Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 5/8 leq. 3
  • Na Lefatše le se Nang Ntoa le ka ba Teng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Lefatše le se Nang Ntoa le ka ba Teng?
  • Tsoha!—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bokamoso ba Ntoa ke Bofe?
    Tsoha!—1999
  • Machaba a Kopaneng—Na ke Tsela e Molemo?
    Tsoha!—1991
  • Merero ea Motho ea ho Finyella Tšireletseho ea Machaba
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Etsahala’ng ka Machaba a Kopaneng?
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 5/8 leq. 3

Na Lefatše le se Nang Ntoa le ka ba Teng?

AK’U nahane ho se mohla u bonang kapa u latsoang hape phihlelo e tšosang ea ntoa hammoho le liphello tsa eona. Ak’u nahane ho se mohla u tla hlola u utloa molumo oa sethunya kapa libomo, ho se mohla u tla bona lihlopha-hlopha tsa baphaphathehi ba lapileng haholo ba balehang, ho se mohla u tla ipotsa hore na ebe uena kapa moratuoa oa hao o tla shoa khohlanong e sehlōhō le e se nang kelello. Ho tla ba hotle hakaakang ho phela lefatšeng le se nang ntoa!

U ka ’na ua re: ‘Mohlomong eo ke tebello e ke keng ea phethahala.’ Leha ho le joalo, lilemong tse ’maloa tse fetileng, batho likelellong tsa bona ba ne ba nahana ka lefatše la nakong e tlang le nang le khotso. Ka 1990 le 1991, ba bangata ba ne ba bolela hore lichaba li lintšing tsa mehla e mecha ea tšireletseho le tšebelisano-’moho. Ho bontša maikutlo a matla a linakong tseo, George Bush, eo e neng e le mopresidente oa United States ka nako eo, ka makhetlo a mangata o ile a bua ka “taolo ea lefatše le lecha” e hlahang.

Ke hobane’ng ha ho ne ho e-na le tšepo? Ntoa ea Mantsoe e ne e letse. Ka nako e fetang lilemo tse 40, tšokelo ea ntoa ea nyutlelie e ne e oka-okela ka holim’a moloko oa batho joaloka sabole e leketlang ka khoele e tšesaane. Empa ka lebaka la ho fela ha Bokomonisi le ho arohana litsekana ha Soviet Union, ho ile ha bonahala tšokelo ea timetso ea nyutlelie e fela. Lefatše le ile la khoba matšoafo.

Ho ne ho e-na le lebaka le leng la sehlooho leo ka lona batho ba neng ba talima bokamoso ka kholiseho, le leo ba bangata ba sa ntseng ba etsa joalo ka lona. Ka lilemo tse 40 bora mahareng a Bochabela le Bophirimela bo ne bo entse Machaba a Kopaneng mokhatlo oa liphehisano. Empa ho lala ha Ntoa ea Mantsoe ho ile ha lokolla Machaba a Kopaneng ho etsa seo a neng a reretsoe ho se etsa—ho sebeletsa khotso le tšireletseho tsa machaba.

Lilemong tsa morao tjena Machaba a Kopaneng a matlafalitse boiteko ba ho se khothalletse ntoa. Machaba a Kopaneng a hlomelletsoe ka masole a lichaba tseo e leng litho tsa ’ona, a ile a ameha haholoanyane mererong ea ho boloka khotso lilemong tse ’ne pele ho 1994 ho feta lilemong tse 44 tse fetileng. Baahi ba ka bang 70 000 le litho tsa sesole ba sebelelitse mererong e 17 lefatšeng ka bophara. Nakong ea lilemo tse peli feela, litšenyehelo tsa ho boloka khotso li ile tsa imena ka makhetlo a fetang a mabeli ho ea ho liranta tse limilione tse likete tse 12 ka 1994.

Haufinyane tjena mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng, Boutros Boutros-Ghali o ile a ngola: “Ho na le matšoao a hore tsamaiso ea tšireletso e kopanetsoeng e thehiloeng San Francisco hoo e ka bang lilemong tse 50 tse fetileng [nakong ea ho thehoa ha Machaba a Kopaneng] joale e qala ho sebetsa joalokaha ho ne ho reriloe pele . . . Re tseleng ea ho finyella tsamaiso ea machaba e sebetsang.” Ho sa tsotellehe khatelo-pele ena, pono ea taolo ea lefatše le lecha e fifala ka potlako. Ke’ng e fifalitseng tšepo mabapi le lefatše le se nang ntoa? Na ho na le lebaka la ho lumela hore re tla ke re bone khotso ea lefatše lohle? Lihlooho tse latelang li tla hlahloba lipotso tsena.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 3]

War planes: USAF photo

Anti-aircraft guns: U.S. National Archives photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela