Ho Tšepa Kapa ho se Tšepe
HO KA ba thata ho tseba hore na u ka tšepa kapa u se ke ua tšepa. Tsela ka ’ngoe ho tsena e na le likotsi tsa eona, haholo-holo lefatšeng lena leo thetso le ho eka li jeleng setsi hakana. Leha ho le joalo, kaofela re hloka metsoalle e ka tšeptjoang e tlang ho re tšehetsa nakong ea bothata. (Liproverbia 17:17) Lilemong tse ka bang likete tse peli tse fetileng, mongoli oa Moroma Phaedrus o ile a hlalosa bothata bona ka tsela ena: “Ho tšepa kapa ho se tšepe ho kotsi.”
Ho Tšepa ho ka ba Kotsi
Ke hobane’ng ha ho tšepa motho e mong ho ka ’na ha e-ba kotsi? Ha e le hantle, ak’u nahane ka temoso e fanoeng makasineng ea Psychology Today. E hlalosa ba sebelisang hampe ho tšepa hoo batho ba nang le hona e le “libatana” ba “sebelisang bononnori le boikhakanyo, bo kang ba lempetje bakeng sa ho thetsa le ho laola ba ba potolohileng le ho senya bophelo ba bona.” Ka ho totobetseng, ka lebaka la ho pota-potoa ke bathetsi ba joalo, ho ea ba tšepang ka ho feteletseng joalo ho kotsi e le kannete.
Motho ea tšepang ka ho feteletseng a ka qhekelloa habonolo, ’me ka lebaka leo, a thetsoa habonolo le ho laoloa hampe. Mohlala oa sebele oa ho qhekelloa habonolo ke oa Monghali Arthur Conan Doyle, moqapi le lefokisi le hloahloa le inahaneloang le bitsoang Sherlock Holmes. Ka 1917 banana ba babeli ba banyenyane, Elsie Wright le motsoal’ae, Frances Griffiths, ba ile ba bolela hore ba ile ba bapala le batho ba tšōmong serapeng sabo bona Cottingley, Engelane. Ba bile ba bontša batho lifoto tsa batho bao ba tšōmong ho leka ho netefatsa sena.
Conan Doyle, ea neng a thahasella tšebelisano le meea haholo ka mor’a lefu la mor’a hae, o ile a ba tšepa ’me a lumela lipale tse buang ka batho ba tšōmong—joalokaha batho ba bangata ba ile ba lumela nakong eo. Ha e-ea ka ea e-ba ho fihlela lilemong tse 55 hamorao ha banana bao ba babeli ba lumela hore seo sohle e ne e le thetso feela le hore ba ne ba ile ba seha “batho ba tšōmong” bukeng pele ba nka lifoto tseo. Frances Griffiths o ile a hlalosa ka ho makala hore ho na le batho ba ileng ba lumela pale ea bona. O ile a re: “Hore na ke joang motho leha e le ofe a neng a ka thetseha habonolo joalo hore a lumele hore batho bana e ne e le ba sebele, ruri e ’nile ea e-ba mohlolo ho ’na.”—Hoaxers and Their Victims.
Na u bona leraba leo Conan Doyle a ileng a oela ho lona? Ka bofofu o ile a lumela pale hobane feela a ne a batla hore e be ’nete. Mongoli Norman Moss o re: “Re ka thetsoa hobane feela temoho ea rōna e thotofalitsoe ke tloaelo, ’me re talima lintho ka mahlo a sa boneng hantle. . . . Ka linako tse ling, re amohela ntho e le ’nete hobane re batla hore e be ’nete.” (The Pleasures of Deception) Sena se pheta temoso e ileng ea fanoa ke Demosthenes, sebui se hloahloa sa Mogerike hoo e ka bang lilemong tse 350 pele ho Mehla ea rōna e Tloaelehileng: “Ntho e bonolo ka ho fetisisa ke ho ithetsa, hobane ka kakaretso seo motho a se lakatsang o lumela hore ke ’nete.” Ho itšepela maikutlo a rōna feela ho ka ba kotsi.
Ha e le hantle, mohlomong u ka nahana hore sena ke mohlala o feteletseng le hore Conan Doyle o ne a le booatla ho feta kamoo u neng u ka ba kateng. Empa hase ba qhekellehang habonolo feela ba leng kotsing ea ho thetsoa. Batho ba bangata ba seli le ba hlokolosi ba ’nile ba etsoa maoatla le ho thetsoa ke batho bao ho bonahalang eka baa tšepahala.
Ho se Tšepe ho ka ba Kotsi
Leha ho le joalo, ho na le likotsi tabeng ea ho se tšepe mang kapa mang kapa ntho leha e le efe. Ho se tšepe ho tšoana le mafome a jang ntho. Ho ka ja le ho senya seo mohlomong e neng e tla ba likamano tse thabisang le tse haufi. Ho tšoaea liphoso le ho se tšepe ho tebileng ho ka u etsa motho ea hlonameng ka ho fetisisa le ea hlokang metsoalle. Ho ka boela ha senya likamano le batho ba bang hoo mongoli oa Lenyesemane Samuel Johnson a ileng a ngola hore, “ke ho thabisang haholoanyane hore ka linako tse ling u qhekelloe ho e-na le hore u se tšepe.”
Ho se tšepe ho ka ba ha beha bophelo ba hao ba ’mele kotsing. Mohlomong u hlokometse hore maikutlo a matla a kang ho halefa a ka u pepesetsa kotsing ea tlhaselo ea pelo. Empa na u ne u tseba hore liphuputso tse ling li bontša hore ho se tšepe ho ka etsa se tšoanang? Makasine ea Chatelaine e re: “Batho ba tlakolohang habonolo ka bohale hase bona feela ba ka ’nang ba eketsa menyetla ea ho ba le lefu la pelo ka lebaka la boitšoaro ba bona. Phuputso e ncha e bontša hore esita le mefuta e mengata ea bora bo ipatileng, e kang tšekamelo ea ho ba ea tšoaeang liphoso le ho se tšepe, e ka u beha kotsing.”
Hlokomela Mehato ea Hao ka Hloko
Ke eng seo u ka se etsang? Bibele e fana ka keletso e molemo tabeng ena. Liproverbia 14:15 (NW) e re: “Mang kapa mang ea haelloang ke phihlelo o lumela lentsoe le leng le le leng.” Hona hase ho tšoaea liphoso ho kotsi. Ke khopotso ea sebele e bontšang bohlokoa ba ho ba hlokolosi. Ke feela motho ea lumelang ntho ntle ho bopaki, ea haelloang ke phihlelo eo ka bofofu a tlang ho tšepa lentsoe le leng le le leng leo a le utloang. Ke ka lebaka le utloahalang maele a Bibele a tsoelang pele: “Empa ea nang le temoho o hlokomela mehato ea hae.” Sengoli sa litšoantšiso sa Lenyesemane William Shakespeare se ile sa ngola: “U se ke ua tšepa mapolanka a bolileng.” Mang kapa mang ea nahanang hore mapolanka a leng borokhong bo phahameng a bolile o ne a tla be a se bohlale haeba a ka tsamaea holim’a ’ona. Joale, ke joang u ka ‘hlokomelang mehato ea hao’ e le hore u se ke ua beha tšepo ea hao sebakeng se fosahetseng?
Bibele e re khothaletsa ho leka seo batho ba se buang ho e-na le ho amohela feela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e utloang. E re: “Tsèbè e hloaea mantsoe ha a buuoa, joalokaha lijo li latsuoa ke mahalapa.” (Jobo 34:3, BPN) Na seo hase ’nete? Na ka tloaelo ha re latsoe lijo pele re li koenya? Le rōna re lokela ho hloaea mantsoe a batho le liketso pele re li amohela. Ha ho motho leha e le ofe ea tšepahalang ea tlang ho khopeha haeba re hlahloba bopaki ba botšepehi ba hae. Hore re tlameha ho hlahloba ntho e itseng ho netefatsa haeba e le ea sebele ho tšehetsoa ke maele a Scotland a reng: “Haeba motho a ka nthetsa hang, ke nyeliso ho eena; haeba a ka nthetsa hape, ke nyeliso ho ’na.”
Moapostola Pauluse o ile a eletsa: “Lekang lintho tsohle.” (1 Ba-Thessalonika 5:21, Today’s English Version) Lentsoe le sebelisitsoeng mona ke moapostola Pauluse bakeng sa ho “leka” le ne le boetse le sebelisoa hape tabeng ea ho leka litšepe tsa bohlokoa ho netefatsa haeba e ne e le tsa sebele. Kamehla motho ea bohlale o ee a leke ho bona haeba ntho eo a e rekang e le ea sebele. Ho seng joalo o ne a ka ’na a qetella a e-na le se bitsoang khauta ea mokunyata—ntho e shebahalang joaloka khauta ea sebele empa ha e le hantle e se na thuso.
Bontša Kahlolo e Molemo le ho Leka-lekana
Ka sebele re batla ho ba ba bontšang kahlolo e molemo tabeng ena ’me re se belaelle ba bang ka ho sa hlokahaleng. (Ba-Filippi 4:5) U se potlakele ho beha leha e le mang molato oa ho ba le merero e mebe. Ho utloisisa merero ea batho hampe e ka ba tsela e potlakileng ka ho fetisisa ea ho senya likamano tse ntle le tse haufi-ufi. Hangata ho molemo haholo ho nahana hore metsoalle ea hao e batla ho u etsa se molemo haholo ho e-na le ho ba phara ka maikutlo a mabe ha ho hlaha maemo a boima.
Amohela ho se phethahale le liphoso tsa ba bang. Mongoli Kristin von Kreisler o re: “Ho ekoa ke motsoalle ho bolela ho senya ho mo tšepa ha hao.” Leha ho le joalo, mohlomong ho ekoa ho joalo hase ha boikemisetso kapa e ka ba ho bakiloeng ke bofokoli boo hona joale motho a ikoahlaelang bona. Ka hona, o tsoela pele: “U se ke ua lula u nahana ka ho ekoa—kapa hore sena se u sitise ho tšepa ba bang.” U se ke ua hlonama, liphihlelo tse mpe li u amoha thabo e ka tlisoang ke ho haha likamano tse ntle le ba bang.
E-ba ea leka-lekaneng. Ha ho hlokahale hore u iphoufalletse linnete ha u seka-seka batho; motho ea hlokolosi o lula a falimehile. Ngaka Redford Williams o etsa tlhahiso ea hore re leke ho nahana hore batho ba bang ba etsa sohle se molemo se matleng a bona, re leke ho utloisisa pono ea bona, ’me re “ithute ho tšepa ba bang” ha ho khoneha. Ho ka ba molemo ho tšepa haholo ho e-na le ho se tšepe ho hang.
Mongoli oa buka ea Bibele ea Liproverbia o lumela hore “ho na le metsoalle e nang le tšekamelo ea ho robokelana likoto”—ke hore, batho ba tlang ho leka ho sebelisa ho ba tšepa ha hao hampe. Lefatše le tletse batho ba joalo. Empa neha ba bang nako le monyetla ho iponahatsa hore baa tšepahala, ’me u tla fumana metsoalle eo ha e le hantle, e tlang ho ‘u khomarela haufi-ufi ho feta mor’eno.’—Liproverbia 18:24, NW.
Na ho na le motho leha e le ofe kapa ntho leha e le efe, eo u ka e tšepang ka ho feletseng, ntle le tšabo ea hore tšepo ea hao e tla sebelisoa hampe kapa hore u ekoe? E, ka sebele e teng. Sehlooho se latelang se tla hlahloba hakhutšoaane hore na ke kae moo u ka behang tšepo ea hao ka kholiseho e feletseng.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
“Mang kapa mang ea haelloang ke phihlelo o lumela lentsoe le leng le le leng, empa ea nang le temoho o hlokomela mehato ea hae.”—Liproverbia 14:15
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Nahanela ho se phethahale le liphoso tsa ba bang