Ho Lekola Tse Ling Tsa Lirapa Tse Tummeng
PHIHLELO ea pele ea batho ka Paradeise e ile ea qala serapeng se fumanehang sebakeng se bitsoang Edene, seo mohlomong se neng se le pel’a Letša la Van, Turkey ea kajeno. Nōka e neng e arohana ho ba linōka tse ’nè e ne e nosetsa serapa seo Adama le Eva ba neng ba lokela “ho [se] lema le ho [se] lebela.” E ne e tla ba ho thabisang hakaakang ho hlokomela serapa seo ho sona “lifate tsohle tse khahlisang mahlo, tse monate ha li jeoa” e neng e le matletse-tletse!—Genese 2:8-15.
Edene e ne e le lehae le phethahetseng. Adama le Eva hammoho le bana ba bona ba ne ba lokela ho atolosa meeli ea eona, ntle ho pelaelo ba sebelisa boqapi bo phethahetseng ba Molimo e le mohlala oa bona. Ka mor’a nako, lefatše lohle le ne le tla fetoha paradeise e tletseng hantle ka batho. Empa ho se mamele ha ka boomo ha batsoali ba rōna ba pele ho ile ha fella ka hore ba lelekoe ’nģalong ena e halalelang. Ka masoabi, ba bang bohle ba lelapa la batho ba ile ba tsoalloa ka ntle ho lehae lena la Edene.
Leha ho le joalo, ’Mōpi o ne a bōpetse batho ho phela Paradeiseng. Kahoo e ne e tla ba ha tlhaho hore meloko e tlang e leke ho iketsetsa e tšoanang le eona.
Lirapa Tsa Pele
Lirapa tse Mothipoloheng tsa Babylona li ’nile tsa tlotloa e le tse ling tsa limakatso tsa lefatše la boholo-holo. Li ile tsa lengoa ke Morena Nebukadnezare lilemong tse fetang 2500 tse fetileng a li lemela mosali oa hae oa Momede ea neng a hloloheloa meru le marallana a naha ea habo. Sehlaba sena se bolelele ba limithara tse 22 se hahehileng ka bochitja, se neng se tletse-tletse limela, se ne se e-na le mobu o lekaneng bakeng sa ho fepa lifate tse khōlō. Mofumahali ea neng a hlolohetsoe ha habo mohlomong o ile a ikutloa a tšeliseha ha a tsamaea a iketlile har’a sebaka sena se batalalitsoeng joaloka Edene.
Tlhokomelo ea ponahalo ea serapa e ne e ipabotse Phuleng ea Nile e nonneng, Egepeta. The Oxford Companion to Gardens e re: “Egepeta ke mohloli oa litšoantšo tsa lirapa tsa khale ka ho fetisisa lefatšeng tsa moetlo o ikhethang oa nako e telele . . . oa temo ea serapa.” Polane ea temo ea serapa e entsoeng ke ofisiri e ’ngoe ea Egepeta, Thebes, hoo e ka bang ka 1400 B.C.E., e bontša matamo, mehaho e likolohiloeng ke lifate. Haufi le lirapa tsa moreneng, ho ne ho e-na le lirapa tsa tempele tse ntle ka ho fetisisa, tse neng li e-na le lihlahla, lipalesa le litlama tse nosetsoang ke likotopo tse tsoang matamong le matšeng a nang le linonyana tse ngata tsa metsing, litlhapi le mehalalitoe.—Bapisa le Exoda 7:19.
Bapersia le bona ba ile ba itlhoma pele ka ho lema lirapa lefatšeng. Lirapa tsa Persia le Egepeta li ne li ipiletsa hoo ha mabotho a hlōlang a Alexandere e Moholo a khutlela Greece lekholong la bone la lilemo B.C.E., a ileng a fihla a kakatetse meqeqeko ea lipeō, limela le likhopolo. Athene, Aristotle le morutoana oa hae Theophrastus ba ile ba bokella lenane le eketsehileng la limela ’me ba jala serapa sa limela bakeng sa ho ithuta le ho hlophisa limela ka lihlopha tsa tsona. Bagerike ba bangata ba ruileng, ho tšoana le Baegepeta le Bapersia ba pele ho bona, ba ne ba e-na le lirapa tse khōlō haholo.
Baahi ba motse oa Roma ba ne ba kopanya ntlo le serapa sebakeng se kampetsoeng sa motse. Barui ba ne ba etsa libaka tsa boikhathollo tse ntle ka ho babatsehang matlong a bona libakeng tse ka thōko. Esita le Nero oa mohatelli o ne a batla Edene ea hae, kahoo ka ho hloka qenehelo o ile a leleka malapa a makholo-kholo, a heletsa matlo a ’ona, ’me a iketsetsa sebaka sa boikhathollo sa lihekthere tse fetang 50 ho pota-pota ntlo ea hae ea borena. Hamorao, hoo e ka bang ka 138 C.E., motseng oa Moemphera Hadrian, Tivoli, temo ea lirapa, Roma, e ile ea fihla sehlohlolong. Motse o ne o e-na le lihekthere tse 243 tsa libaka tsa boikhathollo, matangoana, matša le liliba.
Baiseraele ba boholo-holo le bona ba ne ba e-na le lirapa le libaka tsa boikhathollo. Rahistori oa Mojode, Josephus, o ngola ka libaka tsa boikhathollo tse thabisang tse nang le melatsoana e mengata sebakeng se bitsoang Etame, lik’hilomithara tse ka bang 13 ho isa ho tse 16 ho tloha Jerusalema. Libaka tsa boikhathollo tsa Etame e ka ’na eaba li ne li le har’a ‘masimo, lirapa, matamo le moru’ tseo Bibele e reng Solomone o ile a ‘iketsetsa tsona.’ (Moeklesia 2:5, 6) Ka thōkoana ho Jerusalema, Thabeng ea Mehloaare, ho ne ho e-na le Serapa sa Gethsemane, seo Jesu Kreste a entseng hore se tume. Mona, Jesu o ile a fumana setšabelo moo a neng a ka ruta barutuoa ba hae ka khutso.—Matheu 26:36; Johanne 18:1, 2.
Ho Tloha Lirapeng Tsa Maarabe ho ea Lirapeng Tsa Manyesemane
Ha mabotho a Maarabe a phatlalla bochabela le bophirimela lekholong la bosupa la lilemo C.E., ho tšoana le Alexandere, a ile a feta har’a lirapa tsa Persia. (Bapisa le Esthere 1:5.) Howard Loxton oa ngola: “Maarabe a ile a fumana hore lirapa tsa Persia li tšoana hantle le paradeise e neng e tšepisitsoe ba tšepahalang ho Koran.” Joaloka ’mehi-mohlala oa sona Persia, serapa se Arabe ea boholo-holo, ho tloha Makhulong a Spain ho ea Kashmir, se ne se arotsoe likarolo tse ’nè ke melatsoana e mene e kopantsoeng hare ke letangoana kapa seliba, e hopotsa ka linōka tse ’nè tsa Edene.
Ka leboea India, haufi le Letša la Dal Phuleng e ntle ea Kashmir, babusi ba Mogul ba lekholong la bo17 la lilemo ba ile ba lema lirapa tsa paradeise tse fetang 700. Li ile tsa etsa letlapa la mebala e hlasimollang e arotsoeng ke liliba, lihlaba le liphororo tse makholo-kholo. Ntlo ea majoe a matšo a masesaane a benyang e hahiloeng Letšeng la Dal ke Shah Jahan (sehahi sa Taj Mahal) e ntse e e-na le mongolo o reng: “Haeba ho na le paradeise mona lefatšeng, e mona, e mona, e mona.”
Lilemong tse makholo a seng makae pejana ho moo, Europe e ile ea tloha Mehleng e Bohareng ea kena Mehleng ea Tsosoloso lekholong la bo14 la lilemo. Tloaelo ea Roma ea ho lema lirapa, e ileng ea hatakeloa ha Mehla e Bohareng e qala lekholong la bohlano la lilemo C.E., e ile ea boela ea qala ho sebetsa hape—lekhetlong lena e le tlas’a taolo ea kereke. Bokreste-’mōtoana bo ile ba talima serapa seo e le ‘paradeise ea nakoana.’ Polane ea ntlo ea baitlami lekholong la borobong la lilemo e bontša lirapa tse peli tse neng li bitsoa “Paradeise.” Ka mor’a nakoana lirapa tsa Bokreste-’mōtoana li ile tsa hōla le ho ba ntle haholoanyane, empa ho e-na le ho bontša lipakane tsa moea, tse ngata li ile tsa fetoha matšoao a matla le borui.
Ha Charles VIII oa Fora a hapa Naples, Italy, ka 1495, o ile a ngolla hae: “Le ke ke la kholoa lirapa tse ntle tseo ke nang le tsona motseng ona . . . Ho bonahala eka ke Adama le Eva feela ba sieo ho li etsa paradeise ea lefatšeng.” Empa haeba Charles a ne a ile a phela ho fihlela lekholong la bo17 la lilemo, a ka be a ile a bona mobung oa Fora lirapa tse sabaletseng tsa Morena Louis XIV. Buka The Garden e bolela hore lirapa tsa Ntlong ea Borena ea Versailles, “li ntse li ka boleloa e le tsona tse khōlō le tse ntle ka ho fetisisa lefatšeng.”
Leha ho le joalo, Mehla ea Tsosoloso e bile le tlhaloso e ncha ea paradeise: tlhaho e lokela ho laoloa ke batho ba nang le tsebo ba lokelang ho sebelisa taolo serapeng ka ho se hloekisa lintho tsohle tse hlaha. Lifate le lipalesa tsohle li ile tsa hlophisoa ho latela sebōpeho seo li hloliloeng li le ho sona. Kahoo, mokhoa oa pele oa Roma oa ho faola lifate—botsebi ba ho bōpa lifate le lihlahla hore li nke sebōpeho se itseng ka ho li kuta le ho li tšehetsa—o ile oa tsosolosoa ka matla.
Joale, lekholong la lilemo la bo18 le la bo19, bohahlauli le khoebo tsa leoatleng li ile tsa senolela lefatše la bophirimela limela le likhopolo tse ncha tsa temo ea serapa. Engelane e ile ea qala ho itlhoma pele boqaping ba serapa. The New Encyclopædia Britannica e re: “Lekholong la bo18 la lilemo Engelane, motho o ile a ba seli haholoanyane ka lefatše la tlhaho leo eena e neng e le karolo ea lona. Ho e-na le ho hlophisa lintho ho latela sebōpeho se entsoeng ke batho lefatšeng la tlhaho, o ile a qala ho nahana ka ho fetola bophelo ba hae hore bo lumellane le lona.” Banna ba kang William Kent le Lancelot Brown ba ile ba itlhoma pele mosebetsing oa ho lema lirapa. Brown o ile a rala libaka tse fetang makholo a mabeli Engelane. Banna ba babeli bao e bileng bapresidente ba United States, Thomas Jefferson le John Adams, ba ile ba hahlaula Engelane ka 1786 e le hore ba ka ithuta ka lirapa tsa Manyesemane.
Ponahalo ea Lirapa Tsa Bochabela
Tloaelo ea Chaena ea ho lema lirapa e susumelitse haholo tsoelo-pele ea Bochabela ka tsela e tšoanang le eo Egepeta, Greece le Roma li susumelitseng tsoelo-pele ea Bophirimela ka eona. Qalong Machaena a ne a sebelisa bolumeli ba hore moea o arohana le ’mele, boo ho bona, linōka, majoe le lithaba kaofela li neng li talingoa e le libōpeho tsa meea ’me li lokela ho hlomphuoa. Hamorao, Botao, Boconfucius le Bobuddha li ile tsa aparela sebaka seo ’me tsa hlahisa mefuta ea tsona ea lirapa.
Ka lehlakoreng le leng la Leoatle la Japane, lirapa tsa Majapane li ile tsa ntlafatsa mekhoa ea tsona, moo sebōpeho e leng sa bohlokoa ho feta ’mala ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona se loketseng. Ka boiteko ba ho tšoantša botle le ho se tšoane ha lintho tsa tlhaho, sebakeng se lekanyelitsoeng, mohlokomeli oa serapa o beha majoe a hae ka hloko ’me o lema le ho tšehetsa limela tsa serapa sa hae ka hloko. Sena se bonahala ho bonsai (e bolelang “sejalo se lemetsoeng ka nkhong”), e leng botsebi ba ho tšehetsa sefate se senyenyane kapa mohlomong sehlopa sa lifate hore se hōle ka sebōpeho se itseng se lakatsehang.
Le hoja mokhoa oa teng o ka ’na oa fapana le oa bo-mphato ba eona ba Bophirimela, temo ea serapa ka Bochabela e bontša tabatabelo ea Paradeise. Ka mohlala, rahistori oa temo ea serapa oa Lejapane, Wybe Kuitert, o ngola hore nakong ea Heian (794-1185), Japane, bahlokomeli ba lirapa ba ile ba leka ho iqapela tikoloho ea “paradeise lefatšeng.”
Lerato la Bohle
Ho akarelletsa le merabe e phelang ka ho tsoma le ho khoahlapisa, e phelang lirapeng tsa “tlhaho”—lihlatheng, merung, le masimong—lerato la serapa ke la bohle. Mabapi le “Maaztec a Mexico le Mainca a Peru,” Britannica e re, “bahlōli ba ile ba tlaleha ka lirapa tse khōlō marallaneng a batalalitsoeng, lifate, liliba le matša a khabisang . . . tse tšoanang le lirapa tsa bo-mphato ba tsona ka Bophirimela.”
E, lifate tsa boholo-holo tse lenngoeng ka mahlakoreng a mabeli a Nile, lirapa tsa Bochabela, libaka tsa boikhathollo tsa kajeno litoropong le lirapa tsa limela—li re senolela eng? Hore moloko oa batho o labalabela Paradeise. Ha a hlokomela “tlholohelo ena ea Paradeise,” mongoli Terry Comito o ile a re: “Lirapa ke libaka tseo ho tsona batho ba ikutloang ba lokolohile.” ’Me ke motho ofe ea ke keng a thabela ho re, ‘Lehae la ka le tšoana le Serapa sa Edene’? Empa na Edene ea lefatšeng lohle—eseng ea barui feela—e mpa e le toro feela? Kapa na ke ntho ea sebele e tla etsahala?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Khopolo ea motšoantši ka Lirapa tse Mothipoloheng tsa Babylona
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Serapa sa boholo-holo Japane
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Versailles, Fora
Ho theosa le histori, batho ba ’nile ba labalabela Paradeise
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
French Government Tourist Office/Rosine Mazin