Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 4/8 maq. 9-10
  • Na Bolumeli bo Haufi le ho Fela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bolumeli bo Haufi le ho Fela?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Matsatsi a ho Qetela a Bolumeli?
  • Ho Koala Lekhalo la Moea
  • Bolumeli ba ’Nete ke ba Bohlokoa ho Feta Leha e le Neng
  • Ho Itšoasolla Bolumeling ba Bohata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Sebelisa Bolumeli bo Hloekileng Bakeng sa Poloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Karolo 24—Hona Joale le ka ho sa Feleng—Botle ba ka ho sa Feleng ba Bolumeli ba ’Nete
    Tsoha!—1990
  • Na U Fumane Bolumeli bo Nepahetseng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 4/8 maq. 9-10

Na Bolumeli bo Haufi le ho Fela?

“Lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joalo ka ha metsi a aparetse leoatle.”

ESAIA, MOPROFETA OA MOISERAELE OA LEKHOLONG LA BO8 LA LILEMO B.C.E.

KA HONA moprofeta oa Moheberu Esaia o ile a bolela esale pele hore ka letsatsi le leng e mong le e mong lefatšeng o tla kopanela borapeling ba Molimo ea Matla ’Ohle. Leha ho le joalo, kajeno, tebello e joalo e ka ’na ea bonahala e le hōle ho feta leha e le neng pele.

Ka mohlala, pejana lekholong lena la lilemo, babuelli ba phetoho e khōlō ba Makomonisi ba Russia ba ne ba lumela hore ho felisoa ha bolumeli e ne e le mohato o hlokahalang mabapi le ho lokolla sehlopha se tlaase sa basebetsi. Ba ne ba bolela hore ho latola boteng ba Molimo, ho ne ho tla ‘lokolla matšoele-tšoele a batho ba sebetsang khatellong ea leeme le lithetso tsa nakong e fetileng.’ Ka 1939, Stalin o ne a fokolitse palo ea likereke tsa Orthodox tse neng li sebetsa hore li be 100 Soviet Union, ha li bapisoa le tse neng li feta 40 000 pele ho 1917.

Hitler le eena o ne a talima bolumeli e le tšitiso tseleng ea hae ea ho fumana matla ka ho feletseng. O kile a phatlalatsa hore: “Motho e ka ba Mokreste kapa Lejeremane. U ke ke ua ba tsona ka bobeli.” Butle-butle o ile a rera ho felisa mefuta eohle ea borapeli eo a neng a tla sitoa ho e laola. A nahanne ka seo, Manazi a ile a qapa lithapelo tsa ’ona, mekete ea boithabiso, likolobetso esita le litšebeletso tsa lepato tse neng li batla e le tsa bolumeli. Hitler e ne e le mesia oa ’ona, ’me naha e le molimo oa ’ona. Ho ne ho ka etsoa ketso leha e le efe e sehlōhō haeba Hitler a ne a rata.

Na ke Matsatsi a ho Qetela a Bolumeli?

Stalin hammoho le Hitler ha baa ka ba atleha boitekong ba bona bo matla ba ho thibela bolumeli. Empa hona joale, ho bonahala eka ho hloka thahasello ho nkile karolo e neng e phethoa ke bohatelli. Ho liithuti tsa Bibele phetoho ena ea liketsahalo ha e tle e le ntho e makatsang. Moapostola Pauluse o ile a bolella Timothea hore “matsatsing a ho qetela” batho e ne e tla ba “ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo.”—2 Timothea 3:1-4.

Na Bibele e ruta hore ‘matsatsi aa a ho qetela,’ a khetholloang ka ho iphapanyetsa bolumeli, e ne e tla ba selelekela sa ho fela ha bolumeli bohle? Che. Ho e-na le ho bolela esale pele ka ho fela ha bolumeli bohle, Bibele e hlalosa hore bolumeli ba bohata—bo fuoeng lebitso la tšoantšetso la Babylona e Moholo—bo tla fela.a Buka ea Tšenolo e re: “Lengeloi le matla la phahamisa lejoe le joaloka lejoe le leholo la leloala ’me la le lihela ka leoatleng, le re: ‘Ka tsela ena ka ho akheloa ka sekhahla Babylona motse o moholo o tla liheloa tlaase, ’me le ka mohla ha a na ho fumanoa hape.’”—Tšenolo 18:21.

Leha ho le joalo, ho fela ha bolumeli ba bohata ho ke ke ha e-ba teng lefatšeng le se nang Molimo. Ka ho fapaneng, Pesaleme ea 22:27 ea profeta: “Lipheletso tsohle tsa lefatše li tla hopola Jehova, li sokolohele ho eena, mefuta eohle ea lichaba e tla khumama pel’a hao.” Ak’u nahane ka nako eo “mefuta eohle ea lichaba” e tlang ho kopanngoa hammoho borapeling ba Molimo o le mong oa ’nete! Tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo, tšepiso eo e babatsehang e tla phethahala ka ho khanyang. (Matheu 6:10) Ha nako eo e fihla, bolumeli—bolumeli ba ’nete—e tla ba ba bohlokoa haholo. Empa ho thoe’ng hona joale?

Ho Koala Lekhalo la Moea

Lekhalo la moea le atileng haholo Europe kajeno le tšoana le boemo bo neng bo le teng ’Musong oa Roma oa lekholong la pele la lilemo. Rahistori Will Durant o hlalosa kamoo Bokreste bo ileng ba sebetsana ka katleho le tlhoko ea moea ea nakong eo: “Ka har’a lekhalo la boitšoaro la bohetene bo shoang, ka har’a ho hloka botsoalle ha Bostoike le bobolu ba Boepikure, ka har’a lefatše le tletseng sehlōhō, bokhopo, khatello le le se nang tataiso ka boitšoaro ba botona le botšehali, ka har’a ’muso o neng o e-na le khutso, o neng o bonahala o se o sa hloke boikutlo bo feteletseng ba matla kapa melimo ea ntoa, bo ile ba tlisa boitšoaro bo bocha ba bara ba motho, mosa, tlhoeko le khotso.”

Lekhalo la boitšoaro le la moea le teng bophelong ba batho nakong ea rōna le ka koaloa ka molaetsa o matla o tšoanang le o neng o boleloa ke Bakreste ba pele ho pholletsa le ’Muso oa Roma. Ho na le batho ba mamelang. Le hoja kantle e se batho ba bolumeli, batho ba bangata ba Europe ba ntse ba ikutloa hore Molimo o phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba bona. Ba ka ’na ba se hlole ba e-tla litšebeletsong tse tloaelehileng tsa kereke, leha ho le joalo ba bang ba koetse lekhalo la bona la moea sebakeng se seng.

Juan José, mohlankana oa Palma de Mallorca, Spain, o ne a rutiloe sekolong sa K’hatholike ’me a sebelelitse e le moshemane oa aletare ho fihlela ha a le lilemo li 13. O ne a e-ba teng ’Miseng le lelapa labo Sontaha se seng le se seng, empa o ile a khaotsa ho ea kerekeng ha e e-ba mocha ea lilemong tse ka tlaase ho 20. Hobane’ng? Juan José oa hlalosa: “Taba ea pele ke hore, ho ea ’Miseng ho ne ho ntena. Ke ne ke tseba jukariste ka hlooho. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e bonahala e le pheta-phetane ea seo ke neng ke se utloile pele. Ho feta moo, hangata moprista oa pharishe ea rōna o ne a re tšoara hampe rōna bashemane ba aletare. ’Me ke ne ke nahana hore ke phoso hore ebe batho ba futsanehileng ba ne ba tlameha ho lefa moprista hore a tsamaise tšebeletso ea lepato.

“Ke ne ke ntse ke lumela ho Molimo, empa ke ne ke nahana hore nka mo sebeletsa ka tsela ea ka, kantle ho kereke. Hammoho le sehlopha sa metsoalle, ke ile ka leka ho thabela bophelo ka hohle kamoo ke neng nka khona. Ke nahana hore u ne u tla re boithabiso e ne e le eona ntho e tlang pele bophelong ba ka.

“Empa ha ke le lilemo li 18, ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ke’ng seo li neng li ka mpha sona seo ke neng ke sa se fumana kerekeng? Tumelo ea sebele e theiloeng Bibeleng ho e-na le neano le ‘liphiri’ tseo le ka mohla ke neng ke sa li utloisise. Leha ho le joalo, litumelo tsa ka tse ncha li ile tsa bolela liphetoho tse khōlō ho ’na. Ho e-na le ho qeta mafelo-beke a mang le a mang ke hlophisa meketjana ea disco, ke ile ka qala ho ea ka ntlo le ntlo e le hore nka arolelana tumelo ea ka e ncha le baahisani ba ka. Ho kopanela ka mafolo-folo ho thuseng ba bang ho ile ha etsa hore bophelo ba ka bo be le morero. Ka lilemo tse supileng tse fetileng, ke ’nile ka ba mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova.”

Hase bacha feela ba batlang ho koala lekhalo la bona la bolumeli. Antonia, mosali ea hōlileng oa Extremadura, Spain, o qetile karolo e khōlō ea bophelo ba hae a “batla Molimo,” kamoo a bolelang kateng. Ha a le lilemong tse ka tlaase ho 20, o ne a e-ea ’Miseng letsatsi le leng le le leng ’me qetellong o ile a kenela boitlami ba K’hatholike, kaha o ne a lumela “hore haeba Molimo a ke ke a fumanoa boitlaming, a ke ke a fumanoa kae kapa kae.” Empa lilemo tse tharo hamorao o ile a tlohela boitlami, a ikutloa a feletsoe ke tšepo ebile e se oa bohlokoa le ho feta pele.

Qetellong, ha a ne a le lilemong tsa bo-50, o ile a fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova. Oa hlalosa: “Ke ne ke thabile haholo ha Lipaki li nketela ’me li araba lipotso tsa ka ho tsoa Bibeleng ea ka. Ho tloha haesale ke e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova, bophelo ba ka bo ’nile ba e-ba le morero. Ke na le mathata, empa nka khona ho sebetsana le ’ona ka katleho hobane joale ke fumane Molimo oa ’nete.”

Liphihlelo tsena tse peli hase tsona feela. Ho fapana le tšekamelo e teng ea bolumeli, batho ba ntseng ba eketseha ka palo ba kopanela le Lipaki tsa Jehova ’me ba fumane hore ho phela tumellanong le tumelo ea bona le ho bolella ba bang ka eona ho fana ka moelelo le morero bophelong ba bona.

Bolumeli ba ’Nete ke ba Bohlokoa ho Feta Leha e le Neng

Le hoja re phela nakong eo ka eona batho ba bangata ba hanang bolumeli, e ne e tla be e se bohlale ho ahlola bolumeli bohle e le bo sa utloahaleng. Ke ’nete hore lekholong la bo20 la lilemo, batho ba lahla tloaelo e se nang moelelo le thuto ea kereke e siiloeng ke nako le eo e seng ea mangolo, ’me ba khesa taba ea ho ea kerekeng ho etsoang feela ka lebaka la ponahalo ea kantle ea bolumeli. Ha e le hantle, Bibele e buella hore re qobe bolumeli ba boikaketsi. Moapostola Pauluse o ile a bolela esale pele hore “matsatsing a ho qetela,” batho ba bang ba ne ba tla “ba le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba ipaka ba se na ’nete matleng a bona.” Batho ba joalo ba na le ponahalo ea bolumeli, empa boitšoaro ba bona bo latola ho lokela ha bona. Re lokela ho arabela joang boikaketsing bo joalo ba bolumeli? Pauluse o elelitse: “’Me bana u ba furalle.”—2 Timothea 3:1, 5.

Empa Pauluse hape o ile a bolela hore “bolumeli bo hlile bo hlahisa meputso e phahameng.” (1 Timothea 6:6, New English Bible) Pauluse o ne a sa bue ka bolumeli ba mofuta leha e le ofe. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le “bolumeli” e ne e le eu·seʹbei·a, e bolelang “boinehelo kapa tlhompho ho Molimo.” Bolumeli ba ’nete, boinehelo ba bomolimo bo tšepahalang, bo na “le tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.”—1 Timothea 4:8.

Joalokaha mehlala e boletsoeng ka holimo e bontša, bolumeli ba ’nete bo ka etsa hore bophelo ba rōna bo be le morero ’me ba re thusa ho talimana le mathata ka sebete. Ho feta moo, bolumeli ba ’nete bo fana ka tiisetso ea bokamoso bo sa feleng. Mofuta oo oa borapeli o loketsoe ke hore o phehelloe, kaha rea tiisetsoa hore qetellong o tla ‘tlala lefatše.’ b (Esaia 11:9; 1 Timothea 6:11) Ha ho pelaelo ka sena, ena ke nako eo ka eona bolumeli ba ’nete e leng ba bohlokoa ho feta leha e le neng pele.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bibele e sebelisa motse oa boholo-holo oa Babylona e le tšoantšetso ea ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, hobane e bile motseng ona moo likhopolo tse ngata tsa bolumeli tseo e seng tsa mangolo li ileng tsa qala teng. Ka mor’a lilemo tse makholo likhopolo tsena tsa Bobabylona li ile tsa kenella malumeling a maholo a lefatše.

b Bakeng sa puisano ea kamoo u ka khethollang bolumeli ba ’nete, bona khaolo ea 5, “Molimo o Amohela Borapeli ba Bo-mang?” ea buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ka 1995 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Pale Ea Mehaho E ’meli

Spain e tletse ka mehaho e mengata ea bolumeli, empa cheseho e matla e kileng ea tšehetsa ho hahuoa ha likereke tse bitsang chelete e ngata e bonahala e felile. Ka mohlala, ho ntse ho hahuoa kereke ea K’hatholike e khahlehang Mejorada del Campo, sebakeng se mathōkong a Madrid. Justo Gallego Martínez, eo pele e neng e le moitlami oa monna oa Mobenedicte, o ile a qala morero ona lilemong tse ka bang 20 tse fetileng. Empa mohaho oo e ntse e le lehaha le se nang letho. Martínez, eo e leng eena feela sehahi, hona joale o lilemong tsa bo-60, kahoo ha ho bonahale eka kereke eo e sa tla ke e qetoe. Leha ho le joalo, lik’hilomithara tse 300 ho ea ka boroa, ho ile ha etsahala ntho e fapaneng le eo.

“Tumelo e Sisinya Lithaba” e bile kamoo koranta ea sebakeng seo e ileng ea hlalosa ho hahuoa ha Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova ka matsatsi a mabeli Martos, Jaén, Spain. Koranta eo ile ea botsa: “See se khoneha joang, hore ebe lefatšeng lee la kajeno le thehiloeng boithating, baithaopi ba tsoang litikolohong tse sa tšoaneng [tsa Spain] ka ho hloka boithati ba tle Martos e le hore ba ka haha mohaho o robileng rekoto ka ho potlaka, ho phethahala le tlhophiso?” Ha se arabela potso ena, sehlooho se ile sa qotsa mantsoe a e mong oa baithaopi: “Se finyelletsoeng se itšetlehile feela ’neteng ea hore re batho ba rutoang ke Jehova.”

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Mejorada del Campo

Holo ea ’Muso, Martos

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela