Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 1/8 leq. 30
  • Na Maria ke “’mè oa Molimo”?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Maria ke “’mè oa Molimo”?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maria—O Ile a “Hauheloa Haholo” ke Molimo
  • ‘Ho Rapela ka Tsela e Tšoanelang Batho ba Nahanang’
  • Maria (’M’ajesu)
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • “Bona! Lekhabunyane la Jehova!”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • “Bona! Lekhabunyane la Jehova!”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Rapela ’Mōpi, Eseng Pōpo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 1/8 leq. 30

Pono ea Bibele

Na Maria ke “’mè oa Molimo”?

“RE BATLA SETŠABELO KA TLAS’A TŠIRELETSO EA LEREKO LA HAO, OHO ’MÈ OA MOLIMO; U SE KE UA LAHLA KŌPO EA RŌNA E TIILENG HA RE LE BOHLOKING EMPA U RE PHOLOSE TIMELONG, OHO UENA EA LEHLOHONOLO U ’NOTŠI.”

THAPELO e joalo e akaretsa maikutlo a banna le basali ba limilione ba inehetseng ho Maria, ’mè oa Jesu Kreste. Ponong ea bona ke moemeli oa ’mè eo ka mosa a ka ba buellang ho Molimo ’me ka tsela e itseng a kokobetsa likahlolo tsa hae tse ba tobileng.

Leha ho le joalo, na ruri Maria ke “’Mè oa Molimo”?

Maria—O Ile a “Hauheloa Haholo” ke Molimo

Ka ntle ho pelaelo Maria o ile a “hauheloa haholo”—ha e le hantle, o ile a hauheloa ka ho fetisisa, ho feta mosali leha e le ofe e mong ea kileng a phela. (Luka 1:28, The Jerusalem Bible) Lengeloi Gabriele le ile la hlaha ho eena ’me la hlalosa kamoo a neng a filoe tokelo e khōlō kateng. Le ile la re: “Mamela! U tla emola ’me u tsoale mora, ’me u lokela ho mo reha lebitso la Jesu. O tla ba moholo ’me o tla bitsoa Mora oa Ea Holimo-limo.” Ketsahalo ena ea mohlolo e ne e tla etsahala joang? Gabriele o ile a tsoela pele: “Moea o Halalelang o tla ba holim’a hao, . . . ’me matla a Ea Holimo-limo a tla u khurumetsa ka seriti sa oona. ’Me ka hona ngoana e tla ba ea halalelang ’me o tla bitsoa Mora oa Molimo.”—Luka 1:31, 32, 35, JB.

Maria o ile a re: “‘Ke lekhabunyane la Morena, seo u se boletseng a se ke se etsoe ho ’na.’” (Luka 1:38, JB) Kahoo Maria ka boikokobetso o ile a lumela tataiso ena ea Molimo ’me ka nako e loketseng o ile a beleha Jesu.

Leha ho le joalo, nakong ea makholo a ’maloa a lilemo, batšehetsi ba hae ba chesehang ba ile ba mo phahamisa ho tloha boemong bo tlaase ba ho ba “lekhabunyane la Morena” ho mo isa maemong a ho ba “’m’a morena” ka tšusumetso e khōlōhali maholimong. Baeta-pele ba kereke ba ile ba mo phatlalatsa ka molao e le “’Mè oa Molimo” ka 431 C.E. Sebokeng sa Efese. Ke’ng se ileng sa baka phetoho ena? Mopapa John Paul II o hlalosa sesosa se seng: “Boinehelo ba ’nete ho ’Mè oa Molimo . . . ka ho feletseng bo thehiloe Sephiring sa Boraro-bo-bong bo Hlohonolofalitsoeng.”—Crossing the Threshold of Hope.

Ka hona, ho amohela Maria e le “’Mè oa Molimo” ho itšetlehile ka ho lumela ho Boraro-bo-bong. Leha ho le joalo, na Boraro-bo-bong ke thuto ea Bibele?a Ka kōpo, hlahloba seo moapostola Petrose a ileng a se ngola ka Bibeleng. O ile a lemosa hore “matichere a bohata . . . a tla kenya bokhelohi bo kotsi ka sekhukhu [le] hore a tla leka ho le tlatlapa ka likhang tsa ’ona tseo e seng tsa sebele.” (2 Petrose 2:1, 3, The New Testament in Modern English, ea J. B. Phillips) Bokhelohi bo bong bo joalo ke thuto ea Boraro-bo-bong. Hang ha e se e amohetsoe, khopolo ea hore Maria ke “’Mè oa Molimo” (ka Segerike: Theotokos, e bolelang, “ea belehileng Molimo”) e ne e le e utloahalang haholo. Bukeng ea hae ea The Virgin, Geoffrey Ashe o bolela hore “haeba Kreste e ne e le Molimo, e le Motho oa Bobeli Borarong-bo-bong,” joalokaha Batšehetsi ba Thuto ea Boraro-bo-bong ba nahana, “kahoo, ’mè [oa Kreste] nakong ea ha [Kreste] e ne e le motho oa nama, e ne e le ’Mè oa Molimo.”

Haeba Jesu e ne e le “Molimo ka ho feletseng le kahohle-hohle,” joalokaha Catechism of the Catholic Church e ncha e bolela, joale e ne e tla ba ho loketseng hore Maria a bitsoe “’Mè oa Molimo.” Leha ho le joalo, ho tlamehile ho boleloa hore Batšehetsi ba Thuto ea Boraro-bo-bong ba bangata ba pele ba ile ba thatafalloa ho lumela thuto ena ha e ne e qala ho thehoa—joalokaha ho etsa Batšehetsi ba Thuto ea Boraro-bo-bong ba Maprostanta kajeno. E ’nile ea bitsoa “ho inehela nthong e ikhanyetsang, ‘esita le eo le maholimo a neng a ke ke a mo kopa a ileng a fella ka pōpelong ea moroetsana.’” (The Virgin)—Bapisa le 1 Marena 8:27.

Empa na ka sebele Jesu Kreste ke “Molimo ka ho feletseng le kahohle-hohle”? Che, ha ho mohla a kileng a bolela joalo. Ho e-na le hoo, kamehla o ne a lumela hore o boemong bo tlaasana ho ba Ntate oa hae.—Bona Mattheu 26:39; Mareka 13:32; Johanne 14:28; 1 Ba-Korinthe 15:27, 28.

‘Ho Rapela ka Tsela e Tšoanelang Batho ba Nahanang’

Leha ho le joalo, Bibele, e khothaletsa Bakreste ho sebelisa matla a bona a ho nahana borapeling. Ha re kōpuoe ho lumela khoela ho se entsoeng moritaoke ka hore ke sephiri. Ho e-na le hoo, moapostola Pauluse o re, re lokela ho ‘rapela ka tsela e tšoanelang batho ba nahanang.’—Ba-Roma 12:1, JB.

Anne, ea ileng a hōlisoa e le Mok’hatholike, o re: “Ha ho mohla re kileng ra khothaletsoa ho nahana ka hona. Ha ho mohla re kileng ra ho belaella. Re ile ra lumela feela hore Jesu ke Molimo, kahoo Maria e ne e le ‘’Mè oa Molimo’—ka ho makatsang ha ho mohla re kileng ra nahana ka tumelo ena!” Hopola, Catechism of the Catholic Church e re setho ka seng “Bonngoeng ba bomolimo” ke “Molimo ka ho feletseng le kahohle-hohle.” E bolela hore hase melimo e meraro e arohaneng. Joale, na re lokela ho lumela hore, ha lisele tse phelang pōpelong ea Maria li ntse li arohana ka ho tsoelang pele, “Molimo ka ho feletseng le kahohle-hohle” o ne a feletse ho lesea le sa tsoa emoloa leo khoeling ea pele ea boimana ba hae le ileng la hōla hore le be bolelele bo ka bang halofo ea senthimithara le le neng le e-na le mahlo le litsebe tseo e leng hona li hōlang?

Hopola hore lengeloi Gabriele le ile la bolella Maria hore ngoan’a hae o ne a tla bitsoa “Mora oa Ea Holimo-limo” le “Mora oa Molimo,” e seng “Molimo-Mora.” Ha e le hantle, haeba Jesu e ne e le Molimo Ea Matla ’Ohle, ke hobane’ng ha lengeloi Gabriele le sa ka la sebelisa lentsoe le sebelisoang ke Batšehetsi ba Thuto ea Boraro-bo-bong kajeno—“Molimo-Mora”? Gabriele ha aa ka a sebelisa lentsoe leo hobane thuto eo ha e fumanoe ka Bibeleng.

Ka sebele, re na le kutloisiso e lekanyelitsoeng ea mesebetsi ea Molimo. Empa kutloisiso e nepahetseng ea Mangolo e re thusa ho lumela hore Molimo Ea Matla ’Ohle, ’Mōpi oa bophelo bohle, o ne a e-na le matla a ho fetisetsa ka mohlolo bophelo ba Mora oa hae ea ratoang, Jesu Kreste, pōpelong ea Maria le ho bo sireletsa ka matla a Hae a sebetsang, kapa moea o halalelang, ha bo ntse bo hōla, ho fihlela Maria e-ba ’mè oa Jesu—Mora oa Molimo.

E, Maria o ile a hlohonolofatsoa haholo joaloka ’mè oa eo e bileng Kreste. Hase ho mo hlompholla ho amohela hore thuto e hlakileng ea Bibele—ho akarelletsa le tlaleho ea boikokobetso ba Maria ka boeena—e hanana le hore a fuoe tlotla “’Mè oa Molimo.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka kōpo bona Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Museo del Prado, Madrid

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela