Ho ba Motsoali ea se Nang Molekane ea Atlehileng
“Ntho e le ’ngoe eo batsoali bohle ba se nang balekane le ka mohla ba sa beng le eona ka ho lekaneng ke nako.”—The Single Parent’s Survival Guide.
“Ho hloka chelete ke bothata bo tebileng ka ho fetisisa.”—The Times ea London.
‘Bolutu ke mohloli o moholo oa khatello kelellong ho batsoali ba se nang balekane.’—Give Us a Break, patlisiso ka menyetla ea ho phomola ea batsoali ba se nang balekane.
BATSOALI bohle ba thulana le liphephetso, ba ba le thabo le mathata. Empa batsoali ba se nang balekane ba etsa joalo ba le bang. Ka lebaka leo, hangata, nako, chelete le bolutu ke litšobotsi tse hlahelletseng bophelong ba bona.
Le hoja boemo ba sebele ba bophelo ba bona bo ka ’na ba e-ba thata, batsoali ba se nang balekane ba ka atleha bophelong ba bona ba lelapa, ’me ba bangata baa atleha. Boholo ba taba bo itšetlehile ka hore na ke litekanyetso life tseo ba li amohelang le hore na ba li khomarela ka ho teba hakae.
Ho thahasellisang, khale-khale Bibele e boletse esale pele ka pherekano e teng hona joale boitšoarong le maemong a bophelo. Hlokomela kamoo moapostola oa Mokreste Pauluse a ileng a hlokomelisa morutuoa e monyenyane Timothea ka sena. O ile a lemosa: “Tseba hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, . . . ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha.”—2 Timothea 3:1-3.
Bibele hase buka feela tjee eo ka nepo e profetileng mekhoa ea kajeno. E na le melao-motheo eo ha e lateloa, e tiisang hore ho ba le katleho bophelong ba lelapa. (2 Timothea 3:16, 17) Nahana kamoo e meng ea eona e ka thusang batsoali ba se nang balekane ho sebetsana ka katleho le mathata a nako, chelete le bolutu.
Reka Nako
Ho sa tsotellehe hore na u hlophisehile hakae, nako ke ntho ea bohlokoa e sa fumaneheng habonolo. Hore u sebelise nako ea hao hantle, taba ea pele ho hlokahala hore u tsebe se hlileng se etsahalang ka eona. Joale u tla khona ho etsa qeto ea hore na ke mesebetsi efe eo e leng ea bohlokoa ka ho fetisisa ho uena. Mokhatlo o mong oa batsoali ba se nang balekane o fana ka tlhahiso: “Boloka ‘tlaleho ea liketsahalo tsa letsatsi ho ea ka nako.’ Ka sena u boloka tlaleho ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang letsatsi lohle kapa beke eohle, ’me u bone hore na ke nako e kae eo u e sebelisang. Ka mor’a moo, sheba hore na ke hokae moo nako e ka bolokoang, kapa ea sebelisoa hamolemonyana, ka ho hlophisa lintho bocha kapa ka ho se etse lintho tse itseng.”
Keletso e joalo e utloahalang e bontša bohlale ba Mangolo bo tšehetsang taelo ea moapostola: “Iponeleng hore le tsamaee ka kelello, e seng joalo ka maoatla, e mpe e be joalo ka ba bohlale, [le ithekele nako e loketseng, NW], hobane mehla e se e le mebe.”—Ba-Efese 5:15, 16.
Ka mohlala, na ho shebella TV ke karolo e hlahelletseng kemisong ea hao ea letsatsi le letsatsi? Ho fokotsa sena ho tla u neha nako e eketsehileng ea ho bua le bana ba hao le ho etsa lintho hammoho. Seo se ka thusa ho haha likamano tse ntle le bona.
U ka ’na ua re, ‘Boiteko ba ka ba ho lula fatše le ho bua le bana ba ka habonolo feela bo lebisa ho khutseng tu!’ Mohlomong ho joalo, empa u se ke ua lumella seo ho u nyahamisa. Baeletsi ba batsoali ba se nang balekane ba buella hore u lemohe maikutlo a bana ba hao meqoqong ea letsatsi le letsatsi, joaloka litlhaloso tseo ba li etsang ka metsoalle ea bona ea sekolo kapa seo ba rerang ho se etsa. Empa u ke ke ua etsa seo ha TV e ntse e hapile tlhokomelo ea hao, na ha ho joalo? Esita le haeba u e lumella ho bapala le hoja le sa e shebella, u ka ’na ua sitiseha ho fumana boitsebiso ba bohlokoa mabapi le mehopolo le maikutlo a ka hare-hare a bana ba hao. Kahoo e-ba le nako le bana ba hao. Etsa mesebetsi ea lelapa hammoho le bona, ’me ha u ntse u e etsa joalo, bua le bona—’me u mamele ha ba bua!
Hape, bala le bona. Patlisiso e bontša kamano e matla e teng pakeng tsa ho ithuta ha ngoana ho bala le ho ngola ha a le lilemo li hlano le katleho ea hae e latelang. Ebile lena ke lebaka le eketsehileng la ho reka nako ea ho bala hammoho. Metsotso e seng mekae pele ho robaloa, kapa nako e itseng mantsiboea pele u ikutloa u khathetse haholo, e tla ba nako e sebelisitsoeng hantle.
Khotsofalla Lintho Tse Hlokahalang
Batsoali ba bangata ba se nang balekane ba iphumana ba tšoasehile boemong bo kotsi ba lichelete. Ka tsela e itseng ba tlameha ho fumana chelete e lekaneng ho lefella ntlo, lijo le liaparo tse lokelang. Empa ho ea mosebetsing ho hlahisa bothata ba ho hlokomela bana ka ho loketseng.
Hase kamehla mehaho ea tlhokomelo ea bana e fumanehang habonolo, ebile e bitsa chelete e ngata. Batsoali ba bang ba se nang balekane ba atleha ka ho kopanyeletsa thuso ea beng ka bona—bo-nkhono kapa bo-ntate-moholo, bo-rakhali le bo-malome. Ba bang ba tšepile likolo tsa masea, libaka tsa ho bapala le mehaho ea tlhokomelo ea bana tse fanoang ke bahiri ba bona. Hase kamehla limpho tsa ’muso, haeba li fumaneha, li akarelletsang litefello tsohle tse ka ’nang tsa hlokahala bakeng sa tlhokomelo e joalo ea bana. Linaheng tse ling, batsoali ba se nang balekane ba ka ’na ba khetha ho se batle mosebetsi empa ba lula hae ’me ba phela ka chelete eo ’muso o fanang ka eona.
Ka lebaka la ho eketseha ha palo ea batsoali ba se nang balekane ba lokelang ho hlokomeloa, mebuso le eona, e sheba ho bao e ba nkang ba ikarabella. Sena se entse hore molao o thatafale haholoanyane Brithani mabapi le banna ba sieo lapeng ba hlōlehang ho fana ka chelete bakeng sa bana ba bona. Mekhatlo ea tšehetso ea bana e lelekisa bo-ntate ba molato hore ba koahele litšenyehelo tsa chelete e sa kang ea lefshoa. Haeba bo-’mè ba se nang balekane ba hana ho thusa mekhatlo eo ho fumana mohlala oa ntate, ho ka etsahala hore ba lahleheloe ke monyetla oa ho fumana melemo ea lichelete. The Times ea London e-ea tlaleha: “Ho hakanyetsoa hore Sweden karolo ea 40 lekholong ea ba hlōlehang ho lefa ba tšoaroa ka mekhatlo ea liinshorense ea sebakeng seo, ’me Fora makhotla a ntša litaelo tsa ho hlokomela le ho lelekisa ba hlōlehang ho lefa.”
Hore na ho fanoa ka litaelo tsa makhotla kapa che, le hore na ho fanoa ka thuso e tsoang ’musong kapa che, batsoali ba bangata ba se nang balekane ba fumana litsela tsa ho ithusa hore ba phele ka chelete e fokolang ho feta eo ba neng ba e tloaetse pele. Joang? Ka ho etsa moralo o fapaneng oa tšebeliso ea chelete.
Ho ithuta ho etsa moralo o fapaneng oa tšebeliso ea chelete ho hloka bohlale. Ka tloaelo ho bolela ho fetola tšebeliso ea chelete bakeng sa lintho tse tlang pele—ka mohlala, ho behella ka thōko chelete ea ho lefella ntlo le motlakase pele, e be ea ho reka lijo ’me e ntan’o ba ea ho lefa likalimo. Moapostola Pauluse o hlalositse: “Ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.”—1 Timothea 6:8.
Na u nahanne ka ho arolelana litšenyehelo le ba bang? Ho reka lijo le thepa ea lelapa ka bongata le batsoali ba bang ho ka u bolokela chelete. Ho sa tsotellehe tsela eo ka eona u etsang moralo oa tšebeliso ea chelete, hopola hore ho hlokahala u lule fatše ’me u bale litšenyehelo tsa hao. (Bapisa le Luka 14:28.) Ke hobane’ng ha u sa kopanyeletse thuso ea bana ba hao ha u etsa moralo oa tšebeliso ea chelete? Joale ba ka ’na ba ho talima e le tokelo ho u thusa hore u o khomarele. U ka ba ’na ua khona ho behella chelete e ’ngoe ka thōko bakeng sa ho e boloka bankeng.
Hore U be le Metsoalle, E-ba Botsoalle
Jesu o elelitse: “Fanang, ’me le tla fuoa. . . . Tekanyo eo le lekanyang ka eona, le tla lekanngoa ka eona le lōna.” (Luka 6:38) Ho joalo le likamanong tsa botho. Thahasello ea hao ho ba bang e ka hapa karabelo e botsoalle. Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho hlōla bolutu ke ho nka bohato ba pele ho etsa metsoalle. Mohlomong u ka fumana metsoalle e tšepahalang e tla hlokomela bana ba hao e le hore u ka etela kae-kae. Ho ntse ho le joalo, na ho ke ke ha e-ba molemonyana hore u kōpe metsoalle ho u etela?
Empa mona ho hlokahala tlhokomelo. Hopola, “litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” (1 Ba-Korinthe 15:33) Bolutu bo ka hlōloa ka tsela e khotsofatsang hafeela setsoalle seo u se etsang e le se hahang le se tlisang khotsofalo e le ka ’nete.
Ho Sebetsa U le ’Mè le Ntate
Batsoali ba se nang balekane ba tlameha ho phetha karolo ea ’mè le ea ntate ka bobeli ho bana ba bona—e leng mosebetsi o seng bonolo ho motho leha e le ofe. ’Me u se ke ua lebala, bana ba hlaha e le baetsisi. Ba ithuta kamoo e ka bang batho ba baholo ba nang le boikarabelo ka ho sheba seo batho ba baholo ba nang le boikarabelo ba se etsang. Ka hona, boholo ba taba bo itšetlehile ka mohlala o lokelang ho etsisoa oo u fanang ka oona ho bana ba hao. Ha e hlalosa ka ho ba sieo ha bo-ntate bakeng sa bashemane ba bangata-ngata ba hōlelang metseng ea Amerika e nang le baahi ba bangata, The Sunday Times ea London e-ea hlalosa: “Pefo le pherekano e teng sechabeng . . . e re bolella kamoo moloko oa ba batona o itšoarang kateng ha halofo ea oona e hōla ho ea fihla lilemong tsa bocha e se na boikutlo bo susumetsang ba se boleloang ke ho ba motho e moholo e motona.”
Ho The Relationship Revolution, Duncan Dormor o bolela hore ha bana ba hōlisoa ke motsoali ea se nang molekane, bophelo ba bona le mosebetsi oa sekolo esita le menyetla ea bona ea moruo li ka ameha habohloko. Bafuputsi ba bang ba belaella litšibollo tsena. Ba bolela hore ke ka lebaka la bofutsana le ho amohuoa menyetla sechabeng. Leha ho le joalo, ba bangata ba lumellana le tlhahlobo ea rasaense oa kahisano Charles Murray: “Ngoana ea nang le ’mè a se na ntate, a phela tikolohong ea bo-’mè e se nang bo-ntate, o ahlola lintho ka seo a se bonang. U ka romela basebeletsi ba sechaba le matichere a sekolo le baruti ho bolella mocha eo e motona hore ha a hōla e tlameha ho ba ntate ea molemo ho bana ba hae. Empa ha a tsebe hore na seo se bolela’ng ntle le haeba a se bone.” E, bashemane ba hloka ’mè le ntate, le banana ka ho tšoanang.
Ho Pesaleme ea 68:5, Bibele e hlalosa Jehova Molimo e le “ntat’a likhutsana.” Bo-’mè ba talimang ho Molimo bakeng sa tataiso ba fumana mohlala o molemo ka ho fetisisa bakeng sa bana ba bona. Bo-ntate ba hōlisang bana ba bona ba le bang ba ananela thuso e tsoang ho basali ba nang le boikarabelo le ba hōlileng tsebong. E, seo batsoali bohle ba se nang balekane ba se hlokang ke tšehetso e lerato. Mohlomong mona ke moo u ka thusang teng.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Bo-ntate Bao Hape e Leng “Bo-’mè”
Banna bao e leng lihlooho tsa malapa a motsoali a le mong ha ba bangata. Empa ha manyalo a eketsehileng a qhalana, banna ba eketsehileng ba etsa qeto ea ho hlokomela bana ba bona ba le bang. The Single Parent’s Survival Guide e-ea hlalosa: “Bo bong ba mathata a maholo ka ho fetisisa ao banna ba boemong bona ba bonahalang ba thulana le bona ke ba morali ea kenang lilemong tsa bocha.” Ho ba lihlong ho etsa hore banna ba bang ba qobe ho bua ka litaba tse amang botona le botšehali. Ba bang ba lokisetsa hore mong ka bona ea motšehali ea tšeptjoang a buisane le barali ba bona. Batsoali bohle ba se nang balekane, ba batona hammoho le ba batšehali, ba tla rua molemo haholo ka ho bala le bana ba bona buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.a Khatiso ena e na le likarolo tsa lihlooho tse reng “Likamano Tsa Botona le Botšehali le Boitšoaro” le “Ho Laetsana, Lerato, le ba Batona kapa ba Batšehali.” Khaolo ka ’ngoe e phetha ka tšobotsi e bitsoang Lipotso tsa Puisano, e reretsoeng ho tiisa hore ho ba le tlhahlobo e loketseng ea litaba tse tebileng ka ho fetisisa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho qeta nako le bana ba hao ho haha likamano tse ntle
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ha u etsa moralo oa tšebeliso ea chelete bakeng sa ntho leha e le efe, lula fatše ’me u bale litšenyehelo tsa hao