Ketelo ea mopapa ho Machaba a Kopaneng—e Finyelletse Eng?
LEETONG la hae ka sefofane ha a tšelela ka mose oane ho Atlantic ho ea buisana le Machaba a Kopaneng New York City, Mopapa John Paul II o ile a feta kakaretso ea lik’hilomithara tse 1000 000 tsa maeto a hae lefatšeng. E ne e le ka la 4 October, 1995, ’me lena e ne e le leeto la hae la bo68 a etela kantle ho naha e le mopapa. Ntle ho pelaelo, ke mopapa ea tsamaileng ka ho fetisisa historing ea Kereke ea Roma e K’hatholike.
O ile a fihla Newark International Airport, New Jersey, ka Laboraro, pula e e-na, a pota-potiloe ke le leng la makhoakhoa a tšireletso a khabisitsoeng ka ho fetisisa a kileng a etsetsoa mohlomphehi leha e le ofe. Ho ile ha hakanyetsoa hore bahlanka ba ’muso le ba motse ba ka bang 8000 ba ne ba abetsoe ho sireletsa mopapa. Tlaleho e ’ngoe e ile ea e bitsa “khaketla e rarahaneng ea tšireletso,” ho bile ho na le liroala-nkhoana le ba sesang ka tlaase ho metsi.
Lebaka la Ketelo e ne e le Lefe?
Puong eo a e entseng ha a le boema-fofaneng, mopapa o ile a hopola hore eo e bileng mopapa pejana ho eena, Mopapa Paul VI, o ne a ile a buisana le General Assembly ea Machaba a Kopaneng a kōpa khotso: “Ho se hlole ho e-ba le ntoa, ho hang ho se hlole ho e-ba le ntoa!” John Paul oa II o ile a bolela hore o ne a khutletse ho tla “bolela kholiseho [ea hae] e tebileng ea hore likhopolo le lipheo tse ileng tsa lebisa ho thehoeng ha Machaba a Kopaneng lilemo tse ka bang mashome a mahlano tse fetileng ke tsa bohlokoa ho feta leha e le neng lefatšeng le batlang morero.”
Lithapelong tsa mantsiboea tse neng li tšoaretsoe Sacred Heart Cathedral, Newark, mopapa o ile a boela a bontša tšehetso ea hae ho Machaba a Kopaneng, a re: “Mokhatlo oo o teng hore o sebeletse molemo o bonoang hohle oa lelapa la batho, ’me ka hona ho loketse hore mopapa a bue a le moo e le paki ea molaetsa oa tšepo oa Kosepele.” O ile a phaella: “Ka hona thapelo ea rōna ea khotso e boetse ke thapelo bakeng sa Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. Mohalaleli Francis oa Assisi . . . o tumme haholo ka hore ke morati le moetsi e moholo oa khotso. Ha re kōpeng thuso ea hae bakeng sa mosebetsi oa Machaba a Kopaneng molemong oa toka le khotso ho pholletsa le lefatše.”
Puong ea hae ho Machaba a Kopaneng, o ile a thoholetsa liphetoho tsa lipolotiki tse se nang pefo tsa 1989 Europe Bochabela, moo linaha tse ngata li ileng tsa fumana tokoloho hape. O ile a khothaletsa batho ho bontša “lerato la ’nete la naha” le sa tšoaneng le “bochaba bo tletseng leeme le bo khethollang.” O ile a bua ka ho hloka toka ho teng tsamaisong ena, a re: “Ha batho ba limilione ba hlokofatsoa ke bofutsana boo e leng tlala, khaello ea phepo e nepahetseng, ho kula, ho se tsebe ho bala le ho ngola le ho hlepha boitšoarong, re tlameha . . . ho ikhopotsa hore ha ho motho ea nang le tokelo ea ho tlatlapa motho e mong molemong oa hae.”
Joale o ile a bolela: “Ha re ntse re talimana le liphephetso tsena tse khōlō ka ho fetisisa, re ka hlōleha joang ho hlokomela karolo e phethoang ke Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng?” O ile a re ho hlokahala hore Machaba a Kopaneng “e be setsi sa litekanyetso tsa boitšoaro seo lichaba tsohle tsa lefatše li ikutloang li phutholohile ho sona.” O ile a hatisa tlhokahalo ea ho buella “bonngoe ba lelapa lohle la batho.”
Khotso ea ’Nete—E Tsoa Mohloling Ofe?
Ntle ho pelaelo, o ile a bolela likhopolo tse ngata tse khabane. Leha ho le joalo, puong ea hae e telele, na ka nako leha e le efe o ile a lebisa baeta-pele ba lefatše tharollong ea Molimo bakeng sa mathata a moloko oa batho—puso ea hae ea ’Muso ka Kreste Jesu? (Matheu 6:10) Che. Ha e le hantle, ha ho nako eo ka eona a ileng a qotsa Bibele puong ea hae ho Machaba a Kopaneng. Ho fapana le moo, o ile a bolela hore “ka thuso ea mohau oa Molimo, lekholong le latelang la lilemo le lilemong tse sekete tse latelang re ka khona ho haha tsoelo-pele e hlileng e loketseng motho, setso sa ’nete sa tokoloho.” Ho liithuti tsa Bibele, khopolo eo e ka ’na ea utloahala e pheta e tšoanang le ea batho ba Babele ea boholo-holo lilemong tse fetang 4000 tse fetileng, ba neng ba nahana hore ba ka boloka moloko oa batho o kopantsoe ka mekhoa ea batho: “Tloong joale, re ikhahele motse le tora, hloro ea eona e fihle leholimong, ’me re iketsetse lebitso.” (Genese 11:4) Kahoo, ho ea ka pono ena, ke baeta-pele ba batho ba lipolotiki, ba emetsoeng ke Machaba a Kopaneng, ba tlang ho haha tsoelo-pele e ncha e thehiloeng tokolohong.
Empa Bibele e profeta eng mabapi le bokamoso ba mebuso ea batho ea lipolotiki hammoho le Machaba a Kopaneng ka booona? Libuka tsa Daniele le Tšenolo li fana ka pono e hlakileng ea bokamoso bo li letetseng. Daniele o ile a profeta hore matsatsing a ho qetela, Molimo o ne a tla hloma puso ea ’Muso oa hae, e kang lejoe le leholo ‘le khephohang thabeng e seng ka matsoho a motho.’ Le tla etsa’ng? “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha. . . . O tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” Mebuso ea batho e tla nkeloa sebaka ke puso e le ’ngoe e lokileng bakeng sa moloko oohle oa batho.—Daniele 2:44, 45.
Ho tla etsahala’ng ka Machaba a Kopaneng? Tšenolo khaolo ea 17 e hlalosa Machaba a Kopaneng (le moetelli-pele oa ’ona ea phetseng nako e khutšoaane, Selekane sa Lichaba) e le sebata se ’mala oa sekareleta “se tla ea timetsong.” (Tšenolo 17:8)a Mohloli oa Jehova oa khotso ea ’nete hase mokhatlo leha e le ofe oa batho o sa phethahalang, ho sa tsotellehe hore na balateli ba oona ba tiile hakae. Khotso ea ’nete e tla tla ka ’Muso oa Molimo o tšepisitsoeng, matsohong a Kreste Jesu ea tsositsoeng ea maholimong. Oo ke motheo oa phethahatso ea tšepiso ea Molimo e ho Tšenolo 21:3, 4: “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, ’me o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. ’Me Molimo ka boeena o tla ba le bona. ’Me o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”
Ketelo—E Bile le Tšusumetso e Kae?
Ha mopapa a ne a bua ka Bibele ka mokhoa o sa tobang lipuong tsa hae, na balumeli ba tšepahalang ba K’hatholike ba ile ba khothaletsoa ho ntša Libibele tsa bona ho hlahloba litšupiso tseo? ’Nete ke hore ba bangata ba ne ba bile ba sa nka le Bibele. Ke ka seoelo mopapa a ileng a etsa litšupiso tse tobileng tsa litemana ho nolofaletsa bamameli hore ba bale Bibele.
Mohlala o mong e ne e le ha a bua le batho ba 83 000 Giants Stadium, New Jersey, ’me a re: “Re letetse ho khutla ha Morena e le moahloli oa ba phelang le ba shoeleng. Re letetse ho khutla ha hae ka khanya, ho tla ha ’muso oa Molimo ka botlalo ba oona. Eo ke memo e tsoelang pele ea lipesaleme: ‘Letelang Morena ka sebete; tieang lipelo, ’me le letele Morena.’” Empa ke temana efe eo a neng a e qotsa ho lipesaleme? ’Me ke Morena ofe eo a neng a bua ka eena—Jesu kapa Molimo? (Bapisa le Pesaleme ea 110:1.) Ho ea ka koranta ea Vatican, L’Osservatore Romano, o ne a qotsa Pesaleme ea 27:14, e balehang tjena ka ho hlakileng: “Behang tšepo ea lōna ho Yahweh, e-bang matla, a lipelo tsa lōna li be sebete, behang tšepo ea lōna ho Yahweh.” (The Jerusalem Bible) E, re lokela ho beha tšepo ea rōna ho Yahweh, kapa Jehova, Molimo oa Morena Jesu.—Johanne 20:17.
Ho pholletsa le histori, na baruti le baeta-pele ba K’hatholike ba ’nile ba buella khotso har’a lichaba? Na thuto ea K’hatholike e sebelelitse ho rarolla liphapang tsa lihlopha tsa merabe, mefuta ea batho le meloko? Lipolao tse sehlōhō ka 1994 tsa Rwanda, bochabela-bohareng ho Afrika, le lintoa tsa ho bolaeana tsa lilemong tse seng kae tse fetileng ho seo pele e neng e le Yugoslavia kaofela li bontša hore ka kakaretso litumelo tsa bolumeli li hlōleha ho felisa lehloeo le leeme tse tebileng haholo tse ipatileng ka lipelong tsa batho. Leha e le hore maipolelo a etsoang ka potlako a beke le beke kapa ho ea ’Miseng kamehla li tla fetola tsela eo batho ba nahanang le ho etsa lintho ka eona. Ho tlameha ho be le tšusumetso e tebileng haholoanyane, e tlisoang feela ke ha Lentsoe la Molimo le lumelloa ho kenella pelong le kelellong ea molumeli.
Phetoho boitšoarong ba Mokreste oa ’nete ha ea thehoa ketsong e tsosang maikutlo e susumetsoang ke meketjana ea bolumeli, empa e thehiloe kutloisisong e elileng ea thato ea Molimo bakeng sa motho ka mong. Moapostola Pauluse o ile a bolela: “Le se ke la etsa hore boitšoaro ba lōna bo tšoane le ba lefatše le le potolohileng, empa le etse hore boitšoaro ba lōna bo fetohe, bo tšoane le likelello tsa lōna tse ncha. Ena ke eona tsela feela ea ho sibolla thato ea Molimo le ho tseba se lokileng, e leng sona seo Molimo a se batlang, seo e leng ntho e phethahetseng e ka etsoang.” (Baroma 12:1, 2, JB) Boitšoaro bona bo bocha bo fumanoa ka thuto ea Lentsoe la Molimo e lebisang tsebong e nepahetseng ea thato ea hae. E hlahisa matla a susumetsang kelello ’me e fella ka boitšoaro ba Bokreste.—Baefese 4:23; Bakolose 1:9, 10.
Na Kereke e “Talimane le ho Etsa Liqeto Tsa Bohlokoa”?
Koranta ea Spain El País e ile ea hlalosa Mopapa John Paul II e le ea nang le “matla a fetang a tloaelehileng” ha ho nahanoa hore o lilemo li 75, ’me koranta ea United States e ile ea ’mitsa “setsebi se hlahelletseng khasong ea litaba.” O na le phihlelo ha a sebetsana le bo-ralitaba le ha a ikamahanya le matšoele hammoho le bana ba ’ona. Ka maeto ana a hae o khona ho emela Lekhotla la Mopapa le leng Vatican City. Esita le hoja Vatican e amoheloa ka molao Machabeng a Kopaneng, tlhohonolofatso ea mopapa mokhatlong ono e ke ke ea tiisa hore Jehova Molimo a o hlohonolofatse.
Likarabelo ka leeto la mopapa li ile tsa fapa-fapana. Mak’hatholike a mangata a ileng a fumana litekete tsa ho ea ’Miseng o neng o tšoaretsoe kantle a ile a ikutloa a matlafetse maikutlong ke phihlelo eo. Leha ho le joalo, baeta-pele ba bang ba K’hatholike ba ile ba ba le pono e nyatsang ketelo ena le liphello tseo e ka ’nang ea e-ba le tsona. The New York Times e ile ea qotsa Timothy B. Ragan, eo e leng mopresidente oa Catholic National Center for Pastoral Leadership, a bolela hore “ketelo ea Mopapa e bile monyetla o sa sebelisoang hantle. Le hoja leeto leo ‘e ne e le le matlafatsang ebile e le ketsahalo ea bohlokoa haholo ea bohalaleli ho batho ba bangata,’” ho baeta-pele ba bangata ba K’hatholike ha lea fana “ka monyetla oa hore a mamele leha e le tokisetso ea hore ho be le phapanyetsano ea maikutlo.” Mak’hatholike a mangata a ikutloa hore litabeng tse kang boitlami, ho thibela kemolo le tlhalo, a qobelloa ho mamela motho a le mong feela ea buang.
Mak’hatholike a mang a boholong aa lumela hore “kereke e talimane le ho etsa liqeto tsa bohlokoa,” ’me a tšaba hore Mak’hatholike a mangata, “haholo-holo bacha, a felloa ke kutloisiso e hlakileng ea hore na ho ba Mok’hatholike ho bolela eng.” James Hitchcock, eo e leng setsebi sa mekhoa le litumelo tsa K’hatholike, “o talima bothata bona e le ntoa ea mantsoe e kotsi pakeng tsa baeta-pele ba ka sehloohong ba kereke le ‘batsamaisi ba sehlopha se bohareng’ ba nahanang litaba ka mokhoa o pharaletseng.”
Ha e le ka hore na ketelo ea mopapa e tla ama maqakabetsi a teng lihlopheng tsa batho ba kereke joang, Hitchcock o ile a bolela: “O tla mona, a rorisoe ka ho feteletseng, ebe o khutlela hae—’me ha ho letho le etsahalang. Liphello ke tse soabisang ho ea kamoo ke bonang kateng.” Ka sebele mopapa o hlōtsoe ho sebelisa monyetla ho bolella baeta-pele ba lipolotiki ba Machabeng a Kopaneng mabapi le hore na mohloli oa khotso ea ’nete o ka fumanoa hokae.
Le hoja Molao-motheo oa Machaba a Kopaneng le mehoo ea likhopolo tsa batho li hatella pakane ea “khotso le tšireletseho,” u se ke ua thetsoa. Bibele ea lemosa: “Neng kapa neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang feela joaloka bohloko bo hlabang ba mahlomola ho mosali oa moimana; ’me ho hang ha ba na ho phonyoha.” (1 Bathesalonika 5:3) Khotso ea ’nete le tšireletseho li tla tlisoa feela ka thato ea Molimo le ka tsela ea hae—ka puso ea ’Muso oa hae, e seng ka Machaba a Kopaneng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka boprofeta bona bo ho Tšenolo, bona buka Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, leqepheng la 240-51, e hatisitsoeng ka 1988 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 22]
UN photos