Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 11/8 maq. 3-4
  • Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Bophelo bo Bolelele Haholoanyane?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Bophelo bo Bolelele Haholoanyane?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Saense ea Meriana e ka Thusa?
  • U ka Phela Halelele Hakae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Re ka Phela Halelele Hakae?
    Tsoha!—1990
  • Ho Tsomana le Bophelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Ho Batla Bophelo bo Bolelele
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 11/8 maq. 3-4

Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Bophelo bo Bolelele Haholoanyane?

“Motho, ea tsoetsoeng ke mosali, o na le bophelo bo bokhutšoaane empa o na le mesarelo e mengata haholo.”—Mantsoe a Jobo, a tlalehiloeng ho Jobo 14:1, “The Jerusalem Bible.”

KE HANGATA hakaakang bokhutšoaane ba bophelo bo ’nileng ba hlalosoa ka lipoleloana tse thothokisang! Joaloka Jobo, mongoli oa lekholong la pele la lilemo o ile a re: “Le tšoana feela le moholi o bonahalang nakoana, o ntoo nyamela.”—Jakobo 4:14, BPN.

Na le uena u hlokometse hore bophelo bo bokhutšoaane ka ho utloisang bohloko? Hoo e ka bang lilemong tse 400 tse fetileng, William Shakespeare o ile a ngola: “Tima, tima, kerese e khutšoaane! Bophelo ke seriti feela se fetang.” Hape lekholong le fetileng la lilemo, morena oa Moindia oa Amerika o ile a botsa: “Bophelo ke’ng?” Joale o ile a fana ka karabo ena: “Ke ho tšoelima ha senakangoeli bosiu.”

Batho ba ka lebella hore bophelo ba bona bo be bolelele hakae? Moprofeta Moshe o ile a hlalosa kamoo boemo bo neng bo le kateng mehleng ea hae, lilemong tse ka bang 3 500 tse fetileng: “Matsatsi a ho phela ha rōna ke lilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le ’meli; boikakaso ba tsona ke khathatso le bomalimabe; hobane bophelo ba rōna bo fela kapele, bo ikela koo.”—Pesaleme ea 90:10.

Lilemo tse 70—ke matsatsi a 25 567 feela. ’Me lilemo tse 80 li na le matsatsi a 29 219 feela. Ke a fokolang haholo ka sebele! Na ho na le se ka etsoang ho eketsa bophelo ba motho?

Na Saense ea Meriana e ka Thusa?

Makasine ea Science e hlokometse: “Tebello ea bophelo ho tloha tsoalong [United States] e eketsehile ho tloha lilemong tse 47 ka 1900 ho isa ho tse ka bang 75 ka 1988.” Ka lebaka la ho fokotsa palo ea masea a shoang ka tlhokomelo e molemonyana ea bophelo bo botle ba ’mele le phepo, hona joale batho United States ba ka lebella ho phela halelele kamoo Moshe a ileng a bolela. Leha ho le joalo, na ho na le keketseho leha e le efe e tsotehang e lebelletsoeng mabapi le hore na boholo ba batho bo phela halelele hakae?

Ka ho hlokomelehang, Leonard Hayflick, molaoli ea ka sehloohong litabeng tsa botsofali, o ile a re bukeng ea hae How and Why We Age: “Khatelo-pele lefapheng la liphuputso tsa bongaka linthong tse phelang le ho kenngoa tšebetsong ha tlhokomelo e ntlafalitsoeng ea meriana lekholong lena la lilemo ka sebele e bile le phello e khōlō ho lelefatseng bophelo ba motho, empa e bile feela ka ho lumella batho ba bangata ho atamela tekanyetsong e ka holingoana ea bolelele ba bophelo ba motho.” Kahoo o ile a hlalosa: “Lilemo tsa bophelo tse lebelletsoeng li eketsehile empa bolelele ba bophelo bona ha boa eketseha; ho khetholla sena ke habohlokoa.”

“Tekanyetso e ka holingoana” ea bolelele ba bophelo ba motho ke efe? Ba bang ba re ke taba e ke keng ea kholoa hore ho na le motho ea kileng a phela lilemo tse fetang tse 115 mehleng ea morao tjena. Leha ho le joalo, makasine ea Science e itse: “Ho tloha ka 1990, lilemo tseo ho ileng ha netefatsoa hore ho na le motho ea li phetseng li ka holingoana ho tse 120.” ’Me pejana selemong sena, letona la bophelo bo botle la Fora, hammoho le litila-tile tsa batlalehi ba litaba le ba nkang litšoantšo, ba ile ba etela Jeanne Calment oa Arles, Fora, bakeng sa ho tšoaea selemo sa hae sa bo120. Moshe le eena o ile a phela ho fihlela a e-na le lilemo tse 120, e leng se fetang se tloaelehileng hōle.—Deuteronoma 34:7.

Na litsebi tsa saense li fana ka tšepo ea hore ka ho tloaelehileng batho ba ka ’na ba phela halelele joalo kapa ho feta-feta moo? Che, tse ngata ha li ho etse. Sehlooho sa litaba ho Detroit News se ne se baleha tjena: “Bafuputsi ba re 85 e ka ’na ea E-ba Tekanyetso e ka Holingoana ea Bolelele ba Bophelo.” Sehloohong seo setsebi se hlomphehang haholoanyane litabeng tse mabapi le botsofali, S. Jay Olshansky, se ile sa re: “Hang ha u se u fetile lilemo tse 85, batho ba shoa ka lebaka la ho kula haholo lithong tse ngata tsa ’mele. Ba khaotsa ho phefumoloha. Ha e le hantle, ba shoa ka lebaka la botsofali. ’Me ha ho pheko bakeng sa hoo.” Se ile sa phaella: “Ntle le hore lisele tsa motho tse tsofalang li nchafatsoe, ha ho sa tla ba le keketseho e tsotehang nakong e lebeletsoeng ea ho phela ha motho.”

Makasine ea Science e bontšitse hore mohlomong “tekanyetso e ka holingoana ea bolelele ba bophelo e se e ntse e finyeletsoe le hore ho theoha ho hlokomelehang ha sekhahla sa ho shoa ho ka ’na ha hlōleha.” Ho thoe haeba lisosa tsohle tse bakang ho shoa li ne li ka tlalehoa mangolong a pakang hore motho o shoele li ne li ka fokotsoa, tebello ea ho phela ha motho e ne e ka eketsoa ka lilemo tse ka tlaase ho 20.

Kahoo, litsebi tse ngata tsa saense ha li talime bolelele ba bophelo ba motho e le bo sa tloaelehang leha e le hore ke bo ka fetoloang. Leha ho le joalo ke hobane’ng ha e le ho utloahalang ho lumela hore batho ba tla qetella ba phela halelele haholoanyane?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela