Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 4/8 maq. 8-10
  • Tsela ea ho Khutlela Lehaeng la Paradeise

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Khutlela Lehaeng la Paradeise
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Paradeise—Leholimong Kapa Lefatšeng?
  • Paradeise e Tsosolositsoeng
  • Lebaka Leo ba Bang ba Eang Leholimong ka Lona
  • Paradeise ea Moea e Lokisa Tsela
  • Paradeise eo Bibele e Buang ka Eona e Hokae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • U ka ba le Bokamoso bo Thabileng!
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • “Re Tla Kopana Paradeiseng!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 4/8 maq. 8-10

Tsela ea ho Khutlela Lehaeng la Paradeise

KA LEBAKA la tabatabelo ea batho ea Paradeise le boiteko bo boholo le bo bonyenyane ba ho e tsosolosa, motho o ne a ka nahana hore hona joale lefatše e ne e tla be e se e le paradeise ea sebele. Empa ha ho joalo.

Ho e-na le hoo, moloko oa batho o behile meharo sebakeng sa pele, ’me hangata o senya tikoloho le lintho tse ngata tse phelang ho eona. Ka ho lumela hore maruo a lintho tse bonahalang a tla hlōla, batho ba bangata ba lahlile tšepo eohle ea hore lefatše lena le tla ke le fetoloe paradeise ea Edene. Ho e-na le hoo, ba talima bophelo ba ka mor’a lefu leholimong e le eona tšepo feela ea Paradeise. Pono ena e fana ka maikutlo a pele a hore tabatabelo ea rōna ea botho ea Edene e tla nyopa ka ho sa feleng ’me, maikutlo a bobeli, hore Molimo o nyahlalitse lefatše lena ho batho ba bothoto le ba meharo. Na ho joalo? Ke’ng seo bokamoso bo se tšoereng? ’Me bokamoso boo bo tla ba hokae?

Paradeise—Leholimong Kapa Lefatšeng?

Hoo e ka bang lilemong tse 2000 tse fetileng, ha a bua le lesholu le bakileng le neng le fanyehiloe ka thōko ho eena, Jesu Kreste o ile a re: “U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:43) Na Jesu o ne a bolela hore lesholu leo le ne le tla ea le eena leholimong? Che.

Sesenyi se ne se sa tl’o nahana le ka khopolo eo. Hobane’ng? Hobane mohlomong se ne se tloaelane le litemana tsa Mangolo a Seheberu tse neng li le teng mehleng ea sona, tse kang karolo e qalang ea Pesaleme ea 37:29: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Jesu o ile a ruta ’nete e tšoanang, a re: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” (Matheu 5:5) Lengolo lena le lumellana le seo ka tloaelo se bitsoang Thapelo ea Morena, e reng: “Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.”—Matheu 6:9, 10.

Bibele e ruta hore Molimo o bōpile lefatše, eseng leholimo, hore e be lehae la lelapa la batho. Lentsoe la hae le bolela hore ha aa “bōpela [lefatše] lefeela” empa o “le bōpetse hore le ahuoe.” (Esaia 45:18) Ka nako e kae? “O tiisitse lefatše metheong ea lona; le ke ke la sisinyeha le ka mohla o le mong.” (Pesaleme ea 104:5) E, “lefatše le hlola ka ho sa feleng.”—Moeklesia 1:4.

Ke morero oa Molimo hore bongata ba ba mo sebeletsang ba etse lefatše lena lehae la bona la ka ho sa feleng. Hlokomela kamoo Lentsoe la Molimo, Bibele, le hlalosang sena kateng. Pesaleme ea 37:11 e bolela esale pele: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.” Ka nako e kae? Pesaleme ea 37:29 e re: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Nakong eo lengolo le reng: “[Molimo] u fuparolla seatla sa hao ’me u khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang,” ke hore, takatso e lumellanang le thato ea Molimo, le tla phethahala.—Pesaleme ea 145:16, NW.

Ho thoe’ng ka ba sa lakatseng ho etsa thato ea Molimo? Liproverbia 2:21, 22 e re: “Ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše, ba lonya ba fotholoe ho lona.”

Paradeise e Tsosolositsoeng

Haufinyane haholo, Molimo o tla ahlola lefatše lena le khopo. (Matheu 24:3-14; 2 Timothea 3:1-5, 13) Empa Molimo o tla sireletsa “bongata bo boholo” ba batho ho feta timetsong eo e tlang le ho kena lefatšeng la hae le lecha.—Tšenolo 7:9-17.

Joale, Molimo o tla tsamaisa mosebetsi o thabisang oo bafo ba hae ba batho ba tlang ho ba le oona oa ho fetola lefatše lohle lehae la batho la paradeise. Bibele ea tšepisa: “Naha e tšehla e tla thaba, le lona lefatše le omeletseng; mahalaopa a tla nyakalla, a mele lipalesa joalo ka leshoma. . . . Hobane metsi a tla kolla naheng e tšehla, melatsoana e phalle mahalaopeng.”—Esaia 35:1, 6.

Paradeiseng eo e ntseng e atoloha, ha ho sa tla hlola ho e-ba le tlala, bofutsana, litakana, batho ba se nang mahae kapa libaka tse tletseng tlōlo ea molao. “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng.” (Pesaleme ea 72:16) “Sefate se naheng se tla beha litholoana tsa sona, lefatše le behe tsa lona.” (Ezekiele 34:27) “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona.” (Esaia 65:21, 22) “Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feie ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang.”—Mikea 4:4.

Lebaka Leo ba Bang ba Eang Leholimong ka Lona

Ntle ho pelaelo batho ba bangata ba tla lumela hore ba na le tabatabelo ea paradeise ea lefatšeng. Hoo ke ha tlhaho, kaha ha ho mohla Molimo a kileng a kenya ka ho bona tabatabelo ea leholimo; ba sitoa feela le ho nahana hore na bophelo bo joang leholimong. Ka mohlala, puisanong ea hae le moruti oa hae oa Kereke ea Chache, Pat, le hoja e ne e le setho se inehetseng le se tšepahalang sa kereke, o ile a re: “Ha ho mohla nkileng ka ba le khopolo leha e le efe ka ho ea leholimong. Ha ke batle ho ea moo, ’me ebile ke’ng eo nka e etsang moo?”—Bapisa le Pesaleme ea 115:16.

Ke ’nete hore Bibele e ruta hore lenane le lekanyelitsoeng la batho, ba 144000, le ea leholimong. (Tšenolo 14:1, 4) E boetse e hlalosa lebaka: “U ile ua ba etsa hore e be ’muso le baprista ho Molimo oa rōna, ’me ba tla busa e le marena holim’a lefatše.” (Tšenolo 5:9, 10) Hammoho le Morena oa bona, Jesu Kreste, bana ba etsa “’muso,” puso e ncha ea leholimo lefatšeng, eo Bakreste ba e rapellang. ’Muso ona o tla laola tsosoloso ea lefatše le batho.—Daniele 2:44; 2 Petrose 3:13.

Leha ho le joalo, kaha takatso ea ho phela leholimong hase ka tlhaho e bang teng ho batho, tšebetso e ikhethang ea moea oa Molimo e ‘pakela’ ba 144000 hore ba utloe ‘pitso ena ea holimo’ e khethehileng. (Baroma 8:16, 17; Bafilippi 3:14) Leha ho le joalo, ka ho totobetseng tšebetso e joalo ea moea o halalelang ha e hlokahale bakeng sa batho ka kakaretso kaha lehae la bona la ka ho sa feleng e tla ba lefatše la paradeise.

Paradeise ea Moea e Lokisa Tsela

Ke joang motho a tšoanelehelang bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise? Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ha e amahanya kamano e nang le khotso pakeng tsa batho le tsebo ea Molimo, Esaia 11:9 e re: “Ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joalo ka ha metsi a aparetse leoatle.”—Bapisa le Esaia 48:18.

Ha e le hantle, ena hase feela tsebo e tletseng ka hloohong. E susumetsa botho ba motho le ho hōlisa litšoaneleho tsa bomolimo, tse kang “lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.” (Bagalata 5:22, 23) Lipaki tsa Jehova li ikitlaetsa ka matla ho hlaolela litšoaneleho tsena, ’me kahoo, esita le hona joale, li hlohonolofalitsoe ka paradeise ea moea e khathollang.—Esaia 65:13, 14.

Boemo ba tsona ba moea bo fapane hakaakang le ba lefatše le ntseng le tetebela ho ea pele liketsong tseo e seng tsa bomolimo le tšenyehong! Leha ho le joalo, haufinyane Molimo o tla timetsa lefatše lena le khopo. Khabareng, Lipaki tsa Jehova li u memela ho etela—e, ho hlahloba—paradeise ea moea eo li e thabelang. Iponele ka bouena hore hona joale, Jesu, Morena ea sa bonahaleng oa leholimo, o tataisa baahi ba ka moso ba lefatše leo le lecha tseleng e patisaneng ho ba isa lefatšeng la Paradeise le bophelong bo sa feleng!—Matheu 7:13, 14; Tšenolo 7:17; 21:3, 4.

[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]

Baphonyohi ba bofelo ba lefatše lena ba tla thabela ho nka karolo ho fetoleng lefatše paradeise

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela