Na Motho Leha e le Ofe a Ka—Tšeptjoa?
“E ne e le e mong oa batho ba seng bakae kantle ho lelapa eo batsoali ba ka ba neng ba mo tšepa ka ho feletseng. . . . O ne a iponahatsa e le motho ea molemo le ea tsotellang eo le ka mohla a neng a ke ke a etsa ntho leha e le efe ho re utloisa bohloko. . . . E ne e le e mong oa batho ba seng bakae bophelong ba ka bao ke neng ke ba tšepa ka ho feletseng.”
KE KAMOO mosali e mong e mocha a ileng a hlalosa tšepo eo a neng a e-na le eona ho ngaka ea lelapa labo. Ka masoabi, e ne e le tšepo e beiloeng mothong ea fosahetseng. Ho tloha ha a le lilemo li 16, ngaka ena e ile ea mo hleka-hleka ka likamano tsa botona le botšehali. Ngoanana enoa o ile a bolella ba boholong lekhotleng, ba neng ba liha kahlolo nakong eo: “O ile a nthetsa le ho nqhekella.”—The Toronto Star.
Ho Tšepa ho Sentsoe Hohle
Ho tšepa, joaloka palesa e ntle empa e fokola, ho ka fothoha habonolo ’me ha hatakeloa. Ho ntse ho senngoa hohle! Michael Gaine, eo e neng e le mongoli oa mok’hadinale le moarekabishopo Engelane o ile a re: “Ho kile ha e-ba le nako eo motho e mong le e mong a neng a tšepa moprista. Ea ha malapa a ne a tšepile hore o tla hlokomela bana ba oona. Nke ke ka lebella seo hona joale. Re arohantsoe le ho tšepa hoo ka ho sa feleng.”—The Guardian Weekend.
Bo-rakhoebo ba qhekella ba hlōlisanang le bona. Baphatlalatsi ba bolotsana ba thetsa bareki le ho ba sebelisa hampe. Motsamaisi e mong ea hlokang kutloelo-bohloko o ile a utsoa lichelete tsa penshene tsa k’hamphani ea habo, a utsoa chelete eo bahiruoa ba ipolokelang eona. Hangata bahiruoa ba utsoetsa bahiri ba bona. Ka mohlala, tlaleho e ’ngoe e bontša hore “likhoebo tsa Canada li lahleheloa ke lidolara tse lekanyetsoang ho limilione tse likete li 20 [liranta tse limilione tse likete li 55] selemo le selemo ka lebaka la bosholu ba basebetsi.”—Canadian Business.
Hase bo-ralipolotiki bohle ba sa tšepahaleng. Empa litlaleho tse tšoanang le e latelang li ka makatsa batho ba seng ba kae: “Libeke tse peli ka mor’a ho fenethoa ha e mong oa bo-ralipolotiki ba Fora ba basali ba nang le khang ka ho fetisisa, sepolesa se ile sa pepesa bomene-mene ba lipolotiki le ’momori oa tlōlo ea molao tse ’nileng tsa pata lintho tse etsoang ke ’muso lebōpong la Mediterranean ka nako e telele.”—The Sunday Times, London.
Hangata, ho tšepa hoa senyeha kamanong e haufi-ufi. Banna le basali ha ba tšepahale ho balekane ba bona ba lenyalo. Batsoali ba hlekefetsa bana. Bana ba thetsa batsoali. Nakong eo ho neng ho buloa libaka tsa polokelo ea litlaleho tsa Stasi, sepolesa sa sekhukhu sa naha eo pele e neng e le Jeremane Bochabela, se ile sa senola “tsamaiso e neng e jele setsi ea thetso” e neng e etsoa ke batho ba neng ba nkoa e le metsoalle. Tlaleho e ’ngoe e bolela hore har’a marang-rang a ho ekana, “Taolo e sehlōhō ea Stasi e ne e nametse litlelaseng tsa sekolo, sefaleng, kamoreng ea ho robala, esita le maipolelong.”—Time.
Mongoli oa koranta Ireland o ile a ngola: “Re ’nile ra bolelloa leshano, re ’nile ra khelosoa ’me re ’nile ra sebelisoa ra ba ra sebelisoa hampe ’me re ’nile ra tšoaroa ka nyeliso ke bao re ileng ra ba beha maemong a puso.” (The Kerryman) Kaha ba ’nile ba ekoa hangata, batho ba bangata ha ho eo ba mo tšepang. Ke’ng seo re ka se etsang ho tiisa hore tšepo ea rōna ha e-ea behoa sebakeng se fosahetseng? Lihlooho tse peli tse latelang li tla hlahlobisisa potso ena.