Ho Itokolla Tlōlong ea Molao e Hlophisitsoeng “Ke ne ke le Le-yakuza”
“NTATE, ha u fihla hae, ke kōpa hore re ee libokeng le uena. Ua ntšepisa, akere?” Ke ile ka amohela lengolo lena le tsoang ho morali oa ka oa bobeli nakong eo ke neng ke le teronkong ka lekhetlo la boraro. O ne a kopanela libokeng tsa Lipaki tsa Jehova kamehla le mosali oa ka. Kaha mangolo a tsoang ho ba lelapa la ka e ne e le ’ona mohloli feela oa matšeliso ho ’na, ke ile ka mo tšepisa hore ke tla etsa kamoo a kōpileng kateng.
Ke ile ka nahana: ‘Ke hobane’ng ha ke phela bophelo ba tlōlo ea molao bo nkisang hōle le lelapa la ka tjee?’ Ke ile ka hopola matsatsi a ha ke sa le monyenyane haholo. Ntate o ile a hlokahala ha ke le likhoeli li 18, kahoo ha ke hopole le sefahleho sa hae. ’Mè o ile a nyaloa habeli ka mor’a moo. Maemo a joalo a lelapa a ile a nkama ka ho teba, ’me ha ke le sekolong se phahameng ke ile ka qala ho tloaelana le litlokotsebe. Ke ile ka ba mabifi ’me khafetsa ka kenella lintoeng ka ntle ho sekolo. Ha ke le selemong sa bobeli sekolong se phahameng, ke ile ka hlophisa sehlopha se seng sa barutoana ho ea loantša sehlopha se seng. Ka lebaka leo, ke ile ka tšoaroa ’me ka romeloa setsing sa khalemelo ka nakoana.
Ke ne ke tšoana le bolo e thetehang lerallaneng ho leba bophelong bo mabifi. Ka mor’a nakoana ke ile ka theha sehlopha sa litlokotsebe ’me re ne re fetisa nako ka ho solla pel’a ofisi ea sehlopha sa yakuza. Ha ke le lilemo li 18, ke ile ka ba setho se feletseng sa sehlopha seo. Ha ke le lilemo li 20, ke ile ka tšoareloa liketso tse sa tšoaneng tsa pefo ’me ka ahloleloa lilemo tse tharo teronkong. Qalong, ke ile ka qeta nako ke le Teronkong ea Bana ea Nara, empa boitšoaro ba ka ha boa ka ba ntlafala. Kahoo ke ile ka romeloa teronkong e ’ngoe, ea batho ba baholo. Empa ke ile ka fetella ’me qetellong ka qetella ke le teronkong ea linokoane tse thatafetseng, Kyoto.
Ke ile ka ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha ke ntse ke etsa tlōlo ea molao tjee?’ Ha ke hetla morao, kea hlokomela hore e ne e le ka lebaka la ho nahana ka booatla. Ka nako eo, ke ne ke nahana hore boitšoaro bo joalo ke ba bonna, bopaki ba ho ba monna. Nakong eo ke neng ke lokolloa teronkong ke le lilemo li 25, litlokotsebe-’moho le ’na li ne li ntalima ke le motho oa bohlokoa. Joale ke ne ke bulehetsoe ke monyetla oa ho hloa mekoalaba lefatšeng la tlōlo ea molao.
Boitšoaro ba Lelapa la Ka
Ke ile ka nyala hoo e ka bang nakong eo, ’me kapele ’na le mosali oa ka ra ba le barali ba babeli. Leha ho le joalo, bophelo ba ka ha boa ka ba fetoha. Ke ile ka lula ke e-ea holimo le tlaase pakeng tsa lehae la ka le sepolesa—ke ne ke otla batho ’me ke qhekella. Ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea nthusa ho hapa tlhompho ea litlokotsebe-’moho le ’na le ho tšeptjoa ke molaoli. Qetellong, “moholoane” oa ka oa yakuza o ile a ba boemong bo ka holimo-limo kenkeng ’me ea e-ba molaoli. Ke ile ka thabela ho ba mohlahlami oa hae.
Ke ile ka nahana: ‘Mosali oa ka le barali ba ka ba ikutloa joang ka tsela eo ke phelang ka eona?’ Ba tlameha ba ne ba hlajoa ke lihlong ke ho ba le monna le ntate oa setlokotsebe. Ke ile ka boela ka kena teronkong ha ke le lilemo li 30 ’me ka boela hape ha ke le lilemo li 32. Lekhetlong lena, nako ea lilemo tse tharo teronkong e ile ea hla ea nkimela haholo. Barali ba ka ba ne ba sa lumelloe ho nchakela. Ke ne ke hloloheloa ho buisana le bona le ho ba haka.
Hoo e ka bang nakong eo ke neng ke qala ho sebeletsa kahlolo ena ea ho qetela teronkong, mosali oa ka o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Letsatsi le letsatsi o ne a ’ngolla ka ’nete eo a neng a ithuta eona. Ke ile ka ipotsa: ‘’Nete ee eo mosali oa ka a buang ka eona ke’ng?’ Ke ile ka bala Bibele eohle ha ke ntse ke le teronkong. Ke ile ka nahana ka seo mosali oa ka a neng a se bua mangolong a hae mabapi le tšepo ea bokamoso le morero oa Molimo.
Tšepo ea hore batho ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise e ile ea ipiletsa kaha lefu le ne le hlile le ntšosa. Kamehla ke ne ke ee ke nahane, ‘Haeba u e-shoa, u ea hlōtsoeng.’ Ha ke hetla morao, kea hlokomela hore e ne e le tšabo ea lefu e neng e nkhannela hore ke ntše ba bang kotsi pele ba ka ’ntša kotsi. Mangolo a mosali oa ka a ile a boela a etsa hore ke bone bofeela ba pakane ea ka ea ho hloa mekoalaba mokhatlong oa kenke.
Ho ntse ho le joalo, ke ne ke sa susumelletsehe ho ithuta ’nete. Mosali oa ka o ile a inehela ho Jehova ’me ea e-ba e mong oa Lipaki tsa hae tse kolobelitsoeng. Le hoja lengolong la ka ke ne ke lumetse ho ea libokeng tsa bona, ke ne ke sa nahane ka ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ke ne ke ikutloa eka mosali oa ka le barali ba ka ba se ba ile hōle haholo le ’na, ba ntšiile morao.
Ho Tsoa Teronkong
Qetellong letsatsi la hore ke lokolloe le ile la fihla. Keiting ea Teronko ea Nagoya, litlokotsebe tse ngata li ne li foletse ho tla nkamohela. Leha ho le joalo, har’a letšoele leo la batho, ke ne ke batla mosali oa ka le barali ba ka feela. Ha ke bona barali ba ka, ba neng ba se ba hōlile haholo lilemong tseo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng, ke ile ka lla.
Matsatsi a mabeli ka mor’a hore ke khutlele hae, ke ile ka phethahatsa tšepiso eo ke neng ke e entse ho morali oa ka oa bobeli ’me ka ba teng sebokeng sa Lipaki tsa Jehova. Ke ile ka hlolloa ke boitšoaro bo botle ho bohle ba teng. Lipaki li ile tsa nkamohela ka mofuthu, empa ke ne ke ikutloa ke sa lokoloha. Ha hamorao ke hlokomela hore ba neng ba ntumelisa ba ne ba tseba ka bophelo ba ka ba botlokotsebe, ke ile ka makala. Leha ho le joalo, ke ile ka hlokomela mofuthu o teng har’a bona ’me ke ile ka khahloa ke puo e thehiloeng Bibeleng e neng e neheloa. E ne e bua ka batho ba tlang ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise.
Mohopolo oa hore mosali oa ka le barali ba pholohele Paradeiseng ’me ’na ke timetsoe o ile oa ntšoenya haholo. Ke ile ka nahana ka ho teba ka seo ke neng ke lokela ho se etsa hore ke phele ka ho sa feleng le lelapa la ka. Ke ile ka qala ho nahana ka ho itokolla bophelong ba botlokotsebe, ’me ka qala ho ithuta Bibele.
Ho Itokolla Bophelong ba ka ba Botlokotsebe
Ke ile ka khaotsa ho kopanela libokeng tsa kenke ’me ka khaotsa ho kopana le yakuza. Ho ne ho se bonolo ho fetola monahano oa ka. Ke ne ke khanna koloi e khōlō ea maemo molemong feela oa ho ithabisa—le ho ja marei feela. Ho nkile lilemo tse tharo hore ke rekise koloi ea ka bakeng sa ho reka ea moetso o itekanetseng. Hape ke ne ke tloaetse ho batla tsela e bonolo ea ho etsa lintho. Leha ho le joalo, ha ke ntse ke ithuta ’nete, ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho fetoha. Empa joalokaha Jeremia 17:9 e bolela, “pelo e mano ho fetisa tsohle, e bolile hampe.” Ke ne ke tseba se lokileng empa ke fumana ho le thata ho sebelisa seo ke neng ke ithuta sona. Mathata ao ke neng ke tobane le ’ona a ne a bonahala joalokaha eka ke thaba e khōlō. Ke ile ka khathatseha, ’me ka makhetlo a ’maloa ka nahana ho khaotsa ho ithuta le ho tlohela khopolo ea ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova.
Joale, motho ea nkhannelang thuto ea Bibele o ile a mema molebeli e mong ea tsamaeang ea phetseng bophelo bo tšoanang le ba ka ho tla fana ka puo ea phatlalatsa phuthehong ea rōna. Ho tloha Akita, e bohōle ba lik’hilomithara tse 650, o ile a tla Suzuka ho tla nkhothatsa. Ka morao ho moo, neng le neng ha ke ne ke tepella ’me ke nahana ho khaotsa, ke ne ke ee ke fumane lengolo le tsoang ho eena, le botsa hore na ke ntse ke tsamaea tseleng ea Morena ke tsitsitse.
Ke ile ka tsoela pele ho rapela Jehova hore a nthuse ke itokolle ka ho feletseng maqhameng ao ke nang le ’ona le yakuza. Ke ne ke kholisehile hore Jehova o ne a tla araba thapelo ea ka. Ka April 1987, ke ile ka qetella ke atlehile ho ikhula mokhatlong oa yakuza. Kaha khoebo ea ka e ne e nkisa linaheng tse ling khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, hōle le lelapa la ka, ke ile ka chencha mosebetsi ka etsa oa ho hloekisa. Ona o ile oa ntšiela nako ea thapama e lokolohile bakeng sa mesebetsi ea moea. Ka lekhetlo la pele, ke ile ka fumana enfelopo ea moputso. E ne e le bobebe, empa e ile ea nthabisa haholo.
Ha ke ne ke le mohlahlami mokhatlong oa yakuza, ke ne ke eme hantle linthong tse bonahalang, empa hona joale ke na le matlotlo a moea a sa feleng. Ke tseba Jehova. Ke tseba merero ea hae. Ke na le melao-motheo eo ke phelang ka eona. Ke na le metsoalle ea sebele e tsotellang. Mokhatlong oa yakuza, litlokotsebe li bonahala eka lia tsotella, empa ha ho le-yakuza leo ke le tsebang, leha le le leng, le ka itelang molemong oa a mang.
Ka August 1988, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka kolobetso ea metsing, ’me khoeling e latelang, ka qala ho sebetsa bonyane lihora tse 60 ka khoeli ke bolella ba bang ka litaba tse molemo tse fetotseng bophelo ba ka. Ke ’nile ka sebeletsa ke le mosebeletsi oa nako e tletseng ho tloha ka March 1989 ’me hona joale ke filoe tokelo ea ho sebeletsa ke le mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong.
Ke ile ka khona ho lahla boholo ba lintho tse amanang le bophelo ba bo-yakuza. Leha ho le joalo, ho na le ntho e le ’ngoe e setseng. Ke mongolo o cheselelitsoeng ’meleng oa ka o nkhopotsang, esita le ho hopotsa ba lelapa la ka le ba bang, ka pale ea ka ea bo-yakuza. Ka le leng, morali oa ka e moholo o ile a fihla hae a lla ha a e-tsoa sekolong, a re a ke ke a hlola a ea sekolong hobane metsoalle ea hae e mo boleletse hore ke ne ke le le-yakuza ’me ke na le mengolo e cheselelitsoeng letlalong. Ke ile ka khona ho buisana taba ena le barali ba ka, ’me ba utloisisa boemo. Ke lebeletse letsatsi leo ka lona lefatše e tla ba paradeise ’me nama ea ka e tla “nchafala ho fetisa bonyenyaneng.” Ka nako eo mengolo e cheselelitsoeng letlalong le mehopolo ea lilemo tse 20 tsa bophelo ba bo-yakuza e tla be e le lintho tsa nako e fetileng. (Jobo 33:25; Tšenolo 21:4)—Joalokaha ho boletse Yasuo Kataoka.
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Ke labalabela letsatsi leo ka lona mengolo e cheselelitsoeng letlalong la ka e tla hlakoha
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Holong ea ’Muso le lelapa la ka