Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 3/8 maq. 20-21
  • Na Bana ba Lokela ho Ikhethela Bolumeli?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bana ba Lokela ho Ikhethela Bolumeli?
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khetho
  • Boikarabelo ba Batsoali
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Na ba Tla Sebeletsa Molimo ha ba se ba Holile?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Rutang Bana ba Lōna ho Rata Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 3/8 maq. 20-21

Pono Ea Bibele

Na Bana ba Lokela ho Ikhethela Bolumeli?

BATSOALI ba khethela ngoana oa bona lintho ho tloha ha a hlaha le ho pholletsa le lilemo tsa hae tsa bocha. Ka nako e tšoanang, motsoali ea bohlale oa tseba hore na a tenyetsehe neng, neng le neng ha ho khoneha a nahanela hore na ngoana a ka rata eng.

Leha ho le joalo, e ka ba phephetso ho batsoali hore na ke bolokolohi bo bokae ba ho ikhethela boo ba bo fang ngoana oa bona. Le hoja e le ’nete hore bana ba ka ikhethela lintho tse nepahetseng le ho rua molemo tokolohong e itseng, ke ’nete ka ho tšoanang hore ba ka ’na ba khetha lintho tse fosahetseng, e leng ho ka fellang ka tlokotsi.—2 Marena 2:23-25; Baefese 6:1-3.

Ka mohlala, bana hangata ba khetha lijo tse se nang molemo oa phepo ho e-na le ho khetha lijo tse nang le molemo oa phepo. Ka lebaka lefe? Kahobane ka bobona, ha ba tsebe ho khetha se molemo ha ba le banyenyane. Na e ka ba bohlale ho batsoali hore ba lumelle bana bolokolohi tabeng ee, ba tšepile hore ba tla qetella ba khethile lijo tse nang le molemo oa phepo? Che. Ho e-na le hoo, ka ho thahasella boiketlo ba bana ba bona ba nako e telele, batsoali ba lokela ho ba khethela.

Ka lebaka leo, ho nepahetse ha batsoali ba khethela bana ba bona lijo, liaparo, boitlhopho le boitšoaro. Empa bolumeli bona ho thoe’ng ka bona? Na le moo batsoali ba tšoanela ho khetha?

Khetho

Ba bang ba ka pheha khang ea hore batsoali ha baa lokela ho qobella bana ba bona seo bona ba kholisehileng ka sona bolumeling. Ha e le hantle, lilemong tse fetileng tse ka bang 160, ba bang ba neng ba ipolela hore ba lumela litumelo tsa Bokreste ba ile ba hōlisa maikutlo a hore “bana ha baa tšoanela ho rutoa bolumeli ka lebaka la ho tšaba hore likelello tsa bona li ka ’na tsa sekamisetsoa tumelong e itseng ka ho khetheha, empa ba lokela ho lesoa ho fihlela ba ka khona ho ikhethela, ’me le teng e le ha ba khetha ho etsa joalo.”

Leha ho le joalo, maikutlo ana ha a lumellane le pono ea Bibele. Bibele e hatisa bohlokoa ba ho kenya litumelo tsa bolumeli baneng ho tloha ha ba hlaha. Liproverbia 22:6 e re: “Ruta mohlankana [“moshanyana,” NW] tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.”

Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “moshanyana” le akarelletsa lilemo tsa ho tloha boseeng ho isa lilemong tsa bocha. Dr. Joseph M. Hunt, oa Univesithi ea Illinois, U.S.A., ha a bua ka bohlokoa ba thuto e qalang bonyenyaneng, o ile a re: “Ke nakong ea lilemo tsa pele tse ’nè kapa tse hlano tsa bophelo moo ngoana a hōlang ka potlako haholo le moo a ka fetoloang habonolo haholo. . . . Mohlomong karolo ea 20 lekholong ea bohlale [ba hae] ba motheo e hōla pele a qeta selemo sa pele, mohlomong halofo ea bona e hōla pele a fihla lilemong tse ’nè.” Sena se mpa se hatisa feela keletso e bululetsoeng ea Bibele ea hore ke habohlokoa hore batsoali ba fane ka tataiso e bohlale qalehong ea bophelo ba ngoana, ba mo koetlisa litseleng tsa Molimo.—Deuteronoma 11:18-21.

Mangolo a laela ka ho khethehileng hore batsoali ba tšabang Molimo ba rute bana ba bona ho rata Jehova. Deuteronoma 6:5-7 e re: “Rata Jehova, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka matla a hao ’ohle. Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao. U tlo u li rute bana ba hao, ’me u bue ka tsona, ha u lutse tlung ea hao, leha u le tseleng u tsamaea, leha u ea robala, leha u tsoha.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Leetsi la Seheberu le fetoletsoeng e le “rute” le na le moelelo oa ho leotsa sesebelisoa, joalokaha ho etsoa ka teotsa. Hona ho ke ke ha etsoa ka ho se pholla ka teotsa ka makhetlo a seng makae empa ho lokela ho etsoe ka mahlahahlaha, ka ho pheta-pheta. The New English Bible e fetolela leetsi lena la Seheberu e le “pheta.” Ka ho hlakileng, “ho ruta” ho fana ka maikutlo a ho khokhothela ntho maikutlong.—Bapisa le Liproverbia 27:17.

Kahoo, batsoali ba ’nete ba Bakreste ba lokela ho nka ka botebo taba ea ho khokhothela maikutlong a bana ba bona seo bona ka bobona ba kholisehileng ka sona bolumeling. E ke ke ea e-ba ho nepahetseng hore ba tlohele boikarabelo bona ka ho lumella bana ba bona hore ba ikhethele ka bobona. Sena se ne se tla akarelletsa ho ea le “bana” ba bona libokeng. Mono batsoali ba ka lula pel’a bona ’me ba ba thusa ho utloisisa melemo ea moea eo lelapa le momahaneng le ka e fumanang ka ho mamelisisa lipuisano tsa Mangolo le ka ho nka karolo ho tsona.—Deuteronoma 31:12, 13; Esaia 48:17-19; 2 Timothea 1:5; 3:15.

Boikarabelo ba Batsoali

Ho bolella ngoana ka bonolo feela hore a je sejo se itseng hobane se na le molemo oa phepo, ha ho bolele hore ngoana eo o tla se thabela. Kahoo, ’mè ea bohlale o tseba ho etsa hore lijo tsena tse hlokahalang li hlabose haholo kamoo ho ka khonehang e le hore ngoana a khalle ho li ja. Hape, ho hlakile hore o tla lokisa lijo ka tsela e lumellanang le matla a qaati ea ngoana a hore e li sile.

Ka ho tšoanang, qalong ngoana a ka ’na a hana taeo ea bolumeli, ’me motsoali a fumana hore ho leka ho buisana le eena ka taba ena ha ho sebetse. Leha ho le joalo, tataiso e tsoang Bibeleng e hlakile—batsoali ba tšoanela ho etsa se molemo ka ho fetisisa ho koetlisa bana ba bona ho tloha boseeng. Ka lebaka leo, batsoali ba bohlale ba etsa hore taeo ea bolumeli e latsoehe ka hore ba fane ka eona ka tsela e ipiletsang ho ngoana, ba nahanela matla a hae a ho tšoara taba.

Batsoali ba lerato ba nahana ka matla ka boikarabelo ba ho lokisetsa litlhoko tsa bophelo tsa bana ba bona, ’me mabakeng a mangata ha ho ea tsebang litlhoko tsa ngoana hamolemo ho feta batsoali ba hae. Tumellanong le sena, Bibele e beha boikarabelo bo ka sehloohong ba ho lokisetsa lintho tse bonahalang haesita le tsa moea ho batsoali—haholo-holo ntate. (Baefese 6:4) Kahoo, batsoali ha baa lokela ho baleha boikarabelo ba bona ka ho batla ho bo suthisetsa ho motho e mong osele. Le hoja ba ka ’na ba sebelisa thuso e fanoang, thuso ena e tla ba tlatsetso, eseng ntho e nkang sebaka sa thuto ea bolumeli e tsoang ho batsoali.—1 Timothea 5:8.

Neng-neng bophelong, motho ka mong o etsa qeto ea hore na ke litumelo life tsa bolumeli tseo a ka li bolokang, haeba li le teng. Haeba batsoali ba Bakreste ba nka boikarabelo ba bona ba ho fa bana ba bona taeo ea bolumeli ho tloha ha ba le lilemong tse tlaase le haeba ba sebelisa nako ena ho ba laea hore ba nahane motheong oa melao-motheo e utloahalang, monyetla o moholo haholo oa hore khetho eo bana ba tla e etsa hamorao bophelong, e be e nepahetseng.—2 Likronike 34:1, 2; Liproverbia 2:1-9.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

The Doré Bible Illustrations/Dover Publications, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela