Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 1/8 maq. 11-13
  • Ke Hobane’ng ha Motsoalle oa ka oa Hlooho ea Khomo a Falletse?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Motsoalle oa ka oa Hlooho ea Khomo a Falletse?
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Talimana le ’Nete
  • Boloka Mecha ea Puisano e Bulehile
  • Ho Tlatsa Sekheo
  • Boloka Boikutlo bo Botle
  • Ke Hobane’ng ha ke sa Khone ho Boloka Metsoalle?
    Tsoha!—1996
  • U ka ba Motsoalle oa Jehova
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Metsoalle ea ka ea Sebele ke Bo-mang?
    Tsoha!—2011
  • Molimo o U Mema Hore U be Motsoalle oa Hae
    U ka ba Motsoalle oa Molimo!
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 1/8 maq. 11-13

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha Motsoalle oa ka oa Hlooho ea Khomo a Falletse?

‘HO BONAHALA eka u lahlehetsoe ke motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo.’ Batho ba bua joalo ha motho a bonahala a sa thaba kapa a tepeletse maikutlong. Empa haeba ka sebele u hlile u lahlehetsoe ke motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo, mantsoe a joalo a hlile a bolela ho hoholo ho uena.

Ha e le hantle, botsoalle ba ’nete ke ntho e ikhethang le ea bohlokoa ka ho fetisisa. Bibele e re: “Motsoalle oa motho [“oa ’nete,” NW] o mo rata ka mehla; e ba ngoan’abo tlokotsing ea hae.” (Liproverbia 17:17) Metsoalle e molemo e re neha botsoalle le tšehetso. E re thusa ho hōla maikutlong le moeeng. Le hoja metsoalle feela kapa batho bao re ba tloaetseng ba ka ba bangata, batho ka bomong bao u ka ba tšepang e le kannete le ho ba phetlela sefuba sa hao hangata ba ’maloa haholo.

Kahoo haeba motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo a falletse, ke ho utloahalang hore u ka ’na ua ikutloa u ferekane. Mocha ea bitsoang Bryan o hopola kamoo a ileng a ikutloa kateng ha motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo a ne a falla. O re: “Ke ne ke tšohile, ke jeoa ke bolutu ebile ke tsielehile.” Mohlomong le uena u ikutloa ka tsela e joalo.

Ho Talimana le ’Nete

Ho nahana ka mabaka a entseng hore motsoalle oa hao a falle mohlomong ho ka thusa. Ka sebele, hase ka lebaka la ho haelloa ke kananelo bakeng sa setsoalle sa hao. Ho falla ho fetohile karolo ea motheo ea bophelo ba kajeno. Selemo le selemo United States feela, batho ba fetang limilione tse 36 baa falla! Ho latela Bureau of Census ea United States, Moamerika ea tloaelehileng o tla falla ka makhetlo a 12 bophelong ba hae.

Ke hobane’ng ha ho falloa hakaale? Mabaka aa fapana. Malapa a mangata a falla hore a fumane mesebetsi e molemo haholoanyane le bolulo. Linaheng tse tsoelang pele moruong, ntoa le bofutsana li qobeletse malapa a limilione ho falla. Ha bacha ba hōla, ba bangata ba ikhethela ho falla le ho iphelela ba le bang. Ba bang ba falla hore ba kene lenyalong. (Genese 2:24) Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba falla molemong oa ho phehella lithahasello tsa moea. (Matheu 19:29) Har’a Lipaki tsa Jehova, ba bangata ba siea mabotho-botho a libaka tseo ba li tloaetseng—mohlomong ho ea sebeletsa linaheng lisele—moo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane ea basebeletsi ba Bakreste. Ba bang ba falla naheng ea habo bona ho ea sebeletsa Bethele, e leng kamoo libaka tse hlokomelang mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova li bitsoang kateng. E, esita le hoja re rata metsoalle ea rōna, re tlameha ho ho talima e le ’nete ea bophelo hore ha nako e ntse e tsamaea, ho ka etsahala hore mohlomong metsoalle ena e falle.

Ho sa tsotellehe lebaka le entseng hore motsoalle oa hao a falle, u ka ’na ua ipotsa hore na ke joang u tla ke u lebale tahlehelo eo. Empa le hoja e le boikutlo ba tlhaho ho ikutloa u batla u jeoa ke bolutu le ho tepella ka nakoana, mohlomong ua hlokomela hore ho itšehla thajana ho ke ke ha lokisa lintho ho hang. (Liproverbia 18:1) Kahoo a re talimeng tse ling tsa lintho tse ka thusang.

Boloka Mecha ea Puisano e Bulehile

Bryan e mocha oa eletsa: “Hlokomela hore setsoalle sa lōna ha sea fela.” E, ka sebele ho falla ha motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo ho tla fetola kamano ea lōna, empa sena ha se bolele hore setsoalle sa lōna se tlameha ho khaotsa. Moeletsi oa bacha Dr. Rosemarie White o itse: “Tahlehelo ke ntho e thata haholo nakong leha e le efe ea bophelo, empa tsela ea ho sebetsana le eona ka katleho ke ho nahana ka eona e mpa feela e le phetoho, eseng qetello ea lintho.”

Ke eng seo u ka se etsang hore setsoalle se ’ne se tsoele pele? Nahana ka tlaleho ea Bibele ea Davida le Jonathane. Ho sa tsotellehe phapang e khōlō ea lilemo tsa bona, e ne e le metsoalle e ntšanang se inong. Ha maemo a ne a qobella Davida ho baleha, ha baa ka ba arohana ba sa re letho. Ka ho fapaneng, ba ile ba tiisa setsoalle sa bona se tsoelang pele, esita le ho hlaba selekane, kapa tumellano, ea ho lula e le metsoalle.—1 Samuele 20:42.

Ka ho tšoanang, u ka ’na ua buisana le motsoalle oa hao pele a tsamaea. Tsebisa motsoalle oa hao kamoo setsoalle sa lōna se leng bohlokoa kateng ho uena le kamoo u ratang ho boloka mecha ea puisano e bulehile kateng. Patty le Melina, metsoalle ea hlooho ea khomo eo hona joale e arohantsoeng ka lik’hilomithara tse 8000 ke naha le leoatle, ba hlile ba etsa joalo. Patty o ile a hlalosa: “Re rerile ho boloka mecha ea puisano e bulehile.” Leha ho le joalo, merero e joalo e ka ’na ea hlōleha kantle le haeba u etsa litokisetso tse ling tse tiileng.—Bapisa le Amose 3:3.

Bibele e re bolella hore ha moapostola Johanne a ne a sa khone ho bona motsoalle oa hae Gaiase, o ile a boloka mecha ea puisano e bulehile ‘ka ho mo ngolla ka enke le pene.’ (3 Johanne 13) Mohlomong le ka lumellana ka ho ngollana mangolo kapa ho romellana karete ka linako tsohle, kapa mohlomong hang ka beke kapa hang ka khoeli. ’Me haeba batsoali ba hao ba se khahlanong le ho lefella thelefono ha u letsetsa libakeng tse hōle, mohlomong le ka letsetsana nako le nako ho lomana tsebe ka tsa morao-rao tse ntseng li etsahala bophelong ba lōna. Kapa mohlomong le ka lumellana ka ho romellana melaetsa e hatisitsoeng k’haseteng kapa theiping ea video. Nakong e tlang mohlomong ho ka ba ha khoneha le ho lokisetsa ho etelana ka mafelo-beke kapa ho ikela phomolong hammoho. Kahoo setsoalle se ka hōla ka ho tsoelang pele.

Ho Tlatsa Sekheo

Esita leha ho le joalo, ho tsamaea ha motsoalle oa hlooho ea khomo ho tla siea sekheo bophelong ba hao. Ka lebaka leo, u ka ’na ua hlokomela hore u na le nako e ngata. Ha e le hantle, u se senye nako eo. (Baefese 5:16) E sebelisetse ntho e ’ngoe e molemo—mohlomong u ka ithuta ho letsa seletsa sa ’mino, puo e ncha kapa mosebetsi oa ho itlosa bolutu. Ho etsa mesebetsi e itseng bakeng sa ba bang ba hlokang ke mokhoa o mong oa ho sebelisa nako hantle. Haeba u e mong oa Lipaki tsa Jehova, u ka kopanela ka ho eketsehileng mosebetsing oa hao oa boboleli ba phatlalatsa. (Matheu 24:14) Kapa u ka qalisa morero o thahasellisang oa ho ithuta Bibele.

Ho feta moo, moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste ba Korinthe hore ba “atolohe”—ke hore, ba akarelletse le ba bang lenaneng la bona la metsoalle. (2 Bakorinthe 6:13) Mohlomong u qetile nako e ngata haholo le motsoalle a le mong feela hoo u ileng ua hlokomoloha ba bang bao ho neng ho ka etsahala hore e be metsoalle. Bacha har’a Lipaki tsa Jehova ba fumana hore ho na le menyetla e mengata ea ho qalisa setsoalle hona liphuthehong tsa habo bona. Kahoo leka ho fihla libokeng tsa phutheho pele ho nako le ho sala nakoana ka mor’a tsona. Sena se tla u neha nako e eketsehileng ea ho tseba batho. Likopano tsa Bokreste le ’moka e menyenyane ea botsoalle li fana ka menyetla e meng ea ho etsa metsoalle e mecha.

Leha ho le joalo, tlhokomeliso e loketseng ke ena: U se potlakele ho etsa metsoalle e mecha hoo u ka qalang ho ikamahanya haufi-ufi le bacha ba se nang lipakane tsa moea le litekanyetso tsa bohlokoa joaloka uena. Bacha ba joalo e ka ba tšusumetso e mpe ho uena ’me ba ka u lematsa ho e-na le ho u tsoela molemo. (Liproverbia 13:20; 1 Bakorinthe 15:33) Khomarela bacha ba nang le tšekamelo linthong tsa moea le ba nang le botumo bo botle boitšoarong.

Ha u fumana motho ea joalo, hlaolela botsoalle le eena ka ho rera ho etsa lintho hammoho. Kopanelang lijo. Etelang musiamong. Otlollang maoto hammoho. Lokisetsang ho sebetsa letsatsi lohle hammoho tšebeletsong ea Bokreste le etela batho ka molaetsa oa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ka nako le boiteko, setsoalle se secha se ka hōla. Kahobane lerato la Bokreste le pharaletse—lea ‘atoloha’ ho akarelletsa le ba bang—ha u etsa metsoalle e mecha, ha ho hlokahale hore u ikutloe eka u tsoa motsoalle oa hao ea falletseng tlaase.

U ka boela ua sebelisa monyetla ona ho atamela haufi le ba u ratang ka ho fetisisa—batsoali ba hao. E ka ba thuso e khōlō ho uena le hoja qalong u ka ikutloa u le leqe ho batla botsoalle ba bona. Mocha ea bitsoang Josh o itse: “Ke ile ka iqobella ho qeta nako le bona, kaha ke ne ke se na kamano e haufi le ’Mè kapa Ntate nakong eo. Empa hona joale ke metsoalle ea ka e haufi-ufi!”

Hape, hopola hore u sa ntse u e-na le motsoalle leholimong. Joalokaha Dan, mocha ea lilemo li 13 a hlalosa, “ka sebele ha u mong hobane u sa ntse u e-na le Jehova.” Ntate oa rōna oa leholimo o fumaneha ka linako tsohle ka thapelo. O tla u thusa hore u sebetsane ka katleho le boemo bona bo thata haeba u mo tšepa.—Pesaleme ea 55:22.

Boloka Boikutlo bo Botle

Morena Solomone ea bohlale o ile a fana ka keletso ena: “U se ke ua re: ‘Ke hobane’ng ha ho etsahetse hore matsatsi a fetileng a ipake a le molemo haholoanyane ho feta aa?’” (Moeklesia 7:10, NW) Ka mantsoe a mang, u se ke ua tsoela pele ho nahana ka linako tse fetileng; sebelisa hamolemo nako ea hona joale hammoho le menyetla eohle ea eona. Bill, eo hona joale a leng lilemong tsa bo-20, o hlile a etsa joalo ha a lahleheloa ke motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo. Oa hopola: “Ka mor’a nako ke ile ka qala ho etsa metsoalle e mecha ’me ha kea ka ka nahana haholo ka nako e fetileng. Ke ile ka leka ho lokisetsa nako e tlang le ho phela nakong ea hona joale.”

Litlhahiso tsena li ka thusa, empa ho sa ntse ho le bohloko ha motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo a falla. Ho ka ’na ha nka nako pele mehopolo ea linako tse monate tseo le bileng le tsona hammoho e khaotsa ho u bakela mesarelo. Hopola, phetoho ke karolo ea bophelo le hore e fana ka monyetla oa hore u hōle. Le hoja ho ka bonahala ho ke ke ha khoneha hore motsoalle ea khethehileng a nkeloe sebaka, u ka hlaolela litšobotsi tse tla u etsa ‘ea ratehang ka bobeli ponong ea Jehova le ea batho.’ (1 Samuele 2:26, NW) Ha u etsa joalo, ka linako tsohle u tla ba le motho eo u mo bitsang motsoalle oa hao!

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ho re motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo a sale hantle kapa a tsamaee hantle ke phihlelo e bohloko

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela