.” O ile a tlōla molao ’me a isoa chankaneng. Lenyalo la hae la senyeha.
Maemong a mangata makhoba a papali ea chelete, joaloka makhoba a lithethefatsi le makhoba a tahi, a tsoela pele a bapala papali ea chelete, le hoja e etsa hore a lahleheloe ke mosebetsi oa ’ona, khoebo ea ’ona, bophelo ba ’ona, ’me qetellong, lelapa la ’ona.
Haufinyane tjena metse e mengata Fora e butse menyako ea eona bakeng sa papali ea chelete. Moo likhoebo tse ling li hlōlehileng, mabenkele a alimanang ka chelete motho a tšoarisa ka phahlo a etsa khoebo e atlehang haholo. Beng ba ’ona ba bolela hore hangata batho ba bapalang papali ea chelete ba lahleheloa ke chelete eohle eo ba nang le eona ’me ba rekisa lireng, lioache, liaparo le lintho tse ling tsa bohlokoa bakeng sa ho fumana peterole ea ho ea hae. Litoropong tse ling tse lebōpong la leoatle United States, ho butsoe mabenkele a macha a alimanang ka chelete motho a tšoarisa ka phahlo; maemong a mang ho na le a mararo kapa a mane kapa ho feta moo a kolokileng.
Ba bang ba bile ba fetohetse bophelong ba tlōlo ea molao e le hore ba tšehetse tloaelo ea bona ea papali ea chelete. Ho ea ka Moprofesa Lesieur, liphuputso tse entsoeng ho fihlela kajeno, “li sibolotse mekhoa e mengata e sa tšoaneng ea boitšoaro bo sa lumelloang har’a makhoba a papali ea chelete . . . licheke tsa maiketsetso, bomenemene, bosholu, bosholu ba likhoka, ho ba leeme ka ba tla hapa meputso, ho qhekella, lipapali tsa bolotsana le ho rekisa thepa e utsoitsoeng.” Ho kopanyelletsa ho tsena ke litlōlo tsa molao tse etsoang ke batho ba bapalang papali ea chelete ba sebetsang liofising ’me ba utsoetsa bahiri ba bona. Ho ea ka Gerry T. Fulcher, motsamaisi oa Institute for the Education and Treatment of Compulsive Gamblers, karolo ea 85 lekholong ea makhoba a papali ea chelete a tsejoang e lumetse hore e utsoetsa bahiri ba eona. O ile a re: “Ha e le hantle, ha ho talingoa taba ea lichelete feela, bokhoba ba papali ea chelete bo ka ba bobe le ho feta bokhoba ba tahi le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi li kopane.”
Liphuputso tse eketsehileng li fihletse qeto ea hore hoo e ka bang karolo ea ba babeli ho ba bararo ea makhoba a papali ea chelete a sa hlahleloang teronkong le karolo ea 97 lekholong ea a hlahletsoeng teronkong aa lumela hore a kopanela boitšoarong boo e seng ba molao bakeng sa ho lefella papali ea chelete kapa ho lefa likoloto tse amanang le papali ea chelete. Ka 1993 litoropong tsa Gulf Coast, United States, moo ho bapala papali ea chelete ka molao ho atileng, ho ile ha e-ba le bosholu libankeng ka makhetlo a 16, e leng makhetlo a imenneng hane ho feta selemong se ka pele. Monna e mong o ile a utsoetsa libanka tse robeli kaofela chelete e etsang kakaretso ea $89 000 (R323 000) hore a ntšetse pele tloaelo ea hae ea papali ea chelete. Libanka tse ling li ile tsa utsoetsoa ka lithunya ke batho ba bapalang papali ea chelete ba neng ba tlameha ho lefa lichelete tse ngata haholo ho ba alimanang ka lichelete.
The New York Times e re: “Ha makhoba a papali ea chelete a leka ho khaotsa tloaelo ena, a ba le matšoao a ho e tlohela, a ntseng a batla a tšoana le a litsubi kapa makhoba a lithethefatsi.” Leha ho le joalo, batho ba bapalang papali ea chelete baa lumela hore ho tlohela tloaelo ea papali ea chelete ho ka ba thata haholoanyane ho feta ho tlohela litloaelo tse ling. E mong o ile a re: “Ba bang ba rōna ba bile le phihlelo ea bokhoba ba tahi le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi ka ho tšoanang, ’me kaofela rea lumellana hore bokhoba ba papali ea chelete bo bobe ho feta bokhoba leha e le bofe bo bong.” Dr. Howard Shaffer, oa Center for Addiction Studies Univesithing ea Harvard, o boletse hore bonyane karolo ea 30 lekholong ea makhoba a papali ea chelete a lekang ho khaotsa “a bontša matšoao a ho khopiseha habonolo kapa a ba le bohloko ba mala, ho hlobaela, khatello e phahameng ho feta e tloaelehileng methapong ea mali le ho otla ha pelo.”
Dr. Valerie Lorenz, motsamaisi oa National Center for Pathological Gambling, Baltimore, Maryland, U.S.A., o boletse hore esita le haeba a tsoela pele ho becha, “makhoba a papali ea chelete a thulana le mathata a phekolo ea meriana: hlooho e opang e sa fole, hlooho e bohale, mathata a ho hema, mahlaba a bakoang ke ho honyela ha mesifa, ho feto-fetoha ha sekhahla seo pelo e otlang ka sona le ho shoa bohatsu matsohong le maotong.”
Joale ho na le ho ipolaea. Ke eng e ka bang mpe ho feta taba eo ka tloaelo e tsejoang e le “bokhoba bo sa bolaeeng” bo bakang lefu? Ka mohlala, The New York Times Magazine e tlalehile hore karolong e ’ngoe ea naha ea Amerika, moo lik’hasino tsa papali ea chelete li sa tsoa buloa, “palo ea ho ipolaea e eketsehile habeli ka mokhoa o ke keng oa hlalosoa, le hoja ho ne ho se mosebeletsi oa tlhokomelo ea bophelo ea neng a ikemiselitse ho amahanya keketseho eo le papali ea chelete.” Afrika Boroa, batho ba bararo ba bapalang papali ea chelete ba ile ba ipolaea ka beke e le ’ngoe. Palo ea sebele ea ba ipolaeang ka lebaka la papali ea chelete le likoloto tse bakiloeng ke mokhoa ona, ebang ke ka molao kapa che, ha e tsejoe.
Ho ipolaea ke tsela e sehlōhō ea ho felisa matla a tšoasang a papali ea chelete. Sehloohong se latelang, nahana kamoo ba bang ba fumaneng tsela e molemonyana ea ho itšoasolla.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]
Mabenkele a alimanang ka chelete motho a tšoarisa ka phahlo a hōla haholo—’me ho joalo le ka tlōlo ea molao