Sekolo sa Seafrika—Se Ile sa Ruta Eng?
KA MONGOLLI OA TSOHA! GHANA
SEKOLO sa Seafrika? Ba bang ba tsoang Linaheng tsa Europe le Amerika ba ka ’na ba makatsoa ke ho tseba hore tokisetso e joalo e ne e hlile e le teng linakong tse fetileng. Ke ho soabisang hore ebe indasteri ea libaesekopo ea Hollywood e hlahisa Maafrika e le batho ba hlaha bao tšebeliso ea lerumo e ntseng e saletse likelellong tsa bona. Ba bangata ba bona ba thatafalloa feela le ke ho utloisisa hore na ke joang Moafrika oa mehleng ea khale ho ka thoeng o ne a rutehile ka tsela leha e le efe.
Ke ’nete hore Maafrika a hōletseng tikolohong ea lineano ha aa ka a rutoa ka buka le ho koetlisoa ka mokhoa o hlophisitsoeng oa ka tlelaseng. Leha ho le joalo, nako e telele pele batho ba Europe ba tlisa mokhoa oa thuto e hlophisitsoeng k’honthinenteng ena, litikoloho tse ngata tsa Maafrika li ne li e-na le tsamaiso ea thuto e sebetsang e neng e thusa bana ho ba hlomella hantle hore ba tšoanelehe le ho atleha setsong sa habo bona. Ka mohlala, nahana ka thuto ea Maakane, batho ba Ghana ba buang Setwi.
Ho Ruteloa Hae
Har’a Maakane, lehae le ne le sebeletsa e le phaposi ea ho ithutela ea motheo. Thuto ea ngoana e ne e qala ha a ithuta puo ho batsoali ba hae. Ka nako e tšoanang, o ne a boetse a qala ho rutoa mekhoa e metle e loketseng. Ka mohlala, ha moeti a ne a fihla lapeng a lumelisa ngoana, ngoana o ne a rutoa karabelo e loketseng, e nang le tlhompho. Hamorao ha ngoana a rongoa ho isa melaetsa, o ne a rutoa tsela e nang le tlhompho ea ho fetisa melaetsa leha e le efe.
Ka hona mokhoa oa ho ruta oo Maakane a neng a o sebelisa o ne o tšoana le o hlalosoang ke Bibele ho Liproverbia 22:6: “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.” Batsoali, haholo-holo ntate, ba bontša thahasello khōlisong ea ngoana. Maele a Maakane a re: “Ha ngoana a sa futse ’m’ae, o futsa ntat’ae.”
Ha ngoana a ntse a hōla, thuto ea hae le eona e-ea eketseha. Lithuto tse mabapi le bophelo li ne li fetisoa, e seng ka ho sebelisa libuka, empa ka ho sebelisa lipale tse inahaneloang, tse kang tse buang ka sekho sa tšōmong se bitsoang Kwaku Ananse. Bana ba ne ba rata lipale tseo hakaakang! Mantsiboea ha ho pholile kapa bosiu ha ho bata khoeli e le tšōoana, ba ne ba lula ba pota-potile mollo ’me ka pelo eohle ba thabele lipale tse buang ka tlhōlo le ka ho hlōleha.
Pale e ’ngoe e tummeng e bolela hore Ananse o ile a hahlaula le lefatše lohle ho bokella bohlale bohle ba lefatše ka pitseng. Ha ho bonahala hore o phethile leeto la hae, a etsa qeto ea ho fanyeha pitsa ena holimo sefateng, e le hore ho se be motho leha e le ofe ea fumanang bohlale bona. A qala ho hloa sefate seo ka thata, pitsa e tšetseng bohlale e fasitsoe ka khoele ’me e leketlile ho tloha mpeng. Ha a ntse a e-hloa ka thata, mora oa hae oa letsibolo, Ntikuma, a hlaha ’me a hoeletsa Ananse: “Ao, Ntate! Ke mang ea ka hloang sefate a behile pitsa mpeng? Ke hobane’ng ha u sa e pepe e le hore u ka khona ho hloa?” Ananse a talima fatše ho mora oa hae ’me a hoeletsa: “U ka nthuta eng?”
Empa joale ho ne ho hlakile hore bohlale bo bong bo ne bo ntse bo setse kantle ho pitsa ea hae! A halefisitsoe ke ho hlokomela sena, Ananse a lahlela pitsa fatše, a e pshatla, ’me a hasanya bohlale hohle. Bao ba ileng ba fihla moo pele e bile bona ba bohlale ka ho fetisisa. Thuto: Ha ho motho ea nang le taolo e feletseng holim’a bohlale. Ka hona Maakane a ne a tla re: “Motho a le mong a ke ke a bōpa lekhotla.”—Bapisa le Liproverbia 15:22; 24:6.
Tsebo ea Mosebetsi Bophelong
Thuto ea Maakane e ne e boetse e akarelletsa koetliso ea tsebo ea mosebetsi bophelong. Bashemane ba bangata ba ne ba etsa mesebetsi ea bo-ntat’a bona—hangata e ne e le temo. Empa ho na le tsebo ea mesebetsi e meng e neng e ithutoa, e kang ho tsōma, ho monya lero lifateng tsa lipalema le mesebetsi ea matsoho e kang ho loha lirōtō. Bakeng sa mesebetsi e rarahaneng haholoanyane, e kang ho betla mapolanka kapa ho loha, bashemane ba ne ba sebetsa le banna ba nang le litsebo tse ikhethang mesebetsing eo. Banana bona? Boholo ba koetliso ea bona e ne e lebisitsoe tsebong ea mesebetsi e etsoang ka lapeng e kang ho tlhotla mafura a litlama, ho etsa sesepa le ho bōpa ka letsopa, ho ohla k’hothone le e meng e joalo.
Saense e ne e sa qheleloa ka thōko “lenaneong lena la thuto” la sekolo sa neano. Tsebo ea meriana ea litlama, ho lokisoa ha eona le ho sebelisoa ha eona, e ne e fetisoa e tloha ho ntate ho ea ho mora kapa e tloha ho nkhono le ntate-moholo ho ea ho setloholo. Ngoana o ne a boetse a ithuta ho sebetsa lipalo, ka ho sebelisa menoana ea hae hammoho le limmabole, majoe le matšoao a lithupeng. Lipapali tse kang oware le moraba-raba li ne li chorisa tsebo ea lipalo.
Ka ho ba teng linakong tseo lekhotla le lutseng, Moakane e mocha o ne a boetse a fumana kutloisiso ka tsamaiso ea litaba tsa lipolotiki le tsa boahloli. Mapato hammoho le liketsahalo tsa mekete e thabisang e ne e e-ba menyetla ea ho tloaelana le koli-ea-malla, lithoko, histori, ’mino, ho letsa meropa le ho tantša.
Boikarabelo ba Sechaba
Ho Maakane, ngoana o ne a sa aroloe bathong. A sa le monyenyane bophelong o ne a hlokomelisoa ka boikarabelo ba hae sechabeng. O ne a qala ho ithuta sena ha a kopana le lithaka tsa hae papaling. Lilemong tse latelang o ne a tla tšoareha mesebetsing ea kopanelo e kang ea sechaba. Ha a itšoara hampe, o ne a fuoa kotlo, e seng ke batsoali ba hae feela, empa le ke motho leha e le ofe e moholo motseng oo. Ka sebele ho ne ho nkoa e le tlamo ea boitšoaro hore motho e moholo a khalemele ngoana leha e le ofe ea itšoarang hampe.
Taeo e joalo e ne e amoheloa hantle hobane bana ba ne ba rutiloe ho ba le tlhompho e tebileng ho batho ba baholo. Ha e le hantle, Maakane a ne a tloaetse ho re: “Mosali-moholo hase nkhono oa motho a le mong feela.” Ka hona ho hlompha le ho sebeletsa batho ba baholo e ne e le tlamo. ’Me haeba ngoana leha e le ofe, a ka hana ho thusa motho e moholo ntle ho lebaka le utloahalang, o ne a tlalehoa ho batsoali ba hae.
Thuto ea Bolumeli
Maakane e ne e le batho ba ratang bolumeli haholo, ba na le tlhompho e tebileng bakeng sa lintho tsa tlhaho le bokahohleng bo sa tsejoeng. Ba ne ba hlile ba e-na le melimo e mengata eo ba lumelang ho eona. Leha ho le joalo, Maakane a ne a lumela boteng ba Ea Phahameng ka ho Fetisisa. (Ba-Roma 1:20) Lentsoe la Seakane bakeng sa “Molimo,” molimo leha e le ofe, ke onyame. Leha ho le joalo, ho Maakane lentsoe leo le bonahala le haella bakeng sa ho hlalosa ’Mōpi. Kahoo, a mo bitsa Onyankopɔn, e bolelang “Molimo a ’Notši e Leng ea Moholo.”
Melimo e tlaasana e ne e rapeloa ka tumelo ea hore e lokiselitsoe ke Molimo a ’Notši ea Moholo. Likelellong tsa bona sena se ne se tšoana le tsela eo morena e moholo a neng a sebeletsoa ka eona ke marenana. Leha ho le joalo, ngoana e mong le e mong oa Moakane o ne a rutoa bolumeli bona.
Thuto ea Neano Kajeno
Lilemong tsa morao tjena Maafrika a limilione a falletse metseng e meholo moo thuto e hlophisitsoeng ea ka tlelaseng e batlileng e nkela litsela tsa neano tsa ho ruta sebaka. Leha ho le joalo, sekolo sa neano sa Seafrika se ntse se tsoela pele ho atleha metseng e meng, haholo-holo e leng thōko le litoropo. Maafrika a mang a bile a fumane molemo thutong ea moetlo le thutong e hlophisitsoeng!
Ka mohlala, nahana ka mosebeletsi oa Mokreste ea phelang Ghana, ea bitsoang Alfred. Le hoja a ile a fumana thuto e hlophisitsoeng ea sekolo, o na le tlhompho e tebileng bakeng sa litšobotsi tse ngata tsa bophelo ba neano. Alfred o re: “Ba bangata ba banna ba heso ba sa rutehang, le hoja ba bile le koetliso ea moetlo feela, ke matichere a molemo haholo a litšobotsi tse nang le thuso bophelong. Ho sebetsa ’moho le Bakreste ba bang har’a bona ho nthutile litsela tse ngata tse sebetsang tsa ho fana ka molaetsa oa ka ka mokhoa o bonolo, o utloahalang. Ka hona ke khona ho finyella batho ba thuto ea neano hammoho le ba thuto e hlophisitsoeng. Hangata, ke sebelisa maele kapa papiso tse sebelisoang ke batho bao, ke li ntlafatse, ebe ke li kenyelletsa lipuong tsa ka tsa Bibele. Hangata sena se etsa hore bamameli ba ope liatla tsa kananelo! Ka sebele, tlōtla e isoe ho banna le basali bao ba koetlisitsoeng ka neano.”
Ho hlakile joale hore sekolo sa Seafrika se na le litšobotsi tse ngata tse ratehang le tse lokelang ho hlomphuoa e seng ho nyelisoa. Mohlomong ha sea ka sa hlahisa limakatso tsa theknoloji, empa se hlahisitse malapa a matla, boikutlo ba kopano le batho ba likelello li nahanang, ba nang le boikutlo bo ipiletsang ba botho, le ba fanang, ba nang le moea oa ho amohela baeti. Ka hona, hase ho makatsang ha Maafrika a mangata a lulang metseng e meholo a loanela ho boloka likamano le beng ka bona ba phelang thōko le litoropo ka ho ba chakela khafetsa. Linako tse joalo li na le mathata a tsona. Hangata baahi ba metse e meholo baa hlōlela ha ho tluoa linthong tse tloaelehileng tsa neano. Ka mohlala, hangata ha ba tsebe hore ha u lumelisa sehlopha sa batho ka matsoho, tsela “e loketseng” ke ho qala ka ho le letona ho ea ho le letšehali. Ho ntse ho le joalo, maeto a joalo a ka ipaka e le a khathollang mahlakoreng ka bobeli.
Leha ho le joalo, re tlameha ho amohela hore le hoja sekolo sa neano sa Seafrika se rutile tlhompho le boinehelo, ha sea ka sa ruta ka tsebo e fanang ka bophelo ea Jehova le Mora oa hae, Jesu Kreste. (Johanne 17:3) Lipaki tsa Jehova li filoe tokelo ea ho sebetsa har’a Maakane le lihlopha tse ling tsa merabe ea Maafrika e le hore li ka fana ka tsebo ena ea bohlokoa. Li ’nile tsa ruta likete tsa Maafrika a sa kang a rutoa ka mokhoa o hlophisitsoeng oa sekolong oa ho bala le ho ngola e le hore a ka ithuta Lentsoe la Molimo ka bo ’ona. Bakeng sa bao ‘ba fumanehileng moeeng,’ ena ke thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo motho a ka bang le eona.—Mattheu 5:3.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Har’a Maakane, ngoana o ne a etsoa hore a hlokomele boikarabelo ba hae sechabeng
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Liholo tsa ’Muso tsa Lipaki tsa Jehova li fana ka litlelase tsa ho ithuta ho bala le ho ngola