Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 1/8 maq. 25-29
  • Tsela ea ho Tsoa Sekolotong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Tsoa Sekolotong
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlōla Khanyetso ea ho Rala Tšebeliso ea Chelete
  • Ho Qalisa
  • Ho Thathamisa Litšenyehelo Tsa Khoeli le Khoeli
  • Na ea Hlokahala?
  • Fokotsa Sekoloto
  • Na U Tla Atleha?
  • Kamoo U ka Sebelisang Chelete Kateng
    Tsoha!—2011
  • 2 | Boloka Chelete ea Hao le Lintho Tsohle Tseo U Nang le Tsona
    Tsoha!—2022
  • Nka Hlokomela Chelete ea ka Joang?
    Tsoha!—1989
  • Nka Etsa’ng ho Sebelisa Chelete Hantle?
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 1/8 maq. 25-29

Tsela ea ho Tsoa Sekolotong

LINAKONG tsena tse feto-fetohang, ho laola chelete ea lelapa e ka ba phephetso. U ka khahlametsana ka katleho joang le phephetso ee?

Karabo hase hakaalo-kaalo ho fumana chelete e eketsehileng. Litsebi tsa lichelete li bolela hore karabo e amana le ho ba le kutloisiso ea moo chelete e tsoang teng le moo e eang teng esita le ho ikemisetsa ho etsa liqeto u e-na le tsebo. Ho etsa sena, u hloka moralo oa tšebeliso ea chelete.

Ho Hlōla Khanyetso ea ho Rala Tšebeliso ea Chelete

Leha ho le joalo, moeletsi oa lichelete Grace Weinstein o bolela hore, meralo ea tšebeliso ea chelete “e bōpa maikutlo a sa tšoaneng a ho tepella ka ho batho.” Kahoo, batho ba bangata ha ba o etse. Ba bang bona ba amahanya tlhokahalo ea ho etsa moralo oa tšebeliso ea chelete le ho ba le chelete e fokolang kapa ho se rutehe. Empa esita le liprofesa tse nang le chelete e ngata li ba le mathata a lichelete. Moeletsi e mong oa lichelete o re: “E mong oa bao ke qalileng ho ba sebeletsa o ne a fumana $187000 (R813 000) ka selemo . . . Sekoloto sa bona kareteng ea ho reka ka mokitlane se ne se le ka tlaasana ho $95 000 (R413 000).”

Michael, ea boletsoeng pejana, o ne a le leqe ho batla keletso ea tsa lichelete ka lebaka le leng. Oa lumela: “Ke ne ke tšaba hore ba bang ba tla ntalima ke le tlatse-tlatse le sethoto.” Empa tšabo e joalo ha e na motheo. Ho laola lichelete le ho etsa chelete ho hloka tsebo ea mefuta e fapaneng, ’me batho ba bangata ha baa koetlisetsoa ho laola lichelete. Mosebeletsi e mong oa sechaba oa bontša: “Re qeta sekolong se phahameng re tseba ho eketsehileng ka isosceles triangle ho feta kamoo re ka bolokang chelete kateng.”

Leha ho le joalo, ho etsa moralo oa tšebeliso ea chelete ho batla ho le bonolo ho ithuta hona. Ho akarelletsa ho thathamisa chelete e kenang le ho thathamisa litšenyehelo—’me joale u boloke litšenyehelo li le ka har’a meeli ea chelete e kenang. Ha e le hantle, ho etsa moralo oa tšebeliso ea chelete ho ka ba monate, ’me ho o phelela, ho ka khotsofatsa.

Ho Qalisa

A re qale ka ho thathamisa chelete e kenang. Ho ba bangata ba rōna, hona ho lokela ho ba bonolo, kaha hangata ho akarelletsa lintho tse seng kae—moputso oa khoeli le khoeli, tsoala ea chelete e bankeng le tse ling tse joalo.

Empa u se ke ua balella chelete eo u sa kholisehang hore na e tla kena, e kang ea moputso oa ho sebetsa nako e eketsehileng ea mosebetsi, litsiane kapa limpho. Baeletsi ba tsa lichelete ba lemosa hore ho rala metheo holim’a mehloli eo u sa kholisehang hore e tla kenya chelete ho ka u kenya sekolotong. Haeba lichelete tse joalo li kena, u ka ’na ua khetha ho sebelisa chelete eo bakeng sa ho ithabisa hammoho le lelapa la hao, ho thusa ba bang ba hlokang kapa ho tlatsetsa lithahasellong tse molemo.

Leha ho le joalo, ho thathamisa litšenyehelo ho ka ’na ha phelephanyetsa hanyenyane. Robert le Rhonda, ba boletsoeng lihloohong tsa pejana, ba ne ba sitoa ho utloisisa hore na chelete ea bona e fumanehang ka thata e fella kae. Robert o hlalosa kamoo ba ileng ba rarolla bothata kateng: “Ka khoeli e le ’ngoe e mong le e mong o ile a nka pampiri ’me a ngola fatše sente e ’ngoe le e ’ngoe eo a e sebelisang. Re ne re bile re ngola le chelete e sebelisitsoeng bakeng sa ho noa kopi ea kofi. ’Me qetellong ea letsatsi ka leng, re ne re kenya chelete eo bukeng ea moralo oa tšebeliso ea chelete eo ke neng ke e rekile.”

Tlaleho e hlokolosi ea chelete e ’ngoe le e ’ngoe e sebelisoang e tla u thusa hore ho fumanehe ‘lesoba la chelete’ ena e bonahalang eka e nyamella moeeng. Leha ho le joalo, haeba u tseba mokhoa oo u tloaetseng ho reka ka oona, u ka ’na ua etsa qeto ea ho se boloke lethathamo le feletseng la ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e rekang letsatsi ka leng empa u fetele ho thathamiseng litšenyehelo tsa khoeli le khoeli.

Ho Thathamisa Litšenyehelo Tsa Khoeli le Khoeli

U ka ’na ua batla ho etsa chate e tšoanang le e bontšitsoeng leqepheng le latelang. Tlas’a “E Rekileng,” kenya chelete eo hona joale u e sebelisang bakeng sa thepa ka ’ngoe. Fokotsa lenane la lihlopha tse khōlō, ka ho sebelisa lihlooho tse kang “lijo,” “bolulo” le “liaparo.” Leha ho le joalo, u se ke ua hlokomoloha lihlotšoana tse amehang. Ho Robert le Rhonda, karolo e khōlō ea chelete ea bona e ne e e-ea lijong tsa lireschorente, kahoo ho arola “lijo tsa lireschorente” ho “korosari” ho ile ha ipaka ho le molemo. Haeba u motho ea thabelang ho amohela baeti ka mofuthu, hona le hona e ka ba sehlotšoana se seng tlas’a “lijo.” Sepheo ke ho etsa hore chate e bontše seo u leng sona le lintho tse ling tseo u ikhethang ka tsona.

Ha u etsa chate ea hao, u se ke ua lebala litšenyehelo tse bang teng ka mor’a likhoeli tse tharo, tse tšeletseng, selemo le tse ling tse bang teng nako le nako, tse kang litefello tsa inshorense le makhetho. Leha ho le joalo, ho li akarelletsa chateng ea khoeli le khoeli u tla tlameha ho arola chelete ea tsona ho latela lenane le loketseng la likhoeli.

Ntho eo e leng ea bohlokoa lethathamong la litšenyehelo ke “chelete e koalloang bankeng.” Le hoja ba bangata ba sa nahane hore ho koalla chelete bankeng ke tšenyehelo, ka bohlale u tla rera ho sebelisa chelete e ’ngoe e kenang ea khoeli le khoeli bakeng sa maemo a tšohanyetso kapa merero e khethehileng. Grace Weinstein o hatisa bohlokoa ba ho akarelletsa chelete e koalloang bankeng lethathamong la hao la litšenyehelo: “Haeba u hlōleha ho koalla bonyane karolo ea 5 lekholong ea chelete e kenang ka mor’a ho lefa lekhetho (’me ena ka ho totobetseng ke e nyenyane haholo), u tla tlameha ho nka mehato e boimanyana. Khaotsa ho sebelisa sekoloto, hlophisa bocha tsela ea hao ea ho phela, ’me u khutlele litlhokong tsa motheo.” E, ho etse pakane ho akarelletsa chelete e koalloang bankeng moralong oa hao oa tšebeliso ea chelete khoeli le khoeli.

Bakeng sa ho itšireletsa nakong eo u ka ’nang ua hloka mosebetsi ka eona, hona joale ho buelloa haholo hore u leke ho ba le chelete e koaletsoeng bankeng e ka fumanehang habonolo bonyane e lekanang le moputso oa likhoeli tse tšeletseng. Moeletsi oa litaba tsa lichelete o re: “Haeba u fumana keketso ea moputso, koalla halofo ea eona.” Na u nahana hore ho ke ke ha khoneha hore u koalle chelete?

Nahana ka Laxmi Bai, eo joaloka ba bang ba bangata libakeng tse ka thōko tsa India a futsanehileng haholo. Ka nkhong ea letsopa, o ile a qala ho behella ka thōko reise e seng kae ho eo a neng a e phehela lelapa la hae letsatsi le letsatsi. Nako le nako, o ne a rekisa reise ena ebe o kenya chelete eo bankeng. Bona e ne e le bohato bo lebisang ho fumaneng kalimo bankeng bakeng sa ho thusa mora oa hae ho theha khoebo ea ho lokisa libaesekele. India Today e tlaleha hore lichelete tse fokolang joalo tse koaletsoeng bankeng li entse phapang e khōlō bophelong ba ba bangata. Sena se entse hore ba bang ba khone ho itjara moruong.

Leha ho le joalo, ho leka-lekanya moralo oa tšebeliso ea chelete hase feela ho thathamisa chelete e kenang le litšenyehelo. Ho akarelletsa ho boloka litšenyehelo li le ka har’a meeli ea chelete e kenang, ho ka ’nang ha hloka hore u fokotse ho reka.

Na ea Hlokahala?

Hlokomela sehlooho se reng “Ea Hlokahala?” foromong e leqepheng la 27. Ke habohlokoa ho hlahloba karolo ena, haholo-holo haeba u fumana hore kakaretso ho “Chelete e Reretsoeng ho Sebelisoa” e feta chelete e kenang. Leha ho le joalo, ho etsa qeto ea hore na ntho e itseng ea hlokahala le hore na ke chelete e kae e hlokahalang bakeng sa eona e ka ba phephetso. Sena ke ’nete ka ho khetheha linakong tsena tse feto-fetohang tseo ka tsona re hlaseloang ka phepelo e tsoelang pele ea lihlahisoa tse ncha tse bolelisoang ka hore lia hlokahala. Ho nahana ka tšenyehelo ka ’ngoe mabapi le hore na ke tlhoko ea sebele, tlhoko eo u sa kholisehang ka eona, kapa ke bokhabane ho ba le eona, ho tla u thusa.

Sheba tšenyehelo ka ’ngoe eo u e thathamisitseng, ’me ka mor’a kahlolo e nahanisisitsoeng ka hloko, kenya “E” tlas’a karolo e reng “Ea Hlokahala?” haeba ntho eo e le tlhoko ea sebele; “?” haeba e le tlhoko eo u sa kholisehang ka eona; “B” haeba e le bokhabane ho ba le eona. Hopola hore kakaretso ea tse thathamisitsoeng tlas’a “Chelete e Reretsoeng ho Sebelisoa” e ke ke ea e-ba ka holimo ho chelete e kenang khoeli le khoeli!

Lintho tse tšoauoeng “?” le “B” ka ho hlakileng ke tsona tse lokelang ho fokotsoa pele. Litšenyehelo tsena ho ka ’na ha se ke ha hlokahala hore li tlosoe ka ho feletseng. Sepheo ke ho hlahloba thepa ka ’ngoe ho bona hore na tšenyehelo e tšoaneloa ke thabo eo tšenyehelo eo e e tlisang le ho fokotsa moo ho hlokahalang. Robert le Rhonda ba ile ba bona lethathamong la bona hore ba ne ba sebelisa $500 (R2175) ka khoeli lijong tsa lireschorente. E bile tloaelo eo ba ileng ba oela ho eona hobane ba ne ba sa tsebe ho pheha ka bobeli. Empa Rhonda o ile a nka mehato ea ho ithuta ’me o re: “Hona joale ho pheha hoa thabisa, ’me re atisa ho ja lapeng.” Robert oa eketsa: “Hona joale re ja lireschorenteng ka liketsahalo tse ikhethang feela kapa ha ho hlokahala.”

Ho fetoha ha maemo a hao ho ka ’na ha etsa hore mohlomong u boele u hlahlobe litlhoko tsa hao ka kakaretso. Joalokaha ho boletsoe sehloohong sa pele, chelete e kenang ea Anthony e ile ea fokotseha haholo. E ile ea theoha ho $48000 (R209 000) ka selemo ho ea ka tlaasana ho $20000 (R87 000) ’me ea ba boemong boo ka lilemo tse peli. Haeba sena se ka u etsahalla, u ka ’na ua hloka ho rala moralo oa tšebeliso ea chelete o tla u phelisa, ka ho tlosa mabotho-botho ’ohle ha u reka.

Anthony o ile a etsa sona seo. Ka hore a hle a fokotse chelete eo a neng a e sebelisa bakeng sa lijo, liaparo, lipalangoang le boithabiso, o ile a khona ho ’na a lefella ntlo ea hae.a O re: “Joaloka lelapa re ile ra tlameha ho etsa qeto ea hore na ha e le hantle litlhoko tsa rōna le lintho tseo re li batlang ke life, ’me re ruile molemo phihlelong eo. Hona joale re tseba kamoo re ka khotsofallang ho fokolang kateng.”

Fokotsa Sekoloto

Sekoloto ha se sa laoloe se ka sitisa boiteko ba lōna ba ho phela ho latela matla a lōna. Le hoja sekoloto sa nako e telele se sebelisetsoang ho reka thepa e tšoarellang e kang ntlo eo boleng ba eona ba chelete bo ntseng bo phahama se ka ba molemo, ho sebelisa karete ea ho reka ka mokitlane bakeng sa ho reka thepa ea letsatsi le letsatsi ho ka ’na ha ipakahatsa ho le kotsi. Kahoo, Newsweek e re: “U se ke ua lefa litefiso leha e le life tsa karete.”

Litsebi tsa lichelete li khothalletsa hore likoloto tsa likarete tsa ho reka ka mokitlane li lefuoe esita le haeba u tlameha ho ntša cheleteng eo u e koaletseng bankeng. Ka sebele ke ho sa utloahaleng ho jara likoloto tse lefelloang tsoala e holimo ha ka nako e tšoanang u babaletse chelete e lefang tsoala e tlaase. Ha ba hlokomela sena, Michael le Reena ba ile ba lefella likoloto tsa bona tsa likarete tsa ho reka ka mokitlane ka ho fumana chelete ea li-bond tsa bona, ’me ba ile ba ikemisetsa ho se hlole ba khutlela boemong boo.

Robert le Rhonda, kaha ba ne ba se na mehloli e joalo, ba ile ba rala moralo oa tšebeliso ea chelete o tla ba phelisa. Robert o re: “Ke ile ka etsa chate ea lithutsoana holim’a boto e tšoeu ho bontša kamoo sekoloto sa rōna se neng se tla theoha kateng khoeli le khoeli ’me ke ile ka fanyeha boto ena kamoreng ea rōna moo re neng re ka e bona hoseng ho hong le ho hong. Hona ho ile ha fana ka khothatso letsatsi ka leng.” Qetellong ea selemo, ba ile ba thaba hakaakang ha ba lokolohile sekolotong sa bona sa $6000 (R26 100) sa karete ea ho reka ka mokitlane!

Linaheng tse ling le mortgage ha e sa le letsete le molemo joaloka pele. ’Me ho reka ntlo ho ka qeteletse ho u lefisitse chelete e ngata ea tsoala. Ke’ng seo u ka se etsang ho fokotsa litšenyehelo tsa mortgage? Newsweek ea eletsa: “Lintho li peli, u lefa haholo ho feta kamoo banka e hlokang kateng kapa u reka ntlo e theko e tlaase. Haeba u se u ntse u e-na le ntlo, hanela tšusumetso ea ho batla e ’ngoe e khōloanyane.”

U ka fokotsa litšenyehelo tsa kalimo ea chelete ea ho reka koloi ka ho lefa chelete e ngata ho feta eo banka e e hlokang qalong. Empa u tla tlameha ho boloka chelete bakeng sa hona esale pele ka ho ho kenyelletsa moralong oa lelapa oa tšebeliso ea chelete. ’Me ke joang u ka khethang koloi e ntle e kileng ea sebelisoa?b Theko ea eona e tlaase ho tloha qalong e ka ’na ea bolela litšenyehelo tse tlaase tsa kalimo. Mohlomong u ka ’na ua khona ho e reka kantle le ho kena sekolotong sa eona.

Na U Tla Atleha?

Hore na ua atleha tšebelisong ea moralo oa hao oa chelete ho itšetlehile haholo ka hore na u lumellana le maemo hakae. Banyalani ba bang ba ileng ba atleha ho phela ka moralo oa bona oa tšebeliso ea chelete ba re: “Mokhoa ona o ke ke oa sebetsa haeba chelete e behelloang ka thōko bakeng sa lintho tsa ka tlung e fokola hoo u ke keng ua qeta khoeli ka eona.”

Ntlha e ’ngoe ea bohlokoahali ho etseng hore moralo oa tšebeliso ea chelete o atlehe ke puisano e molemo har’a litho tsa lelapa. Bao moralo oa tšebeliso ea chelete o ba amang ba lokela ho fuoa monyetla oa ho hlahisa lipono le maikutlo tsa bona ba sa songoe. Haeba litho tse amehang tsa lelapa li utloisisa litlhoko le likhaello tsa litho tse ling ’me li elelloa boemo ba lichelete ba lelapa, hangata ho ba le tšebelisano-’moho e molemonyana le monyetla o molemonyana oa hore moralo oa lelapa oa tšebeliso ea chelete o tla atleha.

Linakong tsena tse mahlonoko, ha pono ea lefatše e ntse e tsoela pele ho fetoha, khatello licheleteng tsa lelapa ea eketseha. (2 Timothea 3:1; 1 Bakorinthe 7:31) Re hloka ho sebelisa “bohlale bo sebetsang” e le hore re sebetsane ka katleho le liphephetso tsa bophelo bona ba kajeno. (Liproverbia 2:7, NW) Ho rala moralo oa tšebeliso ea chelete ho ka ’na ha thusa ho etsa seo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa litsela tsa ho fokotsa litšenyehelo tsa letsatsi le letsatsi, bona Awake! ea April 22, 1985, leqepheng la 26-7, le Tsoha! ea October 8, 1984, leqepheng la 30.

b Bona Awake! ea April 8, 1996, leqepheng la 16-19.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]

Hlahloba thepa ka ’ngoe ho bona haeba tšenyehelo e tšoaneloa ke thabo eo e e tlisang

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

Hlokomela litšenyehelo tsa karete ea ho reka ka mokitlane!

[Chate e leqepheng la 27]

CHATE EA LITŠENYEHELO TSA KHOELI LE KHOELI LE HO LI LEKANYETSA

Khoeli

LITŠENYEHELO Chelete Ea Chelete e

e Rekang Hlokahala? Reretsoeng ho

Sebelisoa

Lijo:

Korosari

Lijo tsa lireschorente

Kamohelo ea baeti

Bolulo:

Mortgage kapa rente

Litšebeletso tsa sechaba

Liaparo Lipalangoang Limpho

●

●

●

E eang bankeng

Makhetho

Inshorense

Tse Ling

KAKARETSO (bapisa le chelete e kenang)

CHELETE E KENANG KHOELI LE KHOELI

Moputso oa khoeli le khoeli

Tefo ea thepa e hirisitsoeng (haeba e le teng)

Tsoala ea bankeng

KAKARETSO (bapisa le litšenyehelo)

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Puisano e molemo ea lelapa ke ea bohlokoa ho etseng hore moralo oa tšebeliso ea chelete o atlehe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela