Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 6/8 maq. 9-23
  • Ho Fumana Tharollo e Phethahetseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fumana Tharollo e Phethahetseng
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Leka-lekana ha Bokreste
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Tšilafalo e Emisitsoe Hang-hang Morerong oa Eona!
    Tsoha!—1988
  • Ho Batla Litharollo Tse Amohelehang
    Tsoha!—1996
  • Ho Felisa Tšilafalo—Pelong le Kelellong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 6/8 maq. 9-23

Ho Fumana Tharollo e Phethahetseng

LENTSOE LA MOLIMO, Bibele, le bua ka nako eo ka eona puso ea leholimo ea Molimo e tla beng e rarolotse mathata ’ohle a moloko oa batho, ao hona joale a akarelletsang bothata ba tšilafalo bo bakoang ke likoloi. Na ’Muso oo oa Bomesia, oo ba bangata ba rutiloeng hore ba o rapelle, o tla fana ka tharollo e phethahetseng ka ho hlahisa likoloi tse sa bakeng tšilafalo ka ho feletseng? Kapa na tharollo e phethahetseng e tla finyelloa ka ho felisa likoloi tsohle tse teng lefatšeng? Kaha Bibele ha e re fe karabo e tobileng, ha ho seo re ka se etsang haese feela ho leta hore re tle re bone.—Matheu 6:9, 10.

Empa re ka kholiseha ka sena: Puso ea Molimo e ke ke ea lumella tšilafalo ho senya botle ba pōpo Paradeiseng e tsosolositsoeng eo ’Muso o tlang ho e tlisa.—Esaia 35:1, 2, 7; 65:17-25.

Kaha ba khomarelang Lentsoe la Molimo ka botšepehi ba se ba ntse ba koetlisetsoa bophelo lefatšeng le lecha le se nang tšilafalo, ba lokela ho ikutloa joang ka ho sebelisa likoloi kajeno? Awake! ea June 22, 1987, e ile ea bua ka sehlooho se reng “Ho Etsahala’ng ka Meru ea Rōna?” E ile ea tlaleha hore bo-rasaense ba nahana hore ho na le kamano e itseng pakeng tsa lintho tse bakang tšilafalo tse fumanehang mosing oa likoloi le meru e shoang. Sena se ile sa etsa hore ’mali e mong ea amehileng a ngolle Mokhatlo oa Watchtower a botsa hore na ebe e ka ba ho loketseng hore Bakreste ba khanne likoloi ka lebaka leo. O ne a ipotsa hore na ebe ho etsa joalo ho ne ho tla bontša ho se hlomphe pōpo ea Jehova ka che.

Ka bokhutšoanyane, lengolo la hae le ile la arajoa tjena: “Ka botšepehi Lipaki tsa Jehova li mamela melao ea tikoloho e behiloeng ke ba nang le matla a ho laela mebusong bakeng sa ho fokotsa tšilafalo. (Baroma 13:1, 7; Tite 3:1) Ho nka mehato e ka ’nģane ho seo ’muso o se hlokang ho itšetlehile khethong ea motho ka mong. Haeba motho e mong a etsa qeto ea ho se hlole a khanna koloi, eo ke taba ea hae ea botho. Leha ho le joalo, sehlooho seo sa Awake! se ile sa bontša kamoo batho ba bang ba ikutloang kateng, ka ho re leqepheng la 8: ‘Ba bangata ba nka mehato e sebetsang ea ho fokotsa tšilafalo ea moea ho isa bohōleng bo ka khonehang ka ho utloahalang. Ba khanna butle, ha ba khanne hangata, ba kenela tokisetso ea ho tsamaea ka likoloi e le lihlopha, ba sebelisa peterole e se nang loto le ho mamela melao e behiloeng ke ’muso e khahlanong le tšilafalo.’”

Ho Leka-lekana ha Bokreste

Karabo ena e ile ea bontša ho leka-lekana ha Bokreste. Ho tlameha ho hopoloe hore likoloi hase tsona feela tse bakang tšilafalo. Lifofane le literene—ha e le hantle, mekhoa e mengata ea kajeno ea lipalangoang—li baka tšilafalo. Empa mekhoa ena ea lipalangoang ha ea ka ea etsoa ka morero o hlakileng oa ho baka tšilafalo. Tšilafalo e bang teng ke phello e mpe, eo ka masoabi e bakoang ke tsebo e fokolang le maikutlo a sa phethahalang.

Molula-Qhooa oa January 1, 1993, leqepheng la 31, o ile oa bua ka taba ena, oa re: “Joaloka Lipaki tsa Jehova, re amehile haholo ka mathata a mangata a ho amana ha pōpo le tikoloho ea eona ao hona joale a amang lehae la rōna, lefatše. Ho feta batho ba bangata, re ananela hore lefatše le etselitsoe ho ba lehae le hloekileng, le phetseng hantle bakeng sa lelapa le phethahetseng la batho. (Genese 1:31; 2:15-17; Esaia 45:18) . . . Kahoo ke ho loketseng ho etsa boiteko bo leka-lekaneng, bo utloahalang ba ho leka ho qoba ho tlatsetsa ho silafatseng lefatše la rōna ho etsoang ke batho ka ho sa hlokahaleng. Leha ho le joalo, hlokomela lentsoe “utloahalang.” . . . Batho ba Molimo ha baa lokela ho lebala litaba tse amanang le pōpo le tikoloho ea eona. Jehova o ne a hloka hore batho ba hae ba boholo-holo ba nke mehato ea ho qhala litšila, mehato eo e neng e le ea bohlokoa kamanong ea pōpo le tikoloho ea eona hammoho le bohloeki. (Deuteronoma 23:9-14) ’Me kaha re tseba pono ea hae ka ba senyang lefatše, ka sebele ha rea lokela ho hlokomoloha lintho tseo re ka li etsang ho boloka tikoloho e hloekile. . . . Leha ho le joalo, bohōle boo Mokreste a ka eang ho bona tabeng ena ke taba ea botho ntle le haeba ho hlokoa ke molao. . . . Batho ba sa phethahalang ba oela lerabeng la ho ba ba feteletsang. . . . Boiteko ba batho ba ho felisa mathata a lefatše a maholo a amang pōpo le tikoloho ea eona, ho akareletsa le tšilafalo, bo ke ke ba atleha ka ho feletseng. Ho ka ’na ha e-ba le tsoelo-pele mona le mane, empa pheko ea ka ho sa feleng e hloka hore Molimo a kene lipakeng. Ka lebaka lena re tsepamisa boiteko le litlhahiso tsa rōna tharollong ea bomolimo, ho e-na le ho leka ho phekola matšoao a fokolang.”

Bakreste ba bontša ho leka-lekana ha ba boloka melao-motheo ea Bibele, ba ntse ba hopotse thōmo ea bomolimo eo ba e amohetseng ea ho bolela molaetsa oa ’Muso oa Molimo ho pholletsa le lefatše. (Matheu 24:14) Ha ho na ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholoanyane kapa e potlakileng ho feta eo! Haeba mekhoa ea kajeno ea lipalangoang le ea puisano e ka thusa Bakreste ho phethahatsa tlamo ena, ba na le mabaka ’ohle a ho e sebelisa. Ka nako e tšoanang ba qoba ho baka tšilafalo ho sa hlokahale kapa ka boomo. Ka hona ba boloka letsoalo le letle ka pel’a batho hammoho le Molimo.

Kahoo le hoja rōna kajeno ka sebele re sa tsebe kamoo bothata ba tšilafalo le likoloi bo tlang ho rarolloa kateng qetellong, empa rea tseba hore bo tla rarolloa. Ha e le hantle, tharollo e phethahetseng e haufi haholo.

[Lebokose le leqepheng la 9]

Ho Loantša Tšilafalo

• Ho tsamaea ka maoto kapa ka baesekele haeba ho khoneha

• Ho kopanela tokisetsong ea ho tsamaea ka koloi le le sehlopha

• Ho lokisa koloi hore e lule e le maemong a matle kamehla

• Ho ba hlokolosi ka ho sebelisa mafura a sa bakeng tšilafalo haholo

• Ho qoba leeto le sa hlokahaleng

• Ho khanna ka lebelo le itekanetseng empa le tsitsitse

• Ho sebelisa lipalangoang tsa sechaba ha ho khoneha ebile ho loketse

• Ho tima koloi ho e-na le hore e lule e luma ho sa natsoe hore na e eme nako e telele hakae

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela