Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 11/8 maq. 4-8
  • O Etselitsoe ho Phela ka ho sa Feleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Etselitsoe ho Phela ka ho sa Feleng
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Takatso ea ho Phela
  • O Etselitsoe ho Itokisa ka Booona
  • Sele
  • Boko
  • Ke ka Lebaka La’ng ha re Tsofala le ho Shoa?
    Tsoha!—1995
  • Ke Hobane’ng ha re Tsofala?
    Tsoha!—2006
  • Bokhoni ba Sele ba ho Etsa Mesebetsi e sa Tšoaneng
    Na e Entsoe?
  • Setsebi sa Tšebetso ea Lik’hemik’hale Linthong Tse Phelang se Hlalosa Tumelo ea Sona
    Tsoha!—2013
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 11/8 maq. 4-8

O Etselitsoe ho Phela ka ho sa Feleng

’MELE oa motho o entsoe ka tsela e babatsehang. Ho ntlafala ha ’ona le khōlo ke mohlolo. Mongoli oa mehleng ea boholo-holo o ile a bolela: “Ka tsela e susumetsang tšabo ke entsoe ka mokhoa o hlollang.” (Pesaleme ea 139:14, NW) Ka ho hlokomela ho tsoteha ha ’mele oa motho, litsebi tse ling tsa saense tsa mehleng ena li fumana botsofali le lefu e le selotho. Na ho joalo ho uena?

Setsebi sa baeloji sa Universithi ea Harvard Steven Austad, se ile sa ngola: “Re tobana le botsofali kamehla, hoo ke makalang hore ebe batho ba bangata ha ba bo talime e le sephiri se ka sehloohong sa baeloji.” Austad o hlokomela hore taba ea hore e mong le e mong o-oa tsofala, “e etsa hore [botsofali] bo bonahale bo sa makatse.” Leha ho le joalo, ha u hlile u nahanisisa ka hona, na hoa utloahala hore ebe botsofali le lefu li teng?

Selemong se fetileng, bukeng ea hae How and Why We Age, Dr. Leonard Hayflick o ile a lumela ho tsoteha ha bophelo le khōlo ea motho ’me o ngotse: “Ka mor’a ho etsa mehlolo e re tlosang kemolong ho ea tsoalong joale e ntan’o ba ho ea khōlong ea botona kapa botšehali le ho ba motho e moholo, matla a tlhaho a khethile ho se qape se bonahalang eka ke khōlo e bonolo haholoanyane e neng e ka thibela botsofali ’me kahoo ea boloka mehlolo eo ka ho sa feleng. Temohisiso ena e ile ea lula e le selotho ho li-biogerontologist [ba ithutang litšobotsi tsa baeloji tse amanang le botsofali] ka mashome a lilemo.”

Na le ho uena taba ea botsofali le lefu ke selotho? Li sebeletsa morero ofe? Hayflick o hlokometse: “Ho batlang e le liketsahalo tsohle tsa baeloji ho tloha kemolong ho isa khōlong li bonahala li e-na le morero, empa botsofali ha bo na oona. Ha hoa hlaka hore na ke hobane’ng ha botsofali bo lokela ho ba teng. Le hoja re ithutile se sengata ka baeloji ea botsofali . . . , re ntse re lokela ho talimana le phello e ke keng ea qojoa ea botsofali bo se nang morero bo lateloang ke lefu.”

Na ho ka etsahala hore ebe re ne re sa rereloa ho tsofala le ho shoa empa hore re phele ka ho sa feleng lefatšeng?

Takatso ea ho Phela

Ka sebele ua hlokomela hore hoo e batlang e le e mong le e mong o hlonamisoa ke taba ea ho tsofala le ho shoa. Ha e le hantle, ba bangata ba tšaba tebello eo. Bukeng ea hae How We Die, ngaka ea meriana Sherwin B. Nuland o ile a ngola: “Ho bonahala eka ha ho le ea mong ho rōna eo kelellong ea hae a khonang ho sebetsana ka katleho le khopolo ea boemo boo re nang le bona ba lefu, ka khopolo ea ho se ikutloe ho sa feleng hoo ho hona ho se nang lephaka kapa lefeela—ho se nang letho ho hang ka har’a hona.” Na u tseba motho leha e le mang ea batlang ho tsofala, ho kula le ho shoa?

Leha ho le joalo, haeba botsofali le lefu e ne e le tsa tlhaho ’me e le karolo ea tokisetso e ka sehloohong, na re ne re ke ke ra li thabela? Empa ha re ho etse. Ke hobane’ng ho se joalo? Karabo e fumaneha tseleng eo re entsoeng ka eona. Bibele e re: “[Molimo] o beile nako e sa feleng mehopolong [ea rōna].” (Moeklesia 3:11, Byington) Ka lebaka la takatso ena ea bokamoso bo sa feleng, ka nako e telele batho ba ’nile ba batla ho bitsoang mohloli oa bocha. Ba batla ho lula ba le bacha ka ho sa feleng. Sena se phahamisa potso, Na re na le monyetla oa bophelo bo bolelele?

O Etselitsoe ho Itokisa ka Booona

Ha se ngola makasineng ea Natural History, setsebi sa baeloji Austad se ile sa hlahisa pono e tloaelehileng: “Re sekamela ho nahana ka rōna le ka liphoofolo tse ling ka tsela e tšoanang le kamoo re nahanang ka mechine: ho tsofala ke feela ntho e ke ke keng ea qojoa.” Empa sena hase ’nete. Austad o itse: “Lintho tse nang le ’mele e phelang li fapane le mechine ka ho feletseng. Li tseba ho itokisa: maqeba aa phekoleha, masapo a boela a haheha, ho kula hoa feta.”

Kahoo, potso ke ena e thahasellisang, Ke hobane’ng ha re tsofala? Joalokaha Austad a botsa: “Joale, ke hobane’ng ha [’mele e phelang] e tšoana le mechine ka ho senyeha?” Kaha sehlopha sa lisele tsa ’mele li inkela sebaka ka tse ling, na li ne li ke ke tsa etsa joalo ka ho sa feleng?

Makasineng ea Discover, setsebi sa baeloji se buellang ho iphetola ha lintho, Jared Diamond se bua ka matla a hlollang a ’mele e phelang a ho itokisa ka boeona. Se ile sa ngola: “Mohlala o bonahalang ka ho fetisisa oa ho thibeloa ha kotsi ho sebelisoang ke ’mele ea rōna ke ho folisoa ha maqeba, hoo ka hona re lokisang kotsi letlalong la rōna. Liphoofolo tse ngata li ka finyella liphello tse hlollang ho re feta: mekholutsoane e ka hlōmela mehatla haeba e ile ea khaoha, li-starfish le makhala li ka hlōmela menoto, li-sea cucumber li ka ba le mala a macha.”

Mabapi le meno a nkelang a mang sebaka, Diamond o ile a re: “Batho ba mela lisete tse peli, litlou li ba le lisete tse tšeletseng, ’me li-shark li ba le palo e sa khaotseng nakong ea bophelo ba tsona.” Joale o ile a hlalosa: “Ho nkela lintho sebaka ka tse ling ho etsahalang kamehla ho boetse ho etsahala tekanyetsong ea lintho tse nyenyane ka ho fetisisa. Nako le nako lisele tsa lera la mala a rōna li nkeloa sebaka ka tse ling hang ka mor’a matsatsi a se makae, tse entseng lera la senya sa mosese hang ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse peli, ’me lisele tsa rōna tse khubelu tsa mali hang ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse ’nè.

“Tekanyong ea limolek’hule liprotheine tsa limolek’hule tsa rōna ke lintho tse lulang li ntse li fetoha ho ea ka sekhahla sa sebōpeho sa protheine ka ’ngoe; ka mokhoa oo re qoba ho bokellana ha limolek’hule tse senyehileng. Kahoo haeba u bapisa ponahalo ea moratuoa oa hao ea kajeno le ea khoeling e fetileng, a ka ’na a bonahala a ntse a tšoana, empa limolek’hule tse ngata tse entseng ’mele oo o ratehang ke tse fapaneng.”

Boholo ba lisele tsa ’mele nako le nako bo nkeloa sebaka ke tse sa tsoa etsoa bocha. Empa lisele tse ling, joaloka methapo ea boko, ha ho mohla li ka nkeloang sebaka ke tse ling. Leha ho le joalo, Hayflick o ile a hlalosa: “Haeba ho ile ha lokela hore karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea sele e nkeloe sebaka ha e sa le sele e tšoanang ea khale. Methapo eo u tsoetsoeng ka eona e ka ’na ea bonahala eka le kajeno e ntse e le lisele tse tšoanang, empa bonneteng limolek’hule tse ngata tseo e neng e entsoe ka tsona ha u ne u tsoaloa . . . e ka ’na eaba li ile tsa nkeloa sebaka ke limolek’hule tse ncha. Kahoo lisele tse sa arohaneng e ka ’na ea se be lisele tse tšoanang tseo u ileng ua tsoaloa ka tsona ho hang!” Sena ke hobane likarolo tsa lisele li nkeloa sebaka ke tse ling. Kahoo, ka khopolo feela ho nkela sebaka ho etsahalang ’meleng ho ka re boloka re phela ka ho sa feleng!

Hopola hore Dr. Hayflick o buile ka “mehlolo e re tlosang kemolong ho ea tsoalong.” E meng ea eona ke efe? Ha re ntse re e hlahloba ka bokhutšoaane, nahana ka menyetla ea ho kenya tšebetsong se bitsoang “mekhoa eo haholo-holo e leng ea motheo bakeng sa ho boloka mehlolo eo ka ho sa feleng.”

Sele

Motho e moholo o na le lisele tse libilione tse 100, tseo ka ’ngoe ea tsona e rarahaneng ka ho ke keng ha utloisisoa. E le ho tšoantša ho rarahana ha sele makasine ea Newsweek e bapisa sele le motse o sirelelitsoeng ka lerako. Makasine e ile ea re: “Litsi tse fehlang motlakase li fehla matla a sele. Lifektheri li hlahisa liprotheine, lintho tsa bohlokoa khoebong ea lik’hemik’hale. Tsamaiso e rarahaneng e isa lik’hemik’hale tse khethehileng ho tloha ntlheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe ka har’a sele le ho fetela ka ’nģane ho eona. Balebeli ba leng marakong a sireletsang ba laola limmaraka tsa thepa e tsoang le e kenang, ’me ba lekola lefatše le kantle ho bona lipontšo tsa kotsi. Mabotho a ’mele a filoeng litaelo a ema e le malala-a-laotsoe bakeng sa ho loantšana le bahlaseli. ’Muso o bohareng oa liphatsa tsa lefutso o boloka taolo.”

Nahana kamoo uena—lisele tse libilione tse 100 tsa hao—u bileng teng. U qalile u le sele e le ’ngoe e bileng teng ha peō ea botona e tsoang ho ntate oa hao e kopana le sele ea lehe e tsoang ho ’mè oa hao. Ho kopaneng hoo, ho ile ha etsoa lipolane ka har’a DNA (e leng khutsufatso ea deoxyribonucleic acid) tsa sele eo e sa tsoa thehoa bocha e le ho hlahisa seo qetellong e ileng ea e-ba uena—motho e mocha le osele ka ho feletseng. Ho thoe litaelo tse ka har’a DNA “hoja li ne li ka ngoloa, li ne li tla tlatsa libuka tse sekete ka ’ngoe e le maqephe a 600.”

Ka mor’a nako e itseng, sele eo ea pele e qala ho aroha, le ho etsa lisele tse peli, joale e ntan’o ba tse ’nè, tse robeli, joalo-joalo. Qetellong, ka mor’a matsatsi a 270—e leng ka nako eo lisele tsa mefuta e mengata e fapaneng tse likete tsa limilione li seng li hōlile ka hare ho ’mè oa hao ho etsa lesea—U ile ua tsoaloa. Ho joalokaha eka sele eo ea pele e ne e e-na le kamore e khōlō e tletseng libuka tse nang le makolopetso a litaelo tsa hore na u ka etsuoa joang. Empa se hlollang ka ho tšoanang ke ntlha ea hore litaelo tsena tse rarahaneng li ile tsa fetisetsoa seleng e ’ngoe le e ’ngoe e hlahlamang. E, ho makatsang ke hore sele e ’ngoe le e ’ngoe ’meleng oa hao e na le boitsebiso bo tšoanang hantle le boo lehe la pele le emolisitsoeng le neng le e-na le bona!

Hape nahana ka sena. Kaha sele ka ’ngoe e na le boitsebiso ba ho hlahisa lisele tsa mefuta eohle, ka mohlala, ha ho fihla nako ea ho etsa lisele tsa pelo, ke joang litaelo li thibelang lisele tse ling hore li se fetohele mofuteng o mong oa liphatsa tsa lefutso? Ho bonahala joalokaha eka e sebetsa joaloka rakonteraka ea nang le polokelo ea lipolane bakeng sa ho etsa lesea, sele e khetha polane polokelong ea eona bakeng sa hore e etse lisele tsa pelo. Sele e ’ngoe e khetha polane e fapaneng e nang le litaelo tsa ho etsa lisele tsa methapo, ha e ’ngoe eona ile ea nka polane ea ho etsa lisele tsa sebete, joalo-joalo. Ka sebele, tsebo ena e ntseng e-s’o ka e hlaloseha ea hore sele e khethe litaelo tse hlokahalang bakeng sa ho hlahisa mofuta o itseng oa sele, le hore ka nako e tšoanang e thibele litaelo tse ling tsohle tse mabapi le tšebetso ea ho fetohela mofuteng o mong ha phatsa ea lefutso ke o mong oa “mehlolo e mengata eo re tlohang kemolong ka eona ho ea tsoalong.”

Leha ho le joalo, ho sa na le ho eketsehileng haholo. Ka mohlala, lisele tsa pelo li lokela hore li hlasimolohe e le hore li tle li honyele ho ea ka morethetho. Kahoo, tsamaiso e rarahaneng ka har’a pelo e etselitsoe ho fehla morethetho oa motlakase o etsang hore pelo e otle ka lebelo le loketseng ho tšehetsa ’mele mosebetsing oo o tšoarehileng ka oona. Ka sebele, mohlolo oa pōpo! Hase ho makatsang ha lingaka li ile tsa bua sena mabapi le pelo: “Ke mochini o sebetsang hantle ho feta mochini leha e le ofe o kileng oa etsoa ke motho.”

Boko

Se makatsang le ho feta ke khōlo ea boko—e leng karolo ea sephiri se seholohali sa mohlolo oa motho. Lisele tsa boko li qaleha nakong ea libeke tse tharo, ka mor’a kemolo. Qetellong, lisele tsa methapo ea kutlo tse ka bang limilione tse 100-000, tse bitsoang li-neuron—tse ngata joaloka linaleli tse Molaleng oa Linaleli—li bokellana bokong ba motho.

Makasine ea Time e tlalehile: “E ’ngoe le e ’ngoe ho tsena e fumana boitsebiso ba li-neuron tse ling tse tlohang ho tse ling tse ka bang 10 000 bokong, ’me e romela melaetsa ho tse ling tse sekete tse eketsehileng.” Ha se bontša ka menyetla ea ho tsamaisana, setsebi sa saense e sebetsanang le methapo Gerald Edelman se ile sa re: “Karolo ea boko e nyenyane joaloka hloohoana ea thutsoana ea mollo e na le lihokelo tse ka bang limilione tse sekete tse ka kopanngoang ka litsela tse ka hlalosoang feela ka hore ke palo e khōlō ka ho fetisisa—e leng tatellano ea leshome le lateloang ke li-zero tse baloang ka limilione.”

See se fana ka monyetla oa hore boko bo be le matla a makae? Setsebi sa linaleli Carl Sagan se ile sa bolela hore boko ba motho bo ka nka boitsebiso bo ka “tlatsang meqolo e limilione tse 20, e mengata joaloka e leng lilaebraring tse khōlōhali tsa lefatše.” Mohlophisi George Leonard o ile a tsoela pele ka ho bolela hore: “Mohlomong, ha e le hantle, hona joale re ka buella khopolo ena e ke keng ea lumeloa: Matla a boqapi a phahameng ka ho fetisisa a boko mohlomong a ke ke a lekanngoa.”

Kahoo, ha rea lokela ho makatsoa ke lipolelo tsena tse latelang: Setsebi sa baeloji sa limolek’hule James Watson, e mong oa basibolli ba kaheho ea DNA o re: “Boko, ke ntho e rarahaneng ka ho fetisisa eo re sa ntsaneng re kile ra e sibolla bokahohleng ba rōna.” Ngaka ea mafu a methapo Richard Restak, ea khopisoang ke ho bapisoa ha boko le k’homphutha, o itse: “Ho ikhetha ha boko ho simolotse ntlheng ea hore ho hang ha ho kae kapa kae bokahohleng bo tsejoang moo ho nang le ntho leha e le efe e tšoanang le boko.”

Litsebi tsa saense ea methapo li re nakong ea bolelele ba bophelo ba rōna ba hona joale, re sebelisa karolo e nyenyane feela ea bokhoni ba matla a boko, hoo e ka bang feela 1/10 000, kapa 1/100 ea karolo ea 1 lekholong, ho ea ka khakanyo e ’ngoe. Nahana ka seo. Na hoa utloahala hore re ne re ka fuoa boko bo nang le menyetla eo ea mohlolo haeba ho ne ho se mohla bo tla sebelisoa ka botlalo? Na hase ho utloahalang hore batho, ka matla a bona a sa khaotseng a ho ithuta, ba ne ba hlile ba etselitsoe ho phela ka ho sa feleng?

Haeba seo ke ’nete ke hobane’ng ha re tsofala? Phoso e bile hokae? Ke hobane’ng, ha ka mor’a lilemo tse 70 kapa tse 80, re e-shoa, esita le hoja ho totobetse hore ’mele ea rōna e ne e etselitsoe ho ba teng ka ho sa feleng?

[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 7]

Sele—Mohlolo oa Pōpo

Letlalo le Lesesaane la Sele: Ntho e koahetseng sele e laolang ho kenang le ho tsoang seleng

Khubu ea Sele: E kopetsoe hare ke matlalo a masesaane a mabeli, ke setsi sa taolo se tsamaisang mesebetsi ea sele

Li-ribosome: Lintho tseo liasiti tsa amino li kopanang ho tsona ho etsa liprotheine

Li-chromosome: Li na le DNA ea sele, le polane ea eona e ka sehloohong ea liphatsa tsa lefutso

Nucleolus: Sebaka seo li-ribosome li kopanngoang ho sona

Endoplasmic Reticulum: Mara a bolokang kapa a tsamaisang liprotheine tse entsoeng ke li-ribosome tse kopaneng le ’ona (li-ribosome tse ling li sesa ka bolokolohi ka har’a sele)

Mitochondria: Litsi tsa tlhahiso bakeng sa ATP, limolek’hule tse fepelang matla seleng

Golgi Body: Sehlopha sa ho kang mekotla ea letlalo le lesesaane e fetisang liprotheine tse entsoeng ke sele

Li-centriole: Li haufi le khubu ea sele ’me li molemo bakeng sa ho hlahisa lisele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela