Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 6/8 maq. 30-31
  • Na U Kile Ua Bona Lehlaseli le Letala?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Kile Ua Bona Lehlaseli le Letala?
  • Tsoha!—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Botle” ba Linaleli
    Tsoha!—2012
Tsoha!—1996
g96 6/8 maq. 30-31

Na U Kile Ua Bona Lehlaseli le Letala?

KE HO thabisang hakaakang ho fonanisa letsatsi le leng ka ho talima ho likela ha lona ho hotle! Khanya e mofuthu ea letsatsi e hlahisa mebala e bonahalang ha leseli le feta ho pholletsa le sebakeng se holim’a lefatše. Taba e hapang tlhokomelo ketsahalong ena e hlollang ke boemo bo sa tloaelehang bo bitsoang lehlaseli le letala. Haeba maemo a loketse, ho phatloha hona ha khanya ea emerauda ho etsahala motsotsong oa ho qetela oa ho likela ha letsatsi. Ketsahalo e sa tloaelehang le ho feta e bitsoang lehlaseli le leputsoa ho boleloa hore e ntle le ho feta.

Ke’ng se bakang mahlaseli aa a mebala e metle? Ke hobane’ng ha a ba teng ka nako le motsotso feela? Hona ke hobane’ng ha a ba teng ka seoelo hakaale? Ho araba lipotso tsena, pele re tlameha ho ba le kutloisiso ea motheo ka tšebelisano e teng pakeng tsa khanya ea letsatsi le sebaka se holim’a lefatše.

Khanya ea letsatsi e lelemellang lefatšeng e na le mebala eohle ea mookoli. Ha khanya ena e phunyeletsa sebakeng se holim’a lefatše, sebaka sena se holim’a lefatše se sebeletsa joaloka ntho e khōlōhali e khutlo li tharo e mahlakore a lekanang kahohle (prism) ’me se hasanya khanya eo kapa sea e qhalakanya. Leha ho le joalo, hore na leqhubu leo la khanya le tla qhalana hakae, ho itšetlehile ka bolelele ba lona ho tloha ntlheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe.

Maqhubu a khanya e putsoa a na le sebaka se sekhutšoanyane ho tloha ntlheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe ’me a qhalakane haholo ho pholletsa le sebaka se holim’a lefatše. Ke ka lebaka leo leholimo le bonahalang le le leputsoa nakong eo letsatsi le leng holimo haholo ho sebaka seo pono e fellang ho sona letsatsing le hlakileng. Empa ha letsatsi le le pel’a sebaka seo pono e fellang ho sona—joaloka nakong ea ha letsatsi le likela—khanya ea letsatsi e tlameha ho tsamaea sebaka se selelele haholoanyane sebakeng se holim’a lefatše e le hore e ka fihla mahlong a rōna. Ka lebaka leo, khanya e putsoa e qhalakaneng haholo ha e fihle ho rōna. Ka lehlakoreng le leng, maqhubu ao a khanya a malelele, a kang a mafubelu, a ka khona ho phunyeletsa habonolo sebakeng se holim’a lefatše se teteaneng haholo. Sena se etsa hore ho likela ha letsatsi ho be le ’mala oa hona o tloaelehileng o mofubelu kapa o ’mala oa lamune.a

Leha ho le joalo, tlas’a maemo a itseng, lehlaseli le letala kapa lehlaseli le leputsoa le ka bonoa ha letsatsi le likela. Ho etsahala joang hore a be teng? Ha karolo e kantle ea letsatsi e qoela ka ho feletseng, khanya ea letsatsi ea qhalakana hore e etse sehlopha sa mebala e fapaneng joaloka mookoli. Khanya e khubelu e hlaha ka tlaase ho sehlopha seo sa mebala, ’me khanya e putsoa e ba ka holimo-limo. Ha letsatsi le ntse le likela ho ea pele, karolo e khubelu ea sehlopha sa mebala e fihla e oela moo pono ea mahlo e fellang teng ’me ka tloaelo karolo e putsoa e qhalakanngoa ke sebaka se holim’a lefatše. Ke motsotsong ona moo karoloana ea ho qetela ea khanya e bonahalang e ka etsang lehlaseli le letala. Empa hobane’ng e e-ba le letala? Hobane botala ke ’mala o mong oa sehlooho oo khanya e nang le oona.

Ha leholimo le tletse ka tšilafalo, hase hangata lehlaseli le letala le bonahalang, ’me lehlaseli le leputsoa le ba teng hafeela sebaka se holim’a lefatše se hlakile ka ho ikhethang ’me khanya e putsoa e lekaneng e phunyeletsa le leholimo ho etsa hore lehlaseli le phatsimang haholo le bonahale.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Awake!, December 8, 1987, leqepheng la 16, bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ho likela ha letsatsi.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Sunset: ©Pekka Parviainen/SPL/Photo Researchers

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela